Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 9/8 maq. 28-30
  • Nka Hlaphoheloa Joang ka Mor’a Lefu la Ntate?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Hlaphoheloa Joang ka Mor’a Lefu la Ntate?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Nako e Teng ea ho Lla”
  • Sebeletsa ho Hlōla Tlhomoho ea Hao
  • Bua le e Mong
  • Ho Tšehetsa Motsoali oa Hao
  • Nka Tobana Joang le ho Shoeloa ke Motsoali?
    Tsoha!—2009
  • Na Tsela eo ke Sareloang ka Eona e Tloaelehile?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha Ntate a Ile a Tlameha ho Shoa?
    Tsoha!—1994
  • Nka Phela le ho Sareloa ha ka Joang?
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 9/8 maq. 28-30

Nka Hlaphoheloa Joang ka Mor’a Lefu la Ntate?

“Ntate o ile a hlokahalla sofeng. Ke ile ka mo fumana moo. O ne a ile a hlaseloa ke lefu la pelo. E bile ho tšosang haholo hobane ke ne ke e-na le kamano e haufi-ufi le eena. . . . ’Mè o ntse a lla bosiu. Ho utloahala e le ho fapaneng ho etsa lintho ka ntle ho ntate.”—Emily.

MONGOLI Kathleen McCoy o re: “Lefu la motsoali kapa setho se haufi sa lelapa ke leqeba le tebileng ho mocha. Ka nakoana a ka ’na a ikutloa a imetsoe haholo ke mesarelo, ho ba molato, tšabo le khalefo.” Haeba o kile oa lahleheloa ke motsoali, u tseba hantle hore na ho ka ba bohloko hakae.

Leha ho le joalo, ke ha tlhaho, ho ikutloa u tšoasehile pherekanong ea maikutlo ha eo u mo ratang a e-shoa. Bibele e re ha opatriareka Jakobo a ne a bolelloa hore mora oa hae Josefa o shoele, o ile a “hahola likobo tsa hae” a le mesarelong e meholo. Esita le hoja “bara ba hae kaofela, le barali ba hae kaofela, ba tla ho mo tšelisa, . . . a hana ho itšelisa.” (Genese 37:34, 35) Ka ho tšoanang u ka ’na ua ikutloa eka bohloko bo tebile hoo bo ke keng ba fela le ka mohla.

Ha nako e ntse e feta bo ka fela. Empa seo e leng sa bohlokoa ke ho sebetsana le bohloko ba hao ka ho toba, ho e-na le ho iphapanyetsa bona. Ka mohlala, John e monyenyane, o ne a sa fane ka matšoao a kantle a hore o mesarelong ea lefu la setho sa lelapa. Leha ho le joalo, o ile a qalella ho kena lintoeng sekolong. John o ile a hlalosa: “Ke ntse ke tsamaea ka lekukuno le leholo, le hlokofatsang ka hare ho ’na. Ke ’nile ka leka ho le thuha ka ho kena lintoeng empa ha hoa ka ha atleha.”

Bacha ba bang ba leka ho bipetsa bohloko ka ho itahlela ka setotsoana setsokotsaneng sa mosebetsi. Ha ba bang ba ba botsa hore na ba ntse ba e-ea joang, ba ka ’na ba qoba lipotso tse joalo ka ho bonahatsa nyakallo e phoqang. Ho etsa joalo ho ka ’na ha pata maikutlo a utloileng bohloko ka nakoana, empa eseng ka nako e telele. Liproverbia 14:13 e re: “Motho leha a tšeha, pelo ea hae e ntse e hlomohile.”

Ka ho thahasellisang, sehlooho se seng makasineng o sekametseng ho bacha se re: “Phuputsong e ’ngoe, bacha ba ileng ba hatella maikutlo a bona a tlhaho a ho sareloa, ho halefa kapa ho ikutloa molato ka mor’a lefu la mong ka bona . . . ho bontšitsoe khafetsa ba ameha boitšoarong bo senyang, joaloka tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le tahi, ho ipeha kotsing (joaloka ho khanna makoloi ka lebelo le phahameng) le boitšoaro ba botloko-tsebe.” Ka lehlohonolo ho na le litsela tse molemo tsa ho loana ka katleho le mesarelo.

“Nako e Teng ea ho Lla”

Moeklesia 7:2 e re: “Ho molemo ho ea ka tlung ea bofifi, ho e-na le ho ea ka tlung ea menyaka, hobane mane ke moo ho fellang motho e mong le e mong, ’me motho ea phelang o nahana teng.” Lefu le ka tšosa. ’Me ha motsoalle kapa ea ratoang a e-shoa, ba bang ba ka ’na ba leka ho pata ’nete ea hore ba utloile bohloko ba lefu ka ho ea “tlung ea menyaka” le ho inehela meketeng ea boithabiso. Leha ho le joalo, Salomone o khothaletsa ho tobana le lefu ka phatla le ho ea ka “tlung ea bofifi.” Salomone oa eketsa: “Mesarelo e molemo ho feta litšeho: hobane ka masoabi a sefahleho pelo e etsoa hore e ikutloe hamolemonyana.”—Moeklesia 7:3, King James Version.

