Bacha Baa Botsa . . .
Ho Thoe’ng Haeba Motsoali oa ka a Fosa?
“Ntate e bile Mokreste ka lilemo tse leshome. Hona joale ha a sa tsoela tšebeletsong. Ha a sa ithuta Bibele, ’me ha a sa ba teng libokeng kamehla. Kamehla o tšoaea baena ba hae ba Bakreste liphoso ka phuthehong. O na le pono ea lefatše mabapi le batho ba merabe e meng, le ka litaba tse ling tse ngata haholo. Ke nahana hore o na le mefokolo e mengata.”—Ngoanana eo e leng mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20.
HA HO motsoali ea phethahetseng. Bibele e re: “Bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” (Ba-Roma 3:23) Empa ke boemo bo bong bo fapaneng ka ho feletseng ha ’mè kapa ntate oa motho a iketsa joaloka Mokreste ea behang mohlala ha a le bathong ’me ha a poteletse a fetoha hampe. Ngoanana e mong e monyenyane o re: “Ha batho ba le teng Ntate o lokile. Empa ha batho ba sa ’mone ke motho ea fapaneng—o khopo! O sekametse ho kheseng ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e etsang, ’me o ferekanya e mong le e mong ka lapeng. Ke fihlile boemong boo ke seng ke sa fumane thabo bophelong. Ke ikutloa ke mo hloile.”
Khalefo le tlhonamo li ka ’na tsa e-ba matla haholo har’a bacha ba utloisoang bohloko ke mofuta o itseng oa tšoaro e mpe. Kahoo mosali ea bitsoang Mary oa ngola mabapi le “pefo, mahlapa, le tlhekefetso ea mefuta eohle” eo a ileng a hlokofatsoa ka eona ke ntat’ae—lekhoba la tahi le ipatileng. Ka pelo e bohloko oa hopola: “Batho ba ne ba ee ba tle ho rōna bana ’me ba re bolelle kamoo re nang le ntate ea babatsehang le kamoo re leng lehlohonolo kateng.”
Bibele e nyatsa mefuta eohle ea boikaketsi. (Jakobo 3:17) E re lemosa hore haesita le har’a barapeli ba ’nete ba Molimo, ho ne ho tla ba le ba “patang seo ba leng sona.” (Pesaleme ea 26:4, NW; bapisa le Juda 4.) Leha ho le joalo, ho tseba sena ho ka ’na ha se etse hore lintho li be bobebe, ha motho ea etsang boikaketsi e le motsoali oa hao—eena eo u neng u lokela ho mo rata le ho mo hlompha. Bacha ba bang ba sithabetsoa ke maikutlo a loantšanang a phahamang. Ngoanana e mong e monyenyane oa tletleba: “Ke hloka thuso. Bibele e re ‘hlompha ntat’ao,’ empa kea hlōleha.”
Se Boleloang ke ho ba Hlompha
Ke ’nete hore taelo ea Bibele ea hore motho a hlomphe batsoali ba hae ha e fane ka ‘lebaka la ho ikemela’ ho bacha ba ikutloang hore batsoali ba bona ha ba tšoaneloe ke tlhompho e joalo. (Ba-Efese 6:1, 2) Leha ho le joalo, ho hlompha motsoali hase hakaalo-kaalo hore ho bolela hore u amohela tsela ea hae ea bophelo kapa hore u thabela tsela eo a u tšoarang ka eona. Ka Bibeleng, “tlhompho” e ka ’na ea bolela feela ho hlokomela ka ho loketseng bolaoli bo behiloeng.
Ka mohlala, moapostola Petrose o ile a ngola hore Bakreste ba lokela hore e be ba “hlomphang Morena oa sechaba.” (1 Petrose 2:17) Petrose ka boeena o ne a tseba hore hangata marena a na le litšekamelo tse sa thabiseng. Ka mohlala, Morena Heroda Agrippa I, e ne e le motho ea se nang boitšoaro le ea sa tsotelleng. Ka mor’a hore Roma e mo khethele ho ba morena oa Palestina, o ile a qala ho hlorisa Bakreste. O ile a “bolaea Jakobo, ngoan’abo Johanne, ka sabole. Eare ha a bona hobane hoo ho khahlile ba-Juda, a eketsa a tšoara le eena Petrose.” (Liketso 12:1-3) Leha ho le joalo, Petrose ha a ka a khothaletsa bofetoheli. Ho e-na le hoo, o ile a buella ho utloa marena. ’Me e le ka lebaka le letle. Ho utloa babusi ba lefatše ke thato ea Jehova. ’Me mehleng ea Petrose marena a mang a ne a e-na le matla a feletseng le bolaoli. Salomone o ile a re: “O etsa hohle ho mo khahlisang; etsoe lentsoe la morena le le matla, ’me ke mang ea tla re ho eena: U etsa’ng?”—Moeklesia 8:3, 4.
Ka tsela e tšoanang, motsoali oa hao—ho sa tsotellehe liphoso tsa hae—o ntse a ikarabella le ho ba le matla a feletseng holim’a bophelo ba hao. Kahoo, ha e le hantle hase bohlale ho mo fetohela kapa ho mo nyelisa. Hase feela hore ho etsa joalo ho ka u thatafaletsa bophelo empa hape ho ka etsa hore u se fumane kamohelo ea Molimo. (Bapisa le Liproverbia 30:17; Moeklesia 10:4.) Ka lehlakoreng le leng, ho sebelisana le eena hamolemohali ho ka etsa hore bonyane u be le ponahalo e nang le khotso le khutso kamanong ea hao le motsoali oa hao.—Ba-Kolosse 3:20.
Ho Sebetsana ka Katleho le Khalefo le Tlhonamo
Leha ho le joalo, ke joang u ka sebelisanang le motho ea u utloisitseng bohloko maikutlong le ho u soabisa? Sena hase bonolo. Empa ho lula u nahanne ka liphoso le mefokolo ea hae kamehla ho mpa feela ho tla hōlisa tlhonamo ea hao. Na ebe mohlomong ho hlokahala hore u nahane hantle ka motsoali oa hao, u mo nehe tlhompho e loketseng bakeng sa litšobotsi leha e le life tse ntle tseo a nang le tsona?
Hlokomela seo Liproverbia 19:11 (NW), e se buang: “Ka sebele temoho ea motho e kokobetsa bohale ba hae.” Ho leka ho utloisisa motsoali oa hao ho ka ’na ha u neha pono e ncha ea lintho. Na ka sebele o fela a bonahatsa bokhopo? Kapa mohlomong o mpa a fokola, a nyahame, le ho hloka thuso? Na ebe mohlomong boitšoaro ba hae ke phello ea ho kula, ho tepella maikutlong, bolutu, kapa khatello ea mosebetsi? Haeba ho joalo, ho utloisisa mathata ana ho ka ’na ha u thusa hore u be le kutloelo-bohloko e khōloanyane ho motsoali oa hao mohlomong le ho kokobetsa khalefo.
Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, hoa thusa ho bua ka maikutlo a hao le motho e mong. (Liproverbia 12:25) Ngoanana e mong oa hopola: “Ntate o ne a e-noa haholo. Ke ne ke sa bolelle batsoali ba ka kamoo ke ikutloang kateng, kahoo ke ile ka koalla sena ka sefubeng sa ka.” Leha ho le joalo, ha ua lokela ho utloa bohloko u le mong. Le hoja u sa nkele batsoali ba hao sebaka ka ba bang, ba hōlileng tsebong ka phuthehong ea Bokreste ba ka etsa ho eketsehileng ho koala sekheo leha e le sefe sa khaello ea tlhokomelo ka lapeng. (Bapisa le Mareka 10:30.) Liproverbia 17:17 e re: “Kamehla metsoalle e bontša lerato la eona. Banab’abo motho ba teng bakeng sa eng haese ho arolelana bothata?”—Today’s English Version.
‘Nka mo Fetola’
Bacha ba bang ba utloa bohloko maikutlong ka lebaka la kutloisiso e fosahetseng ea ho itjarisa boikarabelo. Mary oa hopola ka eena le banab’abo: “Re ne re phela tšabong ea hore motho e mong o tla hlokomela bothata ba Ntate ba botahoa.” Ba bang ba ikhathatsa ka ho etsa boiteko ba lefeela ba ho fetola motsoali ea tlōlang molao.
Hore na u ka ’na ua rata le ho hlokomela motsoali oa hao haholo hakae, u ntse u ke ke ua behoa molato ka mefokolo ea hae. O “jara phahlo ee e leng ea hae” ea boikarabelo ka pel’a Molimo. (Bapisa le Ba-Galata 6:5; Jakobo 5:14.) Hase boikarabelo ba hao ho tataisa kapa ho laola boitšoaro ba motsoali oa hao. Ho komotela motsoali oa hao kamehla kapa ho mo jajabetsa ka bohale ke feela hore ho tla mo khopisa.
Sena ha se bolele hore ha ho letho leo u ka le etsang. Bonyane, u ka ‘rapela u sa phetse’ hore pelo ea motsoali oa hao e ke e fetohe. (1 Ba-Thessalonika 5:17) Ho bontša lerato la hao ho eena kamehla le ho fana ka pabatso e tšepahalang, moo e loketseng, le hona ho ka ’na ha thusa ho nolofatsa boikutlo ba hae. Kantle ho mona, u ka ’na ua se be le khetho haese ho tiisetsa boemong boo haholo kamoo u ka khonang.a
Ka ho hlakileng, haeba uena le motsoali oa hao le le Bakreste ’me a kopanela phosong e tebileng, joaloka tšebeliso e mpe ea tahi kapa bohale bo tukang, ke ho utloahalang hore u tla ikutloa u tlamehile ho tiisa hore litaba li tšohloa le baholo ba phutheho. (Jakobo 5:14) Sena e tla be e se ketso ea ho se tšepahale empa e tla be e le boiteko bo lerato ba ho tiisa hore motsoali oa hao o fumana thuso eo a e hlokang haholo. Ke ’nete hore batsoali ba bang ka bohale ba ile ba hana phoso leha e le efe ’me ba liha kahlolo ea ho iphetetsa ka sephiring, empa bacha ba ‘utloisoang bohloko ka baka la ho loka’ tabeng ena ba ka kholiseha hore Jehova o amohela tsela ea bona le hore ka nako e loketseng, o tla beha ’nete pepeneneng.—1 Petrose 3:14; 1 Timothea 5:24, 25.
Sebeletsa Pholoho ea Hao
Salomone o ile a re: “Ka ’nete, hloriso e ee e hlantše ea hlalefileng.” (Moeklesia 7:7) Ka masoabi, bacha ba bang ba ile ba halefisoa ke mohlala o mobe oa batsoali ba bona ’me eaba le bona ba qala ho itšoara hampe. Ba bang ba bile ba halefela Molimo ’me ba tlohela tsela ea Bokreste! (Liproverbia 19:3) Bibele ea lemosa: “Hlokomela hore khalefo e se ke ea u hulela [liketsong] tse lonya. Itebele hore u se retelehele ho tse kotsi.”—Jobo 36:18-21, NW.
Ho e-na le ho ngongoreha ka kamano ea batsoali ba hao le Molimo, ho hlokahala u ‘’ne u tsoele pele ho sebeletsa polokeho ea hao ka tšabo le ka thothomelo.’ (Ba-Filippi 2:12) Mehleng ea boholo-holo khosana e nyenyane e bitsoang Esekiase e ile ea etsa seo maemong a tšoanang. Ntate oa eona, Morena Akase, o ne a ipolela e le morapeli oa Jehova. (Esaia 7:10-12) Ha e le hantle e ne e le morapeli oa melingoana ea bohetene, o bile a fana ka e mong oa bara ba hae ho etsa sehlabelo ka eena! (2 Marena 16:1-4) U ka inahanela kamoo bokoenehi bona bo atileng e tlamehang ebe bo ile ba sithabetsa Esekiase e monyenyane kateng! Pesaleme ea 119:28 eo ba bang ba lumelang hore e ile ea ngoloa ke khosana ena e nyenyane e re: “Moea oa ka o llisoa ke ho hlomoha; u ntsose ka lentsoe la hao!”
Jehova o ile a etsa sona seo hantle! Ha Esekiase a inehela thapelong le ho ithuteng Lentsoe la Molimo, bomoea ba hae bo ile ba hōla ho sa tsotellehe tikoloho eo a neng a le ho eona. (Pesaleme ea 119:97) O ile a ba hlokolosi haholo ka bao a tloaelanang le bona. (Pesaleme ea 119:63) Phello? Ho sa tsotellehe mohlala o mobe o neng o ile oa behoa ke ntate oa hae oa moikaketsi, Esekiase ka boeena o ile “a khomarela Jehova.” (2 Marena 18:6) Le uena u ka ho etsa! Mohlomong motsoali oa hao oa ikaketsa, empa ha ho hlokahale hore uena u latele mohlala oa hae. Tsoela pele u khomaretse Jehova, ’me mohlomong mohlala oa hao o khutsitseng oa botšepehi o tla susumetsa hore motsoali oa hao a fetohe ka letsatsi le leng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sena hase bolele hore mocha o tlameha ho mamella ho hleka-hlekoa ’meleng kapa ka likamano tsa botona le botšehali. Mocha ea boemong bo joalo o lokela ho batla thuso, esita le haeba a ka lokela ho tsoela ka ntle ho lelapa ho e fumana.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ha ua lokela ho fosa hobane motsoali oa hao a fosa