Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 5/8 maq. 8-10
  • Melata—E ka Sebetsana le Boemo ka Katleho Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Melata—E ka Sebetsana le Boemo ka Katleho Joang?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšusumetso le Maikutlo
  • Atoloha
  • Linotlolo tsa ho Kopana
  • Bonngoe ba Lelapa
  • Melata—U ka e Thusa Joang?
    Tsoha!—1992
  • Melata—Bothata ba Lefatše Lohle
    Tsoha!—1992
  • Nka Etsa Joang ha ke Iphumana ke Phela Litsong Tse Fapaneng?
    Tsoha!—2007
  • Batsoali ba Falleletseng Linaheng Tse Ling, Thusang Bana ba Lona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 5/8 maq. 8-10

Melata—E ka Sebetsana le Boemo ka Katleho Joang?

JAROSLAV ea lilemo li 17, ka baka la ho tšoenngoa hobane e le moahi oa Ukraine o ile a arabela ka bohale: “Khele, ho lokile, batsoali ba ka ba ile ba tla mona [joaloka] baphaphathehi.” O ile a hlalosa hore ba ne ba “siile naha ea habo bona” le hore le haeba ba ne ba ka rata, ba ne ba ke ke ba khutlela teng hona joale. Makolopetso a phihlelo ena a fanoeng ke mongoli John Brown bukeng ea hae The Un-melting Pot, a senola ntoa ea sebele ea ho amoheleha eo bajaki le melata e mengata e tlamehang ho e mamella. Mocha enoa o ile a hlokomela ho tsoa phihlelong e bohloko hore ho inyatsa ka baka la ho ba molata ha ho thuse letho. Qetellong o ile a etsa qeto ea ho sebelisa katamelo ea ‘nkamohele kamoo ke leng ka teng’—’me e ile ea sebetsa!

Leeme, ho belaela, le ho hloka mamello ke linnete tseo melata e lokelang ho tobana le tsona. Empa haeba u molata, ho na le mehato e molemo eo u ka e nkang e tla u thusa hore u sebetsane le phetoho ena ka katleho.

Litšusumetso le Maikutlo

Ka baka la ho tseba hore u tla thulana le leeme le ho se amoheloe bophelong ba hao bo bocha, u ka fetola tsela eo u itšoarang ka eona tlas’a maemo a itseng hore e be e loketseng. Rosemary, oa Lenyesemane ea falletseng Japane o pheta phihlelo ea hae. Oa hlokomelisa: “U se ke ua tšoenyeha ha batho ba sebakeng seo ba bua lipuo tse u utloisang bohloko ka naha ea heno,” oa phaella: “Hanela tšusumetso e matla ea ho itšireletsa, ho sireletsa naha ea heno, le semelo sa hao. Ha nako e ntse e ea, batho ba sebaka seo ba tla u ahlola ka botho ba hao ba letsatsi le letsatsi ’me ba tlohele leeme la bona. Sena se ka ’na sa nka lilemo.”

Hopola hore batho ba sebaka seo ba hlokolosi haholo ka se u susumelitseng hore u batle ho jaka naheng ea bona. Mongolli e mong oa Tsoha! oa Jeremane, eo joale e nang le bajaki ba bangata ba tsoang Europe Bochabela, o re: “Bothata ba ho itloaetsa bophelo ba naha e ncha bo itšetlehile ka se susumelletsang motho ho falla. Ba etsang sena ka mabaka a molemo, ba laba-labelang ho etsa naha e ncha lehae la bona, hangata ba thahasella ho ithuta puo le ho tšoaneleha ka hohle kamoo ba ka khonang. Ba nahanang hore ho falla ha bona ke ntho ea nakoana feela kapa ba susumetsoa ke menahano ea ho fumana melemo ea moruo feela, ba nyahama kapele. Kahoo ba etsa boiteko bo fokolang ba ho fetoha, e leng se etsang hore ba ferekane ba be ba ferekanye batho bao ba sebelisanang le bona.” Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore bajaki ba lokela hore le ka mohla ba se khutlele linaheng tsa habo bona haeba ba lakatsa ho etsa joalo.

Leha ho le joalo, maikutlo le se susumetsang molata li ka o atlehisa kapa tsa etsa hore o hlōlehe ho fetoha. Haeba u molata, hlokomela hore joalokaha U.S.News & World Report e bolela matsoalloa a sebaka seo a na le tumelo e matla ea hore “melata e senya tlamahano ea batho ba nang le semelo se le seng.” Empa ha u ntse u ipaka ho ba motho oa bohlokoa joaloka molata ’me u phetha karolo ea hao, batho ba naha eo u jakileng ho eona ba tla nolofalloa haholoanyane ho u amohela esita le ho u etsa motsoalle. Joalokaha Rosemary, mojaki ea boletsoeng pejana a hlalosa: “Ba batla hore u be molata, empa hape ba batla hore u rate seo ba se ratang.”

Mathata a mang ao uena joaloka mojaki o tla tobana le ’ona a ka hlokomeloa esale pele, haeba a ke ke a qojoa, ka ho ithuta lintho tse ngata kamoo u ka khonang ka sebaka seo u eang ho sona. Ho bala, ho ithuta, le ho bua le ba bang ka naha eo, meetlo ea eona, le litloaelo tsa eona e ka ba thuso e khōlō tabeng ea ho itokisetsa ho sebetsana le litloaelo tseo u ke keng oa qoba ho thulana le tsona.

Ho hlakile hore ho ngolisa ho falla ha hao ka molao hoa hlokahala e le hore u ka hlomphuoa ke baahi ba sebaka seo. Ponong ea batho ba bangata, melata e sa ngolisoang ka molao e kotsi ebile ea tšosa. Maemong a molemo ka ho fetisisa ba talingoa e le basebetsi ba ka sebeletsang meputso e tlaase, ba emetseng feela hore ba sebelisoe ba sa qeneheloe. Bajaki ba atlehileng ba bolela hore ho etsa sohle seo u ka se khonang ho ngolisa bolulo ba hao ka molao hoa putsa. Ha u il’o buisana le ba boholong ba sebetsanang le bajaki, ke ha bohlokoa hore u ee u hloekile, u le makhethe e le hore u ba khahle. Bontša boikutlo ba hore u na le maikutlo a tšebelisano-’moho. U se ke ua qoba ho arabela lipotso ka ho toba.

Empa ho na le ho hongata haholoanyane hoo uena joaloka molata u ka ho etsang ho fokotsa bohloko ba ho ba mojaki naheng e ncha.

Atoloha

Tšekamelo ea tlhaho ea batho ba fihlang bocha sebakeng se itseng ke ho itšehla thajana e le batho ba morabe o le mong. Ka mohlala, Motseng oa New York, batho ba morabe o le mong ba ahile sebakeng se le seng—ho na le Italy e nyenyane, toropo e nyenyane ea Chaena, karolo ea Majode, ha ho boleloa tse seng kae feela. Lichaba tse joalo li fana ka tšehetso e hlokahalang e etsang hore mojaki a ikutloe a lokolohile—e le bohato bo qalang ba ho batla libaka tse ncha.

Ka bomalimabe, lekhatheng lena ba bang baa ikhula ebe ba ikamoha menyetla le melemo e neng e ka ba thusa. Koranta Psychology of Women Quarterly, e re: “Haeba ho hana le ho se itloaetse litloaelo tsa naha eo motho a falletseng ho eona e le mokhoa oo motho a o thabelang oa ho sebetsana ka katleho le tsela e ncha . . . ea bophelo, mohlomong le ka mohla a ke ke a khona ho fetoha e le hore a ka ikamahanya le litloaelo tsa sebaka seo a falletseng ho sona.”

Ka ho fapaneng, melata e mengata e ileng ea amohela likhopolo tse ncha hoo e ileng ea ikemisetsa ka ho felletseng ho ba karolo ea sechaba seo e falletseng ho sona e tlaleha hore sena se felletse ka hore bophelo ba bona bo hlohonolofale haholo. Sehlopha sa liithuti tsa Maamerika tse ileng tsa nka libeke tse ’maloa li etsa phuputso ea ho bapisa litloaelo tsa lichaba tse sa tšoaneng sehleke-hlekeng sa Guam se leng Micronesia li ile tsa bua ka phello eo ho atoloha ho bileng le eona ponong ea bona ka litloaelo tse ling. Seithuti se seng se ile sa lumela: “Ke talima ho se tšoane ka thahasello le ka ho batla ho tseba haholo ka hona ho e-na le ho ho nka e le ntho e tšosang.” Se seng se itse: “Ke qala ho hlahlobisisa litloaelo tsa ka. . . . Ke belaella litekanyetso tsa ka le lintho tseo ke neng ke nahana hore ke tsa ’nete. . . . Ke ithutile ho hong ho bona.”

Leha ho le joalo, e le hore u ka ba le monyetla oa ho tsoela pele, ho na le lintho tsa motheo tse tlang pele tseo u tlamehang ho li finyella.

Linotlolo tsa ho Kopana

Koranta ea Psychology of Women Quarterly e re eletsa ka mantsoe ana: “Ho ithuta puo ea naha eo u falletseng ho eona ho etsa hore ho tloaela ho phela tumellanong le litloaelo tsa naha eo ho be bonolo . . . hobane sena se etsa hore mojaki a ikamahanye le litloaelo tsa naha eo a falletseng ho eona.” Empa hlokomela! Ho ithuta puo hase ntho e bonolo. George ea falletseng Japane oa hopola: “Qalong ke ile ka ba le mathata a mangata. Ba ne ba tšeha ha ke etsa phoso empa ba ne ba sa nthuse.” A sa tšoha, George o ile a tsamaea a nkile sea-le-moea se senyenyane hohle moo a neng a ea teng ’me a mamela khaso ea Sejapane. Oa phaella: “Ke hlokometse hore ho bala haholo ho ile ha nthusa hore ke tsebe puo ena.”

Puo ea sechaba se seng ke tsela e isang mekhoeng ea sona. Le hoja qetellong u ka khona ho tseba puo ena, ho thata haholo ho tloaela litloaelo tse ncha. Ke boemong bona moo ho hlokahalang hore u leka-lekanye lintho. Molata o lakatsang ho atleha o tlameha ho ikemisetsa ho khotsofalla ho ithuta litloaelo tse ncha, ha o ntse o boloka botho ba oona le boitlhompho bo sa fetohe. Joalokaha sengoli sa Yugoslavia Milovan Djilas se bontša: “Motho a ka siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe—lehae, naha, sebaka—empa a ke ke a itšiea.” Ho leka-lekanya lintho joalo ke phephetso e khōlō.

Bonngoe ba Lelapa

Motho ka mong o arabela tikolohong e ncha ka tsela e fapaneng. Hoa utloahala hore batho ba hōlileng ba hlokomela hore litloaelo tsa ha habo bona le puo li metse ka metso bothong ba bona. Leha ho le joalo, bana ba ithuta puo le litloaelo kapele. Ba ka ’na ba ba boemong ba ho ba bafetoleli ba batsoali ba bona kapele, ’me hangata batsoali ba bona ba ba boemong ba liithuti. Ho fetoloa hona ha likarolo hoo e seng ha tlhaho hangata ho fella ka khohlano ka har’a lelapa. Batsoali ba ka ’na ba ikutloa hore ha ba hlomphuoe, ha bana ba hana hore ba ba qobelle ho sebelisa ‘litloaelo [tsa bona] tse siiloeng ke nako.’ Kahoo, ke joang malapa a melata a ka sebetsanang ka katleho le likhatello tsee tse eketsehileng?

Taba ea pele, batsoali ba lokela ho utloisisa tšusumetso eo tikoloho e ncha e nang le eona ho bana ba bona. Sena se bolela hore ba etse boiteko ba ho itloaetsa ho phela tumellanong le litloaelo tsa naha eo hammoho le bana ba bona—ba se ke ba ba lebella ho phela tikolohong eo ho eona ho sebelisoang litloaelo tse itseng feela empa ba khomarele tse ling lisele. Ho hlokomela sena ho hloka temoho ho batsoali ba falletseng, empa ho thusa haholo tabeng ea ho fokotsa likhohlano ka lapeng. Molao-motheo o mong oa Bibele o re: “Ntlo e hahuoa ka bohlale, e tiisoa ka masene.”—Liproverbia 24:3.

Ka mokhoa o tšoanang, bana ba lokela ho hlokomela hore le hoja batsoali ba bona ba tsoa tikolohong e nang le litloaelo tse fapaneng, ba ithutile lintho tse ngata bophelong ka baka leo ba na le phihlelo e ngata haholo ho feta eo ba nang le eona. Tlhompho e loketseng eo ba e fuoang ke thuso e khōlō hore ho rene khotso ka lapeng.

Kahoo, ho sa tsotellehe hore na ho thata hakae ho itloaetsa ho phela tumellanong le litloaelo tsa sebaka se itseng, ho na le ho hongata hoo uena joaloka molata u ka ho etsang e le hore phihlelo ea hao e ka fetoha e u tsoelang molemo. Mocha oa Lepotoketsi eo e leng mojaki ea ileng a atleha ea bitsoang Tony o akaretsa taba ena ka tsela ena: “Le hoja ke ile ka ba le mathata a mangata, ha nako e ntse e ea, ke ile ka hlohonolofatsoa. Ho utloisisa lipuo tse peli le litloaelo ho ’neile pono e atolohileng ka bophelo.”

[Lebokose le leqepheng la 10]

Ke Joang Melata e ka Sebetsanang le Boemo ka Katleho?

E . . .

▶ ithute puo

▶ amohele litloaelo tse ncha le ho li utloisisa

▶ lumellanye bophelo ba eona le meetlo ea sebaka seo

▶ ithute tikoloho ea eona e ncha ’me e botse lipotso ka eona

▶ etse boiteko ba ho tloaela ho phela tumellanong le litloaelo tsa sebaka seo e le lelapa

▶ sebelisane le ba boholong; e etse sohle seo e ka khonang ho se etsa ho ngolisa bolulo ba eona ka molao

E se . . .

▶ ikarole ho sechaba seo e lulang motseng oa sona

▶ nke litloaelo tsa ha habo eona e le tse phahameng

▶ etelletse chelete le maruo pele bophelong ba eona

▶ lebelle hore bana ba eona ba khomarele litloaelo tsa eona tsa pele

▶ nyelise batsoali ba eona hobane ba na le semelo se fapaneng le sa eona

▶ siee lelapa ha e falla, haeba e ka qoba sena

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Haeba u ithuta puo ea naha eo u falletseng ho eona, u tla atolosa likamano tsa hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela