Bacha Baa Botsa . . .
Na ’Mino o ka Hla oa ’Ntša Kotsi?
TOM e ne e le mocha ea tloaelehileng ea lilemo li 14—seithuti se molemohali se ratang ho etsetsa baahelani ba sona melemo. Empa ka mor’a ho reka sebapala-’mino sa stereo se turu, o ile a qala ho mamela ’mino o morethetho o matla.
Tom o ile a qala ho itšehla thajana ka kamoreng ea hae. Ntate oa hae oa hopola: “Ke ne ke ee ke re, ‘U ke ke ua lula ka kamoreng ea hao ka nako eohle u mametse sebapala-’mino sa hao sa stereo.’” Empa Tom o ile a tsoela pele ho o mamela. Eaba, ka letsatsi le leng la mariha, o hlaba ’mè oa hae ka thipa a ba a shoa ’me le eena a ipolaea. Ntate oa Tom ea tšoenyehileng oa eletsa: “Bolellang batsoali ho hlokomela ’mino oo bana ba bona ba o mamelang.” Matsatsi a seng makae pele ho lipolao tsena, Tom o ile a bina pina e buang ka “mali le ho bolaea ’mè oa motho” khafetsa.
Na boemo boo ke bo feteletseng? Ka sebele. ’Me le hoja mabaka a mang a ile a phetha karolo e itseng tlokotsing ena, e fana ka bopaki ba ho hong hoo bacha ba bangata ba ho nyenyefatsang: ’Mino o ka u susumetsa! Mohlomong ha u motšehetsi oa ’mino o morethetho o matla, leha e le hona hore ho ka etsahala hore u itšoare ka tsela e mabifi. Ho ntse ho le joalo, ’mino o ka u ama ka litsela tseo u ke keng ua li hlokomela.
Matla a ’Mino
’Mino o na le matla. Ka sebele, o ka baka mefuta eohle ea maikutlo a motho—ho tloha ho masoabi le kutloelo-bohloko ho ea ho lerato le thabo. ’Mino o ka etsa hore motho a be le khutso ’me oa halefisa e mong. O ka susumeletsa motho boinehelong ’me oa khothaletsa tšenyo. Ka baka leo, ha ho makatse hore ebe ho tloha mehleng ea khale, ’mino e ’nile ea ba kofuto e atlehang ea “molimo oa lefatše lena,” Satane Diabolose.—2 Ba-Korinthe 4:4.
Ka mohlala: Ka mor’a nako e seng kae hoba Baiseraele ba lopolloe bokhobeng Egepeta, ba ile ba furalla borapeli ba Jehova ba rapela namane ea gauda. Ke’ng se neng se tšehetsa boitšoaro boo bo hlabisang lihlong? ’Mino o hlaha le o hlephisang boitšoaro! (Exoda 32:1-6, 17, 18) ’Me ha Morena Nebukadnezare ea ikhantšang a laela bafo ba hae hore ba rapele setšoantšo sa bohata, ke joang a ileng a batla ho tsosa maikutlo a batho ba hae a lerato la naha le a bolumeli? Ka ho sebelisa ’mino o nang le tšusumetso!—Daniele 3:1-7.
Kahoo, re lokela ho lebella hore Satane a sebelise ’mino ho khelosa batho kajeno. Ke “morena ea busang matla a sebaka, e leng moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele.” (Ba-Efese 2:2) Boholo ba ’mino oa kajeno bo bonahatsa moea oa Satane oa borabele. ’Me ha ho makatse, kaha boholo ba oona bo ngoloa ke bao Bibele e reng ba ‘tsamaea ka bosaoana ba likelello tsa bona, mehopolo ea bona e lefifing, ’me ba hōle le bophelo ba Molimo.’ Ka sebele, ka ho hlahloba mekhoa ea bophelo ea libini tse ngata tse tummeng, libapali tsa ’mino, le baqapi ba oona, “ba timeletsoe ke kutlo eohle.”—Ba-Efese 4:17-19.
Ho mamela ’mino oa bona ho ka pepesetsa bacha ba Bakreste likotsi tse tebileng. Sena ha se bolele hore ’mino oohle o tummeng o fosahetse kapa hore ’mino oa rock ke oona feela oo u lokelang hore u be hlokolosi ka oona.a ’Mino o seng molemo o ka fumanoa boqaping ba classic le opera. Empa le hoja nakong e fetileng ’mino o mong o ne o na le likhopolo tse seng kae tsa boitšoaro bo bobe, kapa o bo khothaletsa, bongata ba ’mino kajeno bo khothaletsa boitšoaro bo bobe ka sebete seo o e-s’ong ho bo khothaletse ka sona pele.
Se sa Tšoanelang Litsebe le Mahlo
Nahana ka ’mino o nang le morethetho o matla—’mino o boima oa rock oo ka ho khetheha o hlephisang boitšoaro oo ka tloaelo o bapaloang ka lerata le tabolang litsebe. Lihlopha tsa ’mino o morethetho o matla ka boikhantšo li sebelisa mabitso a kang Poison, Skid Row, Guns N’ Roses, le Slayer. Makasine oa Time o itse: “Mabitso a lihlopha ka booona a susumetsa motho hore a be le khopolo ea ho ba mabifi, ea tlhoriso le lefu.” Ho boleloa se tšoanang ka litšoantšo tse khabisang likoahelo tsa lirekoto tseo hangata e leng tsa bosatane.
Empa ho thoe’ng ka ’mino oo ka booona? O na le litšobotsi tse joaloka lihlooho tse kang “Flesh and Blood” le “Appetite for Destruction” ’me mantsoe a oona a tlotlisa tlhekefetso ea likamano tsa botona le botšehali, peto, le ho bolaea. Kahoo ha ho makatse ha buka ea ’mino o morethetho o matla Stairway to Hell e bitsa ’mino o moretho o matla “tlhōlo ea puo e litšila, ho potlaka, ho bua ka tsela e tobileng le ho se tsotelle ho mabifi.” Hape ’mino o morethetho o matla hangata o ’nile oa amahanngoa le ho sebelisa lithethefatsi hampe, Bosatane, le ho ipolaea har’a bamameli ba ’ona. Leha ho le joalo, ho latela litlaleho tsa mecha ea litaba, ’mino o morethetho o matla butle-butle o ntse o amoheloa ke batho ba bangata.
Boholo ba ’mino oa rap (kapa, hip-hop) le oona ka ho tšoanang o hlaha ka tsela e feteletseng.b Magazine oa Time o re: “Baqapi ba rap . . . mantsoeng a bona ba batla mollo oa ntoa khahlanong le mapolesa kapa sebabole sa likamano tsa botona le botšehali . . . tse feteletseng.” Ka tsela e tobileng, mantsoe a lipina tse ngata tse tloaelehileng tsa rap a mabe hoo a ke keng a qotsoa mona. Ngoanana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 ha a bua ka pina e ’ngoe e joalo, o ile a re: “Lentsoe la pele le ile la tla—’me ke ne ke tšohile!”
Leha ho le joalo, boholo ba rock ea kajeno ha bo tšoanelehe bakeng sa ho mameloa ke Mokreste. Le hoja lipina tse ngata ho tse Ratoang tse 40 e se hangata li bang lerata joaloka rap kapa ’mino o morethetho o matla, tse ngata ka tsela e sa hlokomeleheng—kapa e totobetseng—li ntse li khothaletsa boitšoaro bo litšila ba likamano tsa botona le botšehali le litloaelo tse ling tseo eseng tsa Bokreste. Li-video tsa ’mino tse tloaelehileng haholo har’a bacha, li eketsa liphello tsa ’mino ka ho bontša litšoantšo tse nang le tšusumetso e matla tse bonahalang. Patlisisong e ’ngoe ea li-video tsa ’mino, ho ile ha fumanoa hore karolo ea 57 lekholong e ne e na le pefo, ’me karolo ea 75 lekholong e ne e na le litšoantšo tsa boitšoaro bo litšila ba likamano tsa botona le botšehali. Hape ho ile ha hlokomeloa hore moaparo o phephetsang le motjeko o susumetsang takatso e matla ea likamano tsa botona le botšehali o hlahisoa haholo ho li-video tsa ’mino.
Na o ka u Ntša Kotsi?
Ho e-na le ho ba o hlasimollang le o molemo, bongata ba ’mino o khothaletsoang kajeno ka ho hlakileng ‘ke oa lefatše, o leng bophoofolo, o nang le bodemona.’ (Jakobo 3:15) Leha ho le joalo, ka baka la bohele-hele hase bacha bohle ba Bakreste ba bonang bothata ba ho mamela lipina tse joalo kapa ba ho shebella li-video tsa oona. Ngoanana e mong e mocha o pheha khang: “Ha ua a lokela ho khathatseha ka mantsoe a ’mino oa rap. Ebile u ke ke ua a utloisisa!” Mang le mang ea kileng a leka ho hlalosa mantsoe a rap a ka ’na a lumela hore ho na le ’nete mantsoeng ana.
Hase ka linako tsohle bacha ba eeng ba hlokomele meelelo e poteletseng ea lipina tse tloaelehileng. Patlisisong e ’ngoe, bacha ba ile ba bolelloa hore ba hlalose seo lipina tse itseng tse tloaelehileng li se bolelang. Bacha ba bangata ba ne ba sa hlokomele ho hang lihlooho tse poteletseng tsa likamano tsa botona le botšehali, pefo, lithethefatsi, le Bosatane tse neng li keneletse ’minong oa bona. The Journal of the American Medical Association e ile ea qetella ka mantsoe ana: “Ha ho na bopaki ba hore ’mino ona o na le phello [e kotsi] boitšoarong ba bacha.”
Leha ho le joalo, Bibele e bua se fapaneng. Tabeng ea pele, e re bolella hore “litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Joale, na u ka qeta lihora tse ngata o thabela botsoalle le motho ea sebelisang puo e hlohlontšang litsebe ka ho feletseng kapa u mametse ea u susumeletsang ho sebelisa lithethefatsi, ea buellang borapeli ba Satane, kapa ea hlalosang likamano tsa botona le botšehali tse litšila ka botebo? Ka sebele o ne u ke ke ua etsa joalo! Joale ke hobane’ng ha puo e joalo e ka ba kotsi ka ho fokolang hobane feela e tsamaisana le ’mino kapa e buuoa ka morethetho? Ha lihlooho tse joalo tse litšila li bapaloa khafetsa, ka sebele li tla u ama! Liproverbia 6:27 ea botsa: “Ana motho a ka ikokhella mollo sefubeng, liaparo tsa hae li sa che na?”
Ka lebaka leo Bibele e re eletsa hore ho hang re se bue ka litaba tsa boitšoaro bo bobe, re se re sa re letho ka ho li pheta-pheta. (Ba-Efese 5:3-5; Ba-Filippi 4:8) Motho ea hlokomolohang molao-motheo ona ka sebele o tla ‘kotula nameng ho bola.’ (Ba-Galata 6:8) Mocha e mong ea bitsoang Jodie oa lumela: “Lipina tsena li etsa hore u nahane. Ha litakatso tse fosahetseng li hlaha, lipina tsena li totisa litakatso tsa hao tse fosahetseng.” Ka mor’a ho mamela pina ea rap e neng e hlalosa likamano tsa botona le botšehali tse litšila ka botebo, mocha e mong o ile a bolela: “Ho hang ke ne ke sitoa ho e ntša ka kelellong ea ka.”
’Me ho thoe’ng ka ho mamela lipina tsa ’mino o morethetho o matla tse buang ka lefu, lithethefatsi, kapa Bosatane? Mokreste e mong e mocha o ile a qala ho mamela ’mino o morethetho o matla ’me kapele a nahana ka lefu ka linako tsohle. Ke feela ka mor’a boiteko bo phehellang ba batsoali ba hae le motsoalle ea hōlileng oa Mokreste a ileng a khona ho pholoha tšenyeho ea moea le ea ’mele.
Ka linako tse ling, menahano e ka fetoha liketso. (Jakobo 1:14, 15) ’Me bongata ba ’mino oa kajeno o sebelisoa ka masene hore o tlatse kelello ea hao ka mehopolo e khopo. Ke ’nete, haeba u hōlisitsoe ho latela litekanyetso tsa Bibele, ho ka ’na ha se ke ha etsahala hore u bolaee kapa u kopanele boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali feela hobane u utloile ka bona pineng. Empa ho na le litsela tse ling tseo ka tsona u ka amehang ka tsela e fosahetseng. Bacha ba bang ba Bakreste ba ile ba qala ho apara liaparo tse sa tloaelehang ho hang le ho kuta moriri ka tsela eo libini tsa rock le rap li ikhantšang ka eona. Meqoqo, boitšisinyo ba ’mele le boitšoaro ba bacha ba joalo li bontša ka ho hlaka hore ba susumetsoa ke seo ba se utloang.
Moshemane e mong oa Afrika Boroa o re: “Bacha ba re ’mino ha o ba ame. Empa sena se fa Satane tsela ea ho kena bophelong ba hao—ho bo laola.” O tseba sena ho tsoa phihlelong ea botho, joalokaha a hlalosa: “’Mino oo ke neng ke o mamela o ne o bua ka ho sebelisana le meea e khopo, ho sebelisa lithethefatsi le ho kopanela likamano tsa botona le botšehali.” Ke joang a ileng a lokoloha liphellong tse kotsi tsa ’mino o hlephisang boitšoaro?
“Ke ile ka lahla lirekoto tsa ka le litheipi tsa ka tsa ’mino kaofela. Ho lula ka kamoreng e khutsitseng e bile phetoho e khōlō. Empa ho nkentse motho ea molemonyana.” Na u lokela ho nka mehato e tšoanang—eseng hore u lahle ’mino oa hao kaofela, empa bonyane u lahle lirekoto tseo ho hlakileng hore ’mino oa tsona o hlephisa boitšoaro?—Bapisa le Liketso 19:19.
Sena hase bolele hore u tele ’mino ka ho feletseng, empa se bolela hore u be ea khethang! Sehlooho se latelang se tla bua ka hore na u ka etsa sena joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Polelo “’mino oa rock” mona e sebelisoa mofuteng leha e le ofe ho e fapaneng ea ’mino o tummeng har’a bacha.
b Bona “Bacha Baa Botsa . . . Ke’ng se Phoso ka ’Mino oo ke Khethang ho o Mamela?” tokollong ea February 8, 1993.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Na ho tlatsa hlooho ea hao ka melaetsa ea lefu, tšenyo, le boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali ho tla u thusa kapa ho tla u ntša kotsi?