Khetha Bophelo Lefatšeng Leo le Lecha
HO HLAKILE hore Molimo o ne a e-na le morero ha a bōpa polanete ena e nyenyane e ntle haholo. O ne a rerile hore batho ba phethahatse morero oa bohlokoa ho eona. (Esaia 45:18) Boemo bo bobe boo lefatše la rōna le leng ho bona ha bo tlise tlotla ho Molimo. Empa na ka sebele ua lumela hore o tla lumella boemo bona hore bo tsoele pele? Che!
Takatso ea motho ea lefatše le lecha ha e le hantle ke karabelo taba-tabelong ea ntho eo batho ba kileng ba ba le eona. Seo e ne e le paradeise ea sebele, ea lefatšeng e bonahalang. Balekane ba babeli ba pele ba ne ba lula lehaeng le joalo, ’me e ne e le morero oa ’Mōpi oa tšimolohong bakeng sa batho hore ba thabele Paradeise eo ea lefatšeng ka ho sa feleng.—Genese 1:28.
Hona joale Jehova Molimo o u neha monyetla oa ho phela lefatšeng lena le lecha, moo a tla hlohonolofatsa batho ba tšepahalang ka lintho tse laba-labeloang ke lipelo tsa bona. (Pesaleme ea 10:17; 27:4) Na u tla khetha ho phela moo?
Khetho ke ea Hao
Baiseraele ba neng ba mametse puo eo Moshe a neng a nehelana ka eona ha a ba lumelisa ba ne ba lokela ho etsa khetho e tšoanang. Ba ne ba lokela ho khetha puso ea Molimo kapa ea lichaba tsa nakong eo. Keletso ea Moshe ebile ena: “Ke beile pel’a hao bophelo le lefu . . . Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao; u tle u rate Jehova, Molimo oa hao, u utloe lentsoe la hae, ’me u mo khomarele.” (Deuteronoma 30:19, 20) E, khetho ea hao e boetse e bolela bophelo kapa lefu.
Ke ka baka leo ho hatisoang lihlooho tsena tse buang ka lefatše le lecha la Molimo—bakeng sa ho ama pelo ea hao e le hore u ka khetha lona ho e-na le ho beha tšepo ea hao litšepisong tsa lefeela tsa batho tsa ho tlisa lefatše le lecha. Ho na le lintho tse ngata tse babatsehang tseo ho hlokahalang hore u ithute tsona ka lefatše le lecha la Molimo.
Ka mohlala, ho na le bopaki bofe ba hore lefatše le lecha le haufi? Le tla nkela mebuso eohle ea lefatše sebaka joang? Ke liketsahalo life tse lebisang ho lona? Re ka tiiseha joang hore litšepiso tsa Bibele e tla ba ’nete?
Likarabo tsa lipotso tsena le tse ling lia fumaneha. Lipaki tsa Jehova li ka thabela ho u bontša litemana Bibeleng ea hao tse hlalosang mahlohonolo a lefatše le lecha la Molimo le ho bontša hore ke neng hona joang ’muso oa Molimo o qalileng ho busa le kamoo o tla qetella o nametse lefatšeng lohle.
U khothalletsoa hore u arabele joaloka Baberea ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba mamela moapostola Pauluse. Ba ile ba qeta nako ba “hlahlobisisa Mangolo ka hloko ka mehla e le hore ba ka bona hore na litaba tseo li joalo ruri na.” (Liketso 17:11, NW) Ka bohlale u lokela ho etsa se tšoanang. Kholiseha hore puisano ea hao ea Bibele le Lipaki tsa Jehova e tla u tlisetsa khotsofalo e khōlō ea moea ha u ntse u ithuta ka bokamoso bo khanyang boo Molimo a re tšepisang bona.
Ho hlokahala hore u etse khetho—ea ho sebeletsa Molimo le lithahasello tsa puso ea ’Muso oa hae kapa ho beha tšepo ea hao boitekong ba batho ba ho ipusa. Re u khothalletsa ho ithuta ka ho eketsehileng ka litšepiso tsa Molimo e le hore khetho ea hao e ka ba e theiloeng tsebong. Ho fumana tsebo ea Bibele ho ke ke ha matlafatsa tšepo ea hao ka nako e tlang feela empa ho tla u thusa ho lula u le matla moeeng ho fihlela puso ea batho e felile.—2 Timothea 1:13.
Lilemo-lemo tsa ho laba-labela ha motho lefatše le lecha li batla li felile. Lipaki tsa Jehova li rata hore u fumane tumello ea ho kena lefatšeng leo le lecha le ho thabela bophelo ka ho sa feleng. Ke seo Molimo le eena a se batlang. Ka tieo re lumela hore u tla khetha lefatše le lecha la Molimo. Haeba u etsa joalo, u tla bona hore ho laba-labela ha motho lefatše le lecha ha ea ka ea e-ba ntho ea lefeela.