Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 11/8 maq. 12-16
  • Kulo e Ile ea Fetola Bophelo ba Ka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kulo e Ile ea Fetola Bophelo ba Ka
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Ileng sa Bōpa Bophelo ba Ka
  • Ho Ipehela Pakane Bophelong
  • Ho ba Makhatheng a Lefu
  • Liteko Tsa Phekolo ea ho Busetsoa Boemong ba Pele
  • Ho ba Hae Qetellong!
  • Ho Hlōla ho Tepella Maikutlo
  • Thapelo ea ka E-ea Arabeloa
  • Boemo ba ka Boa Tsitsa
  • Pakane ea ka E-ea Finyelloa
  • Ke Tla ‘Tlōla Joaloka Khama e Tona’
    Tsoha!—2006
  • Ke Leboha Tšehetso e sa Hlōleheng ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Jehova o Mphile Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ke Matla le Hoja ke Fokola
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 11/8 maq. 12-16

Kulo e Ile ea Fetola Bophelo ba Ka

NTHO e molemo ka ho fetisisa eo batsoali ba ka e etsetsang bana ba bona ke ho kenya ka ho bona tsebo ea Mōpi oa bona le takatso ea ho mo sebeletsa. Tsietsi e ileng ea ntlhahela ha ke sa le lilemong tse ka tlaase ho 20 e nthusitse ho utloisisa ’nete ena.

Pele ke hlalosa se etsahetseng nakong eo—lilemo tse kaholimo ho 20 tse fetileng—a nke ke phete hanyenyane ka bophelo ba ka ha ke ntse ke hōlela karolong e ka boroa ea United States. Bo amana ka ho toba le kamoo ke ’nileng ka khona ho sebetsana ka katleho le mahlomola a sithabetsang.

Se Ileng sa Bōpa Bophelo ba Ka

Ke hlahetse Birmingham, Alabama—karolo e Moeling o ka Boroa e neng e tsebahala ka khethollo ea morabe—ka January 1955. Ha ke le lilemo li robeli feela, ho ile ha phatloha bomo haufi le lehae la rōna e ileng ea soahlamanya kereke nakong ea litlelase tsa sekolo sa Sontaha. Bana ba tšohileng ba batho ba batšo, bao bongata ba bona ba neng ba le lilemong tsa ka, ba ile ba phasa-phasa ba tlatsitse lerata; ba bang ba ne ba tsoa mali ebile ba lumaela. Ho ne ho shoele ba bane—ba bolailoe ke makhooa.

Liketsahalo tse joalo li ne li tloaelehile karolong e ka Boroa. Lehlabuleng le latelang basebetsi ba bararo ba loanelang litokelo tsa sechaba ba ile bolaoa Mississippi. Ao e ne e le matsatsi a tšosang a pherekano ea merabe a ileng a re ama kaofela.

’Mè e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me Ntate e ile ea e-ba e mong oa tsona ka 1966. Kapele lelapa lohle labo rōna le ne le arolelana le baahisani ba rōna tšepo e thehiloeng Bibeleng ea lefatše le lecha la khotso. (Pesaleme ea 37:29; Liproverbia 2:21, 22; Tšenolo 21:3, 4) Moqebelo o mong le o mong nakong ea lehlabula la lilemong tsa ho qetela tsa bo-1960, re ne re nka leeto la ho ea bolela tšimong e neng e e-s’o ka e sebetsoa mathōkong a Birmingham. Mono, batho ba ne ba e-s’o ka ba utloela ka Lipaki tsa Jehova kapa ka molaetsa oa ’Muso oo re neng re o bolela. Ba ne ba bile ba sa tsebe lebitso la Molimo, Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Linakong tseo tsa likhathatso, ka sebele ke ne ke thabela ho bua le batho ka morero oa Jehova oa ho nkela sebaka tsamaiso ena ea khale e bolileng ka paradeise ea lefatše.—Luka 23:43.

Ho Ipehela Pakane Bophelong

Ka December 1969, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka kolobetso ea metsing. Ke ile ka rapela Jehova ’me ka bolela takatso ea ka e tiileng ea ho phehella tšebeletso ea nako e tletseng e le mosebetsi oa bophelo. Libeke tse seng kae hamorao, Ntate o ile a abeloa ho ea thusa phutheho e nyenyane e neng e le Adamsville, lik’hilomithara tse seng kae ho tloha Birmingham. Phetoho ena ea tšimo e ile matlafatsa takatso ea ka ea ho ba pula-maliboho, kapa mosebeletsi oa nako e tletseng. Nakong eohle ea ha ke le sekolong se phahameng ha monyetla o mong le o mong o hlaha, ke ne ke bula maliboho ka nakoana, e leng se neng se akarelletsa ho qeta bonyane lihora tse 75 tšebeletsong khoeli ka ’ngoe.