Le hoja keletso ena haholo-holo e ne e tobisitsoe ho metsoalle le lelapa la ea shoetsoeng, ho boetse ho molemo ho ea shoetsoeng ho talimana le bohloko ba tahlehelo ea hae. “Nako e teng ea ho lla.” (Moeklesia 3:4) Kahoo, banna le basali ba tšabang Molimo ba mehleng ea Bibele ba ile ba bonahatsa maikutlo a ho sareloa, ho e-na le ho a hatella.—Bapisa le Genese 23:2; 2 Samuele 1:11, 12.

Ho itumella hore motho a sareloe ho na le melemo e mengata. Buka The Art of Condolence e re: “Ho hlokahala hore ba shoetsoeng ba lumelle ho utloa bohloko le tsieleho mahlomoleng a bona hore li etsahale. Mohato o hananang le sena o ka thibela ho fola.” Leha ho le joalo, ka ho susumetsoa ke tšōmo ea hore monna ke nku ha a lle, bashemane ba bang ba ka ’na ba ho fumana ho le thata ka ho khethehileng hore ba bonahatse maikutlo a bona. Empa motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela o ile a “lla” phatlalatsa ha motsoalle oa hae Lasaro a ne a e-shoa. (Johanne 11:35) ’Me meokho e loketse e le kannete ha motho a shoetsoe ke motsoali. Kahoo ikutloe u lokolohile ho siama le ho lla. (Bapisa le Jakobo 4:9.) Buka Death and Grief in the Family e re: “Ho lla ke e ’ngoe ea litsela tsa bohlokoahali ea ho ntša bohloko.”

Sebeletsa ho Hlōla Tlhomoho ea Hao

Mehleng ea Bibele, Morena Davida o ile a bonahatsa mesarelo ea hae bakeng sa motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo, Jonathane, eseng feela ka ho lla empa le ka ho hlalosa maikutlo a hae ka ho ngola. Ho koli-ea-malla e ipiletsang eo a ileng a e bitsa “Seqha” Davida o ile a ngola: “Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngoan’eso: u no u khahleha ho ’na.”—2 Samuele 1:18, 26.

Le uena ka ho tšoanang u ka ’na ua ho fumana ho le molemo ho ntša maikutlo a hao ka ho ngola. Buka e bitsoang Giving Sorrow Words e re: “Ho ngola maikutlo a hao fatše ho ka thusa ho ntšetsa kantle boikutlo bo koaletsoeng ka hare. . . . Ha u halefa, ha u ikutloa u hlomohile, ho ngole fatše.” Ngoanana e mong eo e leng mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20 ea bitsoang Shannon o re: “Ke ile ka boloka bukana ea ho ngola lintlha tsa letsatsi. Ke ile ka ngola maikutlo a ka kaofela. Ke ile ka ngola maikutlo a ka pampiring ke sa pate letho. Sohle seo ke ileng ka se utloa se ne se ngotsoe pampiring ’me seo se ile sa thusa haholo . . . ho ngola sohle.”

Thuso e ’ngoe ke boikoetliso ba ’mele. Bibele e re: “Tlhakiso ea ’mele e na le molemo.” (1 Timothea 4:8, NW) Buka e ’ngoe e buang ka ho sareloa ea hlokomela: “Boikoetliso ke tsela e ’ngoe ea ho ntša matla.” Ho khothalla ho matha, ho tsamaea ka potlako, kapa ho palama baesekele ho khathollang ho ka etsa ho hongata bakeng sa ho u thusa ho sebetsana le khatello ea kelello e hōlisoang ke ha u hlomohile le ha u le mesarelong.

Bua le e Mong

Leha ho le joalo, e-ba hlokolosi hore u se ke ua ikarola ho ba bang. (Liproverbia 18:1) Liproverbia 12:25 (NW) e re: “Ho tšoenyeha ho feteletseng pelong ea motho ke hona ho tla e fokolisa, empa lentsoe le loketseng ke lona le e thabisang.” Motho ea tšoenyehileng a ka fumana “lentsoe le loketseng” la khothatso joang? E ka ba feela haeba a ka bua le e mong ’me a hlalosa “ho tšoenyeha ho feteletseng.” Ke hobane’ng ha u sa etse joalo ka bouena? Itlhalose ka bolokolohi ’me u bue le motho e mong eo u ka mo tšepang.

Ka ho tloaelehileng, e ka ba ho utloahalang ho atamela motsoali oa hao ea tšabang Molimo. Empa ho thoe’ng haeba le eena a imetsoe ke bohloko haholo hoo a ke keng a fana ka thuso e kaalo? Ka ho hlakileng, ho na le litho tse hōlileng tsa phutheho ea Bokreste tse ka thusang. Liproverbia 17:17 (NW) e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke ngoan’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le tsieleho.” Ka morao ho lefu la ’mè oa hae, Morfydd o ile a itšetleha haholo ka phutheho ea Lipaki tsa Jehova ea sebakeng seo. Oa hopola: “Baholo bohle e ne e le ba tšehetsang haholo, empa e mong ka ho khethehileng o ne a lula a le malala-a-laotsoe bakeng sa ho ’mamela.”

