Boiteko ba ho Pholosa Bana
“Re kopane mona Sebokeng sena sa Lefatše Bakeng sa Bana ho etsa tlamo e kopanetsoeng le boipiletso bo potlakileng ba lefatše lohle—ho neha ngoana e mong le e mong bokamoso bo molemonyana.”—Seboka sa Machaba a Kopaneng, 1990.
LIPRESIDENTE le litona-khōlō tse tsoang linaheng tse fetang 70 li ile tsa kopana New York City ka September 29 le 30, 1990 ho tla tšohla mahlomola a bana ba lefatše.
Seboka sena se ile sa lebisa tlhokomelo ea machaba mahlomoleng a sisimosang a bana, e leng tlokotsi e ’nileng ea bolokoa e le sephiri. Moemeli oa United States, Peter Teeley o ile a re: “Haeba liphooko tse maroboko tse 40 000 li ne li e-shoa letsatsi le leng le le leng, eo e ne e tla ba ketsahalo e utloisang bohloko. Empa bana ba 40 000 baa shoa, ’me sena ha se hlokomeloe ho hang.”
Lihlooho tsohle tsa ’muso tse bokaneng li lumellane hore ho na le se tlamehang ho etsoa—kapele-pele. Li entse “boitlamo bo tšepahalang ba ho eteletsa pele litokelo tsa bana, ho pholoha ha bona, tšireletso ea bona le khōlo ea bona.” Ke litlhahiso life tse tobileng tseo ba li entseng?
Bophelo ba Bana ba Fetang Limilione tse 50 bo Kotsing
Morero o ka sehloohong e ne e le ho pholosa bana ba fetang limilione tse 50 bao ho ka etsahalang hore ba shoe lilemong tsa bo-1990. Bongata ba bana bana ba banyenyane bo ne bo ka pholosoa ka ho kenya mehato e latelang ea bophelo tšebetsong.
• Haeba bo-’mè bohle linaheng tse tsoelang pele moruong ba ne ba ka susumeletsoa ho anyesa masea a bona bonyane likhoeli tse ’nè ho isa ho tse tšeletseng, bana ba milione ba ne ba ka pholosoa selemo le selemo.
• Tšebeliso e pharaletseng ea phekolo ea ho khutlisetsa metsi ’meleng ka molomo (ORT [oral rehydration therapy]) e ka fokotsa palo ea mafu a bakoang ke letšollo le bolaeang bana ba limilione tse ’nè selemo le selemo.a
• Ho enta ho pharaletseng le ho sebelisoa ha li-antibiotic tse sa tureng ho ka thibela mafu a mang a limilione a bakoang ke maloetse a kang ’maselese, tetanus le pneumonia.
Na mofuta o joalo oa lenaneo la bophelo oa atleha? Mohlomong litšenyehelo li ne li ka finyella liranta tse limilione tse likete tse 8,3 ka selemo bofelong ba lilemo tse leshome. Ka kakaretso chelete ena e ne e tla fokola haholo. Lik’hamphani tsa Amerika tsa koae li sebelisa chelete e kaalo selemo le selemo—phatlalatsong ea sakerete feela. Letsatsi le letsatsi lichaba tsa lefatše li senya chelete e kaalo sesoleng. Na lichelete tse joalo li ne li ke ke tsa sebelisoa hamolemonyana bakeng sa bophelo ba bana ba leng kotsing ea ho shoa? Phatlalatso ea Machaba a Kopaneng ka Litokelo tsa Ngoana e boletse ka ho tobileng hore “moloko oa batho o kolota ngoana se molemohali seo o ka fanang ka sona.”
Ha e le hantle, ho neha “ngoana e mong le e mong bokamoso bo molemonyana” ho akareletsa ho hongata ho feta ho ba sireletsa ho shoeng ba sa le banyenyane. Makasineng oa Time, Sandra Huffman mopresidente oa Setsi sa Thibelo ea Khaello ea Phepo e Nepahetseng ho Bana, o hlalosa hore “ORT ha e thibele letšollo, e mpa e thibela bana ho bolaoa ke lona. . . . Seo ho hlokahalang hore joale re se etse,” oa phaella, “ke ho lebisa tlhokomelo kamoo re ka thibelang ho kula hona eseng feela lefu.”
Bakeng sa ho ntlafatsa—esita le ho pholosa—bophelo ba bana ba limilione, ho qalisitsoe mananeo a ’maloa a nang le lipakane tse phephetsang. (Bona lebokose ho leqephe 6.) Ha ho pakane e tla finyelloa habonolo.
Metsi a Hloekileng a Leng Haufi
Felicia Onu o ne a qeta lihora tse hlano letsatsi le letsatsi a il’o khella lelapa la hae metsi. Hangata metsi ao a neng a a isa lapeng a ne a silafetse. (Metsi a joalo a baka tšoaetso ea selemo le selemo ea guinea worm ’me a tlatsetsa seoeng sa letšollo.) Empa ka 1984, motsaneng oa habo oa Ugwulangwu ka bochabela ho Nigeria, ho ile ha chekoa seliba ’me ha kenngoa pompo.
Hona joale o tsamaea limithara tse seng kae feela ho kha metsi a hloekileng. Bana ba hae ba phetse hantle haholoanyane, ’me bophelo ba hae bo nolofetse haholoanyane. Batho ba fetang limilione tse sekete ba kang Felicia ba ile ba fumana metsi a hloekileng lilemong tsa bo-1980. Empa basali le bana ba limilione ba sa ntse ba qeta lihora tse ngata letsatsi le letsatsi ba roetse linkho tsa metsi a fokolang ho feta ao ka tloaelo a sebelisoang matloaneng a Bophirimela.
Maemo a Matle le a Mabe Thutong
Maximino ke moshemane ea bohlale ea lilemo li 11 ea phelang sebakeng se hōle sa Colombia. Ho sa tsotellehe lihora tse ngata tseo a li qetang ka letsatsi a thusa ntat’ae masimong, o tsoela pele hantle sekolong. O ea Escuela Nueva, kapa Sekolong se Secha se nang le lenaneo le feto-fetohang le reretsoeng ho thusa bana ho ithuta seo ba bang ba ithutileng sona ha ba le sieo haeba ba ka fosoa ke matsatsi a ’maloa a sekolo—e leng se tloaelehileng, haholo-holo nakong ea kotulo. Ho na le matichere a fokolang haholo sekolong sa Maximino. Libuka tsa ho ithuta lia haella. Bana ba khothaletsoa ho thusana ka seo ba sa se utloisiseng ’me bona ka bobona ba etsa boholo ba mosebetsi o amehang tsamaisong ea sekolo. Tsamaiso ena e ncha—e etselitsoeng ho finyella litlhoko tsa batho ba mahaeng ba futsanehileng ka ho khethehileng—e ntse e lekoa linaheng tse ling tse ngata.
Lik’hilomithara tse likete ho tloha Colombia, motseng o moholo oa Asia, ke moo ho phelang Melinda ea bohlale ea lilemo li 11. O sa tsoa tlohela sekolo e le ho sebetsa lihora tse 12 ka letsatsi ho fata likotoana tsa tšepe le polasetiki ho e ’ngoe ea lithotobolo tse khōlō tsa motse. Melinda o re: “Ke batla ho thusa ntate hore re fumane lijo letsatsi le letsatsi. Haeba ke ne ke sa mo thuse, re ne re ke ke ra khona ho ja ho hang.” Esita le letsatsing leo lintho li mo tsamaetseng hantle, o tla a tšoere hoo e ka bang R1,15 feela lapeng.
Bana Bao e Leng Basebetsi ba Bophelo bo Botle
Sebakeng se mathōkong a motse oa Bombay oa India ho na le sebaka sa mek’huk’hu se bitsoang Malvani, moo e leng khale boloetse bo jele setsi. Qetellong lintho lia ntlafala ka lebaka la basebetsi ba bophelo bo botle ba kang Neetu le Aziz. Ba etela malapa ho hlahloba haeba bana ba banyenyane ba entiloe kapa haeba ba e-na le letšollo, lekhopho kapa phokolo ea mali. Neetu le Aziz ba lilemo li 11 feela. Ba ithaopetse ho sebetsa lenaneong leo ho lona bana ba baholoanyane ba abeloang ho hlokomela bophelo ba bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano. Ka lebaka la boiteko ba Neetu le Aziz—le boiteko ba ba bang ba bangata ba tšoanang le bona—hoo e batlang e le bacha bohle ba Malvani ba entiloe, batsoali ba bangata ba tseba kamoo ba ka fanang ka phekolo ea ho khutlisetsa metsi ’meleng ka molomo, ’me tlhokomelo ea bophelo ka kakaretso e ntlafetse.
Lefatšeng lohle ho etsoa tsoelo-pele e khōlō ho entela bana ba banyenyane khahlanong le mafu a tloaelehileng. (Bona chate e ho leqephe 8.) Hona joale Bangladesh e se e entile bana ba fetang karolo ea 70 lekholong ea baahi ba eona, ’me Chaena e se e entile karolo e fetang 95 lekholong. Haeba naha e ’ngoe le e ’ngoe e fokolang moruong e ne e ka finyella karolo ea 90 lekholong, litsebi tsa bophelo li lumela hore phello e ne e tla ba thibelo ea tšoaetso ea batho ba bangata. Ha batho ba bangata ba entiloe, ho thata haholo hore mafu a tšoaetsanoe.
Bofutsana, Ntoa le AIDS
’Nete e utloisang bohloko ke hore le hoja ho etsoa khatelo-pele tlhokomelong ea bophelo le thuto, mathata a mang a sala a le matla joaloka pele. A mararo a sa thibeloeng habonolo ke bofutsana, ntoa le AIDS.
Lilemong tsa morao tjena, mafutsana a lefatše a ’nile a futsaneha le ho feta. Moputso oa sebele oa chelete o theohile ka karolo ea 10 lekholong kapa ho feta lilemong tse leshome tse fetileng libakeng tse futsanehileng tsa Afrika le Latin America. Batsoali linaheng tsena—moo karolo ea 75 lekholong ea moputso oa lelapa e sebelisoang bakeng sa ho reka lijo—ha ba khone ho fepa bana ba bona lijo tse nang le phepo e ntle.
Grace o ile a bolelloa tleleniking ea habo: ‘Fepa bana meroho le lipanana.’ Empa Grace, ’mè oa bana ba leshome ea lulang Afrika Bophirimela, ha a na chelete bakeng sa lijo, ’me ha ho na metsi a lekaneng hore a ka jala lijalo tseo seratsoaneng sa lelapa sa boholo ba lihekthere tse 0,1. Ha ba na khetho haese ho tsoela pele ba ja lithollo le linaoa le ho robala ka lephako ka linako tse ling. Haeba sena se tsoela pele, ho bonahala lintho li ke ke tsa ntlafala bakeng sa lelapa la Grace kapa a mang a limilione a tšoanang le la hae.
Le hoja bana ba Grace ba futsanehile, ba phela hamolemo ho feta Kim Seng ea lilemo li robeli ea lulang Asia Boroa-bochabela, eo ntat’ae a bolailoeng ntoeng ea baahi le eo ’m’ae qetellong a bolailoeng ke tlala ea sekoboto. Kim Seng, eo le eena a batlileng a bolaoa ke khaello ea phepo e nepahetseng, qetellong o ile a fumana bolulo kampong ea baphaphathehi. Ba bangata ho bana ba limilione tse hlano ba lulang likampong tsa baphaphathehi lefatšeng lohle ba bile le mathata a tšoanang.
Mathoasong a lekholo la lilemo, ke feela karolo ea 5 lekholong moo mahlatsipa e neng e le baahi. Hona joale palo eo e phahametse ka sekhahla ho fihla karolong ea 80 lekholong, ’me boholo ba bahlaseluoa bana ba ntoa ke basali kapa bana. Ba ka khonang ho phonyoha likotsi tsa ’mele ba sa ntse ba utloa bohloko maikutlong. Ngoana e mong oa mophaphathehi ea tsoang naheng ea Afrika boroa-bohareng o re: “Nke ke ka lebala tsela eo ’mè a bolailoeng ka eona. Ba ile ba tšoara ’mè eaba ba mo etsa lihaeea. Ka mor’a moo ba ile ba mo tlama eaba ba a mo hlabaka. . . . Ka linako tse ling ke lora ka seo.”
Ha liqhoebeshano tse mabifi li ntse li tsoela pele ho qhoma linaheng tse ngata, ho bonahala e le ho ke keng ha qojoa hore bana ba se nang molato ba tla ’ne ba utloe bohloko ka lebaka la likotsi tsa ntoa. Ho feta moo, khatello ea machaba e boetse e lematsa bana ba sa ameheng liqhoebeshanong ka ho toba. Sesole se sebelisa chelete e ngata haholo e ka beng e sebelisoa ho ntlafatsa thuto, bohloeki le tlhokomelo ea bophelo. Chelete eo linaha tse tsoetseng pele li e sebelisang sesoleng e feta kakaretso ea selemo le selemo ea batho ba futsanehileng ka ho fetisisa. Esita le linaha tse 46 tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng li sebelisa chelete e ngata libetseng ho feta e sebelisoang bakeng sa bophelo le thuto li kopane ’moho.
Ka ntle ho bofutsana le ntoa, ’molai e mong o khukhunela bana ba lefatše. Lilemong tsa bo-1980, le hoja ho entsoe tsoelo-pele e hlokomelehang ho loantša ’maselese, tetanus, le letšollo, ho hlaheletse tšokelo e ’ngoe ea bophelo: AIDS. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o lekanyetsa hore ka selemo sa 2000, bana ba limilione tse leshome ba tla be ba tšoaelitsoe. Bongata ba bana bana bo tla shoa pele bo e-ba le lilemo tse peli, ’me ha ho leha e le ofe ea tla phela lilemo tse fetang tse hlano. Ngaka ea mafu a bana Dr. Reginald Boulos, oa Haiti o tletleba ka ho re: “Haeba ho se letho le etsuoang ka potlako, AIDS e sokela ho senya tsoelo-pele eohle eo re e entseng ea ho pholosa bana lilemong tse 10 tse fetileng.”
Tlhahlobong ena e khutšoanyane, ho hlakile hore ho sa tsotellehe katleho e babatsehang, pakane ea ‘ho neha ngoana e mong le e mong bokamoso bo molemonyana’ e sa ntse e le mosebetsi o moholo haholo. Na ho na le tšepo leha e le efe ea hore ka letsatsi le leng toro eo e tla phethahala?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a ORT e neha bana metsi, letsoai le glucose tse hlokahalang ho thibela liphello tse bolaeang tsa ho felloa ke metsi ’meleng ho bakoang ke letšollo. Ka 1990 Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o tlalehile hore bana ba fetang milione ka selemo ba ne ba se ba pholositsoe ka mokhoa ona. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona tokollo ea Awake! ea September 22, 1985, maqephe 23-5.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Lipakane tsa bo-1990—Phephetso ea ho Pholosa Bana
Lichaba tse bileng teng Sebokeng sa Lefatše Bakeng sa Bana li itlamme ka lintho tse ’maloa. Sena ke seo li lebeletseng ho se finyella ka selemo sa 2000.
Ho enta. Mananeo a joale a ho enta a pholosa bana ba limilione tse tharo selemo le selemo. Empa ba bang ba limilione tse peli ba sa ntse ba e-shoa. Ka ho enta karolo ea 90 lekholong kapa ho feta ea bana ba lefatše khahlanong le maloetse a mangata a tloaelehileng, boholo ba mafu ana bo ka qojoa.
Thuto. Lilemong tsa bo-1980, ho ingolisa ha bana sekolong ho fokotsehile linaheng tse ngata tse futsanehileng ka ho fetisisa tsa lefatše. Pakane ke ho fetola tloaelo eo le ho tiisa hore bofelong ba lilemo tse leshome, ngoana e mong le e mong o na le monyetla oa ho ea sekolong.
Khaello ea phepo e nepahetseng. Bahlanka ba ’muso ba Letlōle la Machaba a Kopaneng la Lithuso tsa Bana ba lumela hore “ka mekhoa e nepahetseng, . . . hona joale lefatše le boemong bo nepahetseng ba ho fepa bana bohle ba lefatše le ho hlōla mefuta eohle e mebe ka ho fetisisa ea khaello ea phepo e nepahetseng.” Ho ile ha etsoa litlhahiso tsa ho fokotsa lenane la bana ba haelloang ke phepo e nepahetseng nakong ea joale ea lilemo tse leshome. Phello e joalo e ne e tla pholosa bana ba limilione tse 100 bohlokong ba tlala.
Metsi a hloekileng le bohloeki. Ka 1987 Tlaleho ea Brundtland e hlalositse: “Linaheng tse fokolang moruong tsa lefatše, lenane la lipompo tsa metsi tse leng haufi ke pontšo e molemo haholoanyane ea sechaba se phetseng hantle ho feta lenane la libethe tsa sepetlele.” Hona joale batho ba fetang limilione tse sekete ba hloka metsi a hloekileng, ’me palo e imenneng habeli e hloka metsi a tsamaiso ea likhoere-khoere. Pakane ke ho etsa hore metsi a hloekileng le mekhoa ea bohloeki ea ho tsamaisa likhoere-khoere li fumanehe ho batho lefatšeng lohle.
Tšireletso. Lilemong tse leshome tse fetileng, lintoa li bakile mahlatsipa a bana a fetang limilione tse hlano. Bana ba bang ba limilione tse hlano e bile ba se nang mahae. Baphaphathehi bana, esita le bana ba limilione ba se nang mahae le bao e leng basebetsi, ka potlako ba hloka tšireletso. Seboka sa Litokelo tsa Ngoana—seo hona joale se tšehelitsoeng ke linaha tse fetang lekholo—se batla ho sireletsa bana bana bohle pefong le tšebelisong e mpe.
[Chate e leqepheng la 7]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LISOSA TSE KA SEHLOOHONG TSA MAFU A BANA
(Bana ba ka Tlaase ho Lilemo tse Hlano)
LIMILIONE TSA MAFU SELEMO LE SELEMO (litekanyetso tsa 1990):
LIMILIONE TSE 0,51 Mokhokhothoane
LIMILIONE TSE 0,79 Tetanus e Bolaeang
LIMILIONE TSE 1,0 Malaria
LIMILIONE TSE 1,52 ’Maselese
LIMILIONE TSE 2,2 Litšoaetso tse Ling tsa Qoqotho
LIMILIONE TSE 4,0 Maloetse a Letšollo
LIMILIONE TSE 4,2 Lisosa tse Ling
Mohloli: WHO le UNICEF
[Chate e leqepheng la 8]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
TSOELO-PELE KENTONG EA BANA LINAHENG TSE FOKOLANG MORUONG TSA LEFATŠE 1980-1988
Karolo ea lekholo ea bana ba ka tlaase ho likhoeli tse 12 ba entiloeng
LILEMO
1980 1988
DPT3* 24% 66%
PHOLIO 20% 66%
LEFUBA 29% 72%
’MASELESE 15% 59%
* DPT3: Ho entoa ho kopaneng bakeng sa
’METSO O MOSOEU, MOKHOKHOTHOANE (PERTUSSIS), le TETANUS.
MOHLOLI: WHO le UNICEF (lipalo tsa 1980 ha li akareletse Chaena)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
Photo: Godo-Foto