Ke Mang ea Batlang ho ba Ralimillione?
HO BONAHALA karabo e le: hoo e batlang e le batho bohle. Ho latela maikutlo a mang a tsebahalang—tsela e bonolo ka ho fetisisa ea ho rua—ke ho fumana letlotlo le oele makhoabane mochineng oa lottery kapa tlhōlisanong ea papali ea bolo.a
Bakeng sa ho khotsofatsa takatso e tloaelehileng—le ho batla ho fumana chelete e eketsehileng eo li-lottery li fanang ka eona—ho tloha Moscow ho ea Madrid, ho tloha Manila ho ea Motseng oa Mexico, mebuso e tšehetsa li-lottery tse fanang ka meputso e phahameng e ka bang liranta tse limillione tse 275.
Ke batho ba ’maloa feela bao e bang bo-ralimillione. Monna e mong ea tsoang Engelane tlatsitse liforomo tsa ho kenela tlhōlisano ea papali ea bolo ka lilemo tse 25 pele le hapa moputso oa jackpot o moholo ka ho fetisisa. Ka liranta tse 4,1 le ile la hapa hoo e ka bang liranta tse limillione tse 1,40. Ntho e tsotehang haholoanyane e bile moputso oo mosali oa New York, eo e bileng mohapi oa moputso o moholo ka ho fetisisa lefatšeng a ileng a o hapa ha a ne a fumana liranta tse limilione tse 151 ho lottery ea ’Muso Florida.
Bana e mpa e le mekhelo. Mohlala o mong ke oa tlelereke ea Spain e lilemo li bohareng e ileng ea reka litekete tsa lottery beke le beke ka lilemo tse 30. Le hoja ho se mohla e kileng ea hapa letho, ha ea ka ea tšoenyeha. E re: “Ka linako tsohle ke lebelletse ho hapa moputso.” Ka mokhoa o tšoanang, monna e mong oa Montreal ea ileng a sebelisa moputso ’ohle oa beke ho lottery ea Canada, o ile a akaretsa pono ea batho ba bangata ha a hlalosa hore: “Ho hapa meputso e kang ena ke eona feela tsela eo batho ba se nang matla kapa tšusumetso ba nahanang hore e ka ba monyetla oa hore ba phele hamolemonyana.” Leha ho le joalo, le eena ha a ka a hapa letho.
Ho sa tsotellehe ho ipiletsa ha li-lottery lefatšeng lohle, ho na le mofuta o mong oa papali ea chelete o ntseng o ratoa ka ho eketsehang: ho becha mechineng ea slot. Le hoja mechine ena e kang sekebekoa se letsoho le leng e sa etse hore batho e be barui ka ho panya ha leihlo, e neha libapali monyetla oa tšohanyetso oa ho hapa moputso oa jackpot—e leng moputso o moholo haholo. Mechine ea slot ha e felle lik’hasinong feela. Lipina tse nang le morethetho, mabone a phatsimang le lerata la nako le nako la chelete e ntseng e kena ka mochineng li phatlalatsa boteng ba mechine ena e hlahelletseng matlong a mangata a rekisang lijo Europe, li-club, matlo a ho jela le lihotele.
Frances ke mohlolohali ea hōlileng ea lulang Motseng oa New York. Ka makhetlo a mabeli kapa a mararo beke e ’ngoe le e ’ngoe o palama bese e nkang lihora tse peli le halofo ho ea Motseng oa Atlantic, New Jersey. Ha a fihla moo, o leba ho e ’ngoe ea lik’hasino tsa motse oo, ’me o bapala papali ea chelete mechineng ea slot lihora tse tšeletseng kapa ho feta pele a khutlela hae. Oa hlokomela: “Ha ke tsebe hore na ke ne ke tla ba eng ka ntle ho Motse oa Atlantic. Bona ke boithabiso ba rōna, lea tseba hore sena ke seo re se etsang.”
Ho batho ba bang, ho bapala papali ea chelete e mpa e le boithabiso feela, ke ho phomolela mosebetsi o tloaelehileng oa letsatsi le letsatsi, kapa boiteko ba ho ba morui. Ho bona sena ke sa bohlokoa—haeba e se karolo ea bophelo ba bona.
Luciano ea tsoang Córdoba, Spain oa hlalosa: “Ke bapala papali ea chelete hobane ke thabela ho ipeha kotsing e amehang.” Oa phaella: “Ha ke iketsetse liphephi, empa ’nete ke hore ke ne ke ikutloa ke tepelletse maikutlong, ’me ke ka hoo ke ileng ka qala ho bapala bingo. Joale ke ile ka batla lipapali tse ling tsa ho leka lehlohonolo. U ikutloa u le motlotlo ha mekotlana ea hao e tletse chelete ’me u le malala-a-laotsoe bakeng sa ho bapala hape.” Motho e mong ea lemalletseng papali ea chelete, ea ileng a lahleheloa ke mosebetsi oa ho ba motsamaisi oa k’hamphani, o ile a botsoa hore na le ka mohla o kile a leka ho tlohela mokhoa ona oa hae. O ile a arabela: “Ke khaotse? Nke ke ka etsa joalo. Ke kamoo ke iphelisang ka teng.”
Le hoja mohlomong lintho tse susumetsang sena li ka fapana, ka sebele sehlopha sa batho ba bapalang papali ea chelete hase se senyenyane. Ho isa tekanyong e khōlō kapa e nyenyane, ho Maamerika a mane, a mang le a mang a mararo a bapala papali ea chelete; karolelano ea sena e tšoana le ea Spain, e leng naha e ’ngoe moo ho bapala papali ea chelete e leng seoa se tšoanang. Ho bapala papali ea chelete ke khoebo e khōlō. Ke lik’hamphani tse ’maloa lefatšeng tseo phaello ea tsona ea thekiso ea selemo le selemo e fetang ea mechine ea lottery linaheng tse 39.
Ka ho hlakileng, tšusumetso ea ho bapala papali ea chelete e matla haholo. Empa na ke boithabiso bo seng kotsi kapa bo patile likotsi? Maele a boholo-holo aa hlokomelisa: “Ea ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.” (Liproverbia 28:20) Na see e ka ba ’nete tabeng ea batho ba ratang ho rua ka ho bapala papali ea chelete?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho becha litlhōlisanong tsa lipapali tsa bolo.