Nako ea ho Qala le Tekanyo ea se Lokelang ho Buuoa
HO BONAHALA hore batsoali ba bangata ba hlokolosi ba nahana hore thuto ea botona le botšehali e ka etsoa nakong ea moqoqo o soabisang o mabapi le linnete ka likamano tsa botona le botšehali le pelehi metsotsong e leshome ea ho ikhatholla ka ho tsamaea merung le ngoan’a bona ea lilemo li 13. Empa hangata sena ha sea ipaka ho ba senyenyane haholo feela empa hape se etsoa lilemong tsa morao haholo. Ke ntho e tloaelehileng hore motsoali ea lerato a bue tjena: “Hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke lokelang ho ba bolella eona, ho bonahala hore ba ne ba se ba ntse ba e tseba.”
Na ho na le tsela e molemo haholoanyane ea ho ruta litaba tsee tsa bohlokoa? Haeba ho joalo, batsoali ba lokela ho qala neng, ’me ba ka etsa’ng le ho bua eng?
Hoo e batlang e le ho tloha ha ngoana a hlaha; u lokela ho qala ho rala motheo ka bohlale bakeng sa ho fetisetsa thuto ena ea bohlokoa ho eena. Haeba u qala ha ngoana a le monyenyane, u ka fana ka boitsebiso ka bonolo, hanyane ka hanyane ho latela matla a ngoan’a hao a kutloisiso.
Ha batsoali ba ntse ba tolisa bana ba bona ba banyenyane, ba ka ba ruta litho tsa bona tsa ’mele: “Hona ke sefuba sa hao . . . mpa ea hao . . . lengole la hao.” Ke hobane’ng ha ba tloha mpeng ba tlola litho tse ling ba fetela mangoleng? Na tsee tse lipakeng li lihlong? Kapa ke hobane e le tsa lekunutu? Ha e le hantle, re ke ke ra sebelisa mabitso a seterateng a sa bontšeng hlompho bakeng sa litho tsena tsa bohlokoa. Empa ke hobane’ng ha u sa re “setho sa botona” kapa “setho sa botšehali”? Tsena le tsona ke karolo ea pōpo eo Molimo o ileng oa re ke e “molemo haholo.”—Genese 1:31; 1 Ba-Korinthe 12:21-24.
Hamorao, mohlomong ha ngoana a bona ha e mong a hlobolisoa leleiri, ka tlhompho u ka ’na oa mo bolella hore bashemane ba na le setho sa botona ’me banana ba na le sa botšehali. U ka hlalosa ka bonolo hore litaba tsena ke tsa botho. Li lokela ho buuoa lapeng feela, eseng ho bana ba bang kapa ho batho ba ka ntle ho lelapa.
Kahoo, u ka hlalosa lintho tse ngata pele e ka ba tse soabisang, u qale ha ngoana a sa le monyenyane ’me u tsoele pele mohato ka mohato ha matla a kutloisiso ea ngoana a ntse a eketseha.
Ho Hlalosa Pelehi
Ha ngoana a le lilemo li tharo ho isa ho tse hlano,a a ka ’na a qala ho makatsoa ke tsela eo bana ba hlahang ka eona ’me a ka ’na a botsa: “Bana ba tsoa kae?” U ka ’na oa arabela ka bonolo oa re: “U holetse sebakeng se mofuthu, ka ho ’mè oa hao.” Mohlomong sena se tla mo khotsofatsa ka nako eo. Hamorao ngoana a ka ’na a botsa: “Ngoana o tsoa joang?” U ka ’na ua arabela: “Molimo o entse lesoba le khethehileng bakeng sa hore ngoana a tsoe ho lona.” Nako ea ngoana ea ho mamelisisa ka hloko e khutšoanyane, kahoo likarabo tse bonolo le tse tobileng ke tsona tse molemo ka ho fetisisa. Fana ka boitsebiso bo hlokahalang bo bonyenyane ka nako, u boloke bo eketsehileng bakeng sa nako e tlang.
Haeba batsoali ba le hlokolosi, ba ka fumana menyetla e mengata ea ho ruta bana. Haeba mong ka bona ea haufinyane a lebelletse ngoana, ’mè a ka re: “Mohlomong Rakhali ’Mathabiso o tla ba le ngoana haufinyane—mpa ea ka e ne e le kaalo libeke li se kae pele u hlaha.” Nako eo ka eona u lebelletseng ngoana’bo oa moshemane kapa oa ngoanana e ka etsa hore ho be le likhoeli tse ngata tsa thuto e hlasimollang le e thabisang.
Hamorao ngoana a ka ’na a botsa: “Ngoana o qalehile joang?” Karabelo e bonolo ke ena: “Peo e tsoang ho ntate e kopana le lehe le ka ho ’mè ’me ngoana o qala ho hōla, joalokaha peo e jetsoeng mobung e hōla ’me e e-ba palesa kapa sefate.” Ka nako e ’ngoe ngoana a ka ’na a botsa: “Peo ea ntate e kena joang ka ho ’mè?” Ka tlhompho u ka ’na ua re: “U tseba tsela eo moshemane a entsoeng ka eona. O na le setho sa botona. ’Mè o na le lesoba ’meleng oa hae moo ho kenang setho sa botona, ’me peo ea jaloa. Molimo o re entse ka tsela ena e le hore bana ba ka hōlela sebakeng se setle, se futhumetseng ho fihlela ba le baholo ka ho lekaneng hore ba ka phela ka ntle ho ’mè. Joale lesea le lenyenyane le letle lea hlaha!” U ka bua ka tsela e babatsang mokhoa o hlollang oo Molimo o lokiselitseng lintho tsena ka ’ona.b
U lokela ho hlokomela hore le ka mohla u se thibele lipotso ka karabelo e bontšang ho hlajoa ke lihlong e reng: “Ke tla u bolella hamorao ha u se u le moholo ka ho lekaneng.” Sena se ka leotsa takatso ea bana ba hao ea ho tseba litaba tsena ’me se ka ’na sa boela sa ba susumelletsa ho batla boitsebiso mohloling o mong o sa nepahalang. Ngoana ea hōlileng ka ho lekaneng hore a ka botsa potso eo o hōlile ka ho lekaneng hore a ka utloisisa karabelo e bonolo le e hlomphehang. Ho hlōleha ho fana ka eona ho ka nyahamisa bana ba hao hore ba se hlole ba batla boitsebiso bo eketsehileng ho uena.
Kapele Hakae?
Batsoali ba bangata ba na le boikutlo ba hore bana ba bona ba lokela ho ba le tsebo ea motheo ea lintho tsena bonyane pele ba qala ho ea sekolong, moo ba ka ’nang ba fumana boitsebiso bo sa nepahalang ho bana ba bang.
Ntate e mong ea hōlileng o ile a hlalosa: “Ke ne ke e-s’o botse lipotso, empa ha ke le lilemo li tšeletseng, ntate o ile a etsa qeto ea hore ke nako ea hore a ntlhalosetse hore na bana ba tsoa kae. O ile a bolela hore kopano ea likamano tsa botona le botšehali ea monna le mosali e ka ’nang ea hlahisa ngoana ke ea tlhaho joaloka ho ja, empa Molimo o ile oa bolela hore ke ea batho ba nyalaneng feela. E le hore ho ka ba le ’mè le ntate ba ratang ngoana le ho mo hlokomela.” Ntate enoa ea hōlileng o ile a phaella: “Tlhaloso ena eo a ileng a fana ka eona e ne e le nakong. Ke ne ke se ke bone bana ba lilemo li tšeletseng ba tšeha litšoantšo tsa boitšoaro bo litšila tseo ba neng ba li entse tseo ke neng ke sa li utloisise.”
Ho hlakile hore litlhaloso tse joalo ha lia lokela hore li fanoe joaloka taba e lihlong, empa joaloka taba ea lekunutu. U ka ’na ua boela ua mo bolella hore ke lekunutu la lelapa le sa lokelang ho bolelloa bana ba bang kapa batho ba ka ntle ho lelapa. Haeba ngoan’a hao a etsa phoso mabapi le taba ena, ka bonolo u ka re: “Shhh! Hopola hore taba ena ke lekunutu la rōna. Re bua ka eona ha re le lapeng feela.”
Ha e Khopise
Haeba puisano ena e hlokahalang e khopisa ’mali leha e le ofe, ak’u nahane ka tsela eo batsoali ba bacha ba bangata ba hlokolosi ba batlang tsela e hlomphehang ea ho hlalosetsa bana ba bona lintho tsena tse hlomphehang. Na litlhaloso tse tobileng tse etsetsoang lelapeng le lerato ha li molemo ho feta tsela eo batsoali ba bangata ba ileng ba ithuta lintho tsena ka eona ka lekhetlo la pele, mehloling e litšila e ka ntle ho lelapa?
Haeba u hlile u mamela ’me u arabela lipotso ka tsela e bonolo le e hlomphehang, u tla nolofalletsa bana ba hao ho u botsa lipotso tse ling ha lilemo li ntse li feta le ha tlhoko ea bona ea ho fumana boitsebiso e ntse e eketseha.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bana ha ba tšoane. Kahoo, tšupiso leha e le efe ea lilemo lihloohong tsena e behiloe feela ka mokhoa o akaretsang, ho bontša boleng ba mehato e tsoelang pele ea thuto ena.
b Buka Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng e tšohla lintlha tsena le likarolo tse ling tse ngata mabapi le boitšoaro khōlisong ea ngoana le bophelong ba lelapa. U ka e kōpa ho batho ba ileng ba u tlisetsa makasine ona kapa ho bahatisi ba ’ona liatereseng tse ho leqephe 5.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Nako ea ho lebella ngoana e fana ka menyetla bakeng sa koetliso ea bohlokoa