Pono ea Bibele
Morero oa Bophelo ke Eng?
“BATŠEHETSI BA THUTO EA DARWIN BA TSEKA HORE KHETHO EA TLHAHO E LEKANE HO HLALOSA BOPHELO BA LINTHO TSE PHELANG. LEHA HO LE JOALO HO BONAHALA HO BONTŠA KAHLOLO E MOLEMO HORE, HAEBA NTHO E PHELANG E HŌLA HORE E RARAHANE HAHOLOANYANE, E ITSEBE ’ME E BE BOHLALE, KE HOBANE LITŠOANELEHO TSEO LI LAKATSEHA.”—DYLAN THOMAS (1914-53, SEROKI LE MONGOLI OA WALES).
HO BATLA ho fumana morero oa bophelo hase ntho e ncha. Batho ba thahasellang ho tseba ba ’nile ba nahana ka hona ka lilemo tse makholo. Phuputso ea morao-rao tjena e bontša hore batho ba New Zealand ba nahana ka hona haholo kajeno ho feta lilemong tse leshome tse fetileng. Tlaleho e hatisitsoeng ho Listener e bolela hore baahi ba etsang karolo ea 49 lekholong, ba lilemo li 15 le ba baholo ho moo, “ba ne ba nahana ka morero oa bophelo khafetsa,” e leng keketseho ea karolo ea 32 lekholong ho feta ha ho ne ho etsoa patlisiso e tšoanang ka 1985.
Ho bonahala batho ba New Zealand ba bontša maikutlo ao batho ba lichaba tse ling ba nang le ’ona. Listener e tsoela pele: “Tšekamelo e ntseng e eketseha ea ho ipotsa ka bohlokoa ba ho ba teng ha rōna e ka bontša hore hona joale re amehile ho feta kamoo re neng re amehile kateng lilemong tsa bo-[19]80, hore ha re sa tseba hantle seo re lokelang ho se etsa.”
Ho hlakile hore likarabo tse fanoang ke batšehetsi ba ho iphetola ha lintho potsong e botsoang hohle e reng, Ke hobane’ng ha re le mona? ha li khotsofatse batho ba ntseng ba eketseha ka palo. Na Bibele e ka fana ka tataiso e hlokahalang ea se nepahetseng le se fosahetseng boitšoarong bakeng sa ho fumana morero oa bophelo ba motho?
“Tšusumetso e Khōlō”
Ho libōpuoa tsohle tsa lefatše, ke motho feela ea nahanang ka morero oa bophelo. Na u tseba lebaka? Bibele e fana ka lebaka le leng ho Moeklesia 3:11. Mabapi le ’Mōpi, e re: “O file batho boikutlo ba ho ameha ka nako e fetileng le e tlang.” (The New English Bible) Le hoja lintho tsohle tse phelang li rata bophelo, ho bonahala eka motho oa ikhetha tabeng ea ho ba le boikutlo ba nako—e fetileng, ea hona joale, le e tlang. Motho a ka thuisa ka nako e fetileng ’me a lebella bokamoso, a bo lokisetsa, e, esita le ho lakatsa ka matla ho kopanela ho bona. ’Me a ka ferekana haeba a bona litaba-tabelo tsa hae ka bokamoso li sa phethahale ka lebaka la bophelo bo bokhutšoanyane.
Ka hona, ke motho feela ea botsang lipotso tsena, Ke hobane’ng ha ke le mona? Ke ea hokae? Ngaka ea mafu a kelello Viktor Frankl e ile ea ngola: “Ho phehella ho fumana morero bophelong ba hao ke tšusumetso e khōlō ho motho. . . . Ke bua ka sebete hore ha ho letho lefatšeng, leo ka katleho le ka thusang motho ho pholoha esita le maemo a boima ka ho fetisisa, joaloka ho tseba hore bophelo ba motho bo na le morero.”
Seo Salomone a se Fumaneng se Tiisoa ke Jesu
Tlhoko ea ho fumana morero oa bophelo e ile ea thahasellisa batho ba boholo-holo. Ha re khutleleng morao historing lilemong tse likete tse tharo tse fetileng ’musong oa Iseraele tlas’a puso ea Salomone. Ka eena, Mofumahali oa Sheba o ile a re: “See ke neng ke se utloile naheng ea ka sa taba tsa hao le bohlale ba hao, e ne e le ’nete. Empa ha kea ka ka lumela, ho fihlela ke ba ke e-tla, ke bona ka mahlo a ka; bona, ha kea ka ka bolelloa le halofo; bohlale ba hao le letlotlo la hao li fetisa botumo boo ke bo utloileng.”—1 Marena 10:6, 7.
Ha a ngola buka ea Bibele ea Moeklesia, Morena Salomone o ile a tsebisa babali ba hae liphello tsa phuputso eo a e entseng ho fumana morero oa bophelo. E bile phuputso ka ho sebelisa menyetla ea ho thabela bophelo bo loketseng morena oa Bochabela oa mehleng ea boholo-holo. Khaolong ea 2, litemaneng tsa 1-10, o ile a hlalosa bophelo ka tsela eo ho leng thata ho bo utloisisa kajeno. O ile a leka sohle se fumanehang bophelong mabapi le lintho tse bonahalang le menyaka ea nama. O ile a fumana eng ka morero oa lintho tse joalo tse hahamalloang? Karabo ea hae e lokela ho makatsa ea itšepang ho tlōlisa.
Ha a nahana ka lintho tsena tsohle, hangata kahlolo ea hae e ne e sa thabise. E ne e le lefeela, e le tšenyo ea nako. O ile a ngola: “Empa eitse ha ke talima mesebetsi eohle eo matsoho a ka a e entseng, ’me ke bala mokhathala oo ke ikhathalitseng ka oona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng; ha ho letho le ka fihleloang ka tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi.”—Moeklesia 2:11.
O ile a etsa qeto ea hore menyaka ea lefatše e tlisa menate ea nakoana feela. Esita le bohlale ba motho bo ke ke ba lopolla motho bohlokong le tsielehong tsa bophelo.
Jesu Kreste o ile a etsa qeto e tšoanang, nakong ea ha a ne a bua ka kameho e sa hlokahaleng ea motho ka ho fumana lintho tse bonahalang, o ile a re ho letšoele le mametseng: “Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ea leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng, leha li mo atetse haholo.”—Luka 12:15.
Ke Jehova Molimo feela eo ka ho feletseng a ka hlōlang bofokoli ba batho bophelong ba letsatsi le letsatsi ’me a etsa hore liketso tsa motho li be le morero o bohlale. Ka hona, bophelo ntle ho Molimo ke lefeela. Joalokaha ho tlalehiloe ho Moeklesia 12:13, Salomone o ile a hlalosa: “Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.”
Ho Fumana Morero oa Bophelo
Qeto ea Salomone ea hore morero oa bophelo o ke ke oa arohanngoa le tšabo e loketseng ea Molimo e ile ea tiisoa ka makhetlo ke Jesu Kreste. Ha Jesu a qotsa Lentsoe la Molimo o ile a re: “Ho ngoliloe, ho thoe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.” (Mattheu 4:4; Deuteronoma 8:3) E, hore bophelo ba motho bo be le morero, ho ke ke ha hlokomolohuoa lehlakore la moea. Hamorao ha Jesu a ipolela seo a leng sona, o ile a re: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.” (Johanne 4:34) Ho sebeletsa Ntate oa hae oa leholimo ka kutlo e ne e le mohloli oa thabo le khotsofalo. Ho ile ha mo matlafatsa. Ho ile ha mo neha morero bophelong.
Ka hona, na bophelo bo ka finyella matleng a bona ka botlalo ka ntle ho Molimo? Che! Ka ho thahasellisang, rahistori Arnold Toynbee o kile a ngola: “Morero oa ’nete oa bolumeli bo matla haholoanyane ke ho hlakisetsa lisoule tse ngata tseo bo ka li finyellang likeletso tsa moea le linnete tsa bona tsa motheo, e le hore bo ka matlafatsa soule ka ’ngoe ho tsona hore e khone ho phethahatsa tlamo ea ’nete ea Motho. Tlamo ea ’nete ea motho ke ho tlotlisa Molimo le ho thabisoa ke Eena ka ho sa feleng.” Moprofeta Malakia o ile a bontša maikutlo a Molimo: “Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ea lokileng le ea khopo kateng, ea sebeletsang Molimo le ea sa o sebeletseng.”—Malakia 3:18.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
“The Thinker,” ea Rodin
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Scala/Art Resource, N.Y.