Na Bophelo bo Hlile bo na le Morero?
“‘Ke hobane’ng ha re phela?’ ke potso ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a lokelang ho tobana le eona. . . . Ke lumela hore bophelo bo na le morero ho sa tsotellehe lefu le se nang morero leo ke le boneng. Lefu ha le na morero, bophelo bona bo na le ’ona.”
MANTSOE ana a ngotsoe ke Elie Wiesel, mongoli ea tsebahalang ea kileng a hlokofatsoa likampong tsa mahloriso tsa Nazi. Ke e mong oa batho ba bangata ba ileng ba arabela potso e ileng ea botsoa ke makasine oa Life: “Ke hobane’ng ha re phela?” O ne a ile a bona masisa-pelo bophelong, leha ho le joalo, o ne a kholisehile hore bophelo bo na le morero.
Leha ho le joalo, hase motho e mong le e mong ea ileng a lumela. Mokhanni oa taxi ea bitsoang José Martínez o ile a arabela potso eo ka tsela ena: “Re phelela ho shoa feela. Ke mokhanni oa taxi. Ke tšoasa litlhapi, ke intša le kharebe ea ka, ke lefa makhetho, ke bala hanyenyane, le ho itokisetsa ho shoa . . . Bophelo ke mothetsi e moholo.” Ka ho hlakileng, ho José bophelo ha bo na molemo, ha bo na morero.
Ka ho makatsang, ho bonahala batho ba bangata ba rutehileng ba lumellana le mokhanni enoa oa taxi ho e-na le mongoli. Liithuti tsa thuto ea ho iphetola ha lintho Richard E. Leakey le Roger Lewin, bukeng ea bona Origins ba fana ka tlhahiso: “Mohlomong batho ke libōpuoa tse belaetsang tse hlahileng ka phoso thutong ea bophelo, tse itlhahetseng feela ka tsela eo li lumellanang le bophelo ka bobona le lefatše le bo potolohileng.” Bonyane ho bona bophelo ba motho ha bo na morero.
Ka ho tšoanang, seithuti sa thuto ea ho iphetola ha lintho Jay Gould se ngotse: “Rea phela hobane sehlopha se seng se fapaneng sa litlhapi se bile le makhekhebu a sa tloaelehang ao li ka a fetolang maoto hore li tšoane le liphoofolo tse phelang lefatšeng; . . . ke ka baka la mofuta ona o monyenyane le o fokolang o tsoang Afrika lilemo tse etsang kotara ea millione tse fetileng, ho fihlela hona joale, o tsebileng ho pholoha ka mokhoa o mong o itseng. Mohlomong re ka ’na ra laba-labela karabo e ‘phahameng haholoanyane’—empa ha e eo.” Ho Gould bophelo ba motho bo itlhahetse ka kotsi e se nang morero.
Bonyane Gould o nepile tšobotsing e le ’ngoe. Batho ba bangata ba laba-labela karabo e “phahameng haholoanyane” ho feta eo a e hlahisang. Linakong tsa tlokotsi, batho ba bangata ba nahana joaloka Jason ea lilemo li 11. Moshemane enoa o ile a ngola ka lefu la motsoalle oa hae e mocha: “Ha motsoalle oa ka Kim a ne a bolaoa ke kankere, ke ile ka botsa ’Mè hore na haeba ke Molimo o neng o tla bolaea Kim a le lilemo li 6 feela, ke hobane’ng ha o lumetse hore a tsoaloe?” Jason o ile a ikutloa hore bophelo bo tlameha ho ba le morero, ’me ho bonahala lefu le utloisang bohloko la motsoalle oa hae e mocha le ne le ferekanya morero oo.
Bohlokoa ba Potso eo
Na ke habohlokoa ho tseba hore na ebe bophelo bo na le morero kapa che? Na ena ke potso e thehiloeng filosofing kapa ke potso eo u lokelang ho ameha ka eona? Batho ba bangata ba phetse bophelo ntle le ho nahanisisa ka taba ena ka botebo. Haeba José Martínez o nepile, mohlomong keletso ea hae e bohlale hore re e latele.
Leha ho le joalo, haeba Elie Wiesel o nepile ’me bophelo bo na le morero, ka sebele re lokela ho fuputsa hore na morero oo ke ofe. Ho seng joalo, re tla lahleheloa ke bohlokoa bo boholo ba phihlelo e tsotehang ea ho phela. Ho ka tšoana le ho tsamaea tlung ea polokelo ea mesebetsi ea bonono ka ntle le ho sheba litšoantšo kapa ho kena lebenkeleng la lijo ntle le ho li reka.
Re ka fumana joang hore na ebe bophelo bo na le morero kapa che? Sehloohong se latelang re tla buisana ka linnete tse ling tse tla re thusa ho rarolla bothata bona.