Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 7/8 maq. 26-27
  • Na ho Fela ha Lefatše ho Boletsoeng Esale Pele ho Haufi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Fela ha Lefatše ho Boletsoeng Esale Pele ho Haufi?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bofelo—Neng?
  • Hlokomela Boprofeta ba ’Nete
  • Litemoso Tse Lokelang ho Eloa Hloko
  • Boemo Kajeno
  • Na Lefatše Lee le tla Pholoha?
    Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?
  • Boprofeta ba Bibele Boo U Boneng ha bo Phethahatsoa
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Na Nako e se e Ile ho Feta Kamoo U Nahanang ka Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 7/8 maq. 26-27

Na ho Fela ha Lefatše ho Boletsoeng Esale Pele ho Haufi?

KA LA 6 February, 1994, Detroit Free Press Magazine e ile ea hlokomela: “Likhopolo tsa timetso e haufi ea lefatše ebile tse tšoenyang maikutlo ka ho tsoelang pele ha ho qala mehla ea nyutlelie. Ka mor’a ho ripitloa ha Hiroshima ka Aug. 6, 1945, ho ne ho hlakile ho e mong le e mong: Joale ka sebele lefatše le ne le ka fela!”

Ka December selemong se fetileng, Charles B. Strozier, setsebi sa mafu a kelello sa New York le moprofesa oa histori, o ile a re: “Ha re sa hloka liroki tse tla re bolella hore moloko oa batho o tla shoa ka tsela e hlokomelehang, kapa ka lenyele, kapa ka tlokotsi ea AIDS.” Ha e le hantle o ile a phaella: “Hona joale ho hlokahala monahano o hlaphohileng ho se nahane ka timetso ea moloko oa batho.”

Kaha Jesu Kreste o ile a ruta hore lefatše le tla fela, na re ka lekanyetsa ho tsoa lithutong tsa hae hore na ehlile bofelo bo haufi?

Bofelo—Neng?

Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo kōpa “pontšo” e neng e tla khetholla nako ea ho fela ha lefatše lena kapa tsamaiso ea lintho. Ba ile ba botsa: “Lintho tsee li tla etsahala neng, hona pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, NW) U ka hlahloba karabo ea “pontšo” eo Jesu a faneng ka eona ha a araba potso ena. E tlalehiloe ka Bibeleng ho Mattheu khaolo ea 24, Mareka khaolo ea 13 le Luka khaolo ea 21. Mona ho latela tse ling tsa liketsahalo tse khōlō tse etsang pontšo eo:

LINTOA TSE KHŌLŌ: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.” (Mattheu 24:7) Ka sebele re bone phethahatso ea karolo ena ea pontšo. Rahistori e mong o ile a hlokomela: “Ntoa ea Pele ea Lefatše [e qalileng ka 1914] e bile ntoa ea pele ‘e akaretsang.’” Leha ho le joalo, Ntoa ea II ea Lefatše e bile e mpe ka ho fetisisa, e bolaile bahlaseluoa ba ka bang limilione tse 50. ’Me ntoa e sa ntse e tsoela pele ho senya lefatše.

LIKHAELLO TSA LIJO: “Ho tla ba le likhaello tsa lijo.” (Mattheu 24:7, NW) Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea lateloa ke tlala e tšosang ea sekoboto, ’me ho tloha nakong eo tlala ea sekoboto e tsoetse pele ho saballa ntle ho taolo likarolong tse ngata tsa lefatše. Esita le lichabeng tse ruileng haholoanyane, tlala le khaello ea phepo e nepahetseng li jele setsi.

LITŠISINYEHO TSE KHŌLŌ TSA LEFATŠE: “Ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše.” (Luka 21:11, NW) Nahana ka tse seng kae feela tse khōlō: Chaena, ka 1920, ho shoele batho ba 200-000; Japane, ka 1923, ho shoele batho ba 143 000; ka 1970, Peru, ho shoele batho ba 66 800; ’me Chaena, ka 1976, ha shoa ba 240 000 (ba bang ba bolela hore e ka ba 800 000). Setsebi sa boenjiniere ba litšisinyeho tsa lefatše se ile sa bitsa tšisinyeho ea Chaena ea 1976 “tlokotsi e khōlō ka ho fetisisa historing ea moloko oa batho.”

MALOETSE: “Libakeng ka ho latellana ho tla ba le maloetse.” (Luka 21:11, NW) Hang feela ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, batho ba ka bang limilione tse 21 ba ile ba bolaoa ke ntaramane ea Spain. Science Digest ea tlaleha: “Historing eohle ha ho mohla boloetse bo kileng ba ata ka sehlōhō se sekaalo, ka lebelo le lekaalo ka ho ke keng ha qojoa bathong ba bangata hakaalo.” Ho tloha nakong eo, lefu la pelo, kankere, AIDS le maloetse a mang a bolaile batho ba limilione tse makholo.

TLŌLO EA MOLAO: “Ho eketseha ha ho hloka molao.” (Mattheu 24:12, NW) Linaheng tse ngata tlōlo ea molao e tsoile taolong. Ho bolaea, bosholu, ho beta, botšosi, bobolu—letsatsi le letsatsi re utloela ka litlōlo tse joalo tsa molao kapa ka borōna re ba le phihlelo ea tsona.

Boprofeta bo bong ba Bibele bo boletse esale pele ka maemo a mang a neng a tla ba teng mehleng ea qetello. Ka mohlala, bukeng ea Tšenolo ho na le pono ea bapalami ba bane ba lipere. (Tšenolo 6:1-8) Mopalami oa pele o tšoantšetsa Jesu ka boeena joaloka Morena ea hlōlang. Bapalami le lipere tsa bona ba tšoantšetsa liketsahalo tsa lefatšeng tse bontšang qaleho ea puso ea Jesu: ntoa, tlala ea sekoboto, ’me qetellong lefu le tlang ka litsela tse fapaneng.

Ho sa le joalo, boprofeta bo bong ba Bibele bo hlalosa boikutlo le maemo tse neng li tla ja setsi ‘mehleng ea ho qetela ea lefatše lena.’ Hlokomela seo moapostola oa Jesu a se ngotseng. Ha u bala boprofeta bona, ipotse: Na sena ha se hlalose hantle linako tsa kajeno tsa likhathatso?

Moapostola o ngotse: “Mehla ea ho qetela ea lefatše lena e ne e tla ba nako ea likhathatso. Ha ho letho leo batho ba neng ba tla le rata haese chelete le bona ka bobona; e tla ba baikakasi, baikhohomosi, ba hlapaolang; ba sa hlompheng batsoali, ba hlokang teboho, ba se nang boinehelo, ba se nang lerato la tlhaho; ba sa tsebeng ho bōpa khotso ka baka la lehloeo la bona, ba nang le boitšoaro bo tlontlollang, matahoa le bahalefi, ba sa tsebeng sohle se molemo, mahlaba-phio, ba ipatlelang botumo, ba tletseng boikutlo ba hore ba bohlokoa. E tla ba batho ba behang menate sebakeng sa Molimo, batho ba bolokang sebōpeho se kantle sa bolumeli, empa ba eme ba latola bonnete ba bona.”—2 Timothea 3:1-5, The New English Bible.

Boprofeta bo bong ba bohlokoa mabapi le ho fela ha lefatše ke bo tšepisang hore Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Batho melokong e fetileng ba ne ba se na bokhoni ba theknoloji ba ho senya lefatše, empa hona joale ba na le bona. Kajeno theknoloji e ncha e phetha karolo e khōlō ho silafatseng tikoloho. Ka November 1992, likoranta li bile le lihlooho tsa litaba tse kang sena: “Bo-rasaense ba Tsebisahalang ba Hlokomelisa ka Tšenyo ea Lefatše.”

Hlokomela Boprofeta ba ’Nete

Ha ho pelaelo ka sena. Lintho tsohle tseo Bibele e li boletseng esale pele hore li tla etsahala ‘mehleng ea ho qetela,’ kapa ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho,’ lia etsahala hona joale. Re bona boprofeta ba ’nete bo phethahatsoa, ’me ke habohlokoa hore re bo ele hloko. Jesu o bontšitse sena ha a hlalosa boemo ba mehleng ea Noe, “’moleli oa ho loka,” nakoana pele lefatše la mehleng eo le timetsoa.—2 Petrose 2:5.

Jesu o ile a hlalosa: “Hobane joalo ka mehleng e bileng teng pele ho moroallo oa metsi, ha batho ba ne ba e-ja, ba e-noa, ba nyala, ba nyalisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Noe a keneng arekeng ka lona; ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona: ho tla ba joalo le ho tleng ha Mor’a motho.” (Mattheu 24:38, 39, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ha boprofeta ba ’nete bo hlokomolohuoa, liphello e-ba tse kotsi.

Mohlomong u re, ‘E, ke lumela boprofeta bona ba Bibele; ka letsatsi le leng bofelo bo tla tla, empa bo sa le hōle haholo.’ Leha ho le joalo, na u kholisehile? Na ha ua lokela ho ela litemoso tsa hona joale hloko?

Litemoso Tse Lokelang ho Eloa Hloko

Ka ho hlakileng, litemoso tse ling li hloka motheo, ’me e tla ba bothoto ho li ela hloko. Empa ha ho joalo ka tse ling. Ka hobane feela ba bangata, ho akarelletsa le litho tse hlaheletseng sechabeng, ba khella temoso fatše, seo hase lebaka la ho e hlokomoloha. Nahana ka mohlala ona.

E ne e le ka March 1902, sehleke-hlekeng se setle sa Caribbean sa Martinique, ha Thaba ea Pelée e foqohang seretse se chesang e qala ho ntša mosi. Ka April, mosi o nkhang hampe, molora le majoe li ile tsa qala ho nyibokoloha. Baahi ba St. Pierre, ba leng bohōle ba lik’hilomithara tse robeli, ba ile ba tšoha. Moahi e mong o ile a ngola: “Motse o koahetsoe ke molora. Batho ba bangata ba tlameha ho ikoahela ka lisakatuku tse metsi ho itšireletsa monkhong o matla.”

Mathoasong a May thaba e foqohang seretse se chesang e ile ea qala ho hakala. Koranta ea sebakeng seo e ile ea re: “Molora o theohang joaloka pula ha oa ka oa khaotsa . . . Ho feta ha likariki ha ho sa utloahala literateng. Lerata la mabili le bipelitsoe.” Mocheso o ne o bipetsa.

Joale, ka la 5 May, thaba e ile ea ntša seretse se chesang se ileng sa bolaea batho ba bangata ba neng ba le tseleng ea sona. Empa baeta-pele ba motse ba ile ba re’ng?

Kotulo ea ’moba e ne e atamela, bo-rakhoebo ba ile ba tiisetsa batho hore ha ho kotsi ea letho. Bo-ralipolotiki le bona, ba amehile ka likhetho tse neng li tla tšoaroa ka la 10 May, ba ne ba sa batle hore batho ba balehe. Kahoo ba ile ba leka ho khutsisa matsoalo a batho. Ho feta moo, baruti ba ile ba tšoarisana le lihlopha tsa bo-rakhoebo le bo-ralipolotiki ’me ba susumetsa litho tsa likereke tsa bona hore li se balehe.

Sena se hlile sa etsahala. Ka la 8 May, pelenyana ho 8:00 hoseng, Thaba ea Pelée e ile ea qhoma ka lerata le tšabehang. Maru a maholohali a matšo a ile a potlakela tlaase St. Pierre ka lebelo le tšosang. Kapele-pele khase e chesang e ile ea bolaea batho ba likete-kete. Hoo e batlang e le motho e mong le e mong o ile a shoa St. Pierre—batho ba ka bang 30 000 kapa ho feta. Motho a le mong feela ea ileng a pholoha e bile motšoaruoa e mocha ea neng a le ka teronkong e ka tlaase.

Boemo Kajeno

Ka ho tšoanang le kajeno, ho na le ba bangata ba nyenyefatsang bopaki ba boprofeta ba Bibele bo ntseng bo phethahala. Ba hana ho ela hloko bopaki bo kholisang ho motho leha e le ofe ea nang le kahlolo e molemo hore ho fela ha tsamaiso ena ea lintho ho haufi. Leha ho le joalo, Bibele e hlile ea bolela esale pele ka boikutlo ba bona: “Matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ka ho soma ha bona, ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona ’me ba re: ‘Bo kae boteng boo bo tšepisitsoeng ba hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.’”—2 Petrose 3:3, 4, NW.

Empa basomi ba kajeno ba fositse. ’Nete ke hore, lintho li fetohile. Boprofeta ba Bibele boa phethahala. Bopaki ba hore bofelo bo haufi ke bo bongata haholo.

Ka bohlale, se liehe ho nka khato e pholosang bophelo. Empa ke eng seo ho hlokahalang hore u se etse?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

U.S. National Archives photo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

WHO/E. Hooper

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 27]

WHO photo by W. Cutting

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela