Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 3/8 maq. 23-27
  • Leeto la ho Boela Russia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leeto la ho Boela Russia
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lula re Ntse re Nahanne ka Russia
  • Lelapa la Batho ba Russia le Nang le Kamohelo e Mofuthu
  • Motheo o Tiileng Bibeleng
  • Se Tšoana le Bokreste ba Pele
  • Boikitlaetso bo Matla ba ho Tsamaisana le Keketseho
  • Batho ba Russia ba Nka Bolokolohi ba Borapeli e le Letlotlo
    Tsoha!—2000
  • Batho ba Jehova ba Hlōla Nyeoe e Nkileng Lilemo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Batho ba Khotso ba Loanela Lebitso la Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Kopano ea Pele ea Machaba ea Lipaki tsa Jehova Russia
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 3/8 maq. 23-27

Leeto la ho Boela Russia

E ’NGOE EA LIPHETOHO TSE KHŌLŌ KA HO FETISISA HO SEO E NENG E LE SOVIET UNION E BILE TOKOLOHO EA HO BUISANA KA BOLUMELI. BATHO BA BANGATA BA RUSSIA BA ILE BA SEBELISA TOKOLOHO EO BAKENG SA HO HLAHLOBA LITHUTO TSA BIBELE. PHELLO E BILE SEO HO KA THOE’NG KE MOHLOLO OA MEHLENG ENA.

E BILE ho makala ho hokaakang hoo ke bileng le hona ka la 28 July, 1993, ha ke thola koranta ea hoseng ea New York Times ’me ke bona setšoantšo se seholo sa kolobetso se nkiloeng Moscow leqepheng la eona la pele! Se ne se e-na le tlhaloso e reng: “Ho tlosoa ha thibelo ea bolumeli Russia ho tlisitse basokolohi Locomotive Stadium ea Moscow bakeng sa kolobetso ea letšoele le leholo e le Lipaki tsa Jehova.”

E ne e le letsatsi feela ’na le mosali oa ka re sa tsoa khutla Russia. Re ne re le teng kolobetsong eo ea batho ba 1 489. Lerato la Bokreste le ileng la bontšoa ke batho ba Russia le thahasello ea bona linthong tsa moea le ile la re khahla e le kannete. Phihlelo e ’ngoe eo re bileng le eona ka mor’a lenaneo le phethang la Sontaha mantsiboea e bontša sena.

Ha re khutlela hoteleng ea rōna, ka terene ea Metro mantsiboeeng ao, ke ne ke lutse haufi le mohlankana ea ka bang lilemo li 18 kapa 19. Ke ile ka mo fa pampitšana ea Bibele ka Serussia, Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng?a Ka mor’a ho e qekotsa hakhutšoaane, o ile a e fetisetsa ho ’mè oa hae. Kahoo ke ile ka fa mocha eo e ’ngoe hape. Eaba ke moo a supang potso e qalang, “Haeba motho a e-shoa, na o tla phela hape?” eaba ka lekhonono, o botsa ka Senyesemane, “Na u lumela see?”—Jobo 14:14, King James Version.

Ke ile ka reteleha ho mo sheba mahlong ka ho toba ’me ka araba ka kholiseho: “Ka sebele kea se lumela!” Kapele-pele ke ile ka phaella: “Nahana ka sena. Re le batho ba bohlale le ba nahanang, bophelo ba rōna ke mohlolo. Boleng bo Phahameng Haholoanyane bo tlameha bo ikarabella bakeng sa melao e laolang tsoelo-pele ea rōna re le batho ba phelang. Kahoo ke lumela hore enoa Ea Phahameng a ka boela a etsa hore motho ea shoeleng a phele hape.”

Kapele-pele mocha eo o ile a qalisa ho bala pampitšana. Ha a e qeta, ke ile ka mo neha bukana e lekanang le makasine, ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella?* ka puo ea Serussia. O ne a batla ho ithuta ho eketsehileng, empa re ne re se re lokela ho theoha seteisheneng se latelang. Esita le hoja mocha eo le ’mè oa hae ba ne ba lokela ho ea palama terene e ’ngoe ka nako phirimaneng eo, ba ile ba theoha le rōna seteisheneng seo hore re ka bua ka metsotso e seng mekae e eketsehileng. Ka mor’a ho etsa litlhaloso tse khutšoaane mabapi le lenaneo la rōna la thuto ea Bibele, ke ile ka mo bontša aterese leqepheng la ho qetela la bukana eo e lekanang le makasine moo a neng a ka ngolla bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng.

Re ile ra tloha Russia letsatsing le latelang, empa maemo a kang ana ao re kopaneng le ’ona a ile a siea khopolo e ke keng ea lebaleha.

Ho Lula re Ntse re Nahanne ka Russia

Ke ile ka lula ke ntse ke nahanne ka manane a hlollang a ba bacha ba ileng ba kolobetsoa ka mor’a hore thibelo e qetelle e tlositsoe ho Lipaki tsa Jehova naheng eo pele e neng e le Soviet Union ka March 1991. Kapele-pele likopano tse supileng li ile tsa hlophisetsoa lehlabula la 1991, ’me ba 7 820 ba ile ba qoelisoa metsing. Joale, likopanong tsa lehlabula la 1993—ho akareletsa eo re bileng ho eona Moscow—ba 11 238 ba ile ba qoelisoa.

Cheseho ea Lipaki ea ho bolela evangeli Russia ha ea ka ea tsoela pele e sa hlokomelehe ho batho ba bangata ba Russia. Ha u nahana ka karabelo ea batho ba Russia lithutong tsa Bibele, ho bonahala eka ke mohlolo.

Re ile ra ipotsa: ‘Khōlo e potlakileng joalo e ile ea etsahala joang? Ebe batho baa ba Russia ba na le motheo o tiileng hakae lithutong tsa Bokreste?’

Ha banyalani ba bang ba lulang Moscow ba bolela hore ba tla re lokisetsa bolulo haeba re ne re ka etela Russia hape, re ile ra qala ho etsa litokisetso tsa leeto. Litebello tsa rōna mabapi le leeto li ile tsa hōla ha re ne re amohela litlaleho tse eketsehileng mabapi thahasello e sa tloaelehang ea batho ba Russia linneteng tsa Bibele.

Lelapa la Batho ba Russia le Nang le Kamohelo e Mofuthu

Re ile ra fihla re nkile lisutuk’heise sebakeng seo re neng re tla lula ho sona Moscow ka la 24 July—mokatong oa bobeli oa folete eo motho a ka tsamaeang metsotso e leshome ho tloha mohahong oa folete ea metsoalle ea rōna. Ho ba lelapa leo re neng re tla lula le lona, e ne e le Katia ea lilemo li 15 feela ea neng a le teng hae bakeng sa ho re amohela. E ne e le Sontaha mantsiboea, ba bang kaofela ba lelapa ba ne ba ntse ba le tšebeletsong ea Bokreste.

Kapele, litho tse ling tsa lelapa li ile tsa qala ho khutlela hae—Galina, ’mè oa teng; Zhenia ea lilemo li 13, e leng morali oa bona e monyenyane; ’me qetellong, Viktor, ntate oa teng. Ha ho le ea mong oa bona ea neng a tseba Senyesemane hakaalo, ’me tsebo ea rōna ea Serussia e ne e fokola le ho feta. Puisano e ne e batla e le bonolo ha metsoalle ea rōna e buang Senyesemane e ne e re tolokela empa e ne e le thata ha ba tsamaea. Re ne re sebelisa buka e hlalosang mantsoe ea Serussia le Senyesemane le ho bua ka matsoho. Katia le Zhenia ba ne ba ipabola mokhoeng ona oa puisano kaha ba ne ba ithutile puo ea lithōlō.

Lelapa lohle le ne le ile la kolobetsoa ka nako e le ’ngoe, lilemo tse peli feela pejana. Viktor e ne e le mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong, ’me bananyana ba ne ba sebelisa matsatsi a phomolo ea sekolo bakeng sa ho qeta nako e ngata tšebeletsong. Ha ba le sekolong, ba ne ba sa qea-qee ho bua ka tumelo ea bona. Ha e le hantle, boboleli ba bona bo ile ba hapa tlhokomelo ea ba boholong ba kantle ho setereke sa sekolo sa bona. E ile ea e-ba ho khahlisang ho rōna ho tseba hore lelapa leo le ne le khanna lithuto tsa Bibele tse 28 le batho ba thahasellang beke e ’ngoe le e ’ngoe!

Ka ho hlakileng, tlhokomelo ea setho se seng le se seng sa lelapa e ne e tsepamisitsoe thutong ea Bibele le tšebeletso ea Bokreste, ’me re ne re bona hore bophelo ba bona bo ne bo entšitsoe ke seo. Ba ne ba bonahatsa thabo.—Liketso 20:35.

Motheo o Tiileng Bibeleng

Pele re il’o phomola ka phirimana, ke ne ke ee ke botse lelapa lipotso tse khutšoaane ka litemana tsa Bibele. Pele ke ile ka botsa hore na Tšenolo 21:3, 4 e re’ng. Hang-hang, bananyana ba ne ba e qotsa hoo e batlang e le ka nako e le ’ngoe. Ka mor’a moo ke ile ka ba botsa mabapi le Esaia 2:4. Le eona eo ba ne ba e tseba, ba bile ba etsa lipontšo tse bontšang ha ho etsoa lisabole mehoma.

Ke ile ka tsoela pele ka mangolo a Esaia a buang ka puso ea ’Muso le mahlohonolo a lefatše le lecha, e leng, Esaia 9:6, 7; 11:6-9; 25:8; 33:24; 35:5, 6; le 65:21, 22. Ba lelapa ba ne ba khona ho hlalosa moko-taba oa temana ka ’ngoe, ba sa sheba ka Libibeleng tsa bona. Nako le nako bananyana ba ne ba bontša hore ba tseba lengolo ka ho le hlalosa ka matsoho, joaloka ho bontša ka ngoana ea bapalang le tau.

Phirimaneng e ’ngoe re ile ra tšohla mangolo a khethollang Molimo, re behile tlhokomelo ho a bontšang hore Jesu o ka tlaase ho Molimo le hore Molimo le Jesu hase motho a le mong empa ba bonngoeng. Lelapa le ne le utloisisa moko-taba oa mangolo a kang Johanne 10:30, Johanne 17:20, 21, le 1 Ba-Korinthe 11:3. ’Na le mosali oa ka re ne re makaletse kamoo ba tsebang Libibele tsa bona kateng.

Hoseng ha Labobeli re ile ra kopana re le bangatanyana ’me ra tsamaea hammoho ka terene ea Metro ho ea serapeng se setle sa boikhathollo moo re ileng ra qeta lihora tse peli le halofo re bua le batho ka Bibele. Re ile ra arohana ’me ra sebetsa ka bobeli ka bobeli. E mong oa bao ke ileng ka tsamaea le bona e bile Nadia, moroetsana oa Morussia ea neng a le masene haholo tabeng ea ho atamela batho le ho ba susumetsa hore ba kopanele lipuisanong. E ne e le setsebi ho lebiseng tlhokomelo likhopolong tsa Molimo tse ka Bibeleng. Ke ile ka ipolella hore, ‘Enoa ke mohoeletsi ea nang le phihlelo.’ Ke ile ka makala ha ka mor’a moo ke utloa hore e ne e le hona a leng lilemo li 17 le hore o ne a e-na le likhoeli tse peli feela a kolobelitsoe!

Re bile le liphihlelo tse ngata tse joalo, tse ileng tsa hatisa ho rōna hore boemo ba Russia ke bo ikhethang. Ho tloha ha Bokomonisi bo e-oa, batho ba Russia ba iponahalitse ba laba-labela ho hlahloba lithuto tsa Bibele. Boholo ba bona ba rutehile haholo, ’me ba rata ho bala. Esita le ba banyenyane baa bala le ho utloisisa hantle, joalokaha sena se ile sa pakoa ke ha re ne re etela lelapa le leng la batho ba Russia le neng le ile la ithuta linnete tsa Bibele ha Lipaki li ne li ntse li thibetsoe.

Mora e monyenyane oa banyalani bao o ile a re o batla ho botsa potso. O ile a etsa kōpo eo ka motoloki. Ke ile ka khahloa haholo ke eona hoo ke ileng ka re haeba a ne a ka ngola kōpo ea hae fatše, ke ne ke tla e fetisetsa ho bahatisi ba Tsoha! Hang-hang o ile a lula fatše ’me a ngola lengolo. Se latelang mona ke phetolelo ea seo a neng a se ngotse. Lengolo le boetse le hlahisitsoe leqepheng la 25.

“Serosha o ngolla Mokhatlo oa Watchtower a le Russia. Ke na le lilemo tse supileng, ’me ke se ke qalile ho ea boboleling ’moho le Ntate le ’Mè. Ke rata ho bua le batho ka ’Muso oa Molimo. Hape ke rata ho bala makasine ea Tsoha! E tla Russia ka puo ea Serussia hang ka khoeli empa ka puo ea Senyesemane e tla habeli ka khoeli. Nka rata haholo ho ba le makasine ena habeli ka khoeli, hobane ke e rata hona, hona hoo. Ka kōpo etsang sena.”

Ho tloha ho metsoalle eo re neng re e entse Moscow ho ne ho se bonolo. Ka nako e khutšoaane joalo, re ile ra ba rata haholo.

Se Tšoana le Bokreste ba Pele

Re ile ra tloha ho leba Tallinn, Estonia, ka terene ea bosiu. Moo re ile ra bona mehaho e mecha e metle e leng moo mosebetsi oa boboleli o laoloang teng rephabliking eo, eo e neng e le ea Soviet Union. Matsatsi a mararo hamorao re ile ra tšoara terene ho ea St. Petersburg. Libakeng tseo ka bobeli Bakreste-’moho le rōna ba ile ba botsa mabapi le mosebetsi oa boboleli Moscow. Ke ile ka araba: “Ho ba moo le ho bona keketseho, ho nthusitse ho utloisisa hamolemo se ngotsoeng karolong e qalang ea Liketso 17 le mangolong a eang ho Bathessalonika.”

Kamehla ke ne ke ile ka makatsoa ke hore phutheho e ile ea thehoa Thessalonika nakong ea libeke tse fokolang tsa tšebeletso ea moapostola Pauluse moo kamoo ho bonahalang kateng. Se ’nileng sa boela sa ’makatsa e ne e le hore nakong ea hoo e ka bang selemo kapa ho feta, Pauluse o ile a ngolla Bakreste bana ba bacha mangolo a mabeli mabapi le litaba tsa moea tse tebileng joaloka tsoho le ho ‘nkeloa marung,’ “letsatsi la Jehova,” mohoo oa “khotso le tšireletseho!,” le “boteng ba Morena oa rōna Jesu Kreste.” (1 Ba-Thessalonika 4:13-17; 5:1-3; 2 Ba-Thessalonika 2:1, 2, NW) Ha e le hantle, mosebetsi o chesehang oa Bakreste bao ba pele, o ile oa hlahisa mohlolo oa lekholong la pele la lilemo—mokhatlo oa machaba o nang le bomoea bo matla oa baboleli ba hōlileng ka tsebo ka nako e khutšoaane. Hoo e ka bang lilemo tse leshome hamorao, Pauluse o ile a ngola hore “Evangeli” e ne e ‘boleletsoe babōpuoa bohle ba tlas’a leholimo’!—Ba-Kolosse 1:23.

Se neng se etsahala Russia ho ’na se ne se bonahala se tšoana le se ileng sa etsahala lekholong la pele la lilemo.

Boikitlaetso bo Matla ba ho Tsamaisana le Keketseho

Russia ke naha e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng, kahoo ho totobetse hore ho fana ka tataiso ho ba likete ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo moo ke mosebetsi o moholo.—Mattheu 24:14.

Malebana le ba ileng ba utloa litaba tse molemo mabapi le Bokreste lekholong la pele la lilemo Bibele e re: “Letsoho la Morena [Jehova] la e-ba le bona, ’me batho ba bangata ba lumela, ba sokolohela ho Morena.” (Liketso 11:21) Re fumana mantsoe ao a sebetsa hantle hakaakang ho baena ba rōna ba Bakreste ba Russia! E se eka tšimo ea Russia e ka ’na ea sala e soeufetse bakeng sa kotulo ea moea, ’me e se eka ba likete tse eketsehileng ba ka kopanela tokelong ena ea bohlokoa ea ho thusa ba bang tseleng e isang bophelong.—E nehelanoe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

Ka holimo: Lelapa leo re neng re lula le lona. Holimo ka ho le letona: Ho paka serapeng sa boikhathollo. Tlaase ka ho le letona: Serosha le lengolo la hae

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Mehaho e mecha ea Watch Tower, Tallinn, Estonia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela