Bacha Baa Botsa . . .
Nka Khaotsa ho Nahana Lintho tse Iqapeloang Joang?
MOCHA ea bitsoang Jonathan o ile a lumela: “Ke na le bothata bo tebileng. Ke nahana lintho tse iqapeloang mosebetsing, ha ke tsamaea, pele ke robala, esita le Holong ea ’Muso. Hangata ka taba e mabapi le banana, likamano tsa botona le botšehali kapa ho ba khalala e itseng e tummeng kapa mohale.”
Ho nahana lintho tse iqapeloang ho tloaelehile har’a bacha le batho ba baholo. Ha ho etsoa ka ho lekaneng, e ka ba ketso e tloaelehileng, le e molemo.a Leha ho le joalo, esita le ntho e ntle ha e etsoa ka ho feteletseng e ka ba kotsi. (Bapisa le Liproverbia 25:16.) Haholo-holo ho joalo haeba metouto e le ea mofuta o fosahetseng.
Ka mohlala, nka hore ka linako tse ling u nahana hore u sebini seo u se ratang haholo. Qalong u ka ’na ua nka nakoana e seng kae letsatsi ka leng u inahana u le sethaleng u amohela litlatse tse matla tsa letšoele. Empa ha libeke li ntse li feta, u qala ho nka nako e eketsehileng u nahana lintho tseo eseng tsa sebele ka lefatše la lik’honsarete, lipuisano, le mananeo a ho rekota. Ho nahana lintho tseo eseng tsa sebele ho u tlisetsa thabo e joalo, ’me u ke ke ua ho khaotsa.
Ua botsa: ‘Joale ho iketsisa ho na le kotsi efe?’ Lebaka ke hore, litsebi li bolela hore hangata makhoba a ho nahana lintho tse iqapeloang “a sitoa . . . ho sebetsa hantle bophelong ba sebele.” (The Parents’ Guide to Teenagers) Ho phela lefatšeng la ho nahana lintho tse iqapeloang ho sitisa tšebetso ea ho hōla; u khomarela matšoao a bongoana, ho e-na le ho a lahla. (1 Ba-Korinthe 13:11) U bonahatsa lipono tseo eseng tsa sebele ka bophelo, ho fapana le lintho tsa sebele. Ho e-na le ho bontša “matla a temoho” ka ho rarolla bothata, u bo hatella ka ho balehela lefatšeng leo eseng la sebele. (Ba-Heberu 5:14, NW) Ka hona ho nahana lintho tse iqapeloang ho laola bophelo ba hao, ’me ho beha likamano le lintho tse tlang pele bophelong ba sebele kotsing.
Buka Daydreaming, ea Dr. Eric Klinger, e supa ho se ka ’nang ea e-ba kotsi e khōlōhali, e leng hore “ho nahana ka ntho eo u e batlang ka linako tsohle empa u sa lokela ho ba le eona ho ka ’na ha u thatafaletsa hore u hane ho e phehella.” Bibele e boletse tjena: “E mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae.” (Jakobo 1:14) Ketso e etelloa pele ke monahano. ’Me le hoja mohlomong u ke ke ua fetoha sebini sa rock se fuoang tlotla ea borapeli se lemaletseng lithethefatsi hobane feela ka linako tse ling u nahanisisa ka ho ba sebini se tummeng, u ka ’na ua hlaolela taba-tabelo e mpe ea “takatso ea nama, le takatso ea mahlo.”—1 Johanne 2:16.
Khaotsa ho Nahana Lintho Tseo Eseng tsa Sebele
Joale, ke joang, u ka khaotsang ho nahana lintho tseo eseng tsa sebele? Pele ho tsohle, ho ka ’na ha thusa ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho nahana lintho tseo eseng tsa sebele ho ipiletsa ho uena.b Na ke hobane u batla hore ba bang ba u rate? Na u thabisoa ke ho nahana hore u na le tšoaneleho e ntle kapa talenta e etsang hore ho nehoa tlotla ea borapeli hoo ha hao e be ntho e atileng haholo? Kapa mohlomong u mpa feela u honohela mokhoa oa bophelo oa batho ba bonahalang eka ha ba na mathata bophelong. Setsebi se seng sa kelello se ile sa hlokomela tjena mabapi le sebini se ratoang haholo Madonna: “Likelellong tsa batšehetsi ba hae ha a na mathata a chelete, mosebetsi oa sekolo, ha a jeoe ke bolutu.” Ka hona ba bang ba ka ’na ba lakatsa ho tšoana le eena.
Leha ho le joalo, ho bua mantsoe a seng makae a sebele, ho ka phetha karolo e khōlō ho etsa hore ho nahana lintho tse iqapeloang ho khaotse. Sebelisa molao-motheo o ho Ba-Filippi 4:8, moo re bolelloang hore re lebise tlhokomelo linthong tsa ’nete le tse tšoanelang ho rorisoa. Na ka sebele ke ’nete hore batho ba nehoang tlotla ea borapeli ba thabela bophelo bo se nang mathata? Na ka mehla boitšoaro ba bona ke bo tšoanelang ho rorisoa? Ha e le hantle, mokhoa oa bophelo oa ho se tsotelle o akareletsang mesebetsi e ka bang kotsi o siile boholo ba bona ba lemetse ’meleng le maikutlong. Ho sa tsotellehe borui, boholo ba batho ba nehoang tlotla ea borapeli ba utloisoa bohloko ke mathata a lichelete. Ke ba fokolang ba thabelang manyalo a tsitsitseng. Na u batla ho susumetsa pelo ea hao ho chesehela bophelo bo joalo?
Ho hlakile hore ke ha tlhaho ho batla ho ratoa le ho hlompheha. Olivia ea lilemo li 16 nako le nako o nahanisisa ka ho ba “motho ea khethehileng ea ratoang ke bohle.” Empa ho nahana lintho tse iqapeloang—ho sa tsotellehe hore na ho bonahala ho phelisa motho hamolemo hakae kapa e le ntho ea sebele—ka sebele ho ke ke ha khotsofatsa litakatso tseo joalokaha ho nahanisisa ka ho ja ho ke ke ha u khorisa. (Esaia 29:8) Ho feta moo, Bibele ea lemosa: “Ea elang moea hloko a ke ke a jala.” (Moeklesia 11:4) Ka hona ho e-na le ho touta ka ho ratoa, sebeletsa hore u iketse ea ratoang.—Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa Joang Hore Batho ba Nthate?” tokollong ea rōna ea December 8, 1988.
Ho Nahana Lintho Tseo Eseng tsa Sebele ka Likamano tsa Botona le Botšehali
Nakong ea lilemo tsa hae tsa bocha, Alan (hase lebitso la hae la sebele) o ne a na le menahano e iqapeloang ea mofuta o mong. O “ile a ithuta ho tsosa menahano ea takatso ea likamano tsa botona le botšehali” ’me o ne a ka qeta nako ea hae e ngata a etsa joalo. Hamorao, o ile a nehela bophelo ba hae ho Molimo e le Mokreste. Alan oa lumela: “Hoo ha hoa ka ha fetola letho. Ho nahanisisa ka likamano tsa botona le botšehali ho ile ha tsoela pele ho ba tsela ea bophelo ho ’na.”
Na ka ho tšoanang le uena u hlaseloa ke menahano e iqapeloang e tsosang takatso ea likamano tsa botona le botšehali?c Sena e ka ’na ea e-ba se tloaelehileng haeba u le nakong ea “palesa ea bocha” ha litakatso tsa likamano tsa botona le botšehali li le matla. (1 Ba-Korinthe 7:36) Leha ho le joalo, u intša kotsi haeba ka boomo u hōlisa menahano ea likamano tsa botona le botšehali. Ho Ba-Kolosse 3:5 Bibele e re: “Le bolaee ke hona litho tsa lōna tse leng lefatšeng, ke ho re, bofebe, le litšila, le maikutlo a mabe, le litakatso tse mpe.” Ho lula u nahana lintho tseo eseng tsa sebele mabapi le likamano tsa botona le botšehali ho eketsa litakatso tse litšila. Ho ka lebisa ho pholleng litho tsa botona kapa botšehali ka morero oa ho li khotsofatsa—kapa boitšoarong ba sebele bo bobe ba botona le botšehali.
U ka khaotsa tloaelo ea ho nahana lintho tseo e seng tsa sebele ka boitšoaro bo bobe joang? Alan oa hopola: “Ke ile ka etsa qeto ea ho sebetsana le eona ka ho e nkela sebaka ka ho hong. Ke ne ke sa tsepamise monahano oa ka likamanong tsa botona le botšehali ha feela ke ntse ke o tsepamisitse nthong e ’ngoe esele.” Ka hona Alan o ile a ithuta ho ikhalemela. (1 Ba-Korinthe 9:27) O ile a thuisa ka lintho tse molemo ’me a ithuta ho leleka menahano ea boitšoaro bo bobe hang-hang. (Pesaleme ea 77:12, NW) Alan oa hopola: “Ho ile ha atleha!”
Ho thahasellisang, bafuputsi ba fumane hore re nahana lintho tse iqapeloang haholo ha ho se seo re se etsang. Ka hona ho ba le ho hongata hoo re ho etsang, haholo-holo “mosebetsing oa Morena,” ke tsela e ’ngoe hape ea ho thibela menahano e mebe ho mela ka metso.—1 Ba-Korinthe 15:58, NW.
Se Lumelle Kelello ea Hao ho Lelera
Ho bacha ba bangata bothata hase hakaalo mofuta oa menahano ea bona e iqapeloang, empa ke tsela eo e kena-kenanang le mosebetsi oa sekolo le ho ithuta. Karine ea lilemo li 16 oa belaela: “Ke sitoa ho tsepamisa monahano. Nke ke ka beha kelello ea ka nthong e le ’ngoe.” Ke joang u ka elang hloko seo u se utloang? (Bapisa le Mareka 4:24.) Bafuputsi ba bang ba lumela hore e ka ’na ea e-ba ho thusang haeba feela u ka hlokomela hore na u nahana lintho tse iqapeloang hangata hakae. Mohlomong u ka etsa letšoao feela sekotoaneng sa pampiri nako le nako ha kelello ea hao e lelera ka tlelaseng. Phuputsong e ’ngoe ha liithuti li ne li etsa sena, ho nahana lintho tse iqapeloang ho ile ha fokotseha haholo.
Hape leka ho hlaolela thahasello ho seo u ithutang sona. Haeba u entse qeto ea hore lipalo lia tena kapa histori e jesa bolutu, ho tla ba thata hore u tsepamise monahano. Leha ho le joalo, lithuto tsa hao e tla ba tse thahasellisang haholo haeba u ikhopotsa kamoo u ka fumanang molemo ka teng boitsebisong boo. Leha ho le joalo, ho ithuta ho ka ’na ha u thusa ho hōlisa “matla a ho nahana.” (Liproverbia 1:4, NW) U ka ba ua ithuta litsebo tsa bohlokoa. Ka mohlala, lipalo li tla u thusa mosebetsing oa boipheliso, ho hlokomeleng lelapa, le ho hlokomeleng boikarabelo bo itseng ba Bokreste. Tsebo ea histori e ka u thusa ho utloisisa batho le liketsahalo tsa morao-rao. Daniel ea lilemo li 14, e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova, o re: “Ka mehla ke leka ho bona kamoo mosebetsi oa ka oa sekolo o etsetsoang lapeng o amanang le Bibele ka teng le kamoo nka sebelisang boitsebiso boo mosebetsing oa boboleli. Seo se thibela kelello ea ka ho lelera, ’me ha kea potlaka hakaalo hore ke qete mosebetsi oo ke o abetsoeng.” E, haeba u talima seo u ithutang sona e le sa bohlokoahali, u tla susumeletseha haholoanyane ho batlisisa tsebo ka mafolo-folo.—Bapisa le Liproverbia 2:4.
Ho thata ho tsepamisa monahano haeba u etsa ntho eo u tloaetseng ho e etsa, joaloka ho pheha, ho hloekisa, kapa ho paka libuka. Ho bobebe hakaakang ho khutlela menahanong e iqapeloang! Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore khotsofalo e khōlō e tlisoa ke ho etsa mosebetsi hantle. (Moeklesia 2:24) Ho boetse hoa re khothatsa ho ‘etsa tsohle joalokaha eka re li etsetsa Jehova.’ (Ba-Kolosse 3:23, NW) Boikutlo bo joalo bo nepahetseng bo ka u thusa ho tsepamisa monahano. Samuel ea lilemo li 12 o re: “Ha ke beha kelello ea ka ho seo ke se etsang, mosebetsi o phethoa kapele.”
Ho nahana lintho tse iqapeloang e ka ba ho thabisang, empa ha ho nkele boemo ba sebele sebaka. U se ke ua ho lumella ho laola bophelo ba hao. Khalemela kelello ea hao. E boloke linthong tse molemo. Ka tsela ena, hase feela hore u tla khaotsa ho nahana lintho tse iqapeloang empa u tla “tšoara ka tieo bophelo ba sebele.”—1 Timothea 6:19, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Na ho Nahana Lintho tse Iqapeloang ho Fosahetse?” tokollong ea rōna, ea July 8, 1993.
b Ka linako tse ling ho balehela ho nahaneng lintho tse iqapeloang ho bontša hore ho na le bothata bo tebileng. Liphuputso bathong ba baholo ba lemaletseng ho nahana lintho tse iqapeloang li bontša hore lenane le leholo le ile la hlekefetsoa ’meleng kapa ka likamano tsa botona le botšehali ha e sa le bana. Ho nahana lintho tse iqapeloang ho ile ha sebeletsa e le mokhoa oa ho sebetsana le bothata bona ka katleho. Ho hlokahala hore mocha ea kileng a hlekefetsoa a bolelle motho e moholo eo a mo tšepang ’me a fumane thuso.
c Liphuputso li bontša hore ka kakaretso ho nahana lintho tseo eseng tsa sebele ka botona le botšehali ho etsa karolo e fokolang lekholong ea menahano e akaretsang ea motho ea hlaphohetsoeng. Empa buka Daydreaming, ea Dr. Eric Klinger, ea hlokomela: “Re ba le tšekamelo ea ho hopola ka ho hlakileng hantle lintho tse re susumetsang maikutlong. Kaha ka kakaretso ho nahana lintho tse iqapeloang ka likamano tsa botona le botšehali ho susumetsa haholo, mohlomong hopola ho re hangata ho feta menahano e meng e iqapeloang.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ho e-na le ho nahanisisa ka ho ratoa, sebeletsa ho iketsa ea ratoang