Nka Qoba ho Tšoaroa ke AIDS Joang?
KAYE o re: “Hoa nkhalefisa hore ebe ke ile ka lumella hore sena se etsahale. Khetho eo ke ileng ka e etsa e entse hore ke lahleheloe ke monyetla oa liqeto tseo ke neng nka khona ho li etsa nakong e tlang.” (Makasine oa Newsweek, August 3, 1992) Kaye o ile a fumana kokoana-hloko ea AIDS a le lilemo li 18.
Kaye ke e mong oa batho ba fetang millione United States ba tšoaelitsoeng ke HIV (Human Immunodeficiency Virus [kokoana-hloko e etsang hore ’mele oa batho o sitoe ho itšireletsa mafung]) e bolaeang—kokoana-hloko eo lingaka li bolelang hore e baka lefu le tšajoang la AIDS.a Ha ho motho ea hlileng a tsebang hantle hore na ke bacha ba bakae ba tšoaelitsoeng, empa ho totobetse hore bacha ba amehile. Patlisiso e ile ea bontša hore har’a bacha ba Brithani, AIDS ke eona ntho eo ba amehileng ka eona haholo. Ho sa tsotellehe kameho e joalo, Litsi tsa Taolo ea Mafu tsa U.S. li re: “Bacha ba bangata ba tsoela pele ho tlaleha ba kenella boitšoarong boo motho a leng kotsing ea ho tšoaetsoa HIV.”
AIDS e bolaea hoo e batlang e le ka linako tsohle, ’me e ata lefatšeng ka bophara ka lebelo le tšosang la koluoa. U ka itšireletsa joang?
AIDS—Ho Arola Tšōmo ho ’Nete
Bukana e hlophisitsoeng ke Litsi tsa Taolo ea Mafu tsa U.S. ea hlalosa: “Tšoaetso ea HIV ha e ‘iketsahalle feela tjee.’ E ke ke ea u ‘tšoara’ joaloka sefuba kapa flu.” Ka lebaka leo, ho kopana feela ha letsatsi le letsatsi le batho ba tšoeroeng ke AIDS ha ho bonahale ho le kotsi. Ha oa lokela ho tšoenyeha ka ho fumana AIDS ho eo u leng ka tlelaseng le eena ea tšoaelitsoeng ke eona hobane feela u lula pel’a hae. Kaha HIV hase koakoana-hloko e tsamaeang moeeng, ha oa lokela ho tšoenyeha haeba motho ea tšoeroeng ke AIDS a hohlola kapa a thimola. Ha e le hantle, litho tsa lelapa le nang le motho ea tšoeroeng ke AIDS li ’nile tsa arolelana li-towel, lijana tseo ho jeloang ho tsona, haesita le maborashe a meno ka ntle le ho jala kokoana-hloko eo.b
Sena ke hobane kokoana-hloko eo e bolaeang e lula maling a motho, peōng e tona, kapa marong a setho sa botšehali. Kahoo, mabakeng a mangata AIDS e tšoaetsanoa ka likamano tsa botona le botšehali—bosodoma kapa likamano tsa botona le botšehali le batho ba fapaneng.c Bahlaseluoa ba bangata ba boetse ba tšoaelitsoe ka ho arolelana linalete kapa li-syringe, hangata tšebelisong e fosahetseng ea lithethefatsi, le motho e mong ea tšoaelitsoeng ke HIV.d Leha lingaka li bolela hore kotsi “e se e batla e felisitsoe” ka ho hlahlojoa ho tebileng ha mali, AIDS e boetse e ka fetisoa ka litšelo tsa mali.
Kahoo mang le mang ea kenellang likamanong tsa botona le botšehali pele ho lenyalo kapa ea lekang lithethefatsi tseo eseng tsa molao ka ho ikenta o kotsing e khōlō ea ho tšoaetsoa AIDS. Ke ’nete, eo e ka ’nang ea e-ba molekane oa likamano tsa botona le botšehali a ka ’na a se ke a bonahala a kula. Empa bukana Voluntary HIV Counseling and Testing: Facts, Issues, and Answers ea hopotsa: “U ke ke ua bolela hore motho o tšoaelitsoe ka HIV ka ho mo sheba feela. Motho e mong a ka ’na a shebahala a ba a ikutloa a phetse hantle empa a ntse a tšoaelitsoe. Ka lebaka lena, batho ba bangata ba tšoaelitsoeng ka HIV ha ba tsebe.”
“Likamano tsa Botona le Botšehali tse Sireletsehileng”?
Ka lebaka leo basebeletsi le barupeli ba bangata ba bophelo ba khothalletsa tšebeliso ea li-condom.e Liphatlalatso tsa TV, mamatjana a litsebiso, le lithuto tsa sekolo li ’nile tsa phatlalatsa molaetsa oa hore tšebeliso ea mofuta ona oa ho thibela pelehi e etsa hore likamano tsa botona le botšehali li “sireletsehe”—kapa hore bonyane li “sireletsehe haholoanyane.” Likolo tse ling li bile tsa ba tsa abela liithuti li-condom. Ka lebaka la ho khothaletsoa ke lithuto tse joalo, bacha ba eketsehileng ho feta leha e le neng pele baa li sebelisa.
Leha ho le joalo, ha e le hantle “likamano tsa botona le botšehali tse sireletsehileng” li sireletsehile hakae? Bukana e ngotsoeng ke American Red Cross e re: “Li-condom li ka hōlisa menyetla ea ho qoba ho tšoaetsoa.” Empa na u ka ikutloa u sireletsehile feela ka ‘ho ntlafatsa menyetla ea hao’ ea ho qoba lefu leo ka linako tsohle le ipakang le bolaea? Litsi tsa Taolo ea Mafu tsa U.S. lia lumela: “Li-condom tsa rekere li ’nile tsa ipaka li thusa ho thibela ho tšoaetsoa ke HIV le mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali . . . Empa ha lia sireletseha ka ho feletseng.” Ka sebele, li ka khaoha, tsa taboha, kapa tsa tsoa nakong ea kamano ea botona le botšehali. Ho ea ka Time, li-condom “li ka ba le tekanyetso ea ho hlōleha e pakeng tsa 10% le 15%”! Na u ka beha bophelo ba hao kotsing ka tekanyetso e holimo hakaalo ea ho hlōleha? Ho mpefatsa lintho le ho feta, ke bacha ba ka tlaase ho halofo ho ba kenellang likamanong tsa botona le botšehali United States ba sebelisang li-condom.
Ke ka lebaka leo keletso ea Liproverbia 22:3 e leng e loketseng: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa; empa ea leebelo eena o ea pele, ’me o oela tsietsing.” E ’ngoe ea litsela tse molemohali tsa ho qoba ho tšoaroa ke AIDS ke ho se kenelle ka ho feletseng tšebelisong e fosahetseng ea lithethefatsi le boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. Na u nahana hore ho bobebe ho bua empa ho thata ho etsa? Ba bangata ba ikutloa ka tsela e tšoanang, haholo-holo ha ba talima likhatello tse khōlō tseo bacha ba talimanang le tsona.
Likhatello
Nakong ea “palesa ea bocha,” litakatso tsa botona le botšehali li matla. (1 Ba-Korinthe 7:36) Joale, phaella ka tšusumetso ea thelevishene le libaesekopo. Ho latela liphuputso tse ling, bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba shebella TV ho feta lihora tse hlano letsatsi le letsatsi—tseo boholo ba tsona ho hlahisoang likamano tsa botona le botšehali pepenene. Empa lefatšeng leo eseng la sebele la TV, likamano tsa botona le botšehali ha li na liphello. Phuputso e ’ngoe e ile ea senola hore thelevisheneng ea U.S. “balekane ba sa nyalanang ba bong bo fapaneng ba kenella likamanong tsa botona le botšehali ka makhetlo a mane ho isa ho a robeli hangata ho feta banna le basali ba nyalaneng. Hoo e batlang e le ka linako tsohle ha ho buuoe ka lithibela-pelehi kapa hore li sebelisoe, empa basali ba ima ka seoelo; ka seoelo banna le basali ba tšoaroa ke mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ntle le haeba e le matekatsi kapa basodoma.”—Setsi sa Khetho ea Baahi.
Na ho shebella mananeo a joalo haholo ho ka hla ha ama boitšoaro ba hao? E, ho latela molao-motheo oa Bibele o ho Ba-Galata 6:7, 8: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola.” Phuputso e ’ngoe ho bacha ba 400 e ile ea sibolla hore “ba shebelletseng thelevishene ‘e ipiletsang litakatsong’ haholo ho ne ho ka etsahala hore ba kenelle likamanong tsa botona le botšehali ho feta ba e shebellang ka tsela e fokolang.”
Tšusumetso e ’ngoe e matla ke khatello ea lithaka. Mocha e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 ea bitsoang David oa ipolela: “Ke ne ke batla sehlopha sa batho bao nka tloaelanang le bona, ’me hoo ho thata. Ke ile ka ipeha boemong bo hlileng bo seng botle ka makhetlo a mangata. . . . Ke ile ka fumanoa ke e-na le AIDS.” Ka ho tšoanang, bacha ba mehleng ea Bibele khafetsa ba ne ba inehela khatellong ea lithaka. Keletso ea Bibele ke efe? Mongoli oa Liproverbia o itse: “Mor’a ka, ekare ha baetsalibe ba rata ho u hoka, u se ke ua ba ua lumela.”—Liproverbia 1:10.
Ho re Che
Leha ho le joalo, ba khothalletsang “likamano tsa botona le botšehali tse sireletsehileng” ba pheha khang ka hore ho itšoara ho ke ke ha etsahala. Empa qetellong, na ho hlile hoa thusa ho lumella boitšoaro bo bobe? Mocha e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 oa lumela hore sena se ferekanya bacha feela, a re: “Ba re bolella hore re hane likamano tsa botona le botšehali le hore ho lokile ho phela hantle le ho hloeka. Ka nako e tšoanang, ba aba [li-condom] ’me ba re bolella kamoo re ka kenellang likamanong tsa botona le botšehali ka tsela eo re ke keng ra latsoa liphello.”
Se ke ua ba mohlaseluoa oa pherekano e joalo ea boitšoaro. Bibele—le hoja e ka bonahala e tsofetse hakaalo—e u phehella ho qoba boitšoaro bo ka u behang kotsing ea ho tšoaetsoa AIDS. Haeba u utloa taelo ea Bibele ea ho ‘tela mali,’ u ke ke ua tšoaroa ke AIDS ka ho tšeloa mali. (Liketso 15:29) Mamela thibelo ea Bibele e khahlanong le “lithethefatsi” ’me ha ho hlokahale hore u tšabe ho tšoaetsoa ka nale e silafalitsoeng ea ente. (Ba-Galata 5:20; Tšenolo 21:8; The Kingdom Interlinear) Haholo-holo tekanyetso ea Bibele ea boitšoaro ba botona le botšehali e tla u sireletsa. Bibele ea laela: “Balehelang bohlola. Sebe se seng le se seng se ka etsoang ke motho se ka ntle ho ’mele oa hae, empa ea tloaetseng ho etsa bohlola o etsa sebe khahlanong le ’mele oa hae.” (1 Ba-Korinthe 6:18, NW) Seoa sa AIDS se tiisa bohlale ba mantsoe ao.
Ke joang mocha a ka “balehelang” boitšoaro bo bobe? Ho pholletsa le lilemo lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . .” li ’nile tsa fana ka litlhahiso tse ’maloa tse sebetsang, tse kang ho laetsana ka lihlopha, ho qoba maemo a ka etsang hore u sekisetse (joaloka ho ba babeli feela le oa bong bo fapaneng ka kamoreng kapa ka tlung kapa koloing e pakiloeng), ho beha meeli ea lipontšo tsa lerato, ho qoba ho sebelisa tahi (eo hangata e sitisang kahlolo e molemo), le ho hana ka tieo haeba boemo bo phahamisa maikutlo a lerato.f Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe u se ke ua lumella motho ho u hatella ho kenella boitšoarong bo kotsi ’meleng feela empa e le bo senyang moeeng. (Liproverbia 5:9-14) Mosali e mong e mocha ea bitsoang Amy ea qotsitsoeng sehloohong sa Newsweek o ile a botsa: “Na u ka rata ho beha bophelo ba hao matsohong a motho eo e mong?” O ile a tšoaetsoa HIV ke mohlankana oa hae pele a e-tsoa sekolong se phahameng. Ka ho toba o ile a botsa: “Na moshemane kapa ngoanana eo o tšoaneloa ke ho shoeloa? Kea belaela.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Bacha Baa Botsoa . . . AIDS—Na ke Kotsing?” se hlahang tokollong ena ea Tsoha!
b Eo e kileng ea e-ba ngaka e ka sehloohong ea United States Dr. C. Everett Koop o ile a araba babelaeli ka ho re: “Litlaleho tsa pele tsa AIDS li ile tsa tlalehoa naheng ena ka 1981. Re ka be re se re tseba haeba AIDS e ne e fetisoa ka kamano e ’ngoe, eo eseng ea likamano tsa botona le botšehali.”
c Sena se akareletsa ho kenya setho sa botona ka molomong le ka morao.
d Litsi tsa Taolo ea Mafu tsa U.S. li tsoela pele ho fana ka tlhokomeliso: “Haeba u rerile ho phunya litsebe tsa hao . . . , etsa bonnete ba hore u ea ho motho ea tšoanelehang ea sebelisang thepa e ncha kapa e hloekisitsoeng likokoana-hloko. U se ke oa tšaba ho botsa lipotso.”
e Makasine oa FDA Consumer oa hlalosa: “Condom ke mokotlana o koahelang setho sohle sa botona. O fana ka tšireletso khahlanong le mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ka ho sebeletsa e le thibelo, kapa lebota, ho boloka peō e tona, mali, kapa maro a setho sa botšehali ho fetela ho motho e mong li tsoa ho e mong.”
f Ka mohlala, bona lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . .” tse litokollong tsa May 8, 1986; May 8, 1989; le May 8, 1992 tsa Tsoha!
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho inehela khatellong ea likamano tsa botona le botšehali ho ka etsa hore u tšoaroe ke AIDS