Ho Hlalosa Liketsahalo tsa ho Tsoaloa Hangata
E ’NGOE ea likhanyetso tsa thuto ea ho tsoaloa hangata ke hore boholo ba batho lefatšeng ho hang ha ba hopole ba kile ba phela. Ho feta moo, ha ba nahane le ho nahana hore ba kile ba phela bophelo bo bong pele.
Ke ’nete hore ka linako tse ling re ba le boikutlo bo makatsang ba ho hopola motho eo re kopanang le eena ka lekhetlo la pele. Ntlo e itseng, toropo, kapa sebaka se nang le pono e ntle li ka bonahala li tloaelehile ho rōna, le hoja re tseba hore ke lekhetlo la pele re fihla moo. Leha ho le joalo, lintho tsena li ka hlalosoa ka ntle le ho sekamela thutong ea ho tsoaloa hangata.
Ka mohlala, libaka tse itseng litikolohong tse arohaneng li ka batla li tšoana, e le hore ha re etela sebaka se secha, re ka ba le boikutlo ba hore re kile ra fihla moo, le hoja re e-s’o fihle. Matlo a mangata, liofisi, mabenkele, litoropo, le libaka tse nang le pono e ntle likarolong tse itseng tsa lefatše li ka ba le ho tšoana ho itseng le litikoloho tse ling tse kang tsona libakeng tse ling. Hore ebe li bonahala li tšoana le seo re kileng ra se bona hase bopaki ba hore re kile ra fihla libakeng tseo bophelong bo fetileng. Li mpa li tšoana le libaka tseo re li tloaetseng.
Sena e boetse ke ’nete mabapi le batho. Ba bang ba tšoana haholo le ba bang ka chebahalo, hoo ho ka thoeng ke liea-thoteng li bapile. Motho a ka ’na a ba le mekhoa e re hopotsang motho e mong ea ntseng a phela kapa esita le ea seng a shoele. Empa re tsebile batho bao bophelong ba hona joale, eseng bophelong ba nako e fetileng. Ho tšoana ha litšobotsi kapa botho ha ho bolele hore re ne re tseba batho bana bophelong bo fetileng. Ha ho pelaelo hore bohle ka linako tse ling re ’nile ra fapanya motho e mong bakeng sa ea itseng. Empa batho bao ka bobeli ba phetse ka nako e tšoanang le uena eseng bophelong bo itseng ba nako e fetileng. Ha ho amane le ho tsoaloa hangata.
Tšusumetso ea ho Hohela
Esita le liphihlelo tsa tšusumetso ea ho hoheloa li ka hlalosoa ka ntle le ho sekamela thutong ea ho tsoaloa hangata. Karolo e ’ngoe ea kelello ea rōna e etsa ntlo ea pokello ea boitsebiso e khōlō ho feta kamoo re ka nahanang kateng. Boitsebiso bo fihla ntlong ena ea pokello ka libuka, limakasine, TV, seea-le-moea, le ka liphihlelo tse ling le lipono.
Boholo ba boitsebiso bona bo bolokoa sekhutlong se seng se patehileng sa karolo e ’ngoe ea kelello ea rōna hobane re sa bo hloke ka ho toba kapa hang-hang. Karolo e ’ngoe ea kelello ea rōna e tšoana le libuka tsa laebrari tse sa sebelisoeng haholo hona joale ’me ka hona li behiloe rakeng e khetholohileng.
Leha ho le joalo, tlas’a khoheli, boikutlo ba se hohetsoeng boa fetoloa e le hore mehopolo e lebetsoeng e ka hlahela. Batho ba bang ba li hlalosa e le tsa bophelo ba nako e fetileng, empa hase letho ha e se liphihlelo tsa bophelo bona tseo re neng re li lebetse ka nakoana.
Leha ho le joalo, ho na le liketsahalo tse seng kae tseo ho ka ’nang ha e-ba thata ho li hlalosa ka tsela ea tlhaho. Mohlala ke ha motho a qala ho bua “puo” e ’ngoe ha a le ka tlas’a tšusumetso ea khoheli. Ka linako tse ling puo eo e ea utloahala, empa hangata ha ho joalo. Ba lumelang ho tsoaloeng hangata ba ka ’na ba bolela hore ke puo eo motho eo a neng a e bua bophelong bo bong ba pele.
Empa, hoa tsebahala hore ho bua ka se bitsoang maleme ho boetse ho etsahala ha batho ba le boemong ba nyakallo e matla ea tumelo ho Molimo kapa ea bolumeli. Ba bang le liphihlelo tse joalo ba kholisehile hore ha ho amane le bophelo ba nako e fetileng empa hore ba susumetsoa ke matla a itseng a sa bonoeng bophelong bona.
Maikutlo aa fapana hore na matla ana ke afe. Polelong e kopanetsoeng ea Fountain Trust le Lekhotla la Boevangeli la Kereke ea Engelane, ho ile ha boleloa sena mabapi le ho bua ka maleme: “Re boetse rea hlokomela hore ketsahalo e tšoanang e ka hlaha ka tlas’a tšusumetso ea meea/bademona.” Kahoo ho nka hore liketsahalo tse joalo ke bopaki ba hore re phetse nakong e fetileng e ka ba ho etsa qeto ea bohata.
Liphihlelo tsa ho ba Makhatheng a Lefu
Ha ho le joalo, ho thoe’ng ka liphihlelo tsa ho ba makhatheng a lefu tseo batho ba reng ba bile le tsona? Tsena li ’nile tsa hlalosoa ke ba bang e le bopaki ba hore motho o na le sephefumolohi se tsoelang pele se phela ka mor’a ho shoa ha ’mele. Empa ho molemo le ho feta ho hlalosa liphihlelo tse joalo ka litsela tse seng kae tsa tlhaho.
Tokollong ea March 1991 ea makasine oa saense oa Sefora Science & Vie, mehato e fapaneng ea liphihlelo tsa ho ba makhatheng a lefu e bitsoa “ntho e tšoanang hantle le ho tleloa ke lipono tsa bohata kelellong ha bokahohle” hoo e leng khale ho tsejoa. Liphihlelo tse tšoanang ha lia lekanyetsoa ho ba bileng maemong a ho ba makhatheng a lefu. Li ka boela tsa hlahisoa ke “mokhathala, feberu, litlhaselo tsa ho shoa sethoathoa, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi.”
Pula-maliboho ea ho sebetsa methapo, Wilder Penfield, ea neng a sebetsa batho ba shoang sethoathoa ba neng ba shoesitsoe bohatsu moo ba sebetsoang feela, o ile a etsa tšibollo e thahasellisang. O ile a fumana hore ka ho tsosolosa likarolo tse fapaneng tsa boko ka electrode, o ne a ka etsa hore mokuli a be le boikutlo ba hore o tsoile ’meleng oa hae, o tsamaea ka tonnorong, ’me o kopana le beng ka eena ba shoeleng.
Ntlha e thahasellisang tabeng ena ke hore bana ba bileng le liphihlelo tsa ho ba makhatheng a lefu ba kopana, eseng le beng ka bona ba hlokahetseng, empa le bao ba kenang sekolo le bona kapa matichere—ba ntseng ba phela. Sena se supa hore liphihlelo tse joalo li na le ho sebetsana le moetlo ho itseng. Se bonoang se amana le bophelo ba hona joale, eseng le ho itseng ka ’nģane ho lefu.
Dr. Richard Blacher oa ngola ho makasine The Journal of the American Medical Association: “Ho ba makhatheng a lefu, kapa ho utloa bohloko ba boemo ba ’mele bo hlobaetsang, ke mohato; ho shoa ke boemo.” Ka mohlala, Blacher o bua ka motho eo ka lekhetlo la pele a palamang sefofane ho tloha United States ho ea Europe. Oa ngola: “Leeto la sefofane hase [ho ba] Europe.” Mohahlauli ea eang Europe, empa eo sefofane seo a se palameng se thinyang le ho khutla metsotso e itseng ka mor’a ho tloha, a ke ke a bolella batho ho eketsehileng ka Europe feela joalokaha motho ea hlaphoheloang boemong ba ho ea le mailiili a ke ke a bolella motho ka lefu.
Ka mantsoe a mang, ba bileng makhatheng a lefu ha e le hantle ha ba e-s’o ka ba e-shoa. Ba ile ba e-ba le phihlelo ea ntho e itseng ba sa phela. ’Me motho o ntse a phela esita le metsotsoana pele ho lefu la hae. Ba ne ba le makhatheng a lefu empa ba sa shoa.
Esita le bao lipelo tsa bona li emeng ka motsotsoana ’me eaba baa thusoa ehlile ha ba hopole letho le etsahetseng metsotsong eo ea ho ea le mailiili ha ho ne ho ka boleloa hore ba “shoele.” Seo ba se hopolang, haeba ho e-na le letho, e ka ba se etsahetseng nakong ea pele ho tšitiso eo e khutšoaane, eseng nakong ea eona.
Liphihlelo tsa ho ba makhatheng a lefu tse phatlalalitsoeng e batla e le ka linako tsohle li hlahisoang ka tsela e nepahetseng, le hoja ho tsejoa hore liphihlelo tse fosahetseng le tsona li ba teng. Setsebi sa mafu a kelello sa Lefora Catherine Lemaire o hlalosa tjena: “Ba e-s’o ka ba ba le phihlelo ea [ho ba makhatheng a lefu] e tšoanelang mohlala o boletsoeng ke IANDS [International Association for Near-Death Studies] ha ba na thahasello ea ho bolela pale ea bona.”
Ha ho Mohopolo
’Nete ke hore ha re na phihlelo ea bophelo haese boo re bo phelang hona joale, hore na ke bophelo nakong e fetileng kapa bophelo ka ’nģane ho lefu. Kahoo, ha re na mehopolo ea sebele ea letho haese ea bophelo boo re bo phetseng.
Ba lumelang ho tsoaloeng hangata ba re sona feela se boleloang ke ho tsoaloa hape ke ho fumana monyetla o mong oa ho ntlafatsa boemo ba rōna. Haeba ka sebele re ne re phetse bophelo bo bong pele, empa ebe re bo lebetse, ho lahleheloa ke mohopolo ho joalo ho ne ho tla baka kholofalo e khōlō. Ke ka ho hopola liphoso tsa rōna re ka ruang molemo ho tsona.
Hape, ba thoholetsang phekolo ea ho tsoaloa hangata ba na le boikutlo ba hore u ka sebetsana hamolemo le mathata a hona joale haeba, ka thuso ea ho hoheloa, u ka hopola bophelo bo bong ba pele ho bona. Thuto eo e bolela hore re tsoaloa hape hore re lokise ho hong, empa re lebala hore na ho hong hoo ke eng.
Ho lahleheloa ke mohopolo bophelong ba hona joale ho nkoa e le kholofalo. E lokela ebe hoa tšoana le tabeng ena. Ho hana ka hore ho lebala ho joalo ha ho na taba, kaha ke batho ba lokileng feela ba tsoaloang hape e le batho, hase taba e utloahalang mehleng ena ha bokhopo bo laola lefatše ho feta leha e le neng. Haeba ke batho ba lokileng feela ba tsoaloang hape e le batho, batho baa bohle ba khopo ba tsoa hokae? Na ha hoa lokela ho ba le ho qepha ha batho ba khopo? ’Nete ke hore: Ha ho motho, ea lokileng kapa ea khopo, eo le ka mohla a tsoaloang hangata ho qala bophelo bo bong e le motho kapa leha e le ntho e ’ngoe esele.
Leha ho le joalo, u ka ’na ua re, ‘Na ho tsoaloa hangata hase thuto ea Bibele?’ Ha re tšohleng potso ena sehloohong se latelang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]
Karolo e ’ngoe ea kelello ea rōna e tšoana le laebrari ea boitsebiso e bolokiloeng empa e ka hopoloa hamorao
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
“Ho shoa ke boemo,” eseng mohato.—Dr. Richard Blacher ho The Journal of the American Medical Association