Ke hobane’ng u sa etse boiteko ba ho fumana thuso le tšehetso e joalo? Etsa hore e mong a tsebe hore u batla ho bua. Mohlomong u ikutloa u halefile, u tšohile, kapa u le molato. Kapa mohlomong u mpa u ikutloa u jeoa ke bolutu ’me u hlolohetsoe motsoali oa hao. Ho hlalosa maikutlo a hao ho motho ea mamelang ka kutloelo-bohloko ho ka ’na ha thusa e le kannete.

Ho Tšehetsa Motsoali oa Hao

Leha ho le joalo, bacha ba bang, ba ile ba ekeletsa tsieleho ea bona ka ho itjarisa boikarabelo boo ba sa itokisetsang ho bo nka. Ha joale boemo ba lelapa bo ka ’na ba bonahala bo tsoile taolong hape bo sa hlophiseha. Ka ho utloisisehang motsoali ea setseng a phela a ka ’na a ba pherekanong, a khopeha habonolo—le ho hlomoha. Ka ho bona bohloko ba hae ka tlhaho u batla ho thusa. Setsebi se seng tabeng ea ho sareloa se hlokometse hore “batho ba leng lilemong tsa bocha . . . ba ka ’na ba hatella maikutlo a bona a ho siama ka boiteko bo sothehileng ba hore ba thusa batsoali ba bona.” Ba ka ’na “ba itšoara joaloka ‘batho ba baholo’ pele ho nako, mohlomong esita le ka ho nka boikarabelo bo eketsehileng.”

Ka ho hlakileng, u ka ’na ua hloka boikhethelo empa ua lokela ho nka boikarabelo bo bong bo eketsehileng ka lebaka la lefu la motsoali oa hao. Empa sena ha se u etse hlooho ea lelapa. Motsoali oa hao ea setseng a phela e ntse e le eena ea ikarabellang, ’me u ka mo tšehetsa hamolemonyana, eseng ka ho mo okamela empa ka ho ba le tšebelisano-’moho le ho mo mamela. (Ba-Efese 6:1) Hopola hore “bohlale bo ho ba ikokobetsang.” (Liproverbia 11:2) Boikokobetso bo amana le ho tseba meeli ea hao.

Sena ke sa bohlokoa ka ho khethehileng hore u ka se hopola haeba motsoali oa hao ea setseng a phela a ka qala ho itšetleha ka uena bakeng sa keletso kapa a qala ho u jarisa lingongoreho tsa batho ba baholo. U batla ho ba mosa le ho ba ea tšehetsang, empa boikokobetso bo tla u thusa hore u hlokomele hore phihlelo ea hao ea bophelo e sa ntsane e lekanyelitsoe haholo. (Bapisa le Ba-Heberu 5:14.) Ka hona haeba u qala ho ikutloa u batla u imetsoe, bua ka mathata le motsoali oa hao ka mokhoa o tobileng empa e le o nang le tlhompho. (Liproverbia 15:22) Mohlomong u ka ’na ua etsa tlhahiso ea hore a batle tšehetso ea batho ba bang ba baholo ka phuthehong.

Ho sebetsana ka katleho le lefu la motsoali hase ntho e bonolo ho hang. Empa kholiseha hore ka mor’a nako e itseng, ha u sa tla hatelloa ke maikutlo a ho hlomoha. (Bapisa le Genese 24:67.) Ho hopola motsoali oa hao ea hlokahetseng ka ho hlomoha ho tla ’ne ho tle mohopolong oa hao nako le nako. Leha ho le joalo u boetse u na le mehopolo e monate le e tšelisang eo u ka nahanang ka eona. Le ka mohla u se lebale hore Jehova oa u tsotella hape o utloisisa mahlomola a hao. Ha u ikutloa u jeoa ke bolutu ebile eka u lahliloe, nahana ka mantsoe a mopesaleme: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.”—Pesaleme ea 27:10.

Hape, tsoela pele u nahana ka tšepo ea tsoho e thehiloeng Bibeleng le tebello ea ho bona motsoali oa hao hape—lefatšeng la paradeise. (Luka 23:43; Liketso 24:15) Kim e monyenyane ea ileng a lahleheloa ke ntate oa hae ka lefu o re: “Ke nahana ka ntate letsatsi le leng le le leng. Empa kea tseba hore o ne a ke ke a batla ho re re tele kapa ho lumella ntho leha e le efe ho re thibela ho sebeletsa Jehova. Ke batla ho ba teng le ho mo lumelisa ha a khutla tsohong.”—Johanne 5:28, 29.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Ha motho a itumella ho lla ho ka thusa tšebetso ea ho fola

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela