Bacha Baa Botsa . . .
Re Nyalane Kapele—Na Re Tla Atleha?
“Re qalile ho laetsana ho tloha ha ke le lilemo li 16. Ha ke le lilemo li 18 re ile ra nyalana. Ho ne ho tla ba monate—ka ho sa feleng! Empa ka mor’a likhoeli tse ’nè, ke ile ka tenoa ke khatello eo ke neng ke le tlas’a eona.”—Tonya.a
HO KENA lenyalong motho a le lilemong leha e le life ke taba e tebileng. Bibele e re: “Ba kenang lenyalong ba tla ba le mahlomola le mesarelo.” (1 Ba-Korinthe 7:28, The New English Bible) Empa ho ba bangata ba kenang lenyalong nakong ea “palesa ea bocha,” hangata mahlomola le mesarelo ho bonahala li le ngata ka tsela e sa mamelleheng.—1 Ba-Korinthe 7:36.
Ho joalo hobane bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba sa ntsane ba hōla; ke ka seoelo ba hlomelletsoeng hamolemo bakeng sa ho phetha mesebetsi ea monna kapa ea mosali. Dr. Jane K. Burgess o re: “Bacha ba na le likhopolo tse feteletseng tseo eseng tsa sebele ka lenyalo. Ha ba nahane ka mosebetsi oa letsatsi ka leng le boiteko tseo lenyalo le atlehileng le tlang ho li hloka.” Ka hona lintho tsa sebele lenyalong li ka nyarosa banyalani joaloka ho jabeloa lerameng, e leng ntho e seng mofuthu kapa e khahlehang.
Kim ea monyenyane o re: “U lebeletse hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e be monate ’me e be e hlollang, joaloka toro. Leha ho le joalo, monyaka oa ho ba banyalani ba bacha oa fela, ebe ho kenella mosebetsi oa ho pheha, ho hlatsoa lijana, ho reka korosari, le ho hlatsoa—ha monna oa hao a ikharile sofeng. Ha ho mohla ho kileng ha hlokahala hore a etse mesebetsi e joalo hobane ’mè oa hae o ne a mo etsetsa ntho tsohle. Nakong ea ho laetsana ha ho mohla u nahanang ka mokhathala kapa ho khopeha. Joale ha u ima, lintho li senyeha ka makhetlo a leshome ho feta moo!”
Hape, hangata bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba nyala ka potlako hoo ba hlokomolohang lintho tse ling. Helen oa hopola: “Ke ile ka nyaloa ke monna eo ke neng ke nahana hore ke Mokreste oa ’nete. Ka lebaka la ho hloka phihlelo, ha kea ka ka mo tseba hantle ka ho lekaneng. Ka mor’a ho nyalana ka likhoeli tse leshome, ke ile ka sitoa ho mamella boitšoaro ba hae boo eseng ba Bokreste.” Ho hlōleha ha lenyalo la Helen ho hang hase mokhelo. United States, manyalo a mangata a bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 a qhalana nakong ea lilemo tse hlano.
Ho sa tsotellehe lipalo-palo tseo tse tšosang, bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba mathela lenyalo. Mohlomong u e mong oa bona. Haeba ho joalo, mohlomong hona joale u se u qalile ho sithabetsoa ke likhatello tsa lenyalo.
Na ha ho Tharollo?
Le hoja ho kena lenyalong u sa le monyenyane ho se bohlale, hase hakaalo hore ke sebe. Lenyalo lea hlompheha mahlong a Molimo. (Ba-Heberu 13:4) Ke ’nete hore maemo a mang a feteletseng a ka etsa hore karohano kapa tlhalo e lokele. (Mattheu 19:9; 1 Ba-Korinthe 7:12-15) Leha ho le joalo, maemong a tloaelehileng, Molimo o hloka hore banyalani ba khomarelane. (Mattheu 19:6) Le hoja sena se ka bonahala eka ke molao o thata, o boetse o bolela hore Molimo o batla hore le atlehe.
Monna e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o re: “Ho se ho le morao ho re, ‘Na ke ne ke le monyenyane haholo? Na ehlile rea tšoanelana?’ le lintho tse ling tse amanang le ho haha serobe phiri e se e jele. U kene lenyalong!” Kahoo ho e-na le ho koma-koma ka koluoa e u hlahetseng, ke hobane’ng ha u sa leke ho fumana tsela e ’ngoe ea ho atlehisa lenyalo la hao?
Ke Mang ea Ikarabellang Moo?
Bibele e bolella banyalani hore: “Lōna basali, le ikokobetse ka tlas’a banna ba lōna, joalo ka ha le ikokobetsa ho Morena . . . Monna ke hlooho ea mosali.” (Ba-Efese 5:22, 23) Leha ho le joalo, ha monna e mocha a qetile bophelo bohle ba hae tlas’a tlhokomelo ea ’mè le ntate, ho ba hlooho ea lelapa e ka ba boikarabelo bo tšosang.
Mosali e mong e mocha o hopola sena ka monna oa hae: “Tom o ne a sa batle ha ke e-ea kae kapa kae ke le mong. Ke ne ke ikutloa ke tšoasehile, ke notlelletsoe kahare. O ne a nahana hore neng kapa neng ha ke sa lumellane le eena, ke phephetsa matla a hae.” Ka lehlakoreng le leng, basali ba bang ba fumana ho le thata ho nka banna ba bona ba banyenyane e le lihlooho tsa bona. Ba bang ba ka tenoa le ke pontšo leha e le efe ea hore ke monna ea etsang qeto, ba hana ho ba le tšebelisano-’moho haeba ba sa lumellane le eona.
Sena se ka baka tsieleho e khōlō haeba u le monna e monyenyane haholo. Empa ha ho hlile ha ho hlokahale hore u ferekane hobane feela molekane oa hao a sa phethe taelo e ’ngoe le e ’ngoe ea hao ka potlako. Ho tla nka nako hore mosali oa hao a ikutloe a sireletsehile tlas’a bohlooho ba hao. Khabareng, sebeletsa ho fumana tlhompho ea hae, eseng ka ho leka ho mo laola, empa ka ho etella pele le ka ho leka ho etsa liqeto tse bontšang ho leka-lekana.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 16:13.
Bibele e tsoela pele ho khothatsa: “Le ’ne le beane pele [ka] hlomphano.” (Ba-Roma 12:10) E, hlompha mosali oa hao ka ho beha lithahasello tsa hae ka pele ho tsa hao. (Ba-Filippi 2:4) Mo fe bolokolohi, u mo tšoare joaloka molekane ea hlomphehang, eseng joaloka lekhoba. (Bona Malakia 2:14.) Neng le neng ha ho khoneha, buisana le eena ha ho hlokahala hore ho etsoe liqeto tse khōlō. (Liproverbia 13:10) Sena se tla etsa hore a nolofalloe ke ho ikokobeletsa bohlooho ba hao.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u mosali e monyenyane? Ho ka ’na ha leka mamello ea hao ho ikokobeletsa monna oa hao e monyenyane ha ho se hōle hantle maikutlong ho hlahella ka ho soabisang kapa ha a sa bontše ho ba le kahlolo e molemo. Leha ho le joalo, ho mo tloka kapa ho mo hanyetsa ho ke ke ha ntlafatsa boemo. Monna e mong e mocha o itse: “Ha a ne a eketsa ho nkhobola, ke ne ke eketsa ho mo tima litaba.” Leka ho bontša tlhompho ka ho nahanela hore o ntse a hloka phihlelo. A ka ’na a arabela ka ho hlompha maikutlo a hao haholoanyane. Haeba a etsa qeto e u khopisang—empa e sa tlōle molao leha e le ofe oa boitšoaro—ke hobane’ng ha u sa e tšehetse? “Bohlale bo tsoang holimo bo . . . itokiselitse ho mamela.” (Jakobo 3:17, NW) Ka ho tšehetsa bohlooho ba hae, u ka mo thusa hore a tšoanelehe haholoanyane.
Mathata a Chelete
Ba bang ba bolela hore bothata bo ka sehloohong ho banyalani ba bacha lilemong ke chelete. Hangata banyalani ba tšosoa ke ho tseba hore na ho hlokahala bokae ho iphelisa. Ka mohlala, Ray le Lora “ba ne ba se na lijo kapa chelete” ka mor’a lechato la bona. Ba re: “Re ne re robala fatše.” Brad le Tonya ba ile ba ba tlas’a khatello e tšoanang ea moruo ha Brad a lahleheloa ke mosebetsi—’me Tonya a tlameha ho lefa melato.
Le hoja e le ’nete hore hangata bacha ba thatafalloa ho fumana mosebetsi o lefang hantle, mathata a chelete ka linako tse ling a bakoa ke ho se tsebe ho sebelisa chelete hantle. Nahana ka mosali e monyenyane ea reng: “Ke sebelisa chelete ho fihlela e fela ebe joale ha ke sa ba le letho bekeng ea ho qetela ea khoeli.” Banyalani ba bang ba utloa bohloko hobane ba hlōleha ho buisana. Monna ea bitsoang Jake o re: “Ke ile ka itsamaela ka reka koloi ke sa mo bolella.” Ka ho belaela mosali oa hae o re: “Seo re neng re hlile re se hloka ke thepa ea ntlo.”
Na u kile ua hlaheloa ke se tšoanang? Mohlomong ha u e-s’o hlobole litšobotsi “tsa bongoana” tabeng ea ho sebelisa chelete. (1 Ba-Korinthe 13:11) Na u reka ka ho nkeha? Haeba ho joalo ithute ho etsa lethathamo la lintho tse tla rekoa, ’me u le khomarele. Buisanang ka lintho tse khōlō tse tla rekoa. (Liproverbia 15:22) Ngola fatše lintho tseo u li rekang, ebe u etsa lenane le bontšang kutloisiso la lintho tse tla rekoa.b Ho etsa joalo ho ka etsa hore u se hlaheloe ke khatello e khōlō ea lichelete.
Na re ka Bua?
Sena se re tlisa ho seo ba bang ba se bitsang bothata ba bobeli bo boholo har’a banyalani ba bacha lilemong: puisano. Banyalani ba bang ba thola ka mokhoa o bakang tsitsipanyo. Ba bang ba buisana ka lipuo tse hlabang. Sylvia, eo e leng mosali ea hlaliloeng, o sa hopola: “Khang e khōlō eo [re] neng re e-ba le eona e ne e bakoa ke lintho tse se nang kelello ka mokhoa o makatsang. Lintho tse kang hore o siile lieta tsa hae har’a ntlo, kapa hore ke ile ka ’na ka tsoepela lijo tsa hae tsa tinare.”
Ka sebele ho tla ba le ho se utloisisane le ho se lumellane. Empa “tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba” li senya lenyalo. (Ba-Efese 4:31) Itloaetseng ho buisana ha khopiso e sa le nyenyane. Ha le buisana, hlaselang bothata—eseng motho. Haeba lintho li tsoa taolong, hanang ho rotetsa khang. Liproverbia 26:20 e re: “Mollo o fela ke ho hlokeha ha patsi.” Hamorao, ha ka bobeli le se le theotse maikutlo, lekang ho buisana hape.
Puisano e ntle e boetse ke senotlolo sa ho rarolla bothata bo bong bo tloaelehileng: ho se khotsofatsoe ke likamano tsa botona le botšehali. Ka linako tse ling banyalani ba bacha lilemong ba khathala haholo ka lebaka la kemiso ea bona e ncha hoo ba sa thabeleng botsoalle bo haufi-ufi bo bang teng lenyalong. Buka ea Building a Successful Marriage e re: “Banna le basali ba kena lenyalong ba fuoe ka ntle ho letsoho mabapi le karolo le mosebetsi oa likamano tsa botona le botšehali.” Kaha ba thetsitsoe ke mashano a lefatše, banyalani ba bangata ba ba le litebello tseo e seng tsa sebele haholo tabeng ena. Boithati le ho haelloa ke boitšoaro le tsona li na le seo li se etsang. Puisano e tobang taba, hammoho le nako le mamello, ke tsa bohlokoa. Ha e mong ‘a batla tse tšoanelang e mong,’ ke ka seoelo likamano tsa botona le botšehali e bang bothata bo tebileng.—1 Ba-Korinthe 10:24.
Joale, ka ho hlakileng, lenyalo hase la bana. Haeba u se u kene lenyalong, hase hore u ke ke ua atleha. Mosali e mong ea nyetsoeng o re: “Selemo sa ka sa pele ke nyetsoe se ne se le boima. Empa ka lebaka la ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, hona joale re phela bophelo ba lenyalo bo khotsofatsang, bo thabileng.” Le ho uena ho ka ba joalo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Sehlooho se reng “Etsa Khakanyo ea Tšenyehelo ea Chelete ea Hao—Tsela e Bonolo!” se hlahileng ho tokollo ea rōna ea Awake! ea April 22, 1985, se na le litlhahiso tse sebetsang.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho tšehetsa monna e mocha karolong ea hae ea bonna ho ka etsa hore a bonahatse litšoaneleho tse ntle