Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 11/8 leq. 16
  • Na Jehova ke Molimo oa Ntoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Jehova ke Molimo oa Ntoa?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likahlolo tsa Nako e Fetileng
  • Lintoa tsa Molimo Lia Hlokahala Bakeng sa Khotso
  • Litekanyetso tsa Jehova li Khothaletsa Khotso
  • Likahlolo Tsa Molimo—Na li Bontša Hore o Sehlōhō?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Jehova Molimo o Sehlōhō kapa o Lerato?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lokisetsa Topollo ea ho Kena Lefatšeng le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Loantša Bakanana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 11/8 leq. 16

Pono ea Bibele

Na Jehova ke Molimo oa Ntoa?

BABALI ba bang ba Bibele ka nako e telele ba ’nile ba qosa Jehova ka hore ke molimo oa ntoa, le hore hape ke ea nyoretsoeng mali. Ka mohlala, George A. Dorsey, bukeng ea hae The Story of Civilization—Man’s Own Show, o bolela hore Molimo oa Bibele, Jehova, “ke Molimo oa batlatlapi, oa bahlokofatsi, oa bahlabani, oa tlhōlo, oa bohloko bohle bo tšabehang.” Mohlahlobisisi oa Bibele Roland H. Bainton ka ho hlaka o re: “Ntoa e na le botho haholoanyane ha Molimo a sa e kena.”

Na ka sebele Jehova ke molimo oa ntoa? Na joalokaha ba bang ba bolela, o hlile o thabela ho bolaea batho ba se nang molato?

Likahlolo tsa Nako e Fetileng

Ke ’nete, Bibele ka ho toba e bolela ka likahlolo tsa Jehova Molimo tse boima tsa nako e fetileng. Leha ho le joalo, ka mehla li ne li le khahlanong le batho ba se nang bomolimo. Ka mohlala, ke ka mor’a hore lefatše la mehleng ea Noe le ‘tlale ho bolaeana’ ha Jehova a tla re: “Ke ea tlisa moroallo oa metsi lefatšeng, ho felisa nama eohle e nang le phefumoloho ea ho phela.” (Genese 6:11, 17) Mabapi le kahlolo e ’ngoe, e ne e le hobane feela metse ea Sodoma le Gomorrha e ne e “inehetse boitšoarong bo litšila ba botona le botšehali hape e ne e sekametse boitšoarong bo khelohileng” hoo Molimo a ileng a ‘nesa sebabole le mollo.’—Juda 7, The New Berkeley Version; Genese 19:24.

Na Molimo o ne a thabela ho felisa nama eohle mehleng ea Noe? Kapa na o ile a fumana monyaka oa bokhopo ka ho timetsa baahi ba Sodoma le Gomorrha? Bakeng sa karabo, a re talimeng liketsahalo tse neng li potolohile Moroallo oa mehleng ea Noe. Ka mor’a ho bolela hore Molimo o tla timetsa moloko oa batho o khopo lefatšeng e le ho felisa pefo e lefatšeng, Bibele e re: “Pelo ea hae [Jehova] ea e-ba ntšo.” E, ho ne ho utloisa Molimo bohloko hore “’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo [tsa batho] o mobe feela ka matsatsi ’ohle.” Kahoo, e le ho pholosa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang Moroallong o neng o atametse, Molimo o ile a roma Noe, “’moleli oa ho loka,” ho ea bolela molaetsa oa temoso le ho haha areka bakeng sa poloko.—Genese 6:3-18; 2 Petrose 2:5.

Ka mokhoa o tšoanang, pele a romela mangeloi ho ea timetsa Sodoma le Gomorrha, Molimo o ile a re: “Ke lakatsa ho theoha ho ea bona hore na ba entse sohle seo ho boleloang hore ba se entse mohoong o khahlanong le bona . . . Ke ikemiselitse ho tseba.” (Genese 18:20-32, The Jerusalem Bible) Jehova o ile a tiisetsa Abrahama (eo mochana oa hae Lota a neng a lula Sodoma) hore haeba ho batla ha Hae ho ka senola hore ho na le batho ba leshome feela ba lokileng, metse eo e ne e tla bolokoa. Na Molimo ea thabelang tšollo ea mali o ne a ka ba le kameho e joalo e mohau? Ho fapana le hoo, na re ke ke ra bolela hore e ’ngoe ea litšobotsi tse ka sehloohong tsa botho tsa Jehova ke mohau? (Exoda 34:6) Eena ka seqo o re: “Ha ke khahloe ke lefu la molotsana, ke khahloa ke molotsana ha a baka mokhoeng oa hae, hore a phele.”—Ezekiele 33:11.

Likahlolo tse boima tsa Molimo ka linako tsohle li ’nile tsa bakoa ke hobane batho ba khopo ka manganga ba hana ho tlohela tsela e mpe, eseng hobane Jehova a thabela ho bolaea batho. Empa u ka ’na ua ipotsa: ‘Na Jehova haa ka a khothaletsa Baiseraele ho loana le Bakanana le ho ba timetsa?’

Lintoa tsa Molimo Lia Hlokahala Bakeng sa Khotso

Histori e fana ka maikutlo a ho hlepha boitšoarong ha bophelo ba Bakanana—ba ne ba le khopo ka mokhoa o feteletseng. Ho sebelisana le meea, ho etsa bana mahlabelo, pefo e khopo ka ho feteletseng, le mefuta e sa tšoaneng ea borapeli ba botona le botšehali bo khelohileng li ne li atile haholo. Kaha Jehova ke Molimo oa toka ea batlang boinehelo bo lebisoang ho eena a inotši, o ne a ke ke a tlohella mekhoa ena e nyontšang ho sitisa khotso le tšireletseho ea batho ba se nang molato, haholo-holo Baiseraele. (Deuteronoma 5:9) Ka mohlala, ak’u nahane feela haeba tikoloho eo u lulang ho eona e ne e se na sepolesa kapa sesole se hlomphehang bakeng sa ho bona hore melao ea naha ea sebetsa—na seo se ne se ke ke sa baka pherekano le pefo tse mpe ka ho fetisisa? Ka ho tšoanang, Jehova o ile a tlameha ho nka bohato khahlanong le Bakanana ka lebaka la boitšoaro ba bona bo litšila le kotsi ea sebele eo ba neng ba e hlahisa borapeling bo hloekileng. Ka lebaka leo, o ile a laela: “Lefatše leo ha lea hloeka, ’me ke tla le otla ka lebaka la phoso ea lona.”—Levitike 18:25, NW.

Toka ea bomolimo e ile ea phethahatsoa ha mabotho a phethang kahlolo a Molimo—makhotla a Iseraele—a timetsa Bakanana. Lebaka la hore ebe Molimo o ile a khetha ho sebelisa batho ho phetha kahlolo ena, ho e-na le ho sebelisa mollo kapa moroallo, e ne e sa nyenyefatse kahlolo eo. Kahoo, ha makhotla a Iseraele a loana le lichaba tse supileng tsa Kanana, a ile a laeloa: “U se ke ua lesa ntho e phefumolohang e phela.”—Deuteronoma 20:16.

Leha ho le joalo, joaloka ea hlomphang bophelo, Molimo haa ka a fana ka taelo ea ho bolaea ntle le ho khetha. Ka mohlala, ha baahi ba motse o mong oa Kanana, Gibeone, ba kōpa mohau, Jehova o ile a ba bontša oona. (Joshua 9:3-27) Na molimo ea mabifi oa ntoa o ne a ka etsa seo? Che, empa Molimo ea ratang khotso le toka o ne a ka se etsa.—Pesaleme ea 33:5; 37:28.

Litekanyetso tsa Jehova li Khothaletsa Khotso

Khafetsa, Bibele e amahanya tlhohonolofatso ea Molimo le khotso. Ho joalo hobane Jehova o rata khotso, eseng ntoa. (Numere 6:24-26; Pesaleme ea 29:11; 147:12-14) Ka hona, ha Morena Davida a ne a lakatsa ho hahela Jehova tempele ea borapeli, Molimo o ile a ’molella: “Ha u na ho hahela lebitso la ka ntlo, etsoe u tšolotse mali a mangata lefatšeng pel’a ka.”—1 Likronike 22:8; Liketso 13:22.

Ha Davida e Moholoanyane, Jesu Kreste, a ntse a le lefatšeng, o ile a bua ka nako eo ho rata toka ha Molimo ho neng ho ke ke ha hlola ho mo lumella ho mamella bobe ba mehleng ena boo re bo bonang. (Mattheu 24:3, 36-39) Joalokaha a ile a etsa Moroallong oa mehla ea Noe le timetsong ea Sodoma le Gomorrha, haufinyane Molimo o tla nka bohato ba boahloli ba ho felisa lefatšeng batho ba baithati, ba khopo, kahoo a betle tsela bakeng sa hore maemo a khotso a be teng ka tlas’a puso ea ’Muso oa hae oa leholimo.—Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Daniele 2:44.

Ka ho hlakileng, Jehova hase molimo oa ntoa ea nyoretsoeng mali. Ka lehlakoreng le leng, ha a cheche bakeng sa ho fana ka kotlo ea boahloli ha e hlokahala. Ho rata ha Molimo ho loka ho hloka hore a nke bohato molemong oa ba mo ratang ka ho felisa tsamaiso ena e khopo e ba hatellang. Ha a etsa joalo, khotso ea ’nete e tla ata lefatšeng ka bophara ha ba bonolo e le kannete ka bonngoe ba rapela Jehova, “Molimo oa khotso.”—Ba-Filippi 4:9.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

David and Goliath/The Doré Bible Illustrations/Dover Publications, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela