Batsoali—E Bang ’muelli oa Ngoana oa Lōna
BATSOALI ba batlela bara le barali ba bona se molemo ka ho fetisisa. Ka sebele moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a laela bo-ntate ho hōlisa bana ba bona ka taeo ea Molimo. (Ba-Efese 6:4) Morena Salomone oa boholo-holo o ile a eletsa bacha: “Mamela seo ntat’ao le ’m’ao ba u bolellang sona. Thuto ea bona e tla ntlafatsa botho ba hao.”—Liproverbia 1:8, 9, Today’s English Version.
Joale, ke hokae moo likolo le litokisetso tsa batsoali tsa thuto li kenellang? Kamano mahareng a batsoali le matichere e lokela ho ba efe?
Likarolo tsa Batsoali le Matichere
Doreen Grant, mongoli oa phuputso ea tšusumetso ea sekolo tikolohong ea lelapa o re: “Batsoali ke . . . matichere a bohlokoa ka ho fetisisa a bana ba bona.” Empa joaloka motsoali, u ka thatafalloa ho amohela khopolo eo.
Mohlomong u hlokometse hore mekhoa ea thuto e fetohile haholo ho tloha nakong ea ha u ne u kena sekolo. Mehleng ea joale, likolo li fana ka lithuto tse neng li sa tsejoe mehleng ea pele tse kang lithuto tsa khaso, thuto ea bophelo le microelectronics. Sena se entse hore batsoali ba bang ba se ikopanye le sekolo. Dr. David Lewis oa ngola ho Help Your Child Through School: “Ho buisana le matichere a bana ba bona ho ka etsa hore motho e moholo ea itšepileng a ikutloe joaloka ngoana ea lilemo li hlano le ea bolelele ba maoto a mane. Ho e-na le ho buisana le matichere ka mathata joaloka batho ba babeli ba hōlileng, ba bang ba itšoara joaloka ngoana.”
Ka sebele, ke ha feela ho hlaha mathata a tebileng moo batsoali ba bang ba iteanyang le matichere a bana ba bona. ’Me hangata ba iteanya le bona ka morero oa ho tletleba. Leha ho le joalo, batsoali ba bangata ba ka etsa nyehelo ea bohlokoa thutong ea bana ba bona ka ho sebelisana ’moho le matichere.
Boikarabelo ba botsoali bo u hloka hore u hlahlobe le ho thahasella seo ngoana oa hao a ithutang sona sekolong. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Ke hobane matichere, boemong ba bona ba botichere, ba na le tšusumetso e itseng ea boitšoaro ho bana ba hao. Litekanyetso tseo ba li khomarelang li ama liithuti tsa bona hobane bana ba talima matichere e le mehlala ea boitšoaro e ka etsisoang. Matichere a mangata a ananela tšebelisano-’moho ea morutoana oa bona le batsoali.
Hlooho e ’ngoe ea sekolo Jeremane e ka boroa e ile ea ngolla batsoali: “Ho hlakile ho rōna matichere hore, ho feta selemong leha e le sefe se fetileng, hore bongata ba bana ba rōna, haholo-holo ba qalang ho kena sekolo [Jeremane ke ba lilemo li tšeletseng], ke bao boholo ba bona ba hlokang kutloelo-bohloko le ba se nang maikutlo, ba hlokang mekhoa e metle ka ho feletseng. Ba bangata ke ba hlokang taolo ka ho feletseng, ba hlokang litekanyetso; ba hlokang maikutlo a ho ba molato; ke baithati ka ho feteletseng; ba se nang mekhoa; ba mabifi ka ntle ho lebaka le utloahalang, ba khamang [ba bang] le ho ba rahaka.”
Tichere ena e tsoela pele: “Esita le hoja rōna matichere re na le bothata bo boholoanyane ka lebaka leo, ha re rate ho tletleba. Empa re lokela ho elelloa hore, ho sa tsotellehe boiteko bohle, sekolo se ke ke sa ruta le ho hōlisa bana ka ntle ho thuso ea batsoali. Re rata ho le khothaletsa hore ka bolōna le kenye letsoho haholoanyane khōlisong ea bana ba lōna, ’me le se lumelle tšusumetso ea thelevishene kapa tikoloho ho nka seo e leng karolo [ea boikarabelo] ba khōlo ea botho ba bona, le ba rute litekanyetso tsa boitšoaro.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Esita leha matichere a etsa boipiletso bo joalo ba tšebelisano-’moho, batsoali ba bangata ba sa ntse ba tsila-tsila ho thusa. David Lewis o re: “Hase hobane ba sa tsotelle, kapa ba tšoarehile haholo kapa ba sa itšepe, empa lebaka ke hore ba na le tšepo ea hore ho sa tsotellehe boleng ba mosebetsi oa ngoana sekolong, sena ha se amane ka letho le khōliso le hore sohle se amana le liphatsa tsa bona tsa lefutso.” Ka ho hlakileng khopolo ena hase ’nete.
Joalokaha mathata a lapeng a ka ama mosebetsi oa ngoana oa sekolo, bophelo bo botle ba lelapa bo ka thusa ngoana ho rua molemo sekolong. Phuputso e ’ngoe ea thuto e fihletse qeto ena: “Tikoloho ea lelapa ke eona e ikarabellang bakeng sa katleho le ho hlōleha thutong ho feta sekolo.” Buka How to Help Your Child Through School ea lumela: “Esita le motsoali ea tšoarehileng ka ho fetisisa o lokela ho hlokomela hore boikutlo ba bona—thahasello le khothatso tseo ba li bontšang, le tšehetso eo ba fanang ka eona, le hoja ba se teng le ngoana—e ka ba tsa bohlokoa ho tsoelo-pele ea ngoana.”
Joale, ke joang u ka finyellang tšebelisano-’moho e molemo le matichere a ngoana oa hao?
E-ba ’Muelli oa Ngoana oa Hao
(1) Thahasella ka mafolo-folo seo ngoana oa hao a ithutang sona sekolong. Nako e molemo haholo ea ho qalisa sena ke ha ngoana oa hao a qala ho kena sekolo. Hangata bana ba banyenyane ba amohela thuso ea batsoali ha molemo ho feta bana ba hōlileng.
Bala hammoho le ngoana oa hao. Ho latela David Lewis, “hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea mokhoa oa motheo oa ho ithuta o etsoa ka ho bala.” Ka hona u ka phethahatsa karolo ea bohlokoa ho hōlisa mokhoa oa ngoana oa hao oa ho bala ka tsela e phollatsi. Bafuputsi ba etsa tlhahiso ea hore tsoelo-pele ea bana ba thusoang ho bala lapeng hangata e feta ea bana ba fumanang thuso ea matichere ao ka ho khethehileng a fanang ka thuso ea ho bala sekolong.
Ka ho tšoanang, u ka thusa ngoana oa hao ho ngola, e, le lipalo. Ted Wragg eo e leng tichere o re: “Ha ho hlokahale hore u be setsebi sa lipalo hore u thuse ka lipalo tsa motheo.” Ha e le hantle, haeba ka bouena u hloka thuso litšobotsing tsena, se lumelle ho hloka tsebo ho u nyahamise ho bontša thahasello ea sebele ho seo ngoana oa hao a ithutang sona.
(2) Buisana le tichere ea ngoana oa hao ka lenaneo la thuto. Ka ho bala buka e bontšang lenane-thuto la sekolo, hlokomela seo ngoana oa hao a tla se rutoa. Ho etsa joalo ho tla u hlokomelisa ka libaka tse nang le mathata pele selemo se qala. Joale, ho etela tichere ho buisana le eona kamoo litakatso tsa motsoali li ka hlomphuoang ho tla bula tsela bakeng sa tšebelisano-’moho e molemo. Sebelisa liboka tseo likolo li li lokisetsang bakeng sa hore matichere a tloaelane le batsoali. Matsatsing a khethehileng ao batsoali ba mengoang ho ea sekolong, etela sekolo ’me u buisane le matichere a ngoana oa hao. Likopano tse joalo li ipakile e le tsa bohlokoa, haholo-holo ha ho hlaha mathata.
(3) Thusa ngoana oa hao ho khetha lithuto tsa hae. Tseba lithuto tseo ngoana oa hao a li ratang le tseo a sa li rateng. Bua ka lipakane tsa bohlokoa. Buisana le matichere ka lithuto tsohle tse leng teng. A tla tseba ka mathata leha e le afe a ka khinang khetho ea lithuto.
Maikutlo a mabe a ka qojoa ka puisano e hlakileng. Likolo tse ngata li hatella liithuti tse bohlale ho phehella thuto e phahameng. Empa liithuti tse ling tse khethang tšebeletso ea Bokreste e le mosebetsi oa tsona ka kakaretso li qoba thuto ea univesithi e nkang nako e telele. Ho e-na le hoo, haeba li khetha thuto ea sekolo, li khetha lithuto tse tla li hlomella hamolemo ho itjara. Ka linako tse ling matichere a hlokolosi ka phoso a talima sena e le ho latola sohle seo ba lekileng ho se ruta. Tlhaloso ea hao e mosa ho matichere ka menyetla eohle ea thuto e eketsehileng e bulehetseng ngoana oa hao lefapheng leo a le khethileng ka boeena e tla tiisetsa matichere hore batsoali ba Bakreste ba batla hore bana ba bona ba tsoele pele ba ithuta.a
Katamelo e Loketseng
U ka qoba masisa-pelo a mangata le likhathatso thutong ea ngoana oa hao ka ho hopola hore tšebelisano-’moho e atlehileng e theiloe puisanong e molemo.—Ka kōpo bona lebokose “Mehato e Molemo ea Puisano Mahareng a Motsoali le Tichere.”
Ho e-na le ho nyatsa le ho tletleba, eba ’muelli oa ngoana oa hao ka ho iteanya le matichere le ho sebelisana-’moho le ’ona. Ho etsa joalo ho tla thusa ngoana oa hao ho fumana se molemo ka ho fetisisa sekolong.
[Foonote]
a Lipaki tsa Jehova tse khethang tšebeletso ea Bokreste e le mosebetsi oa tsona le ho sebeletsa joaloka baboleli ba nako e tletseng li na le monyetla oa ho ea libeke tse peli Sekolong sa Tšebeletso sa Bo-pula-maliboho. Tse ling hamorao li tšoaneleha ho ngolisetsa thupelo ea likhoeli tse hlano ea ho koetlisetsoa boromuoa e hlophisoang ke Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ho li hlomella joaloka baromuoa.
[Lebokose le leqepheng la 10]
Mehato e Molemo ea Puisano Mahareng a Motsoali le Tichere
1. Tseba matichere a ngoana oa hao.
2. Hlahloba lintlha tsa hao hantle pele o etsa boipelaetso leha e le bofe.
3. Haeba u khenne kapa u halefile, theola maikutlo pele u buisana le tichere.
4. Pele u kopana le tichere, ngola lipotso tseo u tla batla ho li botsa, ’me u ngole lipakane tseo u tšepang ho li finyella.
5. Bolela boemo ba hao ka ho tiileng le ka ho hlakileng, ebe u sebelisana le tichere ho bona hore na ke mehato efe e sebetsang e ka nkuoang ho hlōla mathata leha e le afe.
6. Ipehe boemong ba tichere. Ipotse hore na ke’ng seo u neng u tla se etsa haeba u le boemong ba eona. Sena se tla u thusa ho ba le puisano e nang le phello e molemo.
7. Mamela ka hloko le ho bua ha ho tšoanetse. U se ke ua tšaba ho botsa lipotso haeba ho na le ntho eo u sa e utloisiseng. Haeba u sa lumellane le se boleloang, bontša hore ha u lumele ’me ka boikokobetso o hlalose lebaka.
—E theiloe ho Help Your Child Through School, ea Dr. David Lewis.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Bala le ngoana oa hao
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Etela matichere ho buisana ka lenaneo la thuto la sekolo
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Thusa bana ba hao ho khetha lithuto