Ho Hlokomela Bahlaseluoa ba Tlokotsi ea Rwanda
RWANDA, e leng karolong e bohareng ho Afrika, e ’nile ea bitsoa “Switzerland ea Afrika.” Botala bo tlokomang bo bonoang ke batho ba fetang ka sefofane holim’a naha eo bo ba nehile maikutlo a serapa sa Edene. Hase ho makatsang ha ba ’nile ba hlalosa hore Rwanda ke paradeise.
Ka nako e ’ngoe, bakeng sa sefate se seng le se seng se rengoang, ho ne ho lengoa tse peli. Letsatsi le leng selemong le ne le beheletsoe ka thōko bakeng sa temo ea lifate. Ho ile ha lengoa lifate tsa litholoana pel’a mebila. Ho tsamaea ka har’a naha ho ne ho sa thibeloa ebile ho le bobebe. Mebila e meholo e neng e kopantse litereke tse fapaneng le motse-moholo, Kigali, e ne e betluoe hantle e litsoe ka samente. Motse-moholo o ne o hōla ka potlako. Mosebetsi ea tloaelehileng o ne a amohela chelete e lekaneng ho lefella litšenyehelo tsa hae bofelong ba khoeli.
Mosebetsi oa Bokreste oa Lipaki tsa Jehova le oona o ne o atleha Rwanda. Mathoasong a selemo se fetileng Lipaki tse ka holimo ho 2 600 li ne li kopanela ho tliseng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo sechabeng sa naha ena se ka bang limilione tse robeli seo boholo ba sona e leng Mak’hatholike. (Mattheu 24:14) Ka March Lipaki li ne li khanna lithuto tsa Bibele tse ka holimo ho 10 000 malapeng a batho. ’Me ho ne ho e-na le liphutheho tse 15 Kigali le mathōkong a eona.
Molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova o ngotse: “Ka November 1992, ke ne ke sebeletsa liphutheho tse 18. Empa ka March ka 1994, li ne li eketsehile ho ea ho 27. Palo ea bo-pula-maliboho (basebeletsi ba nako e tletseng) le eona e ne e eketseha selemo le selemo.” Ka Moqebelo, la 26 March, 1994, palo ea ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Kreste e ne e le 9 834.
Eaba boemo bo fetoha ka tšohanyetso Rwanda.a
Taolo e Tiileng e Fela ka Tšohanyetso
Ka la 6 April, 1994, ka hoo e ka bang ka 8:00 mantsiboea, bapresidente ba Rwanda le Burundi, bao ka bobeli e neng e le Mahutu, ba ile ba bolaoa ho soahlamaneng ha sefofane Kigali. Bosiung boo ho ne ho utloahala liphala tsa mapolesa hohle motse-moholo, ’me mebila e ne e thibelletsoe. Joale nakong ea lihora tsa hoseng haholo, masole le banna ba hlometseng ka lithipa tse khōlō ba ile ba qala ho bolaea batho ba Matutsi. Ntabana Eugène—molebeli oa motse oa Lipaki tsa Jehova Kigali—mosali oa hae, mora oa hae, le morali oa hae e ile ea e-ba ba pele ba ho bolaoa ka sehlōhō.
Lelapa la Lipaki tsa Jehova tsa Maeurope le ne le ithuta Bibele le baahisani ba ’maloa bao e neng e le Matutsi. Ba robong ho baahisani bana ba ile ba balehela lehaeng la Maeurope ha babolai bao ba hlaha ba e-ea ka ntlo le ntlo. Ka nako le motsotso, bo-ralikhoka ba ka bang 40 ba ne ba le ka tlung, ba pshatla lintho le ho phethola thepa ea ka tlung. Ka bomalimabe, baahisani ba Matutsi ba ne ba bolauoe. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boiteko ba bona ba ho pholosa metsoalle ea bona, ba bang ba ile ba lumelloa ho baleha bakeng sa ho pholosa bophelo ba bona.
Polao e ile ea tsoela pele ka libeke. Qetellong batho ba Rwanda ba hakanyetsoang ho 500 000 kapa ho feta moo ba ne ba bolailoe. Ba likete ba ile ba baleha bakeng sa ho pholosa bophelo ba bona, haholo-holo Matutsi. Ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Zaire e ile ea tsebisa baena ba Fora ka tlhoko ea bona bakeng sa phepelo ea liphallelo. Lekala la Zaire lea hlalosa: “Re ile ra kōpa k’hontheinara e le ’ngoe ea liaparo tse seng li sebelisitsoe. Baena ba Fora ba re romeletse lik’hontheinara tse hlano tsa liaparo le lieta tseo boholo ba tsona li leng ncha.” Ka la 11 June, litone tse 65 tsa liaparo li ile tsa romeloa. Lekala la Kenya le lona le ile la romela liaparo tsa baphaphathehi le meriana, hammoho le limakasine tsa Molula-Qhooa ka puo ea sebakeng seo.
Ka July mabotho ao boholo ba ’ona e leng Matutsi, a bitsoang Rwandan Patriotic Front, a ne a hlōtse mabotho a ’muso ao boholo ba ’ona e leng Mahutu. Ka mor’a moo, Mahutu a ile a qala ho baleha naheng eo ka makholo a likete. Pherekano e feletseng e ile ea e-ba teng ha batho ba Rwanda ba limilione tse peli kapa ho feta ba batla setšabelo likampong tse hlonngoeng ka lepotla-potla linaheng tsa boahelani.
Ba Ile ba Leka ho Thusana
Ba babeli ho ba tšeletseng ba neng ba sebetsa Ofising ea Phetolelo ea Lipaki tsa Jehova e Kigali e ne e le Matutsi—Ananie Mbanda le Mukagisagara Denise. Boiteko ba baena ba Mahutu ba ho ba sireletsa bo ile ba atleha ka libeke tse seng kae. Leha ho le joalo, ho ea mafelong a May 1994, Lipaki tsena tse peli tsa Matutsi li ile tsa bolaoa.
Li behile bophelo ba tsona kotsing, esita le ho bo tela, Lipaki tsa Jehova li ile tsa batla litsela tsa ho sireletsa Bakreste-’moho le tsona ba sehlopha se fapaneng sa morabe. (Johanne 13:34, 35; 15:13) Ka mohlala, Mukabalisa Chantal ke Motutsi. Ha litho tsa Rwandan Patriotic Front li ne li batla Mahutu lebaleng la lipapali moo a neng a lula teng, o ile a kena lipakeng molemong oa metsoalle ea hae ea Mahutu. Le hoja marabele ao a ile a khopisoa ke boiteko ba hae, le leng le ile la hoeletsa: “Lōna Lipaki tsa Jehova ruri le na le boena bo matla. Bolumeli ba lōna ke bo molemo ka ho fetisisa!”
Ho Itokolla Lehloeong la Merabe
Sena hase bolele hore Lipaki tsa Jehova ha li angoe ka ho feletseng ke lehloeo la merabe le ’nileng la e-ba teng ka makholo a lilemo sebakeng sena sa Afrika. Paki ea Fora e neng e kopanetse mosebetsing oa liphallelo e hlokometse: “Esita le baena ba rōna ba Bakreste ba tlameha ho etsa boiteko bo matla ba ho qoba ho silafatsoa ke lehloeo, le tlatselitseng lipolaong tse sehlōhō tseo ho leng thata ho li hlalosa.
“Re ile ra kopana le baena ba boneng ha ba malapa a bona ba bolaoa ka sehlōhō pel’a mahlo a bona. Ka mohlala, khaitseli e mong oa Mokreste o ne a nyetsoe matsatsi a mabeli feela ha monna oa hae a bolaoa. Lipaki tse ling li bone ha bana ba tsona le batsoali ba tsona ba bolaoa. Khaitseli e mong, eo hona joale a leng Uganda, o bone ha lelapa lohle la hae le bolaoa, ho akareletsa le monna oa hae. Sena se mpa feela se totobatsa mahlomola, ’meleng hammoho le maikutlong, a ammeng lelapa ka leng la Lipaki tsa Jehova.”
Ka kakaretso, Lipaki tse ka bang 400 li ile tsa bolaoa pefong ena ea merabe. Leha ho le joalo, ha ho lea mong oa bana ea bolailoeng ke Lipaki tsa habo. Leha ho le joalo, litho tsa Matutsi le Mahutu tsa Roma e K’hatholike le tsa likereke tsa Boprostanta, li bolaile ba likete. Joalokaha ho tsejoa hantle, Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara ho hang ha li kopanele lintoeng, liphetohelong tsa mebuso, kapa liqhoebeshanong tse ling tsa lefatše lena.—Johanne 17:14, 16; 18:36; Tšenolo 12:9.
Mahlomola a ke Keng a Hlalosoa
Mariheng a fetileng, lefatšeng lohle batho ba ile ba pepesetsoa ho bona litšoantšo tsa mahlomola a motho tseo ho hang li ke keng tsa lumeloa. Baphaphathehi ba likete tse makholo ba Rwanda ba ile ba bonoa ba phallela linaheng tsa boahelani ’me ba phela moo tlas’a maemo a sa hloekang ka ho fetisisa. E mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a le mosebetsing oa liphallelo tse tsoang Fora o hlalositse boemo boo moifo oa habo o bo boneng ka la 30 July ka tsela e latelang.
“Re ile ra bona lintho tse tšosang ka ho feletseng. Sebaka se etsang limaele tse ngata, litopo li ne li kolokile ’mileng. Mabitla a kopanelo a ne a tletse litopo tse likete-kete. Ha re ntse re feta har’a letšoele la batho ba ntseng ba loebehlana, monkho e ne e le o ke keng oa mamelloa, ’me bana ba ntse ba ipapalla pel’a litopo tse shoeleng. Ho ne ho e-na le litopo tsa batho ba baholo bao bana ba bona ba neng ba ntse ba phela ’me ba ngaparetse mekokotlong ea bona. Lipono tse joalo, ha li ntse li hlahisoa nako le nako, li siea boikutlo bo tebileng. Motho o sithabetsoa ke boikutlo ba ho hloka thuso ka ho feletseng, ’me a ke ke a lula a sa amehe maikutlo ke boholo ba tšabo le tšenyo.”
Ha baphaphathehi ba mashome a likete ba ne ba phallela Zaire bohareng ba July, Lipaki tsa Zaire li ile tsa ea moeling ’me tsa tšoarela likhatiso tsa tsona tsa Bibele holimo e le hore baena ba tsona ba Bakreste le batho ba thahasellang ba ka khona ho ba khetholla. Joale Lipaki tsa baphaphathehi tse tsoang Rwanda li ile tsa bokelloa hammoho ’me tsa isoa Holong ea ’Muso e haufi le Goma, moo li ileng tsa hlokomeloa. Lipaki tse nang le phihlelo ea bongaka li ile tsa sebetsa ka thata ho fokotsa tsieleho ea ba kulang, ho sa tsotellehe ho ba sieo ha meriana e lekaneng le mehaho e loketseng.
Ho Arabela Kapele Mahlomoleng
Ka Labohlano, la la 22 July, Lipaki tsa Jehova tsa Fora li ile tsa amohela kōpo ea thuso e tsoang Afrika. E ile ea hlalosa boemo bo sithabetsang ka ho feletseng ba baena ba bona ba Bakreste ba balehang Rwanda. Ka metsotso e mehlano kapa e leshome ba amohetse molaetsa oo, baena ba ile ba etsa qeto ea ho laela sefofane se nkang thepa hammoho le phepelo ea liphallelo. Sena se ile sa lebisa mafelo-bekeng a ho etsa tokisetso e matla, e ileng ea hlolla, haholo-holo ka hobane ba ne ba hloka phihlelo ka ho feletseng ea ho hlophisa tšebetso e boima le e khōlō hakaalo ba na le nako e khutšoanyane joalo ea ho lokisa.
Ho ile ha ba le karabelo e khōlō mabapi le tlhokahalo ea menehelo ea liphallelo. Lipaki tsa Belgium, Fora, le Switzerland feela li ile tsa nehelana ka chelete e fetang R5 800 000. Liphallelo li ile tsa fumanoa, ho akareletsa lijo, meriana, le thepa ea ho phonyoha, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea kenngoa mabokoseng le ho ngoloa mehahong ea Lipaki tsa Jehova Louviers, Fora, le Brussels, Belgium. Lipaki li ne li sebetsa bosiu le motšehare ho lokisetsa hore thepa e isoe Ostend, Belgium. Seemelong sa lifofane moo, ka Laboraro, la la 27 July, litone tse ka holimo ho 35 li ile tsa laeloa sefofaneng sa jet se nkang thepa. Letsatsing le latelang ho ile ha romeloa thepa e fokolang, haholo-holo meriana. Ka Moqebelo, matsatsi a mabeli hamorao, sefofane se seng se ile sa isa lintho tse eketsehileng tsa bongaka bakeng sa bahlaseluoa.
Lipaki tsa Fora, ho kopanyeletsa le ngaka, li ile tsa ea Goma pele ho romeloa thepa e ngata. Ka Mantaha, la 25 July, ha Dr. Henri Tallet a fihla Goma, Lipaki tse ka bang 20 li ne li se li bolailoe ke letšollo le matla, ’me ba bang ba ne ba e-shoa letsatsi le letsatsi. Kaha thepa e ne e tlameha ho tsamaisoa ka tsela ea Bujumbura, Burundi, lik’hilomithara tse ka bang 250 ho tloha moo, ha ea ka ea fihla Goma ho fihlela hoseng ka Labohlano, la la 29 July.
Ho Sebetsana le Boloetse ka Katleho
Khabareng, Lipaki tse ka bang 1 600 le metsoalle ea tsona li ile tsa penyana hammoho seratsoaneng sa moo Holo ea ’Muso ea Goma e leng ho sona. Bakeng sa batho bana kaofela, ho ne ho na le ntloana e le ’ngoe ea ho ithusa, ho se na metsi, ’me ho na le lijo tse nyenyane haholo. Ba bangata ba neng ba tšoaelitsoe letšollo le matla ba ile ba penyana ka Holong ea ’Muso. Palo ea ba shoang e ne e eketseha.
Letšollo le matla le ntša metsi ka ho feletseng ’meleng oa motho. Mahlo aa phatsima ebe aa phethoha. Haeba motsoako oa ho khutlisetsa metsi ’meleng o qalisoa esale nako, motho o boela a hlaphoheloa ka mor’a matsatsi a mabeli. Ka hona, kapele-pele ho ile ha etsoa boiteko ba ho khutlisetsa metsi ’meleng ea baena ka meriana e fokolang e neng e fumaneha.
Ho phaella moo, baena ba ile ba leka ho behella ba kulang ka thōko ho thibela ho tšoaetsa ba bang. Ba ile ba batla ho tlosa baphaphathehi maemong a tšabehang Goma. Sebaka se loketseng se ile sa fumanoa pel’a Letša la Kivu, hōle le lerōle le monkho oa litopo o neng o phunyeletsa ka matla moeeng.
Ho ile ha chekoa matloana a ho ithusa, ’me ha kenngoa tšebetsong melao e tiileng ea bohloeki. Ena e ne e akareletsa ho hlapa matsoho ka basekomong e nang le k’hemik’hale ea ho hloekisa le metsi ka mor’a ho ithusa. Bohlokoa ba mehato ena bo ile ba hatisoa, ’me batho ba ile ba amohela se neng se hlokoa ho bona. Kapele-pele ho ata ho bolaeang ha boloetse boo ho ile ha fokotsoa.
Ka Labohlano, la la 29 July ha thepa e ngata ea liphallelo e fihla, ho ile ha hlongoa sepetlele se senyenyane Holong ea ’Muso Goma. Libethe tse menoang tse ka bang 60 li ile tsa emisoa, hammoho le tsamaiso ea ho hloekisa metsi. Ho phaella moo, ho ile ha isoa litente ho Lipaki tse neng li le mabōpong a Letša la Kivu. Ka nako le motsotso feela, ba ne ba se ba emisitse litente tse 50, ka mela e makhethe le e laolehileng hantle.
Ka nako e ’ngoe Lipaki tse ka bang 150 le bana ba tsona li ne li kula haholo. Bekeng ea pele ka August, ba fetang 40 ba bona ba ne ba shoeletse Goma. Empa meriana le thuso li ile tsa fihla ka nako ho boloka bophelo ba ba bangata le ho thibela mahlomola a mangata.
Batho ba Moea, ba Nang le Teboho
Lipaki tsa baphaphathehi li bontšitse teboho e khōlō bakeng sa lintho tsohle tseo li li etselitsoeng. Li ile tsa angoa ke lerato le bontšitsoeng ke baena ba tsona ba Bakreste ba linaheng tse ling le ke pontšo e hlakileng ea hore ka ’nete ke litho tsa boena ba machaba.
Ho sa tsotellehe mathata a bona, baphaphathehi ba bolokile bomoea ba bona. Ha e le hantle, moshebelli e mong o hlokometse hore “ba bonahala ba amehile haholoanyane ka ho amohela lijo tsa moea ho feta thuso ea lintho tse bonahalang, le hoja ba hloka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho tebileng.” Ka mor’a hore ho etsoe kōpo, likopi tse 5 000 tsa thuso ea ho ithuta Bibele U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka puo ea Rwanda ea Kinyarwanda li ile tsa romeloa likampong tse fapaneng tsa baphaphathehi.b
Baphaphathehi ba ne ba hlahloba temana ea Bibele letsatsi ka leng, ’me ba hlophisa le liboka tsa phutheho. Ho ile ha boela ha etsoa litokisetso tsa ho khanna litlelase tsa sekolo bakeng sa bana. Matichere a ile a nka monyetla ka litlelase tsena ho fana ka thupelo mabapi le melao ea bohloeki, a hatisa hore ho phonyoha ho ne ho itšetlehile ka ho e ela hloko.
Ho Hlokahala Thuso e Tsoelang Pele
Lipaki tsa baphaphathehi tse makholo-kholo li ne li le libakeng tse ling ntle le Goma, tse kang Rutshuru. Baena bana ba ile ba fumana thuso e tšoanang. Ka la 31 July, moifo oa Lipaki tse supileng o ile oa palama sefofane ho ea ka boroa ho tloha Goma o leba Bukavu, moo ho neng ho e-na le Lipaki tse ka bang 450 tsa baphaphathehi. Boholo ba tsona bo ne bo boetse bo e-tsoa Burundi. Letšollo le matla le ne le qhomme moo, ’me ho ile ha fanoa ka thuso ho leka ho thibela ho shoa leha e le hofe har’a baena.
Letsatsing le latelang moifo oo o ile oa tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 150 ka koloi ho leba Uvira, Zaire, moo tseleng ho neng ho e-na le Lipaki tsa Rwanda hammoho le tsa Burundi tse ka bang 1 600 libakeng tse ling tse supileng. Ho ile ha fanoa ka thupelo ea hore na ke joang ba neng ba ka itšireletsa boloetseng. Tlaleho e thehiloeng ho seo moifo o se fumaneng e itse: “Se seng se entsoe ho fihlela joale ke qalo feela, ’me batho ba 4 700 bao hona joale ba amohelang thuso ea rōna ba tla hloka thuso e eketsehileng ka likhoeli tse ngata.”
Ho tlalehoa hore Lipaki tse makholo-kholo li khutletse Rwanda ka August. Leha ho le joalo hoo e batlang e le mahae ’ohle le thepa li sentsoe. Kahoo phephetso e teng ke ea ho tsosolosa mahae le Liholo tsa ’Muso.
Bahlanka ba Molimo ba tsoela pele ho rapella ka tieo ba utloileng bohloko bo tšabehang hakaalo Rwanda. Rea tseba hore ha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo atamela, pefo e ka ’na ea eketseha. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li tla tsoela pele ho boloka ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste le ho bontša kutloelo-bohloko ea tsona ea sebele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho sa Molula-Qhooa oa December 15, 1994 se reng “Mahlomola Rwanda—Ke Mang ea Ikarabellang?”
b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[’Mapa o leqepheng la 12]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
RWANDA
Kigali
UGANDA
ZAIRE
Rutshuru
Goma
Letša la Kivu
Bukavu
Uvira
BURUNDI
Bujumbura
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ka ho le letšehali: Ntabana Eugène le lelapa la hae ba ile ba bolaoa ka sehlōhō. Ka ho le letona: Mukagisagara Denise, Motutsi, o ile a bolaoa, ho sa tsotellehe boiteko ba baena ba Mahutu ba ho mo sireletsa
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Ka holimo: Ho hlokomela ba kulang Holong ea ’Muso Goma. Tlaase ka ho le letšehali: Litone tse ka holimo ho 35 tsa liphallelo tse lokiselitsoeng ke Lipaki le ho romeloa ka sefofane se nkang thepa sa “jet.” Ka tlaase: Haufi le Letša la Kivu, moo Lipaki li ileng tsa isoa teng. Tlaase ka ho le letona: Baphaphathehi ba Rwanda Holong ea ’Muso Zaire