Na ’Mino o ka Hla oa U Ntša Kotsi?
AK’U nahane ka sena: Motho eo u mo tloaetseng mosebetsing o u memela lijo tsa mantsiboea lapeng la hae. U amohela memo. Ha lihora tsa mantsiboea li ntse li feta, u ithuta linnete tse ngata tse tšosang ka motho ea u memileng. O na le tšekamelo ea ho thabela liketso tse sehlōhō, o bontša litšekamelo tsa ho batla ho ipolaea, o sebelisa mahlapa, ’me o khothaletsa borapeli ba Diabolose. Joale, na u ne u ka boela oa hlola mantsiboea a mang le eena? U ka araba ka ho re “Che!”
Ho feta moo, ho thoe’ng haeba motho enoa eo u mo tloaetseng a hatisa theiping boikutlo le litumelo tsa hae tse litšila bosiung boo ’me a u fa theipi eo? Na u ne u tla ipepesetsa litumelong tseo ka ho e bapala khafetsa? Che.
Leha ho le joalo, ’nete ke hore ba limillione kajeno ba ipepesa ka tsela e joalo. Ka lebaka leo, ba bangata ba mamelang ’mino ona ba amohela monahano le boitšoaro boo o bo khothaletsang.
Re bua ka ’mino ofe? Litšusumetso tse mpe li ka fumanoa hoo e ka bang mofuteng o mong le o mong oa ’mino. Ebang motho o khetha ’mino oa classic, jazz, kapa ’mino oa mofuta o mong, ho na le tlhokahalo ea ho ba hlokolosi le ho khetha.
Leha ho le joalo, ho na le mefuta e itseng ea ’mino eo lintho tse sa hloekang li hlalosoang ka mokhoa o pepenene ka ho feletseng. Sena se hlahisa phephetso e khethehileng. U.S.News & World Report e hlalosa sehlooho se seholo sa ’mino oa morethetho o matla e le “ho hana boitšoaro bo botle ha bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20, o feletse ka litekanyo tse khōlō tsa likamano tsa botona le botšehali tse mabifi le menahano ea ka mehla ea ho ipolaea.” Dr. David Elkind o bua ka lihlopha tse ling tsa rock tse “tsoileng tseleng mabapi le puo e nyonyehang le boitšoaro hoo li hlomphollang indasteri eohle ea ’mino oa rock.” Libakeng tse ling lirekoto le lik’hasete tse itseng li tšoailoe ka temoso ea lipina tsa tsona tse nyonyehang.
Na batho ba mpa ba nka khato ka ho feteletsa litaba ’minong oo eseng khetho ea bona ea botho, kapa ho na le lebaka la sebele la ho ameha? A re hlahlobeng ’mino oa rock oo hona joale o finyellang likarolo tse khōlō tsa sechaba ka lirekoto le lik’hasete, li-video tsa ’mino thelevisheneng, le lik’honsarete tsa ’mino. Hlahloba hore na batho ba ameha joang ke ’ona. Ebe u ahlola ka bouena haeba boithabiso bona ke bo se nang kotsi kapa ke chefu ea kelello. Na ke ntho eo uena le lelapa la hao le lokelang ho ba haufi le eona kapa esita le ho ipepesetsa eona?