Ho Boela Sekolong—Hobane’ng?
HO BATLA mosebetsi ha Robert e ne e le phihlelo e nyahamisang e ileng ea nka lilemo tse tharo. Qetellong, ha a le lilemo li 21, o ile a hiroa e le moeletsi sebakeng sa ho hloma litente nakong ea phomolo ea sekolo ea lehlabula. Le hoja hona joale a batla a imolohile, Robert o ne a khathalitsoe ke ho batla mosebetsi hoo ho tepeletsang. O re: “Batsoali ba rōna ha ba utloisise. Ho boima haholoanyane mehleng ena.”
Joaloka Robert, bacha ba bangata ba sa tsoa qeta sekolo ba qala ho sebetsa selemo le selemo. Ba na le litaba-tabelo. Ba na le merero. Empa ba eketsehileng ba fumana hore ha ba fumane mosebetsi oo ba neng ba o lebelletse.
Kahoo, ba bangata ba eketsa nako ea bona ea ho kena sekolo.a Makasine Fortune o re: “Haeba lilemo tsa Bo-1970 li ile tsa fana ka letšoao le sa khothatseng ka melemo ea thuto, lilemo tsa Bo-1980 li khothallelitse letšoao le fapaneng: Fumana lengolo la thuto e phahameng kapa u latsoe liphello.”
Ke Hobane’ng ho E-na le Bothata?
Ke hobane’ng ha thuto ea tlatsetso hangata e hlokahala? Lebaka la pele, mesebetsi e mengata kajeno e hloka tsebo e phahameng haholoanyane. Moemeli oa Lefapha la Mesebetsi United States o re: “Mosebetsi oa banka ea neng a amohela chelete e bolokoang o se a nketsoe sebaka ke mochine oa chelete. Joale [mosebetsi oa banka] o se a lokela ho ntlhalosetsa ka mefuta e meraro ea poloko ea chelete ’me a ntlhalosetse hore na hobane’ng ke hloka ena eseng eane.” William D. Ford, molula-setulo oa Komiti ea Thuto ea Lapeng le Mesebetsi, o re: “Mesebetsi e bonolo e felile.”
Lebaka la bobeli, ba bang ba na le boikutlo ba hore likolo ha li fe liithuti thuto e lekaneng. Ba re ho hatisa litaba tse kang tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, AIDS, le ho laola pelehi ho pupetsa ho ruta ho bala, ho ngola, le lipalo. Dr. Robert Appleton, ea nang le lilemo tse 27 e le tichere, o tletleba ka hore tsamaiso ea sekolo e bonahala e fetohile “tokisetso ea tšebeletso ea sechaba” e nang le mojaro oa ho “sebetsana le mathata a neng a sa nkoe e le karolo ea mosebetsi oa sekolo.”
E le phello ea ho hlōleha ha likolo tse ling ho ruta liithuti tsebo e hlokahalang, ba bangata ba qetileng sekolong se phahameng ha ba khone ho iphelisa. Joseph W. Schroeder, mookameli oa ofisi ea Tšebeletso ea Mesebetsi ea Florida o re: “Ha baa rutoa ho sebetsa. Tšebelisanong le batho ba bacha bothata boo bahiri ba mpolellang bona kamehla ke hore ha ba tsebe ho bala kapa ho ngola hantle. Ha ba khone ho tlatsa kōpo ea mosebetsi.”
Lebaka la boraro leo thuto ea tlatsetso e ka hlokoang ka lona ke hore linaheng tse ngata ho na le batho ba bangata ba tsoang likolecheng ba ka koalang likheo mesebetsing. The New York Times e re: “Ba tsoang likolecheng ba bangata ho feta mesebetsi e teng e hlokang tsebo ea bona.” Tlaleho eo e ea phaella: “Ha ho talingoa bongata bona, bahiri ba lekhonono ho ipeha kotsing ea ho hira ba tsoang likolong tse phahameng.”
Hore ba tšoanelehele mefuta ea mesebetsi eo ba e hlokang hore ba iphelise hamolemo, ba bangata ba boela sekolong. United States, ba etsang karolo ea 59 lekholong ba ntšetsa pele thuto ea bona ho phaella ho ea sekolo se phahameng. Sena se bonahatsa keketseho e khōlō ho tekanyo ea karolo ea 50 lekholong e ileng ea lula e sa fetohe ka lilemo tse mashome.
Litšekamelo tse tšoanang li hlokomeloa le linaheng tse ling. Ka mohlala, ho tloha ka bo-1960, Brithani e ’nile ea bona keketseho e khōlō tekanyetsong ea liithuti tse kenang sekolo ho feta tekanyo e tlamellang. Selemong se seng se sa tsoa feta, Australia karolo ea 85 lekholong ea ba qetang sekolong se phahameng ba ile ba etsa likōpo tsa ho ntšetsa pele thuto ea bona liunivesithing le likolecheng tse fapaneng. Liithuti tsa Japane tse ka etsang karolo ea 95 lekholong li ngola litlhahlobo tsa ho fumana lilemo tse eketsehileng tse tharo tsa thuto, moo li koetlisetsoang mosebetsi kapa koleche.
Leha ho le joalo, hase ka linako tsohle thuto ea tlatsetso e fanang ka melemo e batloang. Melemo le likhaello tsa eona ke life?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsela eo lihlopha tsa thuto li bitsoang ka eona e fapana ho ea ka linaha. Lihloohong tsena “sekolo se phahameng” se bolela thuto e tlamellang ka ho felletseng. “Koleche,” “univesithi,” “sekolo sa mosebetsi oa matsoho,” le “sekolo sa mosebetsi oa boipheliso” li bolela mefuta ea thuto ea tlatsetso e sa hlokoeng ke molao empa e hahamalloa ka boithatelo.