Ho Etsa Barutuoa ba ’Nete Kajeno
JESU KRESTE o fane ka taelo: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse.” (Mattheu 28:19) Everyman’s Encyclopedia e bolela hore thomo ena “e ’nile ea phethahatsoa ke Bakreste ba mehla eohle,” le hoja e phaella, “ka linako tse ling e le ka monyebe.” Buka The Missionary Myth ea botsa: “Na mehla ea boromuoa e felile?”
Ka January selemong se fetileng, makasine oa Newsweek o ile oa tlaleha: “Mopapa John Paul II o isa Boroma ba K’hatholike literateng.” Makasine o ile oa hlalosa: “O romela baevangeli ba 350 ho batla basokolohi ho li-disco tsa Roma, mabenkeleng, le liteisheneng tse ka tlas’a lefatše. Liteko li qala ka Laboraro la Molora (Feb. 16). Haeba li atleha, mopapa o tla ba romela lefatšeng ka bophara—e leng khato e ka etsang hore baromuoa ba K’hatholike ba kokote menyakong ho tloha Buenos Aires ho ea Tokyo.”
Ka lehlakoreng le leng, Lipaki tsa Jehova ke khale li utloisisa tlamo ea tsona ea ho etsa mosebetsi oa boevangeli. (2 Timothea 4:5) Ha e le hantle, hase tsohle tse etsang mosebetsi oa boboleli e le baromuoa linaheng lisele. Empa li ka bolela kae kapa kae moo li leng teng—’me li etsa seo. Ka kutloisiso ena, kaofela ha tsona ke baromuoa.
Sekolo sa Mofuta o Khethehileng
Mathoasong a bo-1940, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa theha sekolo bakeng sa ho koetlisa basebeletsi ba nang le phihlelo hore ba sebeletse e le baromuoa linaheng lisele moo ho neng ho hlokahala thuso ka potlako. Ha lilemo li ntse li feta lenaneo la thuto le ’nile la fetoloa, empa ho hang ha lea kheloha pakaneng ea motheo ea ho hatisa thuto ea Bibele le ho phetha mosebetsi oa bohlokoa haholo oa ho bolela evangeli.
Lebitso le khethiloeng bakeng sa sekolo se secha e ne e le Gileade, eo ka Seheberu e bolelang “Qubu ea Bopaki.” Ka ho thusa ho etsa qubu ea bopaki tlotlisong ea Jehova, Gileade e phethile karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ho ntšetseng pele mosebetsi oa boboleli ba lefatšeng ka bophara oo Jesu a boletseng esale pele hore o ne o tla tsoela pele mehleng ea rōna.—Mattheu 24:14.
Ha Nathan H. Knorr, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, a bua le sehlopha sa pele sa Sekolo sa Gileade ka 1943, o itse: “Le fuoa koetliso e eketsehileng bakeng sa mosebetsi o tšoanang le oa moapostola Pauluse, Mareka, Timothea, le ba bang ba ileng ba tsamaea likarolong tsohle tsa ’Muso oa Roma ba bolela molaetsa oa ’Muso. . . . Mosebetsi oa lōna o moholo ke oa ho bolela kosepele ea ’Muso ka ntlo le ntlo joalokaha Jesu le baapostola ba entse.”
Ha sehlopha sa pele se phethile koetliso ea sona, ba abetsoeng mangolo ba ile ba romeloa linaheng tse robong tsa Latin America. Hona joale, Sekolong sa Gileade ho se ho koetlisitsoe liithuti tse fetang 6 500 linaheng tse fetang 110 ’me li rometsoe e le baromuoa linaheng tse fetang 200 le lihlopheng tsa lihleke-hleke.
Baromuoa ba Mofuta o Fapaneng
Baromuoa ba bangata ba Bokreste-’mōtoana nakong e fetileng, joaloka ba ileng ba romeloa Greenland, ba ile ba fetolela Bibele kapa likarolo tsa eona puong ea moo. Leha ho le joalo, baromuoa ba joalo ba pele hangata ba ne ba e-na le lithahasello tse ling ho e-na le ho ruta batho Bibele.
Ka mohlala, baromuoa ba Bokreste-’mōtoana Japane ba ne ba kenelletse “litlhophisong tsa thuto le likolo,” kamoo ho bolelang Kodansha Encyclopedia of Japan. E re: “Baromuoa ba bangata ba ikentse ba hlahelletseng ka baka la lithuso tsa bona tsa ho ntšetsa lithuto pele.” Ba ile ba fetoha litsebi tsa lipuo kapa liprofesa, ba ruta lithuto tse kang lingoloa, puo, histori, filosofi, malumeli a Asia Bochabela, mekhoa le meetlo ea Majapane. Encyclopedia e phaella ka ho re: “Litlhophiso tsa ho thusa bahloki le tsa kahisano e ne e boetse e le karolo ea bohlokoa mosebetsing oa boromuoa.”
Ho bolela kosepele e ne e se habohlokoa haholo ho baromuoa ka kakaretso. Hangata ba ne ba hatella ho khotsofatsa litlhoko tsa nama ho e-na le litlhoko tsa moea. Telekiso ea lithahasello tsa botho e bile seo ba amehileng ka sona. Ka hona, moromuoa oa Kereke ea Chache ea ileng a romeloa Japane ka 1889 kajeno o tsebahala haholo e le “ntate oa papali ea ho hloa lithaba Japane.”
Baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba fapane ka litsela tse ngata ho ba Bokreste-’mōtoana. Buka Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, khaolo ea 23, ea hlokomela: “Baromuoa ba abetsoeng mangolo Sekolong sa Gileade ba ruta batho Bibele. Ho e-na le ho haha likereke le ho lebella hore batho ba tle ho tsona, ba ea ka ntlo le ntlo . . . , ho ea sebeletsa eseng ho sebeletsoa.”
Litholoana e Bile Life?
Ka mor’a ho ba le nako ea lilemo tse makholo ba etsa barutuoa ba Bakreste Europe, baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba atlehile hakae? Buka A Global View of Christian Missions ea araba: “Batho ba lekanyetsoang ho ba ka bang limilione tse 160 Europe ba ipolela hore hase litho tsa bolumeli leha e le bofe. Har’a ba ntseng ba ipolela hore ba tšepahala ho Bokreste ke ba ’maloa ba nkang bolumeli ba bona ka ho teba. . . . E tla be e le ho iphoufaletsa ’nete ho bolela hore Europe ke k’honthinente ea Bokreste.”
Ho thoe’ng ka boemo Asia? Kodansha Encyclopedia of Japan ea araba: “Maikutlo a batho ke hore Bokreste bo ntse bo nkoa e le thuto ‘esele’ ea motheo ea bolumeli, . . . e sa amoheleheng ho batho feela ba tloaelehileng ba Majapane. . . . Mokhatloana oa Bokreste o sala e le ntho e thōko sechabeng sa Majapane.” Ka sebele, Japane, batho ba etsang karolo e ka tlaase ho ea 4 lekholong ba ipolela hore ke Bakreste, India ke ba etsang karolo e ka tlaase ho ea 3 lekholong, Pakistan ba etsa karolo e ka tlaase ho ea 2 lekholong, ’me Chaena ba etsa karolo e ka tlaase ho ea 0,5 lekholong.
Ka mor’a hore Bokreste-’mōtoana bo etse mosebetsi oa boromuoa ka makholo a mangata a lilemo Afrika, boemo ke bofe moo? Tlalehong e ileng ea fanoa sebokeng sa babishopo ba Afrika se neng se tšoeroe Roma hona joale ha e le selemo, makasine oa Jeremane Focus o ile oa tlaleha: “Malumeli a Afrika ha a sa tla nyatsuoa ka hore ke a borapeli ba litšoantšo ba bohetene. Tokomane ena ea molao, e e-song ho phatlalatsoe, e beha ‘malumeli a Afrika a neano’ boemong ba ho ba balekane ba bolumeli ba loketseng le ba bohlokoa haholo. Litho tsa ’ona li tšoaneloa ke tlhompho. Sinoto e ile ea hlokomela hore malumeli ao pele a neng a nyatsoa hore ke a boloi ‘hangata a ’nile a laola mokhoa oa bophelo oa Mok’hatholike ea tiileng ka ho fetisisa.’”a
Ka mor’a ho ba le nako e etsang makholo a mangata a lilemo ba etsa barutuoa ba Bakreste Amerika Leboea le Amerika Boroa, baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba atlehile hakae? Buka Mission to the World ea araba: “‘Latin America’ e ntse e tšoaneloa ke tlotla ea ‘k’honthinente e hlokomolohiloeng’ ho sa tsotellehe khatelo-pele e khōlō ea boromuoa lilemong tse makholo tsa morao-rao.” Mabapi le United States, Newsweek e hlokometse hore liphuputso tsa morao-rao “li bontša hore le hoja bolumeli bo atile naheng ea Amerika, ke ba ’maloa feela ba bo nkang ka ho teba. . . . Halofo ea batho ba bolellang bafuputsi hore ba qeta Lisontaha ba le kerekeng ha ba bue ’nete. . . . Hoo e ka bang karolo ea boraro ea Maamerika a lilemo li 18 le ho feta a na le pono eo eseng ea bolumeli . . . Ke ba etsang karolo ea 19 lekholong feela . . . bao kamehla ba phelelang bolumeli ba bona.”
Ka kakaretso, boitekong ba bona ba ho fokotsa mathata a bofutsana, ho fokolloa ke bophelo, le ho hloka thuto, baromuoa ba Bokreste-’mōtoana e le sehlopha, ba buelletse merero ea batho eo molemonyana oo e nang le oona e leng thuso ea nakoana le e khutšoaane feela. Baromuoa ba ’nete ba Bakreste, ka lehlakoreng le leng, ba lebisa batho ’Musong o hlonngoeng oa Molimo, o tla tlisa thuso e sa feleng le e feletseng. E ke ke ea fokotsa mathata feela; e tla a rarolla. E, ’Muso oa Molimo o tla tlisetsa moloko oa batho bophelo bo phethahetseng ba ’mele, tšireletseho ea sebele ea moruo, menyetla e sa feleng ea mosebetsi o atlehang bakeng sa bohle, le bophelo bo sa feleng!—Pesaleme ea 37:9-11, 29; Esaia 33:24; 35:5, 6; 65:21-23; Tšenolo 21:3, 4.
Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ka ’na ba supa batho ba ipolelang hore ke Bakreste bao ka linako tse ling ba bang teng litšebeletsong tsa bolumeli e le bopaki ba hore ba entse “batho ba lichaba tsohle barutuoa, ba ba kolobetsa.” Empa linnete li bontša hore baromuoa bana ba hlolehile ho ruta batho bana ba kolobelitsoeng ‘ho boloka tsohle tseo Jesu a li laetseng.’—Mattheu 28:19, 20.
Leha ho le joalo, mosebetsi oa ho ruta oa Bakreste ba ’nete o tla tsoela pele ho fihlela lefatšeng le lecha la Molimo. O tla kopanyelletsa limilione tsa ba tsositsoeng bao ho tla hlokahala hore ba rutoe ka litsela tsa Molimo. Joale, ntle ho tšitiso ea Satane, Bakreste ba tla ba le tokelo e thabisang ea ho tsoela pele ba etsa barutuoa—joalokaha ba ’nile ba etsa ka mashome a mangata a lilemo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Kereke e K’hatholike Afrika,” leqepheng la 18.
[Lebokose le leqepheng la 24]
Kamoo ba Thusitseng Batho
Litlhaloso tse latelang ke tsa ba ruileng molemo thusong ea baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade.
“Ke ile ka hlolloa ke ho se sekisetse ha bona, ho mamella lintho tse ngata hakaalo tse neng li fapane le tsa naheng ea habo bona: boemo ba leholimo, puo, mekhoa, lijo, le malumeli. Empa ba ile ba lula likabelong tsa bona, ba bang le ho fihlela lefung. Mekhoa ea bona e metle ea ho ithuta le cheseho tšebeletsong e ile e nthusa ho hlaolela lintho tse tšoanang.”—J. A., India.
“Ke ile ka khahloa ke ho boloka nako ha moromuoa ha a ithuta le ’na. O ne a bontša boitšoaro bo ikhethang ha a mamella leeme la ka le ho hloka tsebo.”—P. T., Thailand.
“’Na le mosali oa ka re ne re ananela tlhoeko e bonahalitsoeng ke baromuoa ba Lipaki. Mosebetsi oa bona o ile oa re susumeletsa hore re etse tšebeletso ea nako e tletseng pakane ea rōna, ’me kajeno re thabela hore ebe le rōna re baromuoa.”—A. C., Mozambique.
“Bophelo ba ka e ne e le ba boithati. Ho kopana le baromuoa ho ile ha mpha tšusumetso eo ke neng ke e hloka hore ke bo fetole. Ho bona ke ile ka bona thabo ea ’nete eseng e ka holimo feela.”—J. K., Japane.
“Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba phetse bophelo bo mabotho-botho. Basebeletsi ba ne ba hloekisa ntlo, ba pheha, ba hlatsoa, ba hlokomela serapa, ’me ba khanna koloi. Ke ile ka makala ho bona baromuoa ba Gileade ka katleho ba etsa mosebetsi oa bona oa ntlo, ha ka nako e tšoanang ba thusa batho ba moo ho ithuta ka ’Muso oa Molimo.”—S. D., Thailand.
“Bo-khaitseli ba baromuoa ba ne ba palama libaesekele ho etela batho esita leha mocheso o ne o feta likhato tse 115 Fahrenheit [46° C.] ka holimo ho ntlha ea khoamo. Kamohelo ea bona e mofuthu ea baeti le ho se ee ka leeme ha bona, haesita le mamello ea bona, li ile tsa nthusa hore ke hlokomele ’nete.”—V. H., India.
“Baromuoa ha baa ka ba ikutloa ba phahametse batho. Ka boikokobetso ba ile ba iketsa hore ba tšoane le batho ba moo le ho ikamahanya le maemo a bophelo bo tlaase. Ba ne ba tlile ho tla sebeletsa, kahoo le ka mohla ha baa ka ba tletleba empa kamehla ba ne ba bonahala ba thabile ebile ba khotsofetse.”—C. P., Thailand.
“Ha baa ka ba hlapolla ’nete ea Bibele. Leha ho le joalo, ha baa ka ba etsa hore batho ba moo ba ikutloe hore litšobotsi tsohle tsa mekhoa ea bona ea meetlo li ne li fosahetse kapa hore ba ne ba tlameha ho amohela litsela tsa Bophirimela. Ha ho mohla ba kileng ba etsa hore ba bang ba ikutloe ba nyenyefetse kapa ba fokola.”—A. D., Papua New Guinea.
“Ho fapana le baromuoa ba Bokreste-’mōtoana, o ne a ikemiselitse ho iphara fatše, ka mokhoa oa Makorea, ha re ntse re khanna thuto ea rōna ea Bibele. O ne a ikemiselitse ho ithuta ho ja lijo tsa Makorea. Kameho e lerato eo ke ileng ka ba le eona ho eena e ile ea nthusa hore ke tsoele pele.”—S. K., Korea.
“Ke ne ke le lilemo li leshome ’me ke tsoa sekolong motšehare o moholo. Moromuoa o ile a ’mema hore ke tsamaee le eena thapama tšebeletsong ea tšimo. O ile a nthuta melao-motheo e mengata ea Bibele ’me a kenya ka ho ’na kananelo ea sebele bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.”—R. G., Colombia.
“Ba ile ba nthuta ho tiisetsa likabelong, ho etsa seo ho hlokahalang hore ke se etse ke sa tletlebe. Ke leboha Jehova le Jesu Kreste ho tsoa botebong ba pelo ea ka ka ho re romela baromuoa.”—K. S., Japane.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba tsoang linaheng tse 16 ba pheta liphihlelo tsa bona kopanong ea haufinyane