Ho Bolela Esale Pele ka ho Fela ha Lefatše
“Ka lilemo tse likete baprofeta ba hlokang tšepo ka bokamoso ba ’nile ba bolela esale pele hore lefatše le haufi le ho fela.”—Premonitions: A Leap Into the Future.
KA 1033, lilemo tse 1 000 feela ka mor’a lefu la Kreste, baahi ba Burgundy, Fora, ba ne ba tšohile haholo hobane ho ile ha boleloa esale pele hore lefatše le ne le tla fela selemong seo. Litebello tsa timetso li ile tsa eketseha haholo ha lenane le sa tloaelehang la lifefo tse senyang hammoho le tlala ea sekoboto li etsahala. Matšoele-tšoele a ile a bonahatsa pako ea phatlalatsa.
Lilemo tse mashome a ’maloa pelenyana, ha selemo sa sekete ho tloha ha Kreste a tsoetsoe se atamela (ho latela tatellano ea liketsahalo e neng e amoheloa nakong eo), ba bangata ba ile ba lumela hore ho fela ha lefatše ho haufi. Ho boleloa hore mosebetsi oa bonono le oa setso mahaeng a baitlami Europe o ile oa batla o khaotsa. Eric Russell o ile a hlokomela bukeng ea hae Astrology and Prediction: “‘Ka lebaka la hobane ho fela ha lefatše ho le haufi’ poleloana ena e bile e tloaelehileng mangolong a thato ea mofu karolong ea bobeli ea lekholong la leshome la lilemo.”
Martin Luther, ea qalisitseng Phetohelo ea Boprostanta Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike lekholong la bo16 la lilemo, o ile a bolela esale pele hore lefatše le ne le tla fela mehleng ea hae. Ho latela mohloli o mong oa boitsebiso, o ile a re: “’Na ke kholisehile hore letsatsi la kahlolo le haufi haholo.” Mongoli e mong o hlalositse: “Ka ho amahanya liketsahalo tsa histori le boprofeta ba Bibele Luther o ne a ka tsebisa ka ho atamela ha tlokotsi ea ho qetela.”
Lekholong la bo19 la lilemo, William Miller, eo ka tloaelo a tlōtloang ka ho ba mothehi oa Kereke ea Adventist, o ile a bolela esale pele hore Kreste o tla khutla neng-neng mahareng a March 1843 le March 1844. Ka lebaka leo, batho ba bang ba ne ba lebelletse ho nkeloa leholimong.
Mehleng ea moraonyana tjena, bolumeli bo tsoang Ukraine bo bitsoang Great White Brotherhood bo boletse esale pele hore lefatše le tla fela ka la 14 November, 1993. United States of America moevangeli oa seea-le-moea, Harold Camping, o boletse hore ho fela ha lefatše ho ne ho tla fihla ka September 1994. Ka ho hlakileng, ho bolela esale pele ho joalo ha matsatsi a ho fela ha lefatše ho ne ho fosahetse.
Na sena se entse hore batho ba se hlole ba lumela hore lefatše le tla fela? Che. U.S.News and World Report ea la 19 December, 1994, e hlokometse: “Ho atamela ha mehla e mecha ea lilemo tse sekete ka selemo sa 2000 ho hlahisitse ka sekhahla boprofeta bo bongata bo mabapi le letsatsi la timetso.” Makasine oo o tlalehile hore “hoo e batlang e le karolo ea 60 lekholong ea Maamerika e nahana hore lefatše le tla fela neng-neng nakong e tlang; hoo e batlang e le karolo ea boraro ea ’ona e nahana hore le tla fela lilemong tse mashome a seng makae.”
Ke hobane’ng ha ho bile le ho bolela esale pele ho hongata hakaale ka ho fela ha lefatše? Na ho na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore le tla fela?