Metse e Meholo e Ntse e Bipetsoa Butle-butle
HO POTOLOHA lefatše, metse e meholo, metse ea litletlehali, e ntse e hōla, e hohela batho ba limilione ba batlang mosebetsi, matlo, le menyetla ea bophelo ba metseng e meholo. Empa theko ke e phahameng. Esita le ho phefumoloha moea feela metseng ena e ntseng e ata ka mokhoa o sa tloaelehang ho ntse ho fetoha ho kotsi ka ho eketsehileng bophelong ba batho.
Tlaleho ea morao tjena ea UNEP (United Nations Environment Program [Lenaneo la Tikoloho la Machaba a Kopaneng]) le Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo e bontša hore tšilafalo ea moea metseng e 20 e meholo ka ho fetisisa ea lefatše e ’nile ea mpefala ka mokhoa o tšabehang. Our Planet, makasine o hatisoang Kenya ke UNEP, o re: “Maemong a mang, tšilafalo ea moea e mpe joaloka limoko tse tummeng tsa London tsa lilemo tse 40 tse fetileng.” Baahi ba Motse oa Mexico ba anngoe ka ho fetisisa tabeng ena, empa batho ba limilione tse mashome ba phelang metseng e kang Bangkok, Beijing, Cairo, le São Paulo le bona ba ntse ba angoa ke tšilafalo ea moea.
Moea o metseng e joalo o kotsi hakae? Ha e le hantle, tekanyo e phahameng ea lintho tse silafatsang tse khōlō, tse kang sulfur dioxide, carbon monoxide, le loto, li kotsi ka litsela tse ngata. Liphello tsa tsona ’meleng li pharaletse: mathata a ho phefumoloha le a amanang le methapo ea pelo, ho senyeha ha methapo ea kelello, esita le moko oa masapo, sebete, bothata ba liphio.
Ke eng se bakang tšilafalo? Ho ea ka Our Planet, sesosa se le seng se seholo ka ho fetisisa metseng ena e meholo ke likoloi. Kaha palo ea hona joale ea likoloi lefatšeng—limilione tse 630—“e lebeletsoe hore e imene habeli lilemong tse 20-30 tse tlang, haholo-holo libakeng tsa metse ea litoropo,” bokamoso ba moea oa metse e moholo ka sebele bo bonahala bo le lerootho. Ho etsang hore litaba li mpefale le ho feta, ho nkiloe mehato e fokolang ho thibela boemo boo, hobane, joalokaha tlaleho e hlokomela, metseng e mengata e meholo “ho na le tlhokomelo e fokolang ka ho teba ha bothata bona.” Kahoo, hase ho makatsang ha Our Planet e khothaletsa hore metse e joalo e etelletse ka sehloohong mehato e reretsoeng ho hloekisa moea. Haeba sena se sa etsoe, bokamoso ke bo tšabehang. Ho ea ka tlhahlobo ea koranta eo, “metse ena e tobane le ho bipetsoa butle-butle ha boemo ba moea oa eona bo tsoela pele ho mpefala.”