Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 1/8 maq. 25-27
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Utloa Batsoali ba Ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Utloa Batsoali ba Ka?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka la Hore e be Bafetoheli
  • Lebaka Leo ka Lona Bofetoheli e Leng Booatla
  • Theko e Phahameng ea “Tokoloho”
  • Ho Phela Bophelo bo Habeli—Hobane’ng ho sa Lokela?
    Tsoha!—1994
  • Bacha—Le Phehella Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Hobane’ng ha Nako eo ke e Behetsoeng ea ho Fihla Lapeng Bosiu e sa Tenyetsehe?
    Tsoha!—1992
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 1/8 maq. 25-27

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Utloa Batsoali ba Ka?

STAN o hōlisitsoe ke batsoali ba tšabang Molimo. Empa ha a le lilemo li 16 o ile a ba fetohela. Stan oa hlalosa: “Ke ne ke batla ho kopana le batho le ho amoheloa ke bona. Ke ne ke batla ho ba le lintho tsohle tseo batho ba bang ba nang le tsona.” Stan o ne a nahana hore a ka fumana lintho tsena ka ho fetoha semokolara sa lithethefatsi. Ho hlakile hore o ile a tlameha ho bua leshano mabapi le liketso tsa hae le chelete e ngata eo a neng a tla le eona lapeng. Stan oa hopola: “Letsoalo la ka le ne le shoele.”

John o ile a kolobetsoa joaloka Mokreste ha a le lilemo li 11. Oa lumela: “Empa ’nete e ne e hlile e se pelong ea ka. Ke ile ka kolobetsoa hobane feela lelapa leso le ne le lebelletse hore ke ho etse. Ha ke fihla sekolong se phahameng, ke ile ka qala ho ba hlaha. ’Mino oa rock le oona o bile le tšusumetso e mpe ho ’na. Ke ile ka kenela papali ea ho palama maqhubu ’me ka qala ho qeta nako e ngata lebōpong la leoatle le bacha ba neng ba sa tataisoe ke melao-motheo ea Bibele. Ho ne ho e-na le lithethefatsi tse ngata moo.” Ka mor’a nako e khutšoanyane o ile a tloha lapeng ’me a phela ka mokhoa o neng o le khahlanong le sohle seo a se rutiloeng.

Lebaka la Hore e be Bafetoheli

Ke ntho e tloaelehileng hore bacha ba leke ho nonya meeli ea bona le ho batla tokoloho e itseng. Empa boitšoaro ba bofetoheli, bo bontšang pefo e fetelletseng, le ba ho intša kotsi ke taba e ’ngoe e fapaneng ka ho felletseng. Bo bakoa ke eng? Mabaka a mangata ebile ha a tšoane. John oa hlalosa: “Ha u le mocha, u batla monyaka. U batla ho ba le nako e monate.” Leha ho le joalo, ka lebaka la ho haelloa ke phihlelo bophelong, hase kamehla bacha ba sebelisang kahlolo e molemo. (Ba-Heberu 5:14) Ka hona batsoali ba kelello ba behela bana ba bona lithibelo tse nahanelang maemo—mekoallo eo bacha ba bang ba e hloileng haholo.

Ka masoabi, bacha ba bang ebile ba furalletse koetliso eo ba e fumaneng ho batsoali ba tšabang Molimo. (Ba-Efese 6:1-4) Jesu o boletse hore Bokreste e tla ba tsela ea bophelo e “tšesane” le e ‘patisaneng.’ (Mattheu 7:13, 14) Kahoo hangata bacha ba Bakreste ba ke ke ba etsa lintho tse etsoang ke bana bao ba kenang sekolo le bona. Ba bangata ba amohela lithibelo, ba ananela hore melao ea Molimo ehlile hase moroalo. (1 Johanne 5:3) Ka sebele, melao ena e sireletsa bacha mathateng a kang ho ima kantle ho lenyalo, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, le maloetse a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Empa bacha ba bang ba hana ho bona lintho ka tsela eo; ba ikutloa hore melao ea Bibele e ngotla mokhoa oa bona oa bophelo.

Maikutlo a ka ’na a ba matla ka ho khetheha ha mocha a ikutloa hore batsoali ba hae ba thata ka ho fetelletseng litabeng tse kang taeo, boikhathollo, le boithabiso. Ngoanana e mong e mocha o ile a belaela: “Ke nahana hore batsoali ba ka ba thata haholo ho rōna.” Ke ’nete hore e ka ba ho soabisang ha u sa lumelloe ho etsa lintho tseo batsoali ba bang ba Bakreste ba li lumellang. (Ba-Kolosse 3:21) Bacha ba bang ba bonahatsa ho ferekana ha bona ka ho se bontše kutlo.

Ka lehlakoreng le leng, bacha ba bang ba kheloha hobane batsoali ba bona ba sa bontše tlhompho ho hang melao-motheong ea bomolimo. John oa hopola: “Ntate e ne e le lekhoba la tahi. Eena le ’Mè ba ne ba ngangisana hobane a ne a e-noa haholo. Re ile ra falla hangata e le hore re tlohe pel’a hae.” Makhoba a tahi le batho ba bang ba lemalletseng lithethefatsi ho hang ba ke ke ba khona ka ho lekaneng ho hlokomela litlhoko tsa bana ba bona. Malapeng a joalo, ho hlekefetsoa ka mantsoe a hlabang le ho tlotlolloa e ba se hlahelang mocha letsatsi le letsatsi.

Bacha ba bang e ba bafetoheli hobane ha e le hantle, batsoali ba bona ba ba lahlile kherehloa kapa ba ba hlokomolohile. Bofetoheli bo ka tšoana le tsela ea ho batla tlhokomelo ea batsoali ba bona—kapa ea ho ba utloisa bohloko. Ngoanana e monyenyane ea bitsoang Taylor ea tsoang lelapeng le ruileng o re: “Kamoo ke hopolang kateng, ho ne ho se mohla batsoali ba ka ba leng teng. Taba ke hore ke ngoana ea mong lapeng, ’me kaha hangata batsoali ba ka ba ne ba le sieo, kamehla ba ne ba ntšiela chelete e ngata.” Kaha Taylor a sa hlokomeloe, o ile a qala ho ea ho li-nightclub le ho tahoa. E bile ka mor’a ho tšoaroa ha hae bakeng sa ho khanna a tahiloe moo batsoali ba hae ba ileng ba hlokomela hore o na le bothata.

Ho phaella moo, ho na le boemo bo bontšitsoeng ke moapostola Pauluse ha a ne a botsa sehlopha sa Bakreste: “Le ne le matha hantle; ke mang ea le sitisitseng hore le se utloe ’nete?” (Ba-Galata 5:7) Hangata litloaelano tse mpe ke bothata. (1 Ba-Korinthe 15:33) Mocha ea ka tlase ho lilemo tse 20 ea bitsoang Elizabeth o re: “Ke ile ka ba le metsoalle e mebe.” Oa lumela hore ka lebaka la khatello ea lithaka, o ile a qala ho “tsuba le ho sebelisa lithethefatsi hampe.” Oa phaella: “Bohlola e ne e le ntho ea kamehla.”

Lebaka Leo ka Lona Bofetoheli e Leng Booatla

Mohlomong le uena u iphumana u le boemong bo bonahalang bo ferekanya—kapa ebile bo hatella. U ka ’na ua lekeha hore u hanyetse batsoali ba hao ’me u iketsetse seo u se batlang. Empa joalokaha Jobo ea lokileng a ile a lemosoa, “bohale ba hao bo se ke ba u isa nyefolong. U itise, u se ke ua sekamela bobeng.”—Jobo 36:18-21.

Boitšoaro bo nyefolehang, bo bontšang pefo e fetelletseng bo ka ’na ba etsa hore batsoali ba hao ba etse ho hong, empa ho ka etsahala hore e be ketso e seng monate. Ho e-na le seo u se lebelletseng, mohlomong ba tla u behela lithibelo tse eketsehileng. Ho feta moo, boitšoaro bo kotsi bo tla utloisa batsoali ba hao bohloko bo boholo. (Liproverbia 10:1) Na hoo ke ho bontša lerato? Na ka sebele ho tla ntlafatsa boemo ba hao? Katamelo e nang le kelello haholoanyane ke ho buisana le bona ka litaba tsena haeba u ikutloa hore u na le litletlebo tse utloahalang.a Mohlomong ba tla ikemisetsa ho etsa liphetoho mokhoeng oo ba u tšoarang ka oona.

Taba e ’ngoe eo u lokelang ho nahana ka eona ke phello eo liketso tsa hao li ka bang le eona ho Molimo. ‘Ho Molimo?’ u ka ’na ua botsa. E, hobane ho fetohela batsoali ba hao ho tšoana le ho fetohela Molimo ka boeena, joalokaha e le eena ea u laelang hore u hlomphe batsoali ba hao. (Ba-Efese 6:2) Ho hloka kutlo ho joalo ho etsa hore Molimo a ikutloe joang? Bibele e re ka sechaba sa Iseraele: “Ba o koenehela hangata hakakang lefeelleng! ba ’na ba o khathatsa hakakang nahathothe!” Ka phello efe? “Ba halefisa [Molimo].” (Pesaleme ea 78:40) Ke ’nete hore mohlomong batsoali ba hao ba ka ’na ba u khopisa, ua nahana hore ba etsa lithibelo tse fetelletseng. Empa na ka sebele u batla ho utloisa pelo ea Jehova Molimo bohloko—ea u ratang ’me a batla hore u phele ka ho sa feleng?—Johanne 17:3; 1 Timothea 2:4.

Theko e Phahameng ea “Tokoloho”

Joale, ka lebaka le utloahalang, ho hlokahala hore re mamele Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo. U se ke ua thetsoa ke litšepiso tsa bohata tsa “tokoloho.” (Bapisa le 2 Petrose 2:19.) Ho ka ’na ha bonahala eka bacha ba bang ha ba fumane kotlo bakeng sa boitšoaro ba bona bo seng botle. Empa mopesaleme o ile a lemosa: “U se ke ua hlora ha u bona ba bolotsana, u se ke ua honohela ba etsang ho hobe! Hobane, joalo ka joang, ba ea phakisa ba heloe, ba se ba ea pona joalo ka motalane.” (Pesaleme ea 37:1, 2) Hangata bacha ba bafetoheli ba lefa theko e boima bakeng sa seo ba se bitsang tokoloho. Bibele e re ho Ba-Galata 6:7: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”

Nahana ka Stan, ea boletsoeng qalong. Joalokaha a ne a tšepile, o ile a ratoa ke metsoalle ea hae e seng metle. Oa hopola: “Ke ile ka ikutloa ke amohetsoe.” Leha ho le joalo, kapele lintho li ile tsa senyeha. O re: “Ke ile ka thunngoa, ka tšoaroa, ’me hona joale ke teronkong. ’Me sohle seo ke ipotsang sona ke hore, ‘Na ke sona seo ke neng ke se batla?’”

Ho thoe’ng ka letšolo la John la ho batla “tokoloho”? Ka mor’a ho tšoareloa ho ba le lithethefatsi, o ile a lelekoa phuthehong ea Bokreste. Ho tloha moo o ile a tetebela haholoanyane boitšoarong bo bobe. John o re: “Ke ile ka utsoa likoloi hore ke fumane chelete. Ke ne ke tletse pefo haholo.” John o ile a etsa chelete e ngata ka mesebetsi ea hae ea bonokoane. Empa oa hopola: “Ke ile ka e sebelisa habohlasoa. Re ne re sebelisa lithethefatsi tse ngata ka mokhoa o makatsang.” ’Me ha John a ne a sa loane, a sa utsoe, kapa a sa tahoe, o ne a baleha mapolesa. “Ke tšoeroe ka makhetlo a ka bang 50. Hangata ke ne ke hlōla nyeoe, empa ka lekhetlo le leng ke ile ka qeta selemo sohle teronkong.” E, ho fapana le ho ba motho ea lokolohileng, John o ile a iphumana a qhafutsa ka har’a “matebo a Satane.”—Tšenolo 2:24.

Ho ka boleloa se tšoanang ka Elizabeth. Ho tloaelana ha hae le metsoalle ea lefatše qetellong ho ile ha mo kenya teronkong. O re: “Ke bile ka ima—’me ka lebaka la tšebeliso ea ka ea lithethefatsi ke ile ka senyeheloa. Ke ne ke phelela lithethefatsi—ho ne ho bonahala ke phelela ho lula ke tahiloe. Qetellong ke ile ka ntšoa foleteng eo ke neng ke lula ho eona. Ke ne nke ke ka khutlela lapeng, ’me ke ne ke soaba le ho kōpa thuso ea Jehova feela.”

Ho ka fanoa ka mehlala e mengata e tšoanang ea bacha ba ileng ba hana melao-motheo ea bomolimo ’me ba hlaheloa ke liphello tse bohloko. Bibele ea lemosa: “Seo u nahanang hore ke tsela e nepahetseng se ka isa lefung.” (Liproverbia 14:12, Today’s English Version) Joale, ntho eo ho leng bohlale ho e etsa ke ho leka ho ba le kamano e ntle le batsoali ba hao, u buisane le bona—ho e-na le ho fetohela—lithibelo leha e le life tseo u ikutloang hore li leeme.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka bacha bao boitsebiso bona bo fihlileng e se e le morao haholo, bacha ba seng ba ntse ba qoetse boitšoarong bo bobe? Na ho na le tsela ea hore ba lokise litaba le batsoali ba bona—le Molimo? Sehlooho sa rōna se latelang se tla hlahloba lipotso tsena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lihlooho tse ngata li fane ka boitsebiso bo thusang litabeng tsena. Ka mohlala, bona litokollo tsa rōna tsa lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . .” tsa January 8, 1985, August 8, 1992, le November 8, 1992 tsa Tsoha!

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho fetohela batsoali ba hao ho ka u fa “tokoloho” e eketsehileng, empa na u nahanne ka liphello?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela