Batsa Baa Botsa . . .
Lifeshene tse Ratoang ka ho Feteletseng—Li Khahlisa ka Eng?
AVERY e mocha ke e mong oa bacha ba likete-kete—mohlomong ba limilione—ba susumelitsoeng ka matla ke feshene e ratoang ka ho feteletseng ea ho apara likipa tse ngotsoeng mapetjo. Ho hlakile hore likipa tse nang le mapetjo li ’nile tsa e-ba teng ka nako e telele; mohlomong le batsoali ba hao ba ne ba li apara haesale bacha. Leha ho le joalo, ho ea ka makasine oa Newsweek, ho na le tšobotsi e ncha fesheneng ena e ratoang ka ho feteletseng. Hona joale bacha ba bang “ba etsa mponeng ka likipa tse bontšang melaetsa e nkiloeng mokhoeng o nyonyehang oa bophelo.”
Likipa tse ncha li na le mapetjo ao boholo ba ’ona a ke keng a ngoloa le ho ngoloa. A fapana ho tloha ho litlhaloso tse nyelisang merabe e meng ho ea ho lipuo tse litšila ka basali. Balateli ba feshene ena e ratoang ka ho feteletseng ba bonahala ba se na kameho bakeng sa kamoo ba bang—ho akareletsa le batsoali ba bona—ba ikutloang kateng ka mapetjo ana a litšila. Ha Andrea ea lilemo li 18 a ne a botsa mocha e mong hore na ke hobane’ng ha a apara sekipa seo ka ho khethehileng se khopisang, “o ne a sa tsebe seo a ka se buang, a mpa a ikemela ka hore, ‘Ke ntho e ratoang’ le hore ‘Ke ntho e tloaelehileng.’”
Ka mashome a lilemo a fetileng, lifeshene tse ratoang ka ho feteletseng tse makholo-kholo li hapile tlhokomelo ea bacha. E ’ngoe ea lifeshene tse neng li ratoa ka ho fetisisa—ebile e le molemo—ka linako tsohle e ne e le ho hlanyetsa Hula-Hoop e ileng ea tuma United States morao koo ka bo-1950. Khutlela morao ka lilemo tse seng kae pejana ho moo, ha ho koenya tlhapi e ntseng e phela le ho bona hore na ke batho ba bakae ba neng ba ka fella ka lephepheng la lithelefono li ne li tumme. Lilemong tsa morao tjena, break dancing, libokate tse thuntseng, li-skateboard, le ho “sōsōla” (ho matha seterateng motho a le pōsho) kaofela e ’nile ea e-ba lintho tse ratoang haholo. Mongoli e mong oa Bibele o hlokometse: “Pono ea lefatše lena ea fetoha.” (1 Ba-Korinthe 7:31, NW) Kajeno, lifeshene tse ratoang ka ho feteletseng tse ngata-ngata—tse ling e le tse fapanang ho tloha linthong tse booatla ho isa ho tse kotsi—hona joale ke lintho tse ratoang ka ho fetisisa har’a bacha.
Bacha le Liaparo tsa Bona tsa Feshene tse Ratoang ka ho Feteletseng
Ka mohlala, nahana ka liaparo. Ho ea ka makasine oa Time, ’mino oa rap (oo hangata o bitsoang hip-hop) “mohlomong hona joale ke oona oo Amerika e o rekisetsang linaha tse ling ka katleho e fetisisang linthong tse sebelisang lielektronike kaha o phunyeletsa, le ho laola hoo e ka bang mokhoa oa bophelo oa bacha bohle lefatšeng ka bophara.” Empa, joalokaha u tseba hantle, rap ke ho fetang feela ho ba ’mino. Time ea eketsa: “Rap e boetse ke sehlahisoa sa lefatše ka bophara sa feshene. Liphetoho tsa sebakeng ka seng tseo motheo oa tsona e leng moaparo oa seterateng oa Amerika—marikhoe a maholo, liteki tse bitsang chelete e ngata, likipa tse khōlō tse nang le kapi, makhatsi-khatsi a mabenyane—li bonoa hohle.” Mekhoa ea hip-hop e phahamisitsoe haholo ke lihlopha tsa likhalala tsa ’mino—le livideo tsa ’mino—hore e be e hōlang kapele hakana.
Ho shebahala u apere liaparo tse u fetang ha ho bolele hore u tlaase—hangata liteki tse koahelang maqaqailane tsona feela li bitsa chelete e ngata haholo! Empa bacha ba bangata ba ikutloa hore li loketse theko eo. Ho ea ka mocha e mong ea bitsoang Marcus, “haeba u sa apare liaparo tse u fetang, ha u le-hip hop.”
Seo ke sona se hlileng se leng molemo ho bacha ba sekametseng mokhoeng o tloaelehileng oa ho shebahala ba le “bohlasoa.” Libokate tse tabohileng le lihempe tse sekoche tse khethollang moaparo ona o bohlasoa li ile tsa tumisoa ke lihlopha tse ling tsa rock tsa Amerika tse neng li sebetsa ka sekhukhu. Mongoli e mong o ile a ho bitsa junifomo ea “bohlasoa,” “ho iketsa eka motho ke mofutsana.” Ka sebele, e mpa e le boiketsiso feela. Ho apara ka tsela e sa tsotelleng ho ka u etsa ea tlaase. Joale ho na le “lifeshene tse khutlang.” Ho ea ka makasine oa Canada Maclean’s, tsena ke “lifeshene tse tsosolosang mekhoa e neng e chesehelloa ka nakoana ho tloha bofelong ba bo-1960 le mathoasong a bo-1970.” Batho ba baholo ba sheba ka makalo e khōlō ha bacha ba lefa litheko tse phahameng bakeng sa lintho tsa bona tsa botho—tse kang lieta tse phahameng tse morumo o motenya le marikhoe a libelebothomo—tse bonahalang li tsoile fesheneng khale joaloka ’mino oa disco.
Theknoloji e Phahameng e Talingoang e le Feshene e Phahameng
Li-pager tsa elektronike tse kenngoang pokothong, kapa li-beeper, ke mohlala o mong oa kamoo bacha ba nahanang ba ka fetolang ntho leha e le efe ka ho feletseng hore e be feshene e phahameng. Qalong li ne li sebelisoa ke lingaka le litsebi tse ling tseo kamehla li lutseng li letetse ho bitsoa, kahoo kapele-pele li-beeper li ile tsa tuma haholo li sebelisoa ke barekisi ba lithethefatsi ba metseng ea litoropo. Li-beeper li ne li nolofaletsa barekisi ho lokisetsa ho kopana le batho bao e ka ’nang ea e-ba bareki. Ho ea ka The New York Times, “tšebeliso ea tsona [li-pager tse kenngoang pokothong] e ile ea ata hoo li ileng tsa fetoha letšoao la mokhoa oa bophelo oa batho ba sebelisang lithethefatsi.” Hase ho makatsang ha liboto tsa likolo sechabeng ka bophara li ile tsa qala ho thibela li-beeper tse nyenyane sekolong!
Leha ho le joalo, ha hoa ka ha e-ba le katleho. Li-beeper li fetohile tse tloaelehileng haholo har’a bacha ba metseng ea litoropo. Ba bang ba li sebelisetsa seo li se reretsoeng, e le lisebelisoa bakeng sa puisano, ho nolofaletsa batsoali ba bona ho lula ba tseba hore na ba hokae kapa hore ba ba tsebise ha ho hlaha boemo ba tšohanyetso. Empa ho bacha ba bang, sesebelisoa sena e mpa feela e le sesebelisoa sa feshene sa tlatsetso. Ho ea ka Times, “bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba kenya li-beeper mekotlaneng e jaroang, lipokothong tsa libaki le mabanteng. Ho na le lisupa-nako tsa li-beeper, lithae tsa li-beeper, lipene tsa li-beeper, li-beeper tse putsoa, tse pinki le tse khubelu, le li-beeper tse tloaelehileng tsa khale tse ntšo le tse sootho.” Le hoja batho ba bang ba hōlileng ka ho itlelang feela ba ntse ba amahanya li-beeper le tšebeliso ea lithethefatsi, ofisiri e ’ngoe ea sepolesa sa New York City e re: “E mpa feela e le ntho e rekoang haholo. Bana ba seng ba kae ba nang le tsona ba sebelisa lithethefatsi, empa boholo ba bona ha ba li sebelise. E mpa feela e le feshene e ratoang ka ho feteletseng.”
Lifeshene tse Ratoang ka ho Feteletseng—Lia Makatsa Ebile li Kotsi
Le hoja ntho e molemo e ka boleloang ka liaparo tsa feshene tse ratoang ka ho feteletseng haholo e le hore lia mamelloa, ntho e mpe ka ho fetisisa ke hore lia khopisa kaha lifeshene tse ling tse ratoang haholo li bonahala li tlōla melao eohle e bontšang kahlolo e molemo. E le hore ba finyelle ho shebahala ba le basesanyane joaloka limotlelara tse tummeng, banana ba bangata ba bacha ba kena fesheneng ea ho ja hanyane ka sepheo sa ho ba basesanyane—ba sa nahane letho ka liphello bophelong le katlehong ea bona. Alvin Rosenbaum oa ngola: “Ho ja hanyane ka sepheo sa ho ba mosesanyane ke bokhoba sechabeng. Sheba lethathamo leha e le lefe la libuka tse 10 tse rekoang ka ho fetisisa ’me ka tloaelo u tla fumana buka e buang ka mekhoa ea ho ja hanyane e le teng lethathamong.” Rosenbaum o bontša hore bongata ba libuka tsena li buella mekhoa ea ho ja hanyane e belaetsang hore e ka sebetsa. Litsebi tse ngata li beha feshene ea ho ba mosesanyane molato bakeng sa pherekano e eketsehileng mekhoeng e fosahetseng ea ho ja—joaloka lefu la ho itima lijo motho a nahana hore o motenya—har’a bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20.a
Mekhoa e meng ea feshene e ratoang ka ho feteletseng ea ho khabisa ponahalo ea botho le eona e ka ’na ea e-ba kotsi ka tsela e tšoanang—le ho ba e makatsang. Ho latela sehlooho se seng ho Newsweek, “ho cheseletsa mengolo letlalong, e leng mengolo ea batho ba boholo-holo le batlōli ba molao, ho ’nile ha tsoela pele ka tieo e le mokhoa o ka sehloohong oa feshene.” Ba susumelitsoe ke likhalala tsa libaesekopo le libini tsa ’mino oa rock oa heavy metal, bacha ba bang ba lakatsa ho fumana monyetla oa ho ba le mengolo e cheselelitsoeng letlalong e entsoeng ka hloko hore e kenngoe ’meleng ea bona ka mokhoa o tiileng. Litemoso tsa lingaka mabapi le likotsi tsa lefu la sebete le ho se arabele ha ’mele hantle lienkeng tse sebelisoang ha ho cheseletsoa mengolo ’meleng ho bonahala li sa ba tšose.
Kapa ho thoe’ng ka feshene e ratoang ka ho feteletseng e makatsang e bitsoang ho phunya ’mele? Le hoja e ka ba ntho e tloaelehileng hore basali ba phunye litsebe meetlong e itseng, ba bang ba fetetse ka ’nģane ho kahlolo e molemo ’me ba iphuntse maleme le mekhubu tseo ho tsona ba leketlisang mabenyane ho etsa mponeng. Ho mocha leha e le ofe ea ikemiselitseng ho khopisa batsoali ba hae ka ho feletseng, ha ho thata ho khetha ntho e tšosang joaloka lesale la nko le leholohali.
Lifeshene tse Ratoang ka ho Feteletseng—Li Susumetsoa ke Eng?
Buka Adolescents and Youth e hlalosa feshene e ratoang ka ho feteletseng e le “feshene ea nakoana e etsoang ka seoelo e tšoanang haholo le tlhompho ea bolumeli. Lifeshene tse ratoang ka ho feteletseng ke lintho tsa nakoana le tse ke keng tsa tsejoa esale pele, ’me ka ho khethehileng li atile har’a bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20.” Empa ke eng e etsang hore ka tšohanyetso feela bacha ba limilione ba tene libokate tse ba fetang kapa ba tšoare li-beeper? Bahlahisi ba thepa le baphatlalatsi ba ka thaba haholo ho fumana karabo ea saense potsong eo. Sehlooho se seng makasineng oa Brithani The Economist se lumetse: “Lifeshene tse ratoang ka ho feteletseng le lifeshene li bonahala li phephetsa tlhaloso e utloahalang.”
Leha ho le joalo, buka Adolescents and Youth, e iteta sefuba ka ho fana ka tlhaloso, e re: “Mabaka a sa tšoaneng a ka ’na a baka ho ratoa haholo ha lifeshene tse ratoang ka ho feteletseng: takatso ea ho ikhulela tlhokomelo; tšusumetso ea ho batla ho lumellana le seo lihlopha tsa lithaka li se nkang e le sa bohlokoa; tlhokahalo ea ho batla ho ikhetholla le le batho ba itseng ebile le le sehlopha se itseng sa lilemo; le ho batla ho hapa thahasello ka lintho tse sa tloaelehang.” Moshemane e mong ea lilemo li 18 habonolo feela o boletse tjena: “Ha u le sekolong se phahameng [sekolong se bohareng] ke nako e ntle ea ho etsa lintho tsa bohlanya le ho lumella takatso eo ea ho bo etsa.”
Bibele ha e nyatse boitšoaro ba bocha. Ha e le hantle, e re: “Bacha, thabelang bocha ba lōna. Thabang ha le sa ntse le le bacha. Etsang seo le batlang ho se etsa, ’me le latele litakatso tsa pelo ea lōna.” Leha ho le joalo, Bibele e latela keletso eo ka temoso ena: “Empa hopolang hore Molimo o tla le ahlola bakeng sa ntho efe le efe eo le etsang.” (Moeklesia 11:9, Today’s English Version) Ho nahannoe ka keletso ena e tebileng, mocha oa Mokreste o lokela ho itšoara joang mabapi le lifeshene tse ratoang ka ho feteletseng tsa morao-rao? Na u lokela ho ba oa pele ho amohela feshene e ratoang ka ho feteletseng? Sehlooho sa rōna se latelang se tla fana ka keletso e thusang mabapi le litaba tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana boitsebiso mabapi le mekhoa e fosahetseng ea ho ja, bona Awake! ea December 22, 1990. Hape bona lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . .” tsa Tsoha! ea May 8, 1994 bakeng sa boitsebiso bo leka-lekaneng mabapi le ho theola boima ba ’mele.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
“Likipa tsena . . . E mong le e mong oa li apara.” Avery ea lilemo li 17
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho iphunya ’mele le ho cheseletsa mengolo letlalong li fetohile tse ratoang haholo