Karolo e Phethoang ke Bolumeli Lintoeng tsa Batho
THE World Book Encyclopedia (khatiso ea 1970) e re: “Le ka mohla ha ho batho ba sa kang ba e-ba le mofuta o itseng oa bolumeli.” Leha ho le joalo, bo-rahistori Will le Ariel Durant ba ngotse: “Ntoa ke e ’ngoe ea lintho tse ’nileng tsa ba teng ka mehla historing.” Na lintho tsena tse peli tse ’nileng tsa ba teng ka mehla, ntoa le bolumeli, ho na le moo li amanang teng?
Ka sebele, ho theosa le histori, ntoa le bolumeli ebile mathe le leleme. Mabapi le Egepeta, e leng ’muso oa pele historing ea mebuso ea lefatše, Lionel Casson o ile a hlalosa bukeng Ancient Egypt: “Melimo e ne e fuoa tlotla bakeng sa tlhōlo e ’ngoe le e ’ngoe ea ntoa; e ne e bile e lakatsa leruo le eketsehileng, baprista ba ne ba e-na le takatso e matla ea bo-Faro bakeng sa maeto a sesole a ho sibolla naha.”
Ka ho tšoanang, moruti W. B. Wright o buile tjena ka Assyria e leng ’muso o mong oa mehleng ea pele oa lefatše: “Ntoa e ne e le mosebetsi o moholo oa sechaba, ’me baprista e ne e le bona bahlohlolletsi ba ka sehloohong ba ntoa. Ba ne ba hlile ba tšehetsoa haholo ka lintho tse hapiloeng tlhōlong.”
Mabapi le seo a se bitsitseng “Europe e sehlōhō,” Gerald Simons o ile a ngola: “Sechaba sa habo e ne e le se itekanetseng, se ne se hlophiselitsoe mosebetsi o le mong feela, ho loana.” ’Me bolumeli bo ne bo ameha. Simons oa hlokomela: “Litšōmo tse ngata li bua ka lisabole tse nang le bademona, kapa tse neng li sebetsa joaloka mahlahana a melimo.”
Leha ho le joalo, ’Musong oa Roma e neng e nkoa e le e tsoetseng pele haholo, boemo bo ne bo itšoanela. Moses Hadas o hlalositse bukeng Imperial Rome: “Baroma ba hōlisitsoe ka khopolo ea ho loana.” Masole a Baroma a ne a ea ntoeng a nkile marumo a nang le litšoantšo tsa melimo ea oona. Buka e ’ngoe ea boitsebiso e hlokometse: “E ne e le ntho e tloaelehileng ho mogenerale ho ntša taelo ea hore litšoantšo tseo tsa melimo li akhelloe lira, le ho etsa hore masole a chesehele ho lata litšoantšo tseo hobane li ne li nkoa e le lintho tse halalelang haholo lefatšeng.”
Ntoa le Batho ba Ipolelang Hore ke Bakreste
Ho hlahella ha Bokreste-’mōtoana ponong ea lefatše ha hoa fetola lintho. Ha e le hantle, Anne Fremantle o ile a ngola bukeng Age of Faith: “Har’a lintoa tsohle tseo batho ba kileng ba li loana, ha ho e kileng ea cheseheloa ho feta e loannoeng lebitsong la tumelo. ’Me ‘lintoeng tsena tse halalelang,’ ha ho e tšolotseng mali le e tsoetseng pele ka nako e telele ho feta Lintoa tsa Bolumeli tsa Bokreste tsa Mehleng e Bohareng.”
Ka ho makatsang, esita le kajeno ha ho phetoho e kaalo. Makasine oa Time o ile oa tlaleha: “Ntoa le lefu tlas’a lifolaga tsa bolumeli li ne li tsoela pele ka ho phehella ho mabifi. Maprostanta le Maroma a K’hatholike Ulster a ntse a tsoela pele ka lipolao tseo ho bonahalang li ke ke tsa khaotsa. Maarabe le Baiseraele ka ho tsitsipaneng a talimme liketsahalo tse tsoelang pele liqhoebeshanong tsa naha, tsa morabe le tsa bolumeli.” Ho feta moo, liphapang tsa morabe le tsa bolumeli ke tsona tse ikarabellang lipolaong tse sisimosang naheng eo pele e neng e le lirephabliki tsa Yugoslavia esita le linaheng tse ling tsa Asia.
Ka ho makatsang, hangata batho ba ipolelang hore ke Bakreste ba ea ntoeng ho loantša litho tsa tumelo ea bona. Mabaleng a ntoa Mak’hatholike a bolaea Mak’hatholike. Rahistori oa Mok’hatholike E. I. Watkin o ile a lumela: “Le hoja ho le bohloko ho lumela, ka baka la ho qala leshano kapa ho se tšepahale re ke ke ra latola kapa ra hlokomoloha ’nete ea histori ea hore ka ho tiileng Babishopo ba ’nile ba tšehetsa lintoa tsohle tse loannoeng ke mebuso ea linaha tsa bona. Ha ke tsebe ka mohlala leha o le mong oo ho oona lekhotla la kereke la naha le ileng la nyatsa ntoa ka hore ke e sa lokang . . . Ho sa tsotellehe hore na pono ea molao ke efe, mokhoa oa hore ‘ka mehla naha ea heso ke eona e nepileng’ ebile eona qeto e ileng ea fihleloa ke Babishopo ba K’hatholike nakong ea ntoa.”
Leha ho le joalo, eo hase qeto ea Mak’hatholike feela. Moqolotsi oa litaba tsa koranta ho Sun ea Vancouver, Canada, o ile a hlokomela: “Ka sebele Maprostanta a ke ke a hlokomoloha tšusumetso ena ea likarohano tsa bochaba. Mohlomong ke bofokoli ba malumeli ’ohle a maholo hore kereke ke ea bochaba . . . Ke ntoa efe e kileng ea loana eo ho sa boleloang hore Molimo o ne a le ka lehlakoreng la eona?”
Ka ho hlakileng ha ho le e ’ngoe! Moruti oa Prostanta Harry Emerson Fosdick o ile a lumela: “Le ka likerekeng tsa rōna re beile lifolaga tsa ntoa . . . Ka karolo e ’ngoe ea melomo ea rōna re rorisitse Morena oa Khotso ’me ka e ’ngoe ra tlotlisa ntoa.” ’Me moqolotsi oa litaba tsa koranta Mike Royko o boletse hore ha ho mohla Bakreste “matsoalo a bona a ileng a ba thibela ho kenella lintoeng le Bakreste ba bang.” O ile a hlalosa: “Haeba matsoalo a bona a ne a ile a ba thibela hoo, ha ho mohla lintoa tse mahlo-mafubelu ka ho fetisisa Europe li ka beng li ile tsa etsahala.” Ntoa e tsebahalang har’a tsena ke Ntoa ea Lilemo tse Mashome a Mararo Jeremane mahareng a Maprostanta le Mak’hatholike.
Ka sebele, bopaki bohle bo hlakile. Bolumeli e ’nile ea e-ba motšehetsi, ’me ka linako tse ling, esita le mohlohlelletsi oa lintoa. Kahoo, ba bangata ba ile ba ipotsa lipotso tsena: Na ka sebele Molimo o nka sechaba se seng se le bohlokoa ho feta se seng nakong ea ntoa? Na o tšehetsa sechaba leha e le sefe ha li loantšana? Na ho na le nako eo ntoa e ke keng ea hlola eba teng?