Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 1/8 leq. 3
  • “A re Ikaheleng Motse”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “A re Ikaheleng Motse”
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motse o Moholo o Bitsoang Henoke
  • E Fapane Leha ho le Joalo ea Tšoana
  • Metse e Meholo—Ke Hobane’ng ha e le Maqakabetsing?
    Tsoha!—2001
  • “Motse o Tletse Khatello”
    Tsoha!—1994
  • “Metse e Meholo e Hōlang ka Sekhahla”
    Tsoha!—2001
  • Bothata ba ho Fepa Baahi ba Litoropong
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 1/8 leq. 3

“A re Ikaheleng Motse”

Ka mongolli oa Tsoha! Jeremane

HO NA le monyetla o moholo oa hore ebe u phela motseng o moholo. Ho ea ka likhakanyo tse itseng, hoo e ka bang halofo ea baahi ba lefatše e phela metseng e meholo. Mohloli o mong o bolela hore “ka tekanyo ea hona joale, ka selemo sa 2000, metseng e meholo ho tla be ho lula karolo e fetang 75 lekholong ea baahi ba Amerika Boroa.” O boetse o re bolella hore nakong eona eo, palo ea batho ba phelang metseng e meholo ea Afrika e tla be e eketsehile ka makhetlo a fetang a mabeli.

Esita le haeba ha u phele motseng o moholo, mohlomong u sebetsa ho o mong, u ea mabenkeleng teng, kapa bonyane ka linako tse ling u fumana molemo boiketlong bo fumanehang moo. E mong le e mong o angoa ke metse e meholo. Bophelo ba rōna e ne e tla ba bo fapaneng hakaakang ka ntle ho eona!

Motse o Moholo o Bitsoang Henoke

Ho hahuoa ha metse e meholo ke ha khale haholo. Mabapi le Kaine, ngoana oa pele ea kileng a tsoaloa, re bala hore o ile a “haha motse, ’me a reella motse oo lebitso la Henoke, mora oa hae.” (Genese 4:17) Ka ho haha motse o moholo, oo mohlomong o neng o le monyenyane ho ea ka litekanyetso tsa kajeno, Kaine o ile a beha mohlala bakeng sa meloko ea nako e tlang.

Boikutlo ba batho ba tlhaho ba ho rata botsoalle bo entse hore batho ba batle ho ba ’moho. Sena ha e-ea ba feela molemong oa botsoalle empa bakeng sa boikutlo ba tšireletseho le tšireletso, haholo-holo makholong a lilemo a fetileng ha lichaba li ne li hlaseloa hangata. Leha ho le joalo, ana hase ’ona feela mabaka a ileng a susumetsa batho ho qala ho haha metse e meholo.

The World Book Encyclopedia e bolela hore ho na le litšobotsi tse ’nè tse ka sehloohong tse susumelitseng ho thehoa ha metse e meholo. Ke “(1) khatelo-pele theknolojing [mechine e tsamaisoang ka mosi, matla a motlakase, mecha ea puisano], (2) tikoloho ea tlhaho e molemo [maemo a mang ke sebaka sa bolulo, boemo ba leholimo, linōka ka hona le phepelo ea metsi], (3) tlhophiso ea sechaba [ba boholong, puso], le (4) keketseho ea baahi.”

Metse e meholo e entse hore ho be le khoebo le tšubuhlellano ea basebetsi ba bangata sebakeng se le seng. Ka hona, metseng e mengata e meholo re bona matlo a maholo a moetso o tšoanang a litšenyehelo tse tlaase moo ho lulang basebetsi le malapa a bona. Kajeno, ha lipalangoang tsa sechaba le tsa motho ka mong li fumaneha habonolo, bohōle ba sebaka ha bo sitise khoebo e atlehileng le bolebeli ba ’muso. Ka lebaka lena, metse e meholo e ka atolosetsa tšusumetso ea eona literekeng tsa metse ea litoropo.

Metse e meng ea boholo-holo le eona e ne e momahantsoe haufi-ufi le mesebetsi ea bolumeli. Genese 11:4 e re: “Joale [batho ba phetseng hang feela ka mor’a Moroallo oa mehla ea Noe] ba re: Tlong joale, re ikahele motse le tora, hloro ea eona e fihle leholimong [ho sebeletsa bakeng sa borapeli ba bolumeli], ’me re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetsoa lefatšeng lohle.”

Litšobotsi tsa sechaba, tsa bolumeli, tsa khoebo, le tsa jeokrafi hammoho le tsa lipolotiki li ’nile tsa ameha ho hahuoeng ha metse e meholo. Ka nako e tšoanang, ho theosa le makholo a lilemo metse e meholo e ’nile ea e-ba tšusumetso e ka sehloohong ho rala mokhatlo oa kajeno oa batho joalokaha re o tseba ’me e re amme kaofela ha rōna.

E Fapane Leha ho le Joalo ea Tšoana

The New Encyclopædia Britannica e hlokomela hore “mahae a pele a motho a hlomiloeng a fumanoa liphuleng tse atlehileng tsa libaka tse chesang tsa linōka tsa Nile, Tigris, Eufrate, Indus, le Yellow.” Ho hlakile hore metse e meholo e tlileng pele ho ea lekholo la bo20 la lilemo e ne e hlile e fapane le ea kajeno e mathōkong a nōka.

Makholong a lilemo a fetileng batho ba bangata haholo ba ne ba phela libakeng tsa mahaeng. Ka mohlala, ka selemo sa 1300, motse o moholo o le mong Engelane e ne e le London, ’me baahi ba eona ba ka tlaase ho likete tse 40 ba ne ba le ka tlaase ho karolo ea 1 lekholong ea kakaretso ea baahi ba naha. Ka 1650 hoo e ka bang karolo ea 7 lekholong ea Manyesemane ’ohle e ne e phela London. Mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo, baahi ba motse oo ba ne ba atamela milione. Kajeno, karolo e ka tlaase ho 9 lekholong ea baahi ba Brithani e phela libakeng tsa mahaeng. Ba bang kaofela ba subuhlellane litsing tsa metse ea litoropo, ba ka bang limilione tse supileng ba motse-moholong oa London e Khōlō feela.

E le pontšo ea kamoo metse e meholo e hōtseng le ho ata ka teng, ka 1900, London e ne e le oona feela motse o moholo lefatšeng lohle o nang le baahi ba milione. Hona joale ho na le metse e meholo e fetang 200 e nang le baahi ba fetang milione. Litsebi tsa jeokrafi li bua ka metse e meholohali, letoto la metse e meholo e hokahaneng ’moho joaloka e fumanoang tikolohong ea Ruhr, Jeremane, moo sebaka se pel’a Nōka ea Ruhr, ho tloha Duisburg ho ea Dortmund, se bōpang hoo e ka bang motse o le mong o tsoelang pele.

Ho sa tsotellehe ho fapana ho itseng, metse e meholo ea boholo-holo le ea kajeno e na le ntho e itseng eo e tšoanang ka eona—mathata. ’Me le ka mohla ha ho e-s’o be le mathata a mangata hakana kapa a maholo hakana joaloka a kajeno. Metse e meholo e khathatsong e tebileng. Haeba ‘ho ikahela ha rōna motse’ ho rutile moloko oa batho ntho leha e le efe, bonyane ho lokela hore ebe ho re rutile hore, tlas’a maemo a sa phethahalang ebile ho etsoa ke batho ba fosang, ho haha metse e meholo hase tsela e molemo hakaalo ea ho khotsofatsa litlhoko tsa rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela