Bophelo ba Lenyalo—Ho bo Etsa bo Thabileng Haholoanyane
Ke’ng se ka atlehisang lenyalo?
Ke keletso ea mang e ka lebisang lenyalong le thabileng?
Mathata a puisano a ka rarolloa joang?
BA SUSUMETSOA ke libuka tsa tokoloho ea basali tseo ba neng ba li bala, Yasuhiro le kharebe ea hae, Kayoko, ba ile ba qala ho lula hammoho, ba nahana hore ba ka qhala kamano ea bona nako e ’ngoe le e ’ngoe. Ke feela ka mor’a hore Kayoko a ime ba ileng ba theha lenyalo la bona molaong. Leha ho le joalo, Yasuhiro o ile a tsoela pele ho ba le lipelaelo ka tokisetso ea lelapa. Ha ho qala ho ba le mathata a lichelete le boikutlo ba ho se tšoanelane, ho ne ho se letho le ba thibelang ho hlalana.
Ba sa tsebe ka bobeli, Yasuhiro le Kayoko ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova nako e itseng ka mor’a ho hlalana. Ka mor’a nakoana, ba ile ba tseba ka sena ’me ba hlokomela liphetoho tse entsoeng bophelong ba e mong ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Ba ile ba etsa qeto ea ho nyalana hape. Joale, ka pono ea bona ea bomolimo ka lenyalo, ba ikemisetsa ho bontša boitelo ho rarolla mathata a bona.
Ke’ng se entseng hore lenyalo la bona la bobeli le atlehe? Tlhompho ea bona bakeng sa Moqapi oa lenyalo. (Genese 2:18-24) Keletso e fanoeng ke moeletsi oa lenyalo ea nang le phihlelo ka ho fetisisa, Jehova Molimo, ke senotlolo se bulang monyako o lebisang thabong ea lenyalo.
Senotlolo sa Thabo Lenyalong
Mathata a lenyalo a ka rarolloa ’me manyalo a sireletsoa ha balekane ba sebelisa seo Jesu Kreste a se boletseng: “Rata [Jehova] Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle. Molao oo ke o moholo oa pele. ’Me oa bobeli, o tšoanang le oona, ke o reng: Rata oa heno joale ka ha u ithuta.” (Mattheu 22:37-39) Sena ke senotlolo sa thabo lenyalong. Monna le mosali ba tlameha ho rata Jehova pele ba ithata kapa ba ratana. Kamano ena e ka tšoantšoa le leqhoele le meloho e meraro. “Leha e mong a ka tla tsohela ea ’notši matla, ha ba le babeli, ba ka mo hlōla; le lona leqhoele le meloho e meraro ha le phakise ho khaoha.”—Moeklesia 4:12.
Kaha ho rata Molimo ho bolela ho mamela melao ea hae, monna le mosali ba tlameha ho beha melao le melao-motheo ea hae ea boitšoaro ho batho pele bophelong ba bona. Ka ho etsa joalo ba etsa leqhoele la meloho e meraro leo khole e matla ka ho fetisisa e leng lerato la bona ho Jehova. ’Me 1 Johanne 5:3 e re, “litaelo tsa oona ha li boima.”
Sena se lebisa ho talimeng lenyalo e le tokisetso ea ka ho sa feleng. (Malakia 2:16) Ka motheo o joalo lenyalong la bona, banyalani ba tla susumeletsoa ho rarolla mathata a lenyalo ho e-na le ho hlōleha ho tobana le mathata ka ho hlala.
Ho Bontša Lerato Bakeng sa Moahisani oa Hao ea Haufi-ufi
Ho ba le tlamo ea ka ho sa feleng le molekane oa hao, u tlameha ho hōlisa lerato la hao ho eena, moahisani oa hao ea haufi-ufi. Lerato lena le tlameha ho hloka boithati. Hlokomela kamoo Bibele e khothaletsang molao-motheo ona ka teng: “[Le be] le lerato le le leng, le moea o le mong, le ho ikutloa ho le hong feela. Le se ke la etsa letho ka khang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa. E mong le e mong a se ke a hlokomela tsee e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.”—Ba-Filippi 2:2-4.
Ke ’nete hore ho thata ho etsa leha e ka ba eng ntle ho khang kapa ntle le ho inahana ho tlōlisa lefatšeng lena la boithati. Ha molekane oa hao a sa nke khato ea pele ho bontša lerato, ho hloka boithati ho thatafala haholoanyane; empa ka ho bontša boikokobetso, u nka hore molekane oa hao o u phahametse, u tla fumana ho le bonolo ho nahanela lithahasello tsa molekane oa hao. Bibele e re khothaletsa ho ba le boikutlo ba kelello bo neng bo le ho Kreste Jesu. E ne e le motho oa moea ea matla, empa o ile a “nka sebopeho sa mohlanka,” ka ho ba motho. Eseng hoo feela, empa ha a ne a le lefatšeng, “o ikokobelitse, a iketsa ea utloang ho isa lefung,” le ileng la ruisa molemo esita le banna ba neng ba sa mo amohele. (Ba-Filippi 2:5-8) Ka ho bontša boikutlo bona, Jesu o ile a hapa lipelo tsa bahanyetsi ba bangata, ’me ka ho etsisa Jesu balateli ba hae ba ile ba etsa se tšoanang. (Liketso 6:7; 9:1, 2, 17, 18) Ho tšoanang ho ka etsahala ho uena. Ka ho talima molekane oa hao a u phahametse le ho bontša thahasello ea botho litabeng tsa molekane oa hao, butle-butle u ka hapa pelo ea hae.
Leha ho le joalo, ho talima molekane oa hao a u phahametse ha ho hloke ho inehela ho se nang thuso ho etsoang ke mosali ho monna ea bompoli, joalokaha ho etsahala Bochabela. Monna le mosali ba tlameha ho talima e mong a phahametse e mong e le hore ka bobeli ba ikemisetse ho etsa boitelo bakeng sa e mong. Ha banyalani ba buisana ka mathata a bona ka boikokobetso bona, ba bontša thahasello e se nang boithati ho e mong, ’me ba latela keletso ea Molimo, ba hlile ba tseleng ea ho rarolla mathata a bona. Joale a re nahaneng ka keletso e ’ngoe ea Molimo.
“Liphate li HLoke Litšila”
Jehova, ea qalileng tokisetso ea lenyalo, o na le tokisetso e ka lateloang bakeng sa kamano e loketseng pakeng tsa monna le mosali oa hae. Ha Jesu Kreste a ne a botsoa haeba ho le molaong bakeng sa monna ho hlala mosali oa hae motheong oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, o ile a re: “Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.” O ile a bontša hore ho na le lebaka le le leng feela le molaong bakeng sa tlhalo le ho nyala hape ka ho tsoela pele a re: “E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka la bofebe, a nyala e mong, oa feba.”—Mattheu 19:3-9.
Likamano tsa botona le botšehali tsa ka ntle ho lenyalo, esita le haeba li etsoa lebitsong la lerato, ho hang ha li bontše lerato, bakeng sa mahlakore ka bobeli. Monna e mong Japane bohareng o ne a ntšetsa pele likamano le basali ba ’maloa ka ntle ho lenyalo la hae. Mosali oa hae o ile a belaela ’me a ferekana. Lenyalo la bona le ne le tobane le masisa-pelo. Letsatsi le leng e mong oa linyatsi tsa hae o ile a ’molella hore o il’o tsebisa mosali oa hae ka kamano ea bona ’me a phehella hore a mo nyale. Oa hopola ka ho ikoahlaea: “Likamano tse joalo ha li thabise motho.” O ile a tsoa seretseng sena feela ka mor’a ho utloisa batho bohle ba amehang bohloko. Litekanyetso tsa Bibele li hlakile tabeng ena. “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.” (Ba-Heberu 13:4) Ka ho mamela taelo ena, motho o qoba maloetse a fetisoang ka likamano tsa botona le botšehali, khatello ea lenyalo, le khatello ea kamano ea lerato e patuoeng.
Banna, Ratang le ho Baballa Basali ba Lōna
Molao-motheo oa bohlooho har’a lelapa le oona o ile oa thehoa ke Molimo. Ba-Efese 5:22, 23 e re: “Lōna basali, le ikokobetse ka tlas’a banna ba lōna, joale ka ha le ikokobetsa ho Morena; hobane monna ke hloho ea mosali, joale ka ha Kreste le eena e le hloho ea [phutheho].” Ho sebelisa keletso ena ha ho bonolo. Shoko, ea neng a nka ka ho fosahetseng tokelo ea monna oa hae ea ho etsa liqeto tsa ho qetela, oa lumela: “E ne e le phephetso e kang thaba ho ’na.” O ile a susumetsa monna oa hae ho reka ntlo eo a neng a se a e fumane kaha a nahana hore monna o lokela ho reka ntlo ha a atamela lilemo tse 20. Leha ho le joalo, ha a ithuta melao-motheo ea Bibele e amehang, o ile a ba le pono e fapaneng ka monna oa hae. Ea neng a bonahala e le ea se nang matla hape a sa bontše litšoaneleho tsa bonna e ne e le ea utloisisang, ea ikokobelitseng, le ea bonolo ha a talingoa ponong e nepahetseng.
Molao-motheo ona o hloka banna ho hlokomela hore ba tlas’a taolo e phahameng ea Kreste Jesu. (1 Ba-Korinthe 11:3) Kaha monna o tlas’a tataiso ea Kreste, o lokela ho rata le ho baballa mosali oa hae ka tsela e tšoanang le eo Jesu a ratang balateli ba hae ka eona. (Ba-Efese 5:28-30) Ka hona, monna oa Mokreste o tla nahanela maikutlo, litakatso, le likhaello tsa mosali oa hae pele a etsa liqeto.
“Tse Nokiloeng ka Letsoai”
Hisako o ne a e-na le mathata a ho buisana le monna oa hae. Neng le neng ha a ne a leka ho buisana le eena ka ntho e itseng, o ne a qoba puisano ka ho re: “Etsa kamoo u ratang.” Hisako oa hopola: “Ke nahana hore ho haelloa ke mosa ha ka ho ne ho baka bothata. Ho ne ho ka be ho bile molemonyana haeba ke ile ka bua ka tsela e seng lerata le e sa potlakang.” Kajeno, eena le monna oa hae ba ka buisana ka litaba ba thabile. Phetoho e ile ea ba teng ho tloha ha Hisako a sebelisa keletso e latelang: “Le polelo tsa lōna e be tse molemo ka mehla, tse nokiloeng ka letsoai, le tle le tsebe kamoo le tšoanetseng ho araba e mong le e mong.” (Ba-Kolosse 4:6) Kaha lijo tse tšetsoeng letsoai li latsoeha haholoanyane, le mantsoe a nahannoeng hantle a buuoang ka mokhoa o mosa ho bonolo haholoanyane ho a amohela. (Liproverbia 15:1) Ha e le hantle, feela ka ho nahanela hore na u bua joang, hangata liphapang tsa lenyalo li ka thibeloa.
E, ho rata Jehova Molimo le ho hlompha melao-motheo ea hae ruri hoa sebetsa. Lerato bakeng sa Jehova le u susumeletsa ho talima lenyalo la hao e le tlamo ea ka ho sa feleng ’me le u thusa ho ikemisetsa ho le boloka. Molimo o fane ka tataiso e utloahalang e tla u thusa ho sebetsana le liphapang tsohle tsa lenyalo le ho rarolla mathata a hao, leha a ka bonahala a le maholo hakae. Che, mabakeng a mangata tlhalo hase monyako o lebisang bophelong bo thabileng haholoanyane, empa ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ke hona ho lebisang bophelong bo thabileng haholoanyane. U ka bula monyako oo ka ho hlaolela lerato la hao ho Jehova. Ke hobane’ng ha u sa ithute ho eketsehileng ka keletso ea hae ho tsoa bukeng e nang le matla ka ho fetisisa ea tataiso ea lenyalo, Bibele?
[Lebokose le leqepheng la 9]
Ha Tlhalo e le Khetho
LE HOJA Bibele e lumella tlhalo le ho nyala hape motheong oa bohlola, bofebe ha bo felise kamano pakeng tsa monna le mosali feela-feela tjee. Molekane ea se nang molato o na le khetho ebang ea ho hlala kapa ho se etse joalo.—Mattheu 19:9.
Yasuko o ne a tobane le qeto ena. Monna oa hae o ne a lula le nyatsi ea hae. Matsal’ae o ne a nyatsa Yasuko ’me a re: “Ke phoso ea hao hore ebe mor’a ka o itšoara ka tsela ena.” Yasuko o ile a lla a sa phetse. Batho ba bangata ba ile ba mo eletsa, empa ha ho ea ileng a nyatsa kamano ea monna oa hae. Eaba ’mè oa hae, ea neng a qalile ho ithuta Bibele, o ’molella hore: “Bibeleng, ho tlalehiloe ka ho hlaka hore bofebe bo fosahetse.” (1 Ba-Korinthe 6:9) Yasuko o ile a lokoloha haholo ho tseba hore ho sa ntse ho na le tekanyetso ea se molemo le se sebe lefatšeng la kajeno.
Joale Yasuko o ne a e-na le khetho. Le hoja a ile a nahana ka ho hlala monna oa hae, ka mor’a ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova o ile a bona hore le eena o ne a sa phethahatse karolo ea hae. Kahoo o ile a etsa qeto ea ho hlahloba melao-motheo ea Bibele ho rarolleng mathata a hae. O ile a qala ho e sebelisa. (Ba-Efese 5:21-23) Oa hopola: “Ho ne ho se bonolo. Ke ne ke khutlela morao hangata. Ka linako tse ngata ke ne ke rapela Jehova ka likeleli.” Ha a ntse a fetoha, le monna oa hae o ile a fetoha butle-butle. Lilemo tse ka bang hlano hamorao, monna oa hae o ile a khaotsa kamano le nyatsi ea hae. Yasuko oa phetha: “Ke kholisehile hore ka sebele ho mamela Lentsoe la Molimo ho ruisa molemo.”
[Lebokose le leqepheng la 11]
Takatso e sa Tšoaneng ea Likamano tsa Botona le Botšehali le Tlhalo
BANYALANI ba bangata ba re takatso e sa tšoaneng ea likamano tsa botona le botšehali ke lebaka le leng la tlhalo. Buka Sekkushuaritii to Kazoku (Likamano tsa Botona le Botšehali le Lelapa), e sebetsanang le tokisetso ea lelapa e fetohang ea kajeno, e hlahisa moo bothata bo leng teng kajeno, e re: “Tokisetso ea lenyalo ea molekane a le mong le boitsebiso ba ho nahana ho tlōlisa ka likamano tsa botona le botšehali ha kajeno ha li tsamaisane. Bongata ba boitsebiso ba likamano tsa botona le botšehali bo sokamisa takatso ea likamano tsa botona le botšehali lenyalong ’me bo senya lerato le tloaelehileng. Hase feela ho hlahisoa ha likamano tsa botona le botšehali e le ntho ea bohlokoa ho senyang maikutlo le lipelo tsa batho empa le litheipi tsa video tsa bootsoa le libuka tsa ho tšehisa tse bontšang ’mele ea basali e le ntho ea bohlokoa. Ka hona, basali ba ba le bothata ba likamano tsa botona le botšehali tseo ba li qobelloang ke [banna ba bona], ’me banna ba haneloang ba hlōleha ho ba le likamano tsa botona le botšehali.”
Lingoliloeng tsa boitšoaro bo hlephileng, li-video, le mananeo a TV li sokamisa likamano tsa botona le botšehali. Ha li rute se etsang thabo ea sebele lenyalong. Hape li ka senya tšepo eo monna le mosali ba tlamehang ho e hlaolela hore ba be le lenyalo le atlehang. Psychology Today e re: “Tšepo e etsa hore o khone ho beha maikutlo a hao a tebileng le lintho tseo u li tšohang tlhokomelong ea molekane oa hao, u tseba hore li tla sebetsoa ka hloko. Ha maikutlo a lerato kapa a thahasello ea likamano tsa botona le botšehali a ka ’na a eketseha kapa a fokotseha ho feteng ha nako, kelellong, tšepo ea tšoana ka mehla.”
Likamano tsa botona le botšehali hase ntho ea bohlokoa eo lenyalo le atlehang le thehiloeng ho eona. Mosali ea bileng le mathata a boima lenyalong o re: “Se nkhothalitseng ka ho fetisisa e ne e le mantsoe a bukeng Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng: ‘Ka ho tloaelehileng, haeba likamano tsohle tse ling tsa lenyalo li le boemong bo botle, haeba ho le teng lerato, tlhomphano, ho buisana ho hotle le kutloisisano, ke ka seoelo likamano tsa botona le botšehali e ka bang bothata.’”a
Ha e le hantle se bakang kamano ea botho e haufi pakeng tsa banyalani hase likamano tsa botona le botšehali empa ke lerato. Likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lerato ke lefeela, empa lerato le ka ba teng ka ntle ho likamano tsa botona le botšehali. Ka ho beha likamano tsa botona le botšehali sebakeng sa tsona, ba sa li etse ntho ea bohlokoa bophelong ba bona, banyalani ba ka thabela kamano ea bona ’me ba rarolla mathata a takatso e sa tšoaneng ea likamano tsa botona le botšehali.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho hlompha melao-motheo ea Bibele ho tla thusa banyalani ho buisana ka bolokolohi