Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 10/8 maq. 25-28
  • Bathaothuoa ba Bacha ba Papali ea Chelete—Bacha!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bathaothuoa ba Bacha ba Papali ea Chelete—Bacha!
  • Tsoha!—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phoso ke Efe ka Papali ea Chelete?
    Tsoha!—2002
  • Na Papali ea Chelete e Loketse Bakreste?
    Tsoha!—1994
  • Na ho Bapala Papali ea Chelete ho Hobe Hakaalo?
    Tsoha!—1991
  • Makhoba a Papali ea Chelete—Kamehla aa Lahleheloa
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 10/8 maq. 25-28

Bathaothuoa ba Bacha ba Papali ea Chelete—Bacha!

NA U sisinya hlooho ka ho se lumele botebo boo ka bona sechaba sa batho ba baholo, banna hammoho le basali, ba qoetseng papaling ea chelete? Na ke ntho e u tšosang ha u bala ka batho ba baholo ba bapalang papali ea chelete ba telang mosebetsi oa bona oa bophelo le lintho tseo ba li finyeletseng—mesebetsi, likhoebo, lelapa, ’me ba bang, bophelo ba bona—molemong oa papali ea chelete? Na u ka utloisisa lebaka la motheo la motho e moholo, ea hōtseng ka ho feletseng, ea rutehileng, eo, ka mor’a hore a hape lidolara tse limilione tse 1,5 (liranta tse limilione tse 5,5) papaling ea chelete, a ileng a tsoela pele ho bapala ho fihlela a lahlehetsoe ke lidolara tse limilione tse 7 (liranta tse limilione tse 25,4) bosiung bona boo? Maemong a mangata ke meharo, ho lelekisa dolara eo ho leng thata ho e finyella. Leha ho le joalo, hangata, ke maikutlo a susumetsang a papali ea chelete ka booona.

Haeba le batsoali ba nang le bana ba banyenyane, na le itšelisa ka ho nahana hore papali ea chelete ke papali ea batho ba baholo ba hōlileng ka ho feletseng? Joale ak’u nahanisise. Nahana ka bathaothuoa ba bacha ba itokiselitseng ho kena papaling ea chelete—kapa ba seng ba ntse ba kopanela papaling ea chelete. Linnete li ka ’na tsa u makatsa.

Lihlooho tse latelang tsa taba e ngotsoeng li ile tsa hlaha likoranteng le limakasineng tsa morao tjena: “Ho ka Etsahala Hore Ebe Papali ea Chelete ke Leraba la Bacha la Lilemong Tsa Bo-1990.” “Bacha ba Bangata Haholoanyane ba Tšoasitsoe ke Papali ea Chelete.” “‘Ho Tsuba ha Lilemong Tsa Bo-1990’: Papali ea Chelete e Tšoasa Bana.” “Mora oa ka o ne a Sitoa ho Khaotsa ho Bapala Papali ea Chelete.”

Joale, bala se hlahang tlas’a lihlooho tsa litaba. Koranta e ’ngoe e ile ea ngola: “Ba boholong ba beha molato oa tlokotsi ena ho ateng ha papali ea chelete e tšehelitsoeng ka lichelete ke mebuso le likereke.” Koranta e ile ea re: “Kajeno, ho becha ho fumaneha habonolo ho feta leha e le neng pele ho bacha ba hlaselehang habonolo. ’Me litsebi li lemosa hore karolo e fetang 90 lekholong ea batho ba baholo bao e leng makhoba a papali ea chelete ba amohela tloaelo ena le pele ba ba le lilemo tse 14.” ’Matlisisi e mong o itse: “Ka tloaelo makhoba a papali ea chelete a ne a qala ha a le lilemo li ka bang 14. Hona joale re bona li theohetse tlaase ho ea ho lilemo tse 9 kapa tse 10.” O ile a eketsa: “Hobane’ng? Hobane monyetla o teng. Bana . . . ba hlaseloa ka phatlalatso ea papali ea chelete hohle. Ke monyaka o amohelehang sechabeng.” ’Muelli oa sehlopha se bitsoang Gamblers Anonymous o itse: “E ntse e mpefala ka potlako le ho feta. Bana ba qalisa ba sa le lilemong tse tlaase haholo, ’me boholo ba bona ba tšoasoa ke eona ho feta leha e le neng pele.”

Ho ea ka phuputso ea bacha ba bapalang papali ea chelete naheng e ’ngoe ea Amerika, ba ka etsang karolo ea 3,5 lekholong ba ne ba ka ’na ba fetoha makhoba a papali ea chelete; ba bang ba etsang karolo ea 9 lekholong ba ne ba ka ’na ba fetoha batho ba bapalang papali ea chelete ba “kotsi haholo.” William C. Phillips, mohokahanyi oa litšebeletso tse fanang ka keletso kolecheng e ’ngoe ea Amerika o itse: “Ka ho tšoanang, lipalo li bontšitse hore ho na le manane a phahameng haholoanyane a ho bapala papali ea chelete har’a bacha ho feta a teng sechabeng sa batho ba baholo ka kakaretso.” Moeletsi e mong mabapi le temallo o itse: “Lilemong tse ka bang leshome tse tlang re tla thulana le mathata a mangata a bacha ba bapalang papali ea chelete ho feta a tšebeliso ea lithethefatsi—haholo-holo tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e seng molaong.” Moprofesa Henry Lesieur o ile a etsa phuputso ho liithuti tsa likolo tse bohareng le tse phahameng. The Los Angeles Times e tlalehile hore “lintho tseo a li fumaneng li tšoana ka mokhoa o tšosang le phuputso e entsoeng ho liithuti tsa koleche: Lipalo-palo tsa bacha ba boemong ba ‘ho kula’ kapa ‘makhoba’ a papali ea chelete—e leng batho ba sitoang ho laola mosebetsi oa bona oa papali ea chelete—li etsa hoo e ka bang karolelano ea 5 % ea bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 sechabeng ka bophara.”

Litsebi tsa ho sebetsana le papali ea chelete lia lumellana hore hase lipalo tsa bacha ba bapalang papali ea chelete tse etsang hore ba amehe empa ho e-na le hoo ke “boikutlo ba bana, ba batsoali esita le ba batho ba rupelang bacha ka papali ea chelete. . . . Bana ba bangata hammoho le batsoali ba bona ba talima papali ea chelete e le ‘ntho e tlosang bolutu e se nang kotsi,’ e nang le liphello tse sa tebang ho feta tsa ho ameha lithethefatsing le tahing kapa pefong kapa boitšoarong bo hlephileng.” Empa Durand Jacobs, moeletsi mabapi le boitšoaro, o lemositse hore papali ea chelete e ka pepesetsa bacha pefong, ho lofeng sekolo le takatsong ea ho fumana chelete habonolo.

Ka mohlala, nahana ka seithuti se seng sa sekolo se phahameng se qalileng ho bapala papali ea chelete se sa le lilemong tse tlaase. Ha a le sekolong o ne a qeta lihora tse ngata tsa tlelase a bapala papali ea chelete le liithuti tse ling. Ha a hlōloa ’me chelete ea hae e fela, o ile a utsoa chelete ea letlōle la ho rekela malapa a futsanehileng libaskete tsa lijo, e neng e nehelanoe ke liithuti. Ka ho bapala ka chelete eo e utsoitsoeng, o ne a tšepile ho boela a reka thelevishene eabo le reng ea onikse tseo a neng a tšoarisitse ka tsona lebenkeleng le alimanang ka chelete motho a tšoarisa ka phahlo bakeng sa ho lefa likoloto tsa papali ea chelete tseo a neng a li entse pejana. Ha a le sehlopheng sa borobong, o ne a se a qetile matsatsi a 20 a le lehaeng la litlokotsebe ka lebaka la ho utsoa $1 500 (R5 500) ’me o ne a tšoarehile haholo papaling ea likarete e qalang ka dolara le ea pool e kenoang ka $5 (R18)-a-rack. O ile a re: “Ha ke ntse ke hōla, lichelete li ile tsa ’na tsa phahama.” Ka potlako o ne a utsoetsa baahisani ba hae hore a lefelle likoloto tsa hae tsa papali ea chelete. ’Mè oa hae o ne a feletsoe ke tšepo. Ha a le lilemo li 18 e ne e se e le lekhoba la papali ea chelete.

Engelane, litsebi tsa thuto ea kahisano li bolela hore melao e sa hatelleng ea papali ea chelete e lumella bana ho bapalisa mechini ea chelete. Boema-fofaneng le litsing tsa boithabiso, bana ba bangata-ngata ba tšehetsa temallo ea bona ka ho utsoetsa batsoali ba bona le ka ho utsoa thepa mabenkeleng.

Jacobs o itse: “Mofuta oa papali ea chelete o tloaelehileng haholo le o hōlang ka potlako ka ho fetisisa har’a bacha likolong tse bohareng, tse phahameng le likolecheng ke lipapali tsa ho becha har’a tsona [liithuti] ka botsona, ka linako tse ling li tšehelitsoe ke bahlophisi ba litlhōlisano ba libakeng tseo. Ke nahana hore ho na le likolo tse phahameng le likoleche tse fokolang haholo ka palo tse se nang lipapali tsa tlhōlisano tse hlophisitsoeng hantle tsa meputso e phahameng tse koleketsoeng ke ba kopanelang ho tsona.” Ho kopanyelletsa ho tsena ho na le lipapali tsa likarete, lilothari le lik’hasino tseo bacha ba bangata ba lumelloang ho li kenela ka lebaka la ho shebahala ba le baholoanyane ho feta lilemo tsa bona.

Jacobs o itse: “E ’ngoe ea lintlha tse lokelang ho boleloa ke hore batho ba bangata ba fetohile makhoba a papali ea chelete hobane ha ba ne ba qala esale bacha, ba ne ba hapa meputso.” The Los Angeles Times e ile ea tsoela pele: “Ka ‘karolo e khōlō’ ea bacha ba bangata, o boletse hore e ile ea tsebisoa papali ea chelete ke batsoali ba bona kapa beng ka bona ba neng ba e lumella e le boithabiso bo sa reng letho.” Moeletsi e mong mabapi le ho sebelisa lintho hampe o ile a eketsa ka ho re: “Batsoali ba tlameha ho nahanisisa ka taba ea khale e tšoanang eo ba ileng ba tlameha ho sebetsana le eona tahing le lithethefatsing. Ke nahana hore ha u atolosa papali ea chelete haholoanyane, ho tla ba le bathaothuoa ba bacha ba eketsehileng sehlopheng sa bokhoba ba papali ea chelete.” Litsebi tse phekolang makhoba a papali ea chelete li bolela hore hantle feela joaloka lithethefatsi le tahi, ha litlokotsebe tse ngata li tšoasitsoe ke papali ea chelete li tšehetsa temallo ea tsona ka ho utsoa, ho rekisa lithethefatsi le ho ithekisa ka botekatse. Batsoali ba ka ’na ba talima papali ea chelete e le “boithabiso bo sa reng letho,” empa basebeletsi ba sepolesa ha ba e talime joalo.

“Bana ba ileng ba tšoasoa ke mechini ea chelete . . . ba ne ba bontša mekhoa e mebe e kotsi ea batho ba baholo bao e leng makhoba a papali ea chelete. Bacha ba ileng ba fetoha makhoba a mechini ena ea chelete e ka ’na eaba ba qalile ha ba le lilemo li 9 kapa 10. Ba ne ba sebelisa chelete ea bona ea botho, chelete eo ba e filoeng bakeng sa tinare le chelete e fokolang eo ba neng ba e fumana ka tlung. Ha selemo kapa tse peli li feta bashemane ba qala ho utsoa lintho. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e rekisoa ho tloha ka lintho tsa kamore ea ngoana ka boeena, lithupa tsa ho bapala bolo, libuka, esita le lintho tsa bohlokoa joaloka libapala-’mino tse rekotang: ka ho tšoanang bana ba bang ba ne ba nyamelloa ke lintho tsa bona tsa ho bapala. Ho ne ho se letho le sireletsehileng ka tlung. Moddy o ile a utloela ka bo-’mè ba tsielehileng ba bokellang lintho tseo ba nang le tsona ka kamoreng e le ’ngoe e le ho thibela hore li se ke tsa nkuoa, kapa ba tlamehang ho pata mekotlana ea bona ea letsoho tlas’a liphate ha ba robala. Ba ferekane maikutlo, bo-’mè ba joalo ba ne ba se ba sa utloisise se etsahalang ho bana ba bona joaloka linonyana tse alameng tse utsoetsoang mahe ke nonyana e ’ngoe. Bana ba ile ba ’na ba khona ho utsoa kae-kae. Ha ba le lilemo li 16, mapolesa a ne a kokota monyako.”—Easy Money: Inside the Gambler’s Mind, ka David Spanier.

Joalokaha ho boletsoe lihloohong tsena, batho ba bangata ba baholo le bacha ba ’nile ba tsebisoa papali ea chelete ke likereke tsa bona—papali ea chelete e bapaloang ka likarete, lilothari, le tse ling. Na litsamaiso tsa bolumeli le baeta-pele ba tsona ba ipolelang hore ke balateli ba Kreste ba lokela ho khothaletsa, ho ntšetsa-pele le ho tšehetsa papali ea chelete ka tsela leha e le efe? Le hanyenyane! Papali ea chelete ka litšobotsi tsohle tsa eona e ipiletsa mokhoeng o mobe ka ho fetisisa ho batho, takatso ea ho fumana ntho e itseng mahala, kapa, ka puo-phara, meharo. Ba e buellang ba khothaletsa batho ho lumela hore ho loketse ho fumana molemo ka seo ba bang ba lahleheloang ke sona. Na Jesu o ne a tla buella ketso e joalo ha e le hore e senya malapa, e tlisa masoabi, ho kula le ho senya bophelo ba motho? Ho hang! Ho e-na le hoo, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le hlakisa hore batho ba meharo ba ke ke ba ja lefa la ’Muso oa Molimo.—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

Batsoali ba tlameha ho ruta bana ba bona ba sa le lilemong tse tlaase hore papali ea chelete e fosahetse ka tsela leha e le efe. U se ke ua e talima e le boithabiso bo sa reng letho empa ho e-na le hoo e le qaleho ea botsoa, ho thetsa, ho qhekella le ho se tšepahale. Metseng e mengata, ho thehiloe mananeo a fanang ka thuso, a kang Gamblers Anonymous. Habohlokoa haholoanyane ke hore, haeba u na le bothata, batla keletso e bululetsoeng e fumanehang Lentsoeng la Molimo, Bibele. Ba bang ba neng ba nahana ho ipolaea ba bolela hore baa phela ka lebaka la ho ela hloko keletso e joalo e bululetsoeng.

Ho thahasellisang, Lipaki tsa Jehova li thusitse ba bangata ba neng ba tšoasehile lerabeng la bokhoba ba papali ea chelete hore ba itokolle. E mong eo pele e neng e le lekhoba le joalo la papali ea chelete o ngola hore ka mor’a lilemo tse ngata tsa ho kopanela boitšoarong bo hlephileng, ho akarelletsa le papaling ea chelete ka mokhoa o feteletseng, “liphetoho tse khōlō le tse etsahalang kapele tsa boitšoaro li ile tsa qala ho ba teng ha ’na le kharebe ea ka re ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Papali ea chelete e ne e le tšusumetso e bakang bokhoba, ’me e ile ea ipaka e le thata ka ho fetisisa ho sebetsana le eona. Ka thuso ea Jehova le tšehetso ea kharebe ea ka—hammoho le ho ithuta, thapelo le ho thuisa, haholo-holo ka pono ea Molimo mabapi le meharo—bokhoba bona ba papali ea chelete bo ile ba laoleha, ’me kharebe ea ka, eo hona joale e seng e bile mosali oa ka ka lilemo tse 38, hammoho le ’na re nehetse bophelo ba rōna ho Jehova. Le hoja re sebelelitse moo tlhokahalo e leng khōloanyane le tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse ngata ’me ke sebelelitse ke le moemeli ea tsamaeang oa Mokhatlo oa Watchtower, temallo ea ka e ntse e le teng ’me e laoloa feela ka thuso ea Jehova le tataiso ea hae.”

Haeba papali ea chelete ke bothata ho uena, na u ka lokoloha temallong eo? E, haeba u tsoela pele ho sebelisa thuso ea Molimo ’me u nehelana ka eona ho ba bang ba ka ’nang ba e hloka.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

Haufinyane ho tla ba le mathata a eketsehileng a bacha ba bapalang papali ea chelete ho feta a lithethefatsi

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]

Batho ba meharo ba ke ke ba ja lefa la ’Muso oa Molimo

[Lebokose le leqepheng la 10]

Lika-chelete Tsa Papali ea Chelete Lia Amoheloa Tempelaneng ea K’hatholike e Las Vegas

Batho ba etelang Tempelaneng ea Molopolli ea Halalelang ka ho Fetisisa hangata ba kōpa moprista: “Ntate, na u tla nthapella hore ke hape moputso?”

Selemo le selemo batho ba limilione ba etela Las Vegas, Nevada, U.S.A., ba tsoa likarolong tsohle tsa lefatše ho tla Iteka Lehlohonolo. Sehalalelong se bonesitsoeng sa Kereke ena ea Roma e K’hatholike, moo litšoantšo tsa Tsoalo ea Jesu, Sejo sa Mantsiboea sa ho Qetela le ho Thakhisoa Sefapanong li hlahellang maboteng, papali ea chelete e tsoela pele ka hare litulong tsa kereke: Barapeli ba tšela lika-chelete tsa papali ea chelete tsa k’hasino ka poleiting ea koleke.

Fatere Leary oa tempelaneng moo, a bua ka lentsoe le bonolo ka mokhoa oa ho bua oa Ireland o ile a re: “Nako le nako re tla fumana lika-chelete tsa papali ea chelete tse etsang $500 [R1 800] ka poleiting e ’ngoe.”

Moruti e mong oa kereke ea Roma e K’hatholike oa Sebakeng sa Khoebo sa Las Vegas o sebelelitse barapeli ka lilemo tse mashome, empa ha lik’hasino tsa lihotele tse ’nè tsa tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng—e leng MGM Grand, Luxor, Excalibur le Tropicana—li ne li hahoa ho ella karolong e qetellang Sebakeng sa Khoebo, ho ile ha hahoa Tempelana e ncha ea Molopolli ea Halalelang ka ho Fetisisa e hōle le tsona ka mohaho o le mong feela.

Ha moprista a botsoa hore na ke hobane’ng ha ho entsoe joalo, o ile a re: “Ke hona moo batho ba leng teng. Ke hobane’ng e ke ke ea hahoa moo?”

Hape ke moo chelete e leng hona teng. Kahoo ke hobane’ng e ke ke ea hahoa moo?

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Papali ea chelete e lebisa litloaelanong tse mpe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela