Lefatše Le Lecha—Na Le Tla Ke Le Tle?
KA APRIL 13, 1991, George Bush, eo e neng e le mopresidente oa United States ka nako eo, o ile a fana ka puo Montgomery, Alabama, e nang le sehlooho: “Monyetla oa Taolo ea Lefatše le Lecha.” Ha a phethela o ile a re: “Lefatše le lecha le re talimileng . . . , ke lefatše le babatsehang la tšibollo.”
Likhoeli tse peli hamorao The Bulletin of the Atomic Scientists e ile ea bolela hore ha e le mona puso ea Bokomonisi Europe Bochabela e oele, “taolo ea lefatše le lecha e thehiloeng holim’a khotso, toka, le puso ea sechaba ka sechaba e ne e bonahala e le haufi haholo.”
Ho ’nile ha buuoa joalo ka lefatše le lecha ho tla fihlela ka 1993. Ka January The New York Times e ile ea tlaleha ka tumellano e neng e tiisa ho fokotsoa ha lihlomo tsa nuclear. Koranta eo e ile ea re: “Sena se beha Amerika le Russia ‘lintšing tsa lefatše le lecha la tšepo,’ ho latela mantsoe a hloailoeng hantle a Mopresidente Bush.”
Libeke tse peli hamorao mopresidente e mocha oa United States, Bill Clinton, o ile a bolela sena puong ea tlhomamiso ea hae: “Kajeno, ha taolo ea khale e feta, lefatše le lecha le lokolohile haholoanyane empa hape ke le sa tsitsang haholoanyane.” O bile a re: “Lefatše lena le lecha le se le entšitse bophelo ba Maamerika a limilione.”
Kahoo ho ’nile ha boleloa ho hongata ka lefatše le lecha—le fapaneng le le molemo haholoanyane. Ho latela tlaleho e ’ngoe, ka nako e khutšoaane haholo, George Bush o ile a bua ka makhetlo a 42 lipolelong tsa phatlalatsa ka “Taolo ea Lefatše le Lecha.”
Empa na puo e joalo e ikhethile? Na e kile ea utluoa pele?
Ehlile Hase Ntho e Ncha
Ka May 1919, hang feela ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, Lekhotla le Kopaneng la Likereke tsa Kreste Amerika le ile la tšoara seboka Cleveland, Ohio, moo ‘ho ileng ha phatlalatsoa monyetla oa lefatše le lecha le molemonyana.’ Sebui se seng se ile sa tiisa: “E tla ba lefatše le lecha leo ho lona molao-motheo oa tlhōlisano o tla beng o suthetse molao-motheo oa kopano le botsoalle sebaka. E tla ba lefatše le lecha leo ho lona molao-motheo oa bonngoe o tla nka sebaka sa molao-motheo oa karohano . . . E tla ba lefatše le lecha moo boena le botsoalle li tla tlosa liqhoebeshano tsohle ntle le ntoa e khahlanong le bobe.”
Likereke li ne li lumela hore lefatše lee le lecha le tla tla joang? Ka puso ea ’Muso oa Molimo o tšepisitsoeng ka Bibeleng? Che. Li ne li lebeletse hore mokhatlo oa lipolotiki o tlise lefatše le joalo le lecha. Moeta-pele e mong oa kereke o ile a re: “Seo re buang ka sona kajeno e le Selekane sa Lichaba, ke phello e ke keng ea nkeloa sebaka le ho qojoa ea tumelo le boiteko bohle ba rōna ba Bokreste lefatšeng.” Baeta-pele ba likereke ba nakong eo ba ne ba bile ba thoholetsa Selekane sa Lichaba e le “pontšo ea bopolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng.”
Ka lehlakoreng le leng, moeta-pele ea matla oa Jeremane, Adolf Hitler, o ne a le khahlanong le Selekane sa Lichaba ’me ka bo-1930 o ile a theha Puso ea Boraro ea Jeremane. O ile a bolela hore Puso eo e ne e tla tšoarella lilemo tse sekete ’me e ne e tla finyella seo Bibele e bolelang hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka se finyellang. Hitler o ile a re: “Ke qala ka bacha. Nka etsa lefatše le lecha ka bona.”
Hitler o ile a haha lebala la lipapali le leholohali Nuremberg bakeng sa ho bontša matla a Nazi. Ka ho hlokomelehang, ho ile ha etsoa lipilara tse khōlōhali tse 144 sethaleng se batlang se e-ba bolelele ba limithara tse 300. Ke hobane’ng ha ho ile ha etsoa lipilara tse 144? Bibele e bua ka ba 144 000 ba tla busa le “Konyana” Jesu Kreste, le hore puso ea bona e tla ba ea lilemo tse sekete. (Tšenolo 14:1; 20:4, 6) Ka ho hlakileng, ho etsoa ha lipilara tse 144 lebaleng la lipapali la Nuremberg e ne e se palo e bileng teng ka phoso kaha ho na le bopaki bo bongata ba hore liofisiri tsa Nazi li ne li sebelisa puo le tšoantšetso ea Bibele.
Phello ea boiteko ba batho ba ho phetha seo Bibele e reng se ka finyelloa ke ’Muso oa Molimo feela e ile ea e-ba efe?
Ho Hlōleha ha Boiteko ba Motho
Histori e paka ka ho hlakileng hore Selekane sa Lichaba se ile sa hlōleha ho tlisa lefatše le lecha la khotso. Mokhatlo oo o ile oa oa ha lichaba li kenella Ntoeng ea II ea Lefatše. Ho feta moo, ka mor’a lilemo tse 12 feela, Puso ea Boraro e ile ea oa. E ne e hlōlehile ka ho feletseng, e ne e le tlontlollo ho moloko oa batho.
Ho pholletsa le histori boiteko ba batho ba ho bōpa lefatše le lecha la khotso bo ’nile ba hlōleha ka ho tšoanang. Eo e neng e le Mongoli oa Naha oa United States, Henry Kissinger o ile a hlokomela: “Tsoelo-pele e ’ngoe le e ’ngoe e kileng ea e-ba teng e qetelletse e hlaname. Histori ke pale ea boiteko bo hlōlehileng, likhopolo tse sa kang tsa phethahala.”
Joale, ho thoe’ng ka taolo ea lefatše le lecha eo baeta-pele ba lefatše ba ’nileng ba bua ka eona haufinyane tjee ka mokhoa o pharaletseng? Ho qhoma ha lintoa tsa merabe ho entse khopolo ea lefatše le lecha le joalo sesomo. Ka mohlala, ka March 6 e sa tsoa feta, mongoli oa likoranta William Pfaff o ile a soma: “Taolo ea lefatše le lecha e se e fihlile. E sebetsa hantle ’me kannete e ncha, e halaletsa litlhaselo tsa ntoa, phutuhelo le ho lelekoa ha merabe e meng e le boitšoaro bo amohelehang ba machaba.”
Lintoa tse tšabehang le lihlōhō tse tšabehang tse etsahetseng ho tloha ha Bokomonisi bo oa ke tse sisimosang maikutlo. Esita le George Bush, nakoana pele a beha meja fatše ka January, o ile a lumela: “Ka mor’a nakoana, lefatše le lecha le ka ’na la e-ba likhathatso joaloka la khale.”
Na ho na le Lebaka la Tšepo?
Na see se bolela hore boemo ke bo khathatsang matla? Na lefatše le lecha ke toro feela? Ka ho hlakileng, batho ba hlōlehile ho bōpa lefatše le lecha. Empa ho thoe’ng ka tšepiso ea ’Mōpi ea ho etsa joalo? Bibele e re: “Re lebeletse, ka pallo ea oona [Molimo], maholimo a macha le lefatše le lecha.”—2 Petrose 3:13.
Maholimo a macha ao Molimo a a tšepisitseng ke puso e ncha holim’a lefatše. Puso ena e ncha ke ’Muso oa Molimo, ’muso oa hae oa leholimo oo Jesu a rutileng batho ho o rapella. (Mattheu 6:9, 10) ’Muso oo oa leholimo o tla etsoa ke Jesu Kreste le babusi-’moho le eena ba 144 000, ’me lefatše le lecha e tla ba mokhatlo o mocha oa batho. E, ba tla phela lefatšeng le lecha le khanyang ba tšehetsa puso ea Molimo ka botšepehi.
Puso ea ’Muso oa Molimo e tla busa holim’a lefatše le lecha le tšepisitsoeng. Kahoo lefatše lena le lecha le ke ke la hlahisoa ke motho. Buka e ’ngoe ea boitsebiso ba Bibele ea hlalosa: “Ho hang ’muso oa Molimo ha o bolele bohato bo tla nkoa ke batho kapa sebaka seo ba se thehang. ’Muso oo ke bohato ba bomolimo, eseng se finyelloang ke batho leha e le hore ke se finyelloang ke Bakreste ba inehetseng.”—The Zondervan Pictorial Encyclopedia of the Bible.
Ka sebele lefatše le lecha tlas’a ’Muso oa Molimo le tla tla. U ka itšetleha ka tšepiso ea ho tla ha lona hobane tšepiso eo e entsoe ke “Molimo o sa thetseng.” (Tite 1:2) Ka kōpo nahana hore na lefatše le lecha la Molimo e tla ba lefatše la mofuta ofe.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
NASA photo