O Ile a ‘Hopola ’Mōpi oa Hae Matsatsing A Bocha ba Hae’
A LINAKO tsohle Adrian o ne a hapa tlhokomelo e ngata haholo ea batsoali ba hae,” ho boletse ntate oa hae. “Ha a le lilemo li ’nè o ile a thula sefate ka koloi ea lelapa, a etsa hore bohle ba be morao bakeng sa seboka sa phutheho. Ha a le lilemo li hlano o ile a bokella lihohoana tse ngata eaba o li tlisa ka tlung. Ho ile ha nka matsatsi a mangata ho li ntša. Re ne re ikutloa eka re lelapa la Baegepeta nakong ea likotlo tsa Bibele tsa lihohoana.
“Ha a le lilemo li 11, o ile a fumana li-raccoon tse tharo tse nyenyane ka thōko ho tsela e khōlō eaba o ea le tsona sekolong a li kentse ka mokotleng oa hae oa libuka. Ha tichere e kena, tlelase e ne e ferekane—bana ba bokanetse mokotlana oa Adrian oa libuka, ba bua ba thabile. Tichere e ile ea nyarela, ea bona li-raccoon tseo, eaba e mo isa le liphoofolo tsa hae setsing se hlokomelang liphoofolo tsa likhutsana. Adrian o ile a lla ha a hopola ho lahleheloa ke malinyane a hae, empa ka mor’a ho lekola sebaka seo ’me a bona malinyane a liphokojoe le likhutsana tse ling li hlokometsoe hantle, o ile a siea li-raccoon tsa hae moo.”
Ntate oa hae o ile a tsoela pele: “Adrian e ne e se moshemane e mobe. E ne e mpa e le ea tšoarehileng. A na le mohopolo o sebetsang o etsang hore bophelo e ’ne e be bo thahasellisang.”
’Mè oa Adrian o ile a hlahisa lehlakore le leng la hae—o ne a rata lelapa, lithahasello tsa hae li le lehaeng, e le moshemane ea lerato. Oa pheta: “Bana sekolong ba ne ba mo hlalosa e le motho ea sa utloiseng mang kapa mang bohloko. Ngoanana e mong ka tlelaseng ea hae o ne a e-na le matla a lekanyelitsoeng a kelello empa a sa holofala kelellong. O ne a palama bese ea sekolo le Adrian. Bana ba bang ba ne ba mo tloka, empa ’mè oa hae o ile a re bolella hore ka linako tsohle Adrian o ne a tšoara morali oa hae ka tlhompho le mosa o khethehileng. O ne a e-na le lehlakore la botho bo tiileng—moshemane ea nahanelang haholo ea nang le maikutlo a tebileng ea neng a sa a bonahatse khafetsa. Empa ha a etsa joalo, o ne a re makatsa ka litlhaloso tse lebang botebong ba litaba.”
O ile a phethela kamoo a talimang mora oa hae kateng ka ho re: “Boloetse ba hae bo ile ba etsa hore a hōle kapele ’me ba hlahisa bomoea bo tebileng haholoanyane ho eena.”
O ne a Tiile—A sa Batle Tšelo ea Mali!
Boloetse ba hae? E. Bo ile ba qala ka March 1993, ha Adrian a le lilemo li 14. Ho ile ha fumanoa hlahala e hōlang ka potlako ka mpeng ea hae. Lingaka li ne li batla ho etsa tlhahlobo ea linama tse bonojoana empa li tšaba hore o tla tsoa mali haholo ’me tsa re ho ka ’na ha hlokahala tšelo ea mali. Adrian o ile a re che. O ne a tiile. O ile a re, a sekisitse meokho: “Nka se khone ho phela ka boitlhompho ha nka ka fuoa mali.” Eena le lelapa labo e ne e le Lipaki tsa Jehova, tse sa amoheleng litšelo tsa mali ka mabaka a theiloeng Bibeleng a tlalehiloeng ho Levitike 17:10-12 le Liketso 15:28, 29.
Ha a ntse a le Setsing sa Bophelo ba Bana sa Dr. Charles A. Janeway, se St. John’s, Newfoundland, a emetse tlhahlobo eo ea linama tse bonojoana—e neng e tla etsoa ntle le mali—Adrian o ile a botsoa ke setsebi sa saense ea hlahala Dr. Lawrence Jardine ho ntša maikutlo a hae tabeng ea mali.
Adrian o ile a re: “Bona, ho ne ho ke ke ha tsotelleha hore na batsoali ba ka ke Lipaki tsa Jehova kapa che. Ke ne ke ntse ke sa tl’o amohela mali.”
Dr. Jardine o ile a botsa, “Na ua hlokomela hore u ka shoa ha u sa amohele tšelo ea mali?”
“E.”
“’Me u ikemiselitse ho etsa seo?”
“Haeba ho hlokahala joalo.”
’Mè oa hae, eo le eena a neng a le teng, o ile a botsa, “Ke hobane’ng ha u nka bohato bo joalo?”
Adrian o ile a araba: “’Mè, hase tšebetso e molemo. Ho hlompholla Molimo ebe ke eketsa bophelo ba ka ka lilemo tse seng kae hona joale ebe ka lebaka la ho se utloe Molimo ha ka ke lahleheloa ke tsoho le ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la hae la paradeise—ho hang seo ha se bohlale!”—Pesaleme ea 37:10, 11; Liproverbia 2:21, 22.
Tlhahlobo ea linama tse bonojoana e ile ea etsoa ka March 18. E ile ea bontša Adrian a e-na le hlahala e khōlō ea lymphoma. Tlhahlobo e latelang ea ’moko oa masapo e ile ea tiisa tšabo ea hore o ne a e-na le kankere ea mali. Dr. Jardine joale o ile a hlalosa hore lenaneo la phekolo ea lik’hemik’hale le tiileng le tsamaisanang le litšelo tsa mali e ne e le eona feela tsela eo Adrian a neng a ka phela. Leha ho le joalo, Adrian o ile a ’na a hana litšelo tsa mali. Ho ile ha qaloa phekolo ea lik’hemik’hale, ntle le litšelo tsa mali.
Leha ho le joalo, ha boemo bona ba phekolo bo mahlonoko bo tsoela pele, ho ne ho e-na le tšabo ea hore Lefapha la Boiketlo ba Bana le tla kena lipakeng ’me le batle taelo ea lekhotla ea hore ngoana a be taolong ea lona ’me le be le matla a ho fana ka litšelo tsa mali. Molao o ne o lumella mang kapa mang ea lilemo li 16 kapa ho feta ho iketsetsa qeto ea phekolo. Tsela feela ea hore motho ea ka tlaase ho 16 a be le tokelo eo ke ka ho khetholloa e le ngoana ea seng a hōlile empa a e-s’o fihlele lilemo tsa molao.
Lekhotleng le ka Holimo-limo la Newfoundland
Kahoo ka Sontaha hoseng, July 18, motsamaisi ea tšoereng molepo oa Boiketlo ba Bana o ile a qala litsamaiso tsa lekhotla bakeng sa ho fumana taolo ea ngoana. Kapele, ’muelli oa molao ea ikhethang le ea hlomphuoang haholo, David C. Day, Q.C., oa St. John’s, Newfoundland, o ile a hiroa ho buella Adrian. Motšehare oa mantsiboea letsatsing leo, ka 3:30, Lekhotla le ka Holimo-limo la Newfoundland le ile la kopana, Moahloli Robert Wells e le eena ea okametseng.
Nakong ea tsamaiso ea motšehare oa mantsiboea, Dr. Jardine o ile a hla a hlakisetsa moahloli hore o ne a nka Adrian e le ngoana ea seng a hōlile empa a e-s’o fihlele lilemo tsa molao ea neng a na le mohopolo o tebileng khahlanong le tšebeliso ea mali le hore eena, Dr. Jardine, o ne a tšepisitse Adrian hore o ne a ke ke a akarelletsa tšelo ea mali phekolong efe kapa efe. Moahloli Wells o ile a botsa ngaka hore na haeba ho ne ho etsoa qeto ke lekhotla hore a fane ka tšelo ea mali, na o ne a tla fana ka eona? Dr. Jardine o ile a araba: “Che, ’na ka bonna ke ne nke ke ka ho etsa.” O ile a bolela hore Adrian o ne a na le boikutlo ba hore tšepo ea hae e theiloeng Bibeleng ea bophelo bo sa feleng e tla be e behiloe kotsing. Bopaki bo tiileng ba ngaka ena e tsebahalang bo ne bo makatsa ebile bo thabisa ’me ba tšolla meokho ea thabo ho batsoali ba Adrian.
“Ka Kōpo Ntlhompheng ’me le Hlomphe Litakatso tsa Ka”
Ha lekhotla le boela le kopana ka Mantaha, July 19, David Day o ile a hlahisa likopi tsa bopaki boo Adrian—ea neng a kula haholo hore a ka hlaha ka khotla—a neng a bo hlophisitse le ho bo saena a bolela litakatso tsa hae mabapi le phekolo ea kankere ea hae ntle le mali kapa lihlahisoa tsa mali. Ho eona Adrian o ne a itse:
“U nahana haholo ka lintho ha u kula, ’me ha u kula u tšoeroe ke kankere, ua tseba hore u ka ’na ua shoa ’me u nahana ka seo. . . . Nke ke ka amohela mali kapa ka lumela hore a sebelisoe; le hanyenyane. Kea tseba hore nka shoa ha mali a sa sebelisoe. Empa seo ke qeto ea ka. Ha ho motho ea nqobeletseng. Ke tšepa Dr. Jardine haholo. Ke tšepa hore ke motho oa mantsoe a hae. O re o tla mpha phekolo e tebileng ho sa sebelisoe mali ho hang. O ile a mpolella likotsi. Ke utloisisa seo. Ke tseba se sebe ka ho fetisisa. . . . Tsela eo ke ikutloang ka eona ke hore ha nka fuoa mali hoo ho tla tšoana le ho mpeta, ho hleka-hleka ’mele oa ka. Ha ke batle ’mele oa ka ha seo se ka etsahala. Nka se phele ka seo. Ha ke batle phekolo leha e le efe haeba ho tla sebelisoa mali, esita leha ho ka ba le monyetla oa seo. Ke tla hana tšebeliso ea mali.” Bopaki ba Adrian bo ile ba qetella ka kōpo ena: “Ka kōpo ntlhompheng ’me le hlomphe litakatso tsa ka.”
Nakong ea ho mamela nyeoe Adrian o ne a koaletsoe ka kamoreng ea hae sepetlele, ’me Moahloli Wells ka mosa o moholo o ile a ea mo bona teng, David Day a le teng. Ha a fana ka tlaleho ea puisano eo, Mong. Day o ile a bua ka mokhoa oa Adrian oa ho bua o hapang tlhokomelo le o qobellang bamameli ho mamela ka hloko ha a bua le moahloli ka taba ena, karolo ea eona ea bohlokoa e leng: “Kea tseba hore ke kula haholo, ’me kea tseba hore nka ’na ka shoa. Batho ba bang ba bongaka ba re mali a tla thusa. Ha ke nahane joalo, ha ke talima likotsi tsohle tsa ’ona tseo ke balang ka tsona. Hore na aa thusa kapa che, tumelo ea ka e khahlanong le mali. Hlompha tumelo ea ka ’me u tla ntlhompha. Haeba u sa hlomphe tumelo ea ka, ke tla utloa u mphoselitse. Haeba u hlompha tumelo ea ka, nka talimana le boloetse ba ka ka boitlhompho. Tumelo e batla e le sohle seo ke nang le sona, ’me hona joale ke ntho ea bohlokoahali eo ke e hlokang ho nthusa ho loantša lefu lena.”
Mong. Day o ne a e-na le maikutlo a hae ka Adrian: “E ne e le motho eo ke ’muellang ea khonang ho sebetsana le ho kula ha hae ho mahlonoko ka mamello, ka tsela e sa bontšeng ho angoa ke bohloko, le ka sebete. Ho ne ho e-na le boikemisetso mahlong a hae; boitšepo bo sa hlahisoeng kaofela lentsoeng la hae; boikemisetso bo sebete mokhoeng oa hae. Ka holimo ho tsohle, lentsoe la hae le boitšisinyo ba hae ba ’mele li ne li mpha maikutlo a tumelo e tletseng kutlo. Tšoaneleho ea hae e khethollang e ne e le tumelo. Ho kula ho sa sekisetseng ho ne ho hloka hore a koale sekheo lipakeng tsa litoro tsa bocha le lintho tsa sebele tsa botho bo boholo. Tumelo e ne e mo thusa ho etsa joalo. . . . O ne a tšepahala a sa qea-qee ’me, kelellong ea ka, a tletse ’nete. . . . Ke ne ke etse hloko hore na batsoali ba hae [ba ne ba qobeletse] ka ho eena khanyetso ea bona ea tšebeliso ea mali phekolong ea hae ea bongaka. . . . Ke ne ke khotsofetse [hore] o ne a e-na le mohopolo oa hae ho tsebahatseng takatso ea hae ea phekolo ea bongaka ntle le mali.”
Ka lekhetlo le leng Mong. Day o ile a bua ka litumelo tsa Adrian tseo “e neng e le tsa bohlokoa ho eena ho feta bophelo,” eaba oa phaella: “Mohlankana enoa ea tiileng, a talimane le mathata a makaalo, o etsa hore ke utloe hore mathata ’ohle a bophelo ba ka hase letho. Ke tla mo hopola ka ho sa feleng. Ke ngoana ea seng a hōlile empa a e-s’o fihlele lilemo tsa molao ea sebete haholo, ea nang le temohisiso, le bohlale.”
Qeto—Adrian Ngoana ea Hōlileng Empa a E-s’o Fihlele Lilemo tsa Molao
Ka Mantaha, July 19, ho mamela nyeoe ho ile ha fela, ’me Moahloli Wells o ile a fana ka qeto ea hae, eo hamorao e ileng ea phatlalatsoa ho Human Rights Law Journal, September 30, 1993. Likarolo tsa eona lia latela:
“Ka mabaka a latelang, likōpo tsa Motsamaisi oa Boiketlo ba Bana lia hlokomolohuoa; ngoana eo ha a hloke tšireletso; ho sebelisoa ha mali kapa lihlahisoa tsa mali ka merero ea litšelo tsa mali kapa ente ha hoa bontšoa ho hlokahala, ’me maemong a litaba a nyeoe ena ka ho khetheha, ho ka ba kotsi.
“Ntle leha ho fetoha ha maemo ho ka hloka hore ho etsoe taelo e ’ngoe, tšebeliso ea mali kapa lihlahisoa tsa mali phekolong ea hae e thibetsoe: ’me moshemane o nkoa e le ngoana ea seng a hōlile empa a e-s’o fihlele lilemo tsa molao eo takatso ea hae ea ho fumana phekolo ea bongaka ntle le mali kapa lihlahisoa tsa mali e lokelang ho hlomphuoa. . . .
“Ha ho pelaelo ea hore ‘mocha’ enoa o sebete haholo. Ke nahana hore o na le tšehetso ea lelapa le lerato le le tsotellang, ’me ke nahana hore o talimana le mahlomola a hae ka sebete se seholo. Karolo ea tumelo ea hae ea bolumeli ke hore ho fosahetse hore a sebelise lihlahisoa tsa mali ka hore li kenngoe ’meleng oa hae, ka morero leha e le ofe . . . Ke ile ka ba le monyetla oa ho bala bopaki bo entsoeng ke A. maobane, ’me ke bile le monyetla oa ho mamela ’mè oa hae, ea ileng a fana ka bopaki, ’me ke bile le monyetla oa ho bua le A. ka sebele.
“Ke khotsofetse hore o lumela ka pelo ea hae eohle hore ho amohela mali e ka ba phoso le hore ho qobelloa ho amohela mali maemong ao re buang ka ’ona e ka ba phutuhelo ea ’mele oa hae, phutuhelo ea boinotši ba hae, le phutuhelo ea botho bohle ba hae, ho isa bohōleng boo ho ka amang hampe matla a hae le bokhoni ba ho sebetsana le boemo bo bohloko ka ho tšabehang boo a lokelang ho feta tlas’a bona, ho sa tsotellehe liphello.
“Kea lumela hore ngaka e buile ntho e nang le kelello haholo ha e re mokuli o lokela ho ba boemong ba kelello ba ho ba le tšebelisano-’moho le bo lokileng ka phekolo ea lik’hemik’hale le liphekolo tse ling tsa kankere e le hore ho ka ba le tšepo e itseng, tšepo e itseng ea sebele, ea katleho, le hore mokuli eo ho eena ho qobelloang ntho e itseng khahlanong le litumelo tsa hae tse tebileng e ka ba mokuli eo tšoaneleho ea hae bakeng sa phekolo eo e ka fokotsehang haholo. . . .
“Ke nahana hore se etsahalletseng A. se mo hōlisitse ho isa bohōleng bo ke keng ba nahanoa bakeng sa motho ea lilemo li 15 ea sa talimanang le ho phela le seo a phelang le sona le seo a lokelang ho talimana le sona ’me a talimanang le sona. Ke nahana hore phihlelo ea hae ke phihlelo e mpe ka ho fetisisa eo nka nahanang ka eona, ’me ke belaela hore tumelo ea bona ke e ’ngoe ea lintho tse mo tšehetsang le lelapa labo. Ke nahana hore se etsahetseng se entse hore A. a hōle ho feta tebello e tloaelehileng kapa khōlo ea motho ea lilemo li 15. Ke nahana hore moshemane eo ke buileng le eena hoseng hona o fapane haholo le motho ea tloaelehileng ea lilemo li 15, ka lebaka la phihlelo ea hae e bohloko.
“Ke nahana hore o hōlile ho lekana hore a ka tsebahatsa pono e kholisang, ’me o e tsebahalitse ho ’na . . . Ke boetse ke khotsofetse hore ho loketse . . . hore ke nahanele litakatso tsa hae, ’me ke etsa joalo. Takatso ea hae ke hore ho se sebelisoe lihlahisoa tsa mali, ’me ke boetse ke khotsofetse hore haeba litakatso tsena li ka hlokomolohuoa ka tsela e itseng ke Motsamaisi ka tlas’a taolo ea Lekhotla lena, hore litakatso tsa hae tsa bohlokoa li tla be li anngoe ka ho totobetseng le ka kutloisiso ea sebele . . . Ho feta moo, haeba—’me sena se ka etsahala—ka sebele a ka bolaoa ke lefu lena, a ka etsa joalo ka boemo ba kelello boo, ha ho talingoa litumelo tsa hae tsa bolumeli, e ka bang bo soabisang, bo malimabe haholo, le boo ho hang bo sa lakatseheng. Ke nahanisisa ka lintho tsena tsohle. . . .
“Maemong ana ’ohle, ke na le boikutlo ba hore ho loketse hore ke hane kōpo ea hore ho sebelisoe lihlahisoa tsa mali phekolong ea A.”
Molaetsa oa Adrian ho Moahloli Wells
E ne e le molaetsa o nahanelang ka ho hlollang oo moshemane enoa e mocha, ea neng a tseba hore oa shoa, a ileng a o romela Moahloli Robert Wells, o ileng oa fetisoa ke Mong. David Day, ka tsela e latelang: “Ke nahana hore e ne e tla ba ke botsoa haeba, molemong oa eo ke neng ke ’muella eo ke buileng le eena hakhutšoaane haholo ka mor’a hore u tsamaee sepetlele kajeno, ke sa u lebohe ho tloha botebong ba pelo ea hae, e leng pelo e khōlō haholo, ka lebaka la ho sebetsana le taba ena ka potlako le ka ho nahanela le ka toka e khōlō. O u leboha haholo, Moren’a Ka, ’me ke lakatsa hore tlaleho e bontše seo. Kea leboha.”
’Mè oa Adrian o hopola liketsahalo tsa ho qetela tsa pale eo.
“Ka mor’a nyeoe Adrian o ile a botsa Dr. Jardine, ‘Ke saletsoe ke nako e kae?’ Karabo ea ngaka: ‘Beke kapa tse peli.’ Ke ile ka bona mora oa ka a ntša keleli e le ’ngoe, e tsoang e qobella lintšing tse koetsoeng ka thata. Ke ile ka ea mo kopa, ’me o ile a re: ‘’Mè se ke ua etsa joalo. Ke ntse ke rapela.’ Ka mor’a metsotsoana e se mekae, ke ile ka botsa, ‘U sebetsana joang le see, Adrian?’ ‘’Mè, ke tla ’ne ke phele, leha nka shoa. ’Me haeba ke salletsoe ke libeke tse peli feela ke phela, ke batla ho li thabela. Kahoo u lokela ho nyakalla.’
“O ne a batla ho etela lekala la Watch Tower le Georgetown, Canada. O ile a etsa joalo. O ile a sesa letamong la moo le e mong oa metsoalle ea hae. O ile a ea papaling ea sehlopha sa baseball sa Blue Jays ’me a nka setšoantšo le tse ling tsa libapali. Habohlokoa ka ho fetisisa, pelong ea hae o ne a inehetse ho sebeletsa Jehova Molimo, ’me joale o ne a batla ho bonahatsa seo ka ho qoelisoa metsing. Nakong eo boemo ba hae bo ne bo se bo mpefetse, ’me o ne a boetse sepetlele a se a ke ke a tloha teng. Kahoo baoki ka mosa ba ile ba hlophisetsa hore a sebelise e ’ngoe ea litanka tsa lesenke tse ka kamoreng ea physiotherapy. O ile a kolobetsoa moo ka September 12; o ile a shoa letsatsi le latelang, September 13.
“Lepato la hae e ne e le le leholo ka ho fetisisa leo tšebeletso eo ea mapato e neng e kile ea ba le eona—baoki, lingaka, batsoali ba bakuli, ba ka tlelaseng ea hae, baahisani, le baena le bo-khaitseli ba hae ba moea ba bangata ba tsoang phuthehong ea hae le liphuthehong tse ling. Joaloka batsoali, re ne re sa ka ra hlokomela litšoaneleho tsohle tse babatsehang tse ileng tsa hlahella ho mora oa rōna ha a mamella liteko tsa hae tse ngata kapa mosa le ho nahanela tseo e neng e le karolo ea botho ba hae bo hōlang ba Bokreste. Mopesaleme ea bululetsoeng o ile a re: ‘Bara ke lefa le tsoang ho Jehova.’ Ka sebele enoa e ne e le lona, ’me re lebeletse ho mo bona lefatšeng le lecha la ho loka la Jehova, le tla thehoa haufi lefatšeng la paradeise.”—Pesaleme ea 127:3; Jakobo 1:2, 3.
Ekare re ka lebella phethahatso bakeng sa Adrian ea tšepiso ea Jesu e ho Johanne 5:28, 29: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”
Ka ho hana litšelo tsa mali tseo ho nahanoang hore li ne li ka eketsa bophelo ba hae ba hona joale, Adrian Yeatts o ile a iponahatsa e le e mong oa bacha ba bangata ba behang Molimo pele.
[Lebokose le leqepheng la 5]
‘Bophelo bo Maling’
Mali a rarahane ka tsela e hlollang, a fihlela sele e ’ngoe le e ’ngoe ’meleng. Lerotholing le le leng, lisele tse khubelu tsa mali tse 250-000 000 li tsamaisa oxygen ’me li tlosa carbon dioxide; lisele tse tšoeu tse 400 000 li batla le ho timetsa bafutuheli ba sa batleheng; li-platelet tse 15 000 000 li bokana ka potlako moo ho nang le moseho ebe li qala ho tiea ho koala lepatso leo. Tsena tsohle li koahetsoe ke plasma e hlakileng, e ’mala oa lenaka la tlou, eo ka boeona e entsoeng ka makholo a lintho tse phethang likarolo tsa bohlokoa lethathamong le letelele la mesebetsi ea mali. Litsebi tsa saense ha li utloisise sohle seo mali a se etsang.
Ha ho makatse ha Jehova Molimo, ’Mōpi oa mokeli-keli ona oa mohlolo, a bolelang hore ‘bophelo bo maling.’—Levitike 17:11, 14, NW.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Tšebetso ea ho Fetisetsa Pelo Mothong e Mong ho sa Tšeloe Mali
Ka October e fetileng, Chandra Sharp ea lilemo li tharo o ile a kena sepetlele se Cleveland, Ohio, U.S.A., a e-na le pelo e seng khōlō feela empa hape e hlōleha ho pompa mali ka ho lekaneng. O ne a sa fumane phepo e ntle e lekaneng, khōlo ea hae e sitisitsoe, boima ba hae e le lik’hilogramo tse robong feela, ’me o ne a hloka ho fetisetsoa pelo. O ne a fuoe libeke tse seng kae feela hore a phele. Batsoali ba hae ba ile ba lumellana le ho fetisetsoa pelo empa eseng le tšelo ea mali. Ke Lipaki tsa Jehova.
Sena e ne e se bothata ho ngaka, Dr. Charles Fraser. The Flint Journal ea Michigan e ile ea tlaleha ka December 1, 1993: “Fraser o ile a re Tleliniki ea Cleveland le litsi tse ling tsa bongaka li ntse li e-ba le phihlelo e ngata ea ho etsa litšebetso tsa thipa tse ngata—ho akarelletsa le ho fetisetsa litho ho batho ba bang—ka ntle le ho tšela mali a batho ba bang ho mokuli. Fraser o ile a re: ‘Re ithutile ho eketsehileng ka ho boloka mali, le ho hlophisa mochine oa pelo le matšoafo ka metsoako e fapaneng le mali.’” Eaba oa phaella: “Lipetlele tse ling tse sebetsanang le mafu a itseng ka ho khetheha ka lilemo tse mashome li ’nile tsa etsa litšebetso tse khōlō tsa pelo le methapo ntle ho litšelo tsa mali. . . . Ka linako tsohle re leka ho etsa tšebetso ea thipa ntle ho mali (a tšetsoeng).”
Ka October 29, o ile a fetisetsa pelo ho Chandra ho se litšelo tsa mali. Khoeli hamorao ho ile ha tlalehoa hore Chandra o phetse hantle.