Tataiso e Phethahetseng ea Boitšoaro
MOKHANNI oa sekepe o hloka limmapa le lisebelisoa tse tšepahalang bakeng sa ho etsa chate ea tsela e tsitsitseng. Ka ho tšoanang, batho ba hloka tataiso e tšepahalang e le hore ba ka etsa liqeto tseo ba tobanang le tsona letsatsi le leng le le leng mabapi le boitšoaro. Tataiso ea boitšoaro e feto-fetohang kapa e sa tsitsang, leha e le tataiso e sebetsang litloaelong kapa lichabeng tse itseng feela e ke ke ea ba molemo. Tataiso e phethahetseng ea boitšoaro e tlameha ho tlōla meeli ea morabe le litloaelo.
Ke taba e sa lebelloang ho bolela hore Bibele—eona buka e hannoeng ke batho ba limillione, buka eo ba bang ba ileng ba e bitsa pale feela tjee e ratehang, buka e ileng ea tšoauoa liphoso tse ngata ho feta buka leha e le efe historing—ke eona tataiso eo e phethahetseng boitšoarong. Bibele e ipolela e le tataiso ea boitšoaro ea ’Mōpi bakeng sa motho, “lebone” le ka khantšang tsela ea rōna “mehlaleng ea ho loka.”—Pesaleme ea 23:3; 119:105.
Na ho na le bopaki leha e le bofe bo tšehetsang boipolelo boo bo hlaheletseng? Na ho na le bopaki ba hore ho phela ka litekanyetso tsa Bibele ho phahame ho feta ho phela ka litekanyetso tsa batho mabapi le se amohelehang boitšoarong?
Bibele le Boitšoaro ba Botona le Botšehali
Nahana ka taba ea boitšoaro ba botona le botšehali. Bibele e laela ho se kopanele likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo, e re: “Balehang boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali.” (1 Ba-Korinthe 6:18, New International Version; Ba-Efese 5:5) E eletsa banyalani: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.” (Ba-Heberu 13:4) Bibele e tsoela pele ho bontša hore ea sa mameleng taelo ena oa itšiteloa ebile o kena-kenana le litokelo tsa e mong.—Liproverbia 6:28-35; 1 Ba-Thessalonika 4:3-6.
Mathata a ferekanyang a ho ima ha bacha ba lilemo li ka tlaase ho 20, tšabo ea AIDS, herpes, mokaola le mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, le ho phahama ha tekanyo ea tlhalo kaofela ke bopaki ba hore keletso ena e ntse e sebetsa bophelong lilemong tsa bo-1990. Motho ea khomarelang boitšoaro ba Bibele o lokolohile masoabing a mangata le bohlokong bo boholo. Habohlokoa haholoanyane, o lula a na le letsoalo le letle. (1 Petrose 3:16) Jonathan ea lilemo li 24 o re: “Ke na le boitlhompho ba botho le khotsofalo ka baka la ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo.” Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. “Le hoja bacha ba bangata ba bolaoa ke AIDS, ho lula ke hloekile boitšoarong ka sebele ho ka boloka bophelo ba ka.”
Banyalani ba tšabang Molimo ba hlokometse hore ho latela boitšoaro ba Bibele ho bile le phello e molemo lenyalong la bona. Mosali ea lilemo li 23 o re: “’Na le monna oa ka re ne re le moroetsana le mohlankana ba e-song ho kopanele likobo ha re nyalana. Ke ikutloa hore re bile le ho hong ho khethehileng haholo hoo re ho arolelanang, seo e leng bacha ba seng bakae ba ka se arolelanang le molekane oa lenyalo matsatsing ana. Kea tseba hore sena se matlafalitse tlamo ea lerato lipakeng tsa rōna.”
Bibele le Khoebo
Bibele le eona e na le melao ea eona ea se amohelehang le se sa amoheleheng khoebong. Le hoja e hlokomela hore batho ba sa tšepahaleng ba ka ’na ba bonahala ba atleha, e ntse e re phehella hore re lule re tšepahala. (Pesaleme ea 73:1-28) “Likala tsa mefuta e ’meli [se nepahetseng bakeng sa ho reka le se sa nepahalang, se sa tšepahaleng bakeng sa ho rekisa] le litekanyo tsa mefuta e ’meli—ka bobeli ke lintho tse manyala ho Jehova.” (Liproverbia 20:10, NW) Kahoo Lipaki tsa Jehova li qoba maqheka a khoebo a sa tšepahaleng.
Ke ’nete hore Mokreste a ka ’na a thulana le litšitiso ha a etsa seo. Ho hlōlisana le bo-rakhoebo ba sa tšepahaleng ho ka ’na ha mo thatafalla. Ba bang ba ka ’na ba nahana hore botšepehi ba hae ke ntho e sa tloaelehang, esita le e bothoto, empa o boloka letsoalo le letle—ntho ea bohlokoa haholo ho feta chelete. O na le khotso ea kelello ’me a ka thabela boroko bo monate bosiu. Ha a hlokofatsoe ke tšabo e tšoenyang ea ho tšoaroa le ho otleloa ho se tšepahale.—Bapisa le Liproverbia 3:21-26.
Ho feta moo, Lipaki tse ngata li fumane hore motho a ka khomarela boitšoaro ba Bibele ’me a atleha licheleteng. Hangata motho ea tšepahalang o tšeptjoa ke basebetsi, bareki, bao a rekang thepa ho bona, le bao a ba kolotang. Sena se ka sebeletsa molemong oa hae.
Na U Ipolokela Seo U se Fumaneng?
Joalokaha re ile ra hlokomela pele, khopolo ea ho ipolokela seo motho a se fumaneng e entse hore batho ba tšepahalang e be masholu. Leha ho le joalo, Bibele e ile ea bolella batho ba Molimo linakong tsa pele: “Ha u bona khomo kapa nku ea oa heno e lahlehile, u se ke ua e hlokomoloha empa u e busetse ho eena. Haeba mong’a eona e se moahelani ea haufi ’me u sa mo tsebe, isa phoofolo eo lapeng la hao ’me u e boloke ho uena ho fihlela a e batla, ’me u e busetse ho eena. Etsa se tšoanang ka esele ea hae kapa ka phahlo ea hae kapa ntho leha e le efe e lahlehetseng oa heno, haeba u e thola.”—Deuteronoma 22:1-3, The New English Bible.
Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho latela molao-motheo ona kajeno. Paki e ’ngoe ea Brooklyn, New York, e ile ea thola mokotlana o tšetseng R74 000 seterateng. Nakong ea kotsi e nyenyane, o ile oa oa o sa hlokomeleha koloing e tsamaisang chelete. Le hoja chelete ena e ne e le ea lipampiri e kileng ea sebelisoa ea mefuta e mengata—’me ho le thata hore e ka fumanoa—o ile a isa chelete eo mapoleseng. Basebetsi-’moho le eena ba ile ba mo nyatsa ka qeto eo a e entseng. Ka ho makatsang, mapolesa a ile a mo soma ka lebaka la botšepehi ba hae. Empa monna enoa oa Mokreste oa hlalosa: “Ke leka ho khomarela lithuto tsa Bibele bophelong ba ka ba letsatsi le letsatsi.” Ho Ba-Heberu 13:18 Bibele e re: “Re rapelleng; re fela re kholoa hoba re na le letsoalo le letle, re ntse re rata ho etsa hantle nthong tsohle.”
Boipiletso ba Lefatše Lohle!
Hape Bibele e fana ka litataiso tse utloahalang litabeng tse ling tsa boitšoaro. E khothaletsa mosa, ho loka, tōka, ’nete, tlhompho, ho ba le mekhoa e metle, ho ba le boikarabelo le ho nahanela ba bang ka mohau. Keletso ea eona mabapi le boitšoaro e akaretsoa Molaong oa Khauta: “Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.”—Mattheu 7:12.
Tumellanong le Mohloli oa tsona, litataiso tsa Bibele tsa boitšoaro li sebetsa naheng efe le efe kapa litloaelong. Bukeng Christianity’s Contributions to Civilization, Charles D. Eldridge oa hlokomela: “Libuka tse ngoliloeng naheng e itseng ke ka seoelo li atang linaheng tse ling; li tšoana le lifate tse ke keng tsa mamella ho fotholoa li e’o lengoa sebakeng se seng . . . Ha ho joalo ka Bibele: e ile ea isoa mebung ea mefuta eohle e tlas’a letsatsi ka ntle le hore e lahleheloe ke matla le khahleho ka ho tebileng.”
Kahoo ka tsela e khethehileng Bibele ea ipiletsa lefatšeng lohle, e fetela ka ’nģane ho puo, tloaelo, le morabe. Mongoli e mong oa Bibele o ile a beha taba ena ka tsela ena: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le na le molemo oa ho ruta tumelo le oa ho lokisa phoso, oa ho lokisa tsela ea bophelo ba motho le ho mo koetlisetsa bophelo bo molemo.” (2 Timothea 3:16, Phillips) Ka sebele, ka linako tse ling ho thata ho utloisisa Bibele. Linakong tsa boholo-holo sebali se seng se mafolo-folo sa Bibele se ile sa botsoa hore na se tseba seo se se balang. Se ile sa araba: “Nka utloisisa joang ha e mong a sa nkenye tseleng?”—Liketso 8:29-35.
Monna eo o ile a fumana thuso ea botho tabeng ea ho utloisisa Bibele. Kajeno, thuso ea botho e joalo ea fumaneha ka mosebetsi oa thuto ea Bibele oa Lipaki tsa Jehova. Li se li thusitse batho ba limillione linaheng tse fetang 200 hore ba be le tsebo ea Lentsoe la Molimo. ’Me le uena lia u mema hore u tsebe Buka eo e Halalelang hamolemonyana ka ho etela Holong ea ’Muso e haufi le uena.
Hoa thahasellisa hore ebe ho boletsoe hore litekanyetso tse amohelehang tsa boitšoaro “li ka ithutoa ka mohlala o motle, . . . kapa feela ka ‘ho ba le’ batho ba sebelisang litekanyetso tsa boitšoaro tse amohelehang.” Lena ke lebaka le leng hape le matla la ho tloaelana le ba kopanelang Holong ea ’Muso ea sebakeng sa heno. Hase hore ka tlhaho Lipaki tsa Jehova li molemo ho feta batho ba bang, empa katleho ea tsona boitšoarong ke bopaki ba hore Lentsoe la Molimo le matla.—2 Ba-korinthe 4:7.
Boitšoaro ba lefatše bo tla tsoela pele ho hlepha. Bibele e boletse esale pele: “Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong.” (2 Timothea 3:13) Leha ho le joalo, ha ua lokela ho hoholoa ke leqhubu lena le senyang. Molimo o fane ka k’hamphase e tšepahalang, tataiso e sa foseng. Na u tla e latela?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Bibele e ipolela e le tataiso ea ’Mōpi bakeng sa motho, “lebone” le ka khantšang tsela ea rōna
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
Banyalani ba tšabang Molimo ba hlokometse hore ho latela boitšoaro ba Bibele ho na le phello e molemo lenyalong la bona
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]
Litataiso tsa Bibele tsa boitšoaro li sebetsa naheng leha e le efe kapa setso
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
“Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.”—Mattheu 7:12.