“Ho Ithuta Thuto ea Mamello”
JOALOKAHA re atamela bofelo ba lekholo la bo20 la lilemo, na moloko oa batho ka kakaretso o ithutile thuto leha e ka ba efe historing ea ’ona e mabifi ho tloha ka 1914? Federico Mayor, molaoli-kakaretso oa UNESCO (United Nations Educational, Scientific, and Cultural Organization), o ne a sa lebella liphello tse molemo sehloohong seo a se ngolletseng The Unesco Courier. “Lefatše leo ho hlahella ha lona ho bonahalang . . . ha le susumetse maikutlo a cheseho a pelo eohle. Ho latela melao ea motheo ea bolumeli, bochaba, leeme la bochaba le morabe, ho se rate Bajode: meea e fokang ea tokoloho e hotelitse hape malakabe a sa ntseng a hlenne a lehloeo. . . . Ho oa ha taolo ea khale ho siile sebaka se bulehetse mefuta eohle ea ho kenyelletsa lintho tse ncha, tse ling tsa tsona ke tse bakang mofere-fere o moholo—’me pefo e hōla sebakeng seo se se nang letho.”
Ke hobane’ng ha pefo e hōla? Ke hobane’ng ha batho ba hloea hape ba bolaea ba bang feela ka lebaka la ho fapana ha semelo sa bolumeli kapa bochaba? Ebang ke naheng eo pele e neng e le Yugoslavia, India, Ireland Leboea, United States, kapa leha e ka ba kae lefatšeng, lebaka le leng la motheo ho bonahala e le thuto e fosahetseng. Ho e-na le ho ithuta mamello le tlhompho e tsoang mahlakoreng ka bobeli, batho ba ithutile ho se tšepe le lehloeo batsoaling ba bona, likolong tsa bona, le mokhatlong oa batho ka kakaretso.
Federico Mayor o ile a tsoela pele: “A re lahleng mamello eo e belaetsang e re lumellang ho mamella ho ke keng ha mamelloa—bofutsana, tlala le mahlomola a batho ba limillione. Haeba re etsa joalo, re tla fumana mofuthu oa mahlaseli a kutloelo-bohloko le ho ba le boena.” Ana ke maikutlo a matle. Ke litsela life tse sebetsang tse leng teng tse ka fetolang moea oa lefifi o koahetseng lefatše la rōna leo ho thoeng ke le khanyeng?
Lilemo tse fetang tse 2 500 tse fetileng, Esaia o ile a tlaleha mantsoe ana a Jehova: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke [Jehova]; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.” (Esaia 54:13) Kaha “Molimo o lerato,” hoa hlaka hore bao kannete ba phelang ka melao-motheo ea hae ba tla ithuta khotso eseng ntoa; lerato, eseng lehloeo; mamello, eseng ho hloka mamello.—1 Johanne 4:8.
Ba khothalletsang thuto ena e isang batho khotsong le leratong le mamellong ke bo-mang? Ba phelang ka khotso ho sa tsotellehe semelo sa bona sa bochaba ke bo-mang? Ba amohetseng thuto ea Bibele e fetotseng pono ea bona eohle ho tloha ho ea lehloeo ho ea ho ea lerato ke bo-mang? Re u khothalletsa hore u hlahlobe lithuto le mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova ho bona hore na ke hobane’ng ha kannete li e-na le bonngoe ba lefatše lohle.—Johanne 13:34, 35; 1 Ba-Korinthe 13:4-8.