Ke ile ka etsa qeto ea ho ithuta tsebo ea mosebetsi o itseng bakeng sa ho itokisetsa tšebeletso ea nako e tletseng ka mor’a ho qeta sekolong. Empa selemong sa ka sa ho qetela sekolong se phahameng, ke ile ka tobana le phephetso. Ke ne ke le har’a sehlopha sa ba ipabotseng ka ho khetheha lithutong, ’me kahoo ka letsatsi le leng ke ile ka isoa kolecheng e haufi le moo bakeng sa litlhahlobo tse itseng tse amanang le thuto. Ka mor’a moo ke ile ka bitsetsoa ofising ea moeletsi mabapi le lithuto. O ne a hloletsoe haholo ebile a nthabetse. O ile a bua ka lentsoe le phahameng: “U ipabotse! U ka khona ho ea kolecheng leha e le efe eo u e khethang!” O ne a batla hore ke qale ho tlatsa liforomo tsa kōpo ea ho fumana thuso ea ho ntšetsa lithuto pele hang-hang.

Ke ne ke ferekane hobane ke ne ke sa itokisetsa sena. Kapele-pele ke ile ka hlalosa merero ea ka ea ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng le ho phehella mosebetsi oa lefatše oa nakoana bakeng sa ho itjara tšebeletsong. Ke ile ka ba ka ’molella hore hamorao, joalokaha Lipaki tse ling li entse, nka ’na ka khona ho sebeletsa ke le moromuoa naheng esele. Empa ho ne ho le joalokaha eka ha a nkutloe. O ile a etsa tlhahiso ea hore ke ithutele saense le hore haeba nka ea kolecheng ea moo, o ne a tla etsa bonnete ba hore ke fumana mosebetsi setsing sa saense.

O ile a re: “Gloria, etsa hore bolumeli ba hao bo felle nakong ea mafelo-beke feela, batsoali ba hao ba tla ’ne ba be motlotlo ka uena.” Ke ile ka ikutloa ke rohakehile ha a nka hore pakane ea ka ea tšebeletso ea nako e tletseng e ne e le ka lebaka la ho khannoa ke batsoali ba ka. O ile a nketsa hore ke ikutloe ke hatellehile, joalokaha eka ke ne ke furalla morabe oohle oa ba batšo ka ho hana monyetla ona o moholo. Leha ho le joalo, ke ile ka tiea. Ka mor’a ho qeta sekolong, ho e-na le ho phehella thuto ea koleche, ke ile ka qala ho sebetsa mosebetsi oa nakoana ke le mongoli.

Ke ile ka batla molekane oa pula-maliboho empa ha kea ka mo fumana. Ha molebeli oa potoloho a etetse phuthehong ea rōna, ke ile ka ’molella ka bothata ba ka. O ile a re: “Ha u hloke molekane.” Joale o ile a ’ngolla kemiso eo ka eona ke neng ke tla phetha boikarabelo ba mosebetsi oa boipheliso le hore ke be le nako e lekaneng ea ho bula maliboho. Ke ne ke utloa hore kemiso eo ke e phethahetseng. Ke ne ke thabile hoo ke ileng ka khetha la 1 February, 1975, e le letsatsi la ka la ho qala ho bula maliboho.

Leha ho le joalo, matsatsi a seng makae hamorao, ka la 20 December, 1974, ha ke ntse ke tsamaea ke ea lapeng ke tsoa lebenkeleng le lenyenyane, ke ile ka otloa ke kulo e lebisitsoeng hosele.

Ho ba Makhatheng a Lefu

Ha ke ntse ke tjapaletse fatše, ke ne ke bona mali a ka a phorosela e le ka ’nete. Ke hopola ke nahana hore ke tl’o shoa. Ke ile ka kōpa Jehova hore a ntumelle ho phela nako e telele ka ho lekaneng ho thusa ’Mè ho utloisisa hore kotsi e senyang joalo e ka etsahala esita le ho lelapa le lebisitseng tlhokomelo ka ho feletseng tšebeletsong ea Jehova. Le hoja re ne re tloaelane le temana ea Bibele e reng “nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle,” ke ne ke sa nahane hore re itokiselitse ho sebetsana le tlokotsi e tšosang joalo.—Moeklesia 9:11, NW.

Kulo e ile ea nkotla ka lehlakoreng le letšehali la molala, ’me ea khaola methapo ea kutlo ea lesapo la mokokotlo. Ho bua ha ka le ho phefumoloha ho ile ha ameha. Ho ne ho sa lebelloa hore nka phela ka nako e fetang matsatsi a mabeli. Eaba ba re “libeke tse peli.” Empa ke ile ka ’na ka phela. Ha ke tšoaroa ke pneumonia, ke ile ka isoa mochining o thusang ho hema o rarahaneng le ho feta. Qetellong, boemo ba ka bo ile ba tsitsa, ’me ha etsoa merero bakeng sa phekolo e busetsang motho boemong ba pele.

Liteko Tsa Phekolo ea ho Busetsoa Boemong ba Pele

Ha kea ka ka ikutloa ke nyahame libekeng tse seng kae tsa pele. Ho hang ke ne ke sa ikutloe. E mong le e mong Spain Rehabilitation Center, Birmingham o ne a le mosa ’me a sebetsa ka thata molemong oa ka. Ke ile ka qala ho ithuta ho basebetsi hore lingaka li ne li lebeletse hore ke tla shoa litho ka ho feletseng, ke paqame ka mokokotlo, bophelo bohle ba ka. Ke ile ka behoa sehlopheng sa batho ba holofetseng maoto le matsoho ba boemong ba C2, se neng se bolela hore ba ne ba ikutloa hore ke tla ba mochining o thusang ho phefumoloha nako eohle ea bophelo ba ka, ke sitoa ho bua haese ho hoeshetsa feela.

Lingaka li ne li kentse lethopo le lesesanyane leo ke neng ke hema ka lona. Hamorao litsebi tsa tšebetso ea matšoafo li ile tsa kenya lethopo le batlang le le lenyenyane ho bona hore na le ka ntumella ho bua. Leha ho le joalo, boholo ba lona ha boa ka ba etsa phapang ea letho. Kahoo ba ile ba etsa qeto ea hore ho hlōleha ha ka ho bua e ne e le ka lebaka ho senyeha ha mothapo oa kutlo. Mothating oo ke ile ka qala ho tepella maikutlo, ’me ho ne ho se na ntho eo motho leha e le ofe a neng a ka e bua ho nketsa hore ke ikutloe hamolemo. Lentsoe le leng le le leng le mosa le neng le buuoa ho ’na le ne le tšoana le tlhapa. Kahoo ke ne ke lla haholo.

Ke ile ka hlokomela hore haeba ntho e itseng e khina bomoea ba hao, lintho tse peli li ka thusa—thapelo e phehellang ho Jehova le ho ikakhela ka setōtsoana tšebeletsong, u bolella ba bang ka linnete tsa Bibele. (Liproverbia 3:5) Ha e le hantle, ho rapela ho ne ho le bonolo. Ke ne ke khona ho etsa joalo. Empa, boemong boo ke neng ke le ho bona, ke joang ke neng nka ba mafolo-folo haholoanyane tšebeletsong?

Ke ile ka kōpa lelapa leso ho ntlisetsa likopi tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le lithuso tse ling tsa ho ithuta Bibele tseo re neng re li sebelisa tšebeletsong nakong eo, tse kang ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—Li Tsoa Mohloling Ofe? le Na Bophelo Bona ke Bona Phetho bo Teng? Libuka tsena li ile tsa behoa likarolong tse fapaneng tsa phaposi ea ka. Hangata basebetsi ba ne ba ncheba ka qenehelo ebe baa mpotsa: “Moratuoa, na ho na le ntho eo nka u etsetsang eona?”

Ke ne ke sheba sengoliloeng se itseng, ’me ka ho bebenya melomo, ke ne ke kōpa motho hore a mpalle. Ke ne ke nka nako eo motho a e qetileng a bala e le lihora tsa ka tsa tšebeletso. E le ho bontša teboho ho motho eo ka ho mpalla, hangata ke ne ke fana ka buka kapa makasine e le mpho. Ke ne ke li nka e le lingoliloeng tseo ke li tsamaisitseng. Ha motho a ne a mpalla lekhetlo la bobeli, ke ne ke ho nka e le leeto la ho boela. Ho kopanela tšebeletsong ka tsela ena ho ne ho nkhothatsa, joalokaha ke ile ka khothatsoa ke likarete, lipalesa le maeto a thobang pelo a baena le bo-khaitseli ba ka ba bangata ba Bakreste.

Ka mor’a likhoeli tsa phekolo ea ho busetsoa boemong ba ka ba pele, ke ne ke khona ho phahamisa hlooho hanyenyane feela. Empa ke ne ke ikemiselitse ho finyella ho sisinyeha ho hoholoanyane ho feta moo. Kahoo ke ile ka kōpa nako e eketsehileng bakeng sa phekolo ea ho sililoa ’meleng le phekolo ka ho etsa mosebetsi. Ha ke kōpa hore ke behoe setulong sa likooa, ke ile ka bolelloa hore hoo ho ke ke ha etsahala, hore ke ne ke sitoa ho phahamisa hlooho ka ho lekaneng bakeng sa ho lula ke otlolohile. Ke ile ka ba kōpa hore ba mpe ba leke feela.

Ka mor’a hore lingaka li lumele, setsebi sa phekolo ea ho sililoa ’meleng se ikarabellang se ile sa nthusa ho hloella setulong sa likooa. Ba ile ba nthatela ka masela a tlamisang a boleng bo phahameng ho tloha sefubeng ho ea thekeng, ho tloha liropeng ho ea mangoleng le ho tloha mangoleng ho ea maotong. Ke ne ke shebahala joaloka setopo se omisitsoeng. Sena e ne e le tšireletso ea ho etsa bonnete ba hore khatello ea ka ea mali e lula e tsitsitse le ho thibela ho shoa litho. Ho ile ha sebetsa! Leha ho le joalo, ke ile ka lumelloa ho lula ke otlolohile ka hora e le ’ngoe feela lekhetlo ka leng. Empa ke ne ke lutse—ka mor’a hore ke kakalle ka matsatsi a 57!

Ho ba Hae Qetellong!

Qetellong, ka mor’a likhoeli tse telele tse hlano, lethopo la ka le nthusang ho hema le ile la tlosoa, ’me ka lumelloa ho ea hae. E ne e le ka May 1975. Ka mor’a moo, ke ne ke tsamaea joalo-joalo ho ea setsing sa phekolo ea ho busetsoa boemong ba ka ba pele. Mathoasong a lehlabula la 1975, ke ile ka qala ho ea tšebeletsong ea Bokreste ka setulo sa ka sa likooa. Ke ne ke sa etse ho hongata, empa bonyane ke ne ke e-tsoa le metsoalle.

Neng-neng mathoasong a 1976, ke ile ka kōptjoa ho ea tlhahlobong ea ho bona hore na nka ba le molemo hakae ke ba VRS (Vocational Rehabilitation Services [Litšebeletso tsa Phekolo ka Mesebetsi]), e leng mokhatlo o neng o ikarabella bakeng sa ho lefella phekolo ea ka ea ho busetsoa boemong ba pele. Ke ne ke nahana hore ke hatela pele. Ke ne ke ithuta ho taka ka borashe boo ke neng ke bo tšoara ka meno. Ke sebelisa thupa ka tsela e tšoanang, ke ne ke se ke qala ho thaepa esita le ho ngola ka pentšele. Kaha ba VRS ba ne ba lefella karolo e khōlō ea phekolo ea ka, ba ne ba batla ho fumana tsela ea ho mphumanela mosebetsi le ho fetoha setho se nang le molemo sa mokhatlo oo.

Qalong moeletsi o ne a bonahala a nahanela, empa o ile a qala ho nkōpa hore ke leke ho buela holimo haholoanyane. Ka nako eo ke ne ke khona ho hoeshetsa feela. Joale o ile a botsa: “Na u sitoa ho lula u otlolohile?”

Ke ne ke sitoa.

O ile a re: “Sisinya monoana o le mong feela.”

Ha ke sitoa le ho etsa joalo feela, o ile a lahlela pene ea hae fatše deskeng ’me ka lentsoe le ferekaneng a re: “Ha u na thuso!”

Ke ile ka bolelloa hore ke ee hae ’me ke lebelle molaetsa oa thelefono o tsoang ho eena. Ke ne ke utloisisa bothata ba hae. Pele ho ’na ho ne ho se mokuli ea neng a e-na le mefokolo e tebileng joaloka ea ka Spain Rehabilitation Center. Theko ea thepa e sebelisoang moo e phahame haholo, ’me motho ea neng a ikarabella bakeng sa ho etsa liqeto o ne a se na melao e tataisang mabapi le mokuli ea fokolang joaloka ’na. Leha ho le joalo, ho ne ho utloisa bohloko ho bitsoa ea se nang thuso, kaha ke ne ke se ntse ke qalile ho ikutloa ka tsela eo.

Matsatsi a seng makae hamorao, ke ile ka fumana molaetsa oa thelefono o bolelang hore ha ke sa le karolo ea lenaneo leo. Ke ile ka ikutloa ke lahliloe kherehloa. ’Me seo se ile sa fella ka tlhaselo e ’ngoe ea ho tepella maikutlo.

Ho Hlōla ho Tepella Maikutlo

Joale ke ile ka nahana ka lengolo la Pesaleme ea 55:22, e reng: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa.” Ntho e ’ngoe eo ke neng ke amehile ka eona e ne e le bothata ba lichelete ho batsoali ba ka, ’me ke ile ka rapela ka sena.

Boemo ba ka ba ho tepella maikutlo bo ile ba nkama habohloko ’meleng, kahoo nakong ea kopano ea setereke lehlabuleng leo ke ne ke sa khone ho lula ke otlolohile. Ke ile ka mamela lenaneo ke paqame. Se bitsoang hore ke mosebetsi oa bopula-maliboho bo thusang se ile sa hlahisoa kopanong eo ea 1976, ’me se ile sa hapa tlhokomelo ea ka. Ho ba pula-maliboho e thusang ho hloka ho qeta lihora tse 60 feela ka khoeli tšebeletsong, e leng karolelano ea lihora tse 2 feela ka letsatsi. Ke ne ke ikutloa hore nka khona ho etsa seo. Hamorao, ke ile ka kōpa ngoan’eso Elizabeth hore a nthuse ho ba pula-maliboho e thusang. O ne a nahana hore kea soasoa, empa ha ke kenya kōpo ea ka ea ho bula maliboho ka August, o ile a kenya ea hae le eena.

Elizabeth o ne a tsoha hoseng ’me a hlokomela litlhoko tsa ka tsa botho. Ebe joale re qala ho paka ka thelefono. Sena se ne se akarelletsa ho letsetsa batho thelefono le ho qoqa le bona ka litlhohonolofatso tseo Molimo a li boloketseng batho tlas’a puso ea ’Muso oa hae. Hape re ne re ngola mangolo, haholo-holo a eang ho batho ba neng ba hloka matšeliso. Ka mafelo-beke beng ka ’na kapa metsoalle ba ne ba nkisa tšebeletsong ea ntlo le ntlo ka setulo sa ka sa likooa. Ka ho hlakileng, kaha litho tsa ka tsa ’mele ha li sa sebetsa, ha ho ntho eo nka e etsang haese ho bua ka molaetsa oa ’Muso, ho qotsa mangolo kapa ho kōpa ba bang hore ba bale Bibele.

Letsatsing la ho qetela la khoeli, ke ne ke ntse ke hloka lihora tse 6 hore ke etse lihora tsa ka tse 60 tse hlokahalang. Elizabeth o ne a le sieo bakeng sa ho nthusa, kahoo ke ile ka kōpa ’Mè hore a phahamise karolo e ka morao ea setulo sa ka sa likooa e le hore nka lula ke otlolohile. Joale, ke sebelisa thupa ea molomo, ke ile ka thaepa mangolo ka lihora tse tšeletseng. Ha ho liphello tse bohloko tse ileng tsa e-ba teng! Seo ke se tsebang ke hore ke ne ke hlile ke khathetse!

Thapelo ea ka E-ea Arabeloa

Beke e latelang, ke lutse ke otlolohile setulong sa ka sa likooa, ke ile ka ea Spain Rehabilitation Center bakeng sa ho hlahlojoa. Ngaka ea ka, e neng e e-s’o ka e mpona ho tloha ha ke lelekoa lenaneong mathoasong a selemo, e ne e maketse. E ne e sa lumele ho ntlafala ha ka. E ile ea botsa: “U ne u ntse u etsa’ng?” Esita le pele ke qeta ho bolela ka tšebeletso ea ka, o ile a mpha mosebetsi.

Motlatsi oa eona o ile a buisana le ’na ka lipotso ’me o ne a hloletsoe ka seo ke neng ke se etsa tšebeletsong. O ile a nkōpa hore ke kopanele ho se bitsoang lenaneo la mokuli eo e leng mohlala. Sena se ne se tla etsa hore ke kopanngoe le mokuli e mong eo ke neng ke tla mo thusa. Ha a bua ka tšebeletso ea rōna, o ile a re: “Ebile sena ke seo batho ba lōna ba se etsang, ha ke re?” Ke ile ka abeloa ho thusa mokuli ea ntseng a batla a fokola joaloka ’na.

Ka tsela e itseng litaba tsa seo ke neng ke se finyella tšebeletsong ka thuso ea lelapa leso se ile sa fihla ho ba VRS. Ba ne ba hloletsoe hoo ho ileng ha buelloa hore ke amoheloe hape lenaneong leo. Sena se ne se bolela hore lelapa leso le ne le tla amohela chelete bakeng sa ho lefella lisebelisoa tse khethehileng le tlhokomelo eo ke e hlokang bakeng sa ho ntšetsa pele tšebetso ea ka. Ke ile ka utloa hore Molimo o arabetse lithapelo tsa ka.

Boemo ba ka Boa Tsitsa

Tekanyo eo ke hlaphohetsoeng ka eona ’meleng e bile ea hore ke khone ho phahamisa hlooho, ho e tjekisa le ho lula ke otlolohile. Ka thabo, ke ile ka hlaphoheloa hoo e batlang e le ka ho feletseng mabapi le ho khona ho bua. Ke sebelisa thupa ea molomo, ke khona ho ngola, ho thaepa, ho sebelisa speakerphone le ho taka. Tse ling tsa litšoantšo tsa ka tse takiloeng li ile tsa isoa lipontšong tsa litšoantšo tse takiloeng tse entsoeng ka molomo. Ke tsamaea ka setulo sa likooa se nang le enjine seo ke se khannang ka selelu. Mochini oa motlakase o phahamisetsa setulo sa ka sa likooa ka koloing ea rōna ea vene, ’me ka tsela ena nka isoa hoo e batlang e le hohle moo ke batlang ho ea teng.

Ke ’nile ka ba le mathata a mangata matšoafong—pneumonia ke tšokelo ea kamehla. Ka linako tse ling ke batla oksijene bosiu. Ka 1984, ke ile ka batla ke e-shoa ka lebaka la bothata ba tšoaetso. Ke ne ke e-ea sepetlele ke sa tsoa ea ka makhetlo a mangata. Empa ho tloha ka nako eo bophelo ba ka bo ntlafetse. Ho qala ka 1976, ke ne ke khona ho ba pula-maliboho e thusang hanngoe kapa habeli ka selemo. Empa ke ne ke utloa ke sa khotsofala. Ke ile ka lula ke nahana ka merero eo ke neng ke e-na le eona ha ke le mocha ea lilemong tse ka tlaase ho 20 e neng e nyopisitsoe ke kulo.

Pakane ea ka E-ea Finyelloa

Ka la 1 September, 1990, qetellong ke ile ka kopanela mananeng a bo-pula-maliboho ba nako e tletseng, ka hona ka phethahatsa takatso ea ka ea bongoaneng. Nakong ea likhoeli tsa mariha ha ho bata, ke paka ka ho ngola mangolo le ho sebelisa speakerphone. Empa ha ho futhu-futhumala, ke boela ke kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Selemo ho pota, ke khanna lithuto tsa Bibele ke le hae ke sebelisa speakerphone.

Ka cheseho ke lebelletse bokamoso bo hlollang lefatšeng la Paradeise ha Kreste Jesu le Jehova Molimo ba ntopolla setulong sena sa likooa. Letsatsi le leng le le leng ke leboha Jehova bakeng sa litšepiso tsa hae tsa bophelo bo sehlahlo le ho khona ho “tlōla joalo ka khama.” (Esaia 35:6) Ke tla matha haholo kamoo nka khonang kateng bakeng sa ho lefelletsa nako ena eohle ea ha ke sitoa ho matha, ’me joale ke tla ithuta ho palama pere.

Ha ke ntse ke letetse nako eo, ke na le thabo e ke keng ea hlalosoa esita le hona joale ka ho ba e mong oa batho ba Jehova ba thabileng le ka ho ba le seabo se feletseng tšebeletsong.—Joalokaha ho boletse Gloria Williams.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Tšebeletso ea ka ea Bokreste—ho ea ka ntlo le ntlo, ho paka ka thelefono, