Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 10/8 maq. 8-9
  • U ka Thusa Batsoali ba se Nang Balekane Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Thusa Batsoali ba se Nang Balekane Joang?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba ea Tšehetsang
  • Fana ka Thuso e Sebetsang
  • Nahanela Batsoali ba se Nang Balekane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Malapa a Motsoali a le Mong a ka Atleha!
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
  • Ke Joang Nka Thusang Motsoali oa ka Ea se Nang Molekane?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 10/8 maq. 8-9

U ka Thusa Batsoali ba se Nang Balekane Joang?

BATSOALI ba se nang balekane, ebang ba batona kapa ba batšehali, ba tšoanetse ho nahaneloa. Basebeletsi ba sechaba ba kajeno ba talima taba ea ho tšehetsoa ha lelapa la motsoali a le mong e le ea bohlokoahali.

Litsebi litabeng tsa kahisano, Letha le John Scanzoni li re: “Lihlopha tsa metsoalle e tšehetsang, beng ka motho ba tsotellang, matichere a nang le thahasello ea botho e mofuthu, mesebetsi e khethehileng ea sechaba le ea bolumeli e reroang ho hopotsoe malapa a joalo, li ka etsa phapang e khōlō boiketlong ba maikutlo ba batsoali ba se nang balekane le ba bana ba bona nakong eo ho hlokahalang khothatso ka ho khetheha bophelong ba bona.” Kahoo, u ka thusa joang?

E-ba ea Tšehetsang

Taba ea pele, leka ho utloisisa kamoo batsoali ba se nang balekane ba talimang lintho kateng. Ipehe boemong ba bona. Tsoha! e ile ea buisana ka lipotso le Margaret, ea nang le bana ba babeli, ea lilemo li 7 le ea lilemo li 14. O ile a hlaloa lilemong tse hlano tse fetileng, ’me ho fihlela joale o sebetsana le boemo ka katleho. Ha ho pelaelo hore u tla fumana litlhaloso tsa hae e le tse behang leseling haholo.

Tsoha!: “Joaloka motsoali ea se nang molekane, ke mathata afe ao u ileng ua tlameha ho thulana le ’ona?”

Margaret: “Ba pele le bo ka sehloohong, ke ile ka ho fumana ho le thata haholo ho amohela ’nete ea hore ke ne ke fetohile motsoali ea se nang molekane, e leng ntho eo ke neng ke sa e rera. Ho ile ha nkhopisa hore ke bitsoe ‘motsoali ea se nang molekane’ hobane ba bangata ba talima malapa a motsoali a le mong e le a nang le khatello ea maikutlo le a bonahalang a tepeletse, a nang le bana ba tummeng hampe. Kaha seo e ne e se pono ea ka, qalong ke ne ke hana ho amohela keletso. Empa ke hlokometse hore ho ba motsoali ea se nang molekane hase ntho e mpe ka hohle-hohle.”

Hore u tšehetse batsoali ba se nang balekane, ho hlokahala u hlokomele lintho tse ba amang maikutlo kapele. Phehella ho ba bontša mosa.

Tsoha!: “Ha u fumane thuso e itseng ho eo pele e neng e le monna oa hao. U khonne ho tsoella joang licheleteng?”

Margaret: “Ke ile ka tlameha ho etsa boitelo bo boholo. Ke ne ke atisa ho thabela ho reka liaparo tse ncha bakeng sa lipokano tsa botsoalle. Ha e le hantle, re ntse re reka lintho tse ncha, empa ha re khone ho sebelisa chelete e ngata joalokaha re ne re tloaetse. Ka ho hlakileng, ke batla hore bana ba apare hantle le ho boheha hantle, kahoo ke tlameha ho rala tšebeliso ea chelete hantle. Ke qalile ho boloka chelete e nyenyane beke le beke, ka ho e neha motsoalle eo ke mo tšepang ho mpolokela eona hantle, hobane ke tseba hore haeba ke e boloka, nka ’na ka e sebelisa.”

Na u tla ba motsoalle ea tšepahalang joalo ea thusang batsoali ba se nang balekane hore ba rale tšebeliso ea chelete ea bona?

Tsoha!: “U khonne ho sebetsana le bolutu joang?”

Margaret: “Kamehla ke lula ke tšoarehile motšehare. Mantsiboea, ha bana ba se ba robetse, ke bo utloa haholo. Ke letsetsa mong ka ’na kapa motsoalle thelefono. Ka linako tse ling ke bua ke ntse ke qhitsa meokho. Ke bua ka se etsahetseng motšehare. Ho ba le motho ea ’mamelang feela ke thuso e khōlō.”

Mohlomong u ka nka bohato ba pele ba ho letsetsa motho ea jeoang ke bolutu. Ho mamela ha hao joale ho ka fana ka matšeliso a maholo.

Tsoha!: “Ke’ng ntho eo u e fumanang e le thata ka ho fetisisa joaloka motsoali ea se nang molekane?”

Margaret: “Ho hōlisa bana ka tsela e lokileng ea boitšoaro. Ho senyeha ha litekanyetso sechabeng le boitšoarong ho etsa hore batho ba belaelle takatso ea ka ea ho kenya melao-motheo e metle ka hare ho bana ba ka.”

Ho beha mohlala ha hao ka ho tšehetsa litekanyetso tsa bomolimo ka sebele ho tla khothaletsa ba bang ho etsa se tšoanang.

Tsoha!: “Ho hōlisa bana ba babeli ho u nkela nako e ngata haholo. U fumana nako ea ho etsa seo u batlang ho se etsa joang?”

Margaret: “Ke leka ho ipolokela nako e itseng. Ka mohlala, ha motsoalle a ntse a ruta bana ’mino, seo se mpha hora e le ’ngoe. Ke lula fatše ’me ha ke bulele TV. Kea khutsa, ke nahane ka seo ke se entseng motšehare. Kamehla ke ba seli haholo ka se nepahetseng le se fosahetseng, kahoo ke rata ho hopola lintho tseo ke li entseng ho bona hore na nka etsa hamolemonyana.”

Haeba u ithaopela ho hlokomela bana ba hae nako le nako, motsoali ea se nang molekane o tla ba le linako tsa bohlokoahali bakeng sa ho thuisa ho joalo.

Fana ka Thuso e Sebetsang

Tsoha!: “Ke thuso efe eo u e fumaneng e sebetsa ka ho fetisisa?”

Margaret: “Ke thabela ho memeloa lelapeng le leng. Ha u hlokomela hore ba bang ba amehile ka uena, seo se thusa haholo. Ka linako tse ling u nahana hore ke uena feela ea nang le mathata. Hape ha motho e mong a mpabatsa ka tsela eo ke hōlisang bana ba ka ka eona, seo se bolela ho hoholo! Joale ho na le lintho tse ling tse molemo, tse kang ho khabisa, ho sebetsa serapeng, ho ea reka mabenkeleng. . . . Nka bua ho-ea-ho-ile!”

Ha motsoali a se na molekane, lintho li nka nako e teletsana ’me li bonahala li le thata haholoanyane. Kahoo u se ke ua halala bohlokoa ba mpho ea nako ea hao. Ho batsoali ba se nang balekane ke e ’ngoe ea limpho tsa bohlokoa ka ho fetisisa.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Hore u thuse batsoali ba se nang balekane e le kannete, ho hlokahala u qete nako u e-na le bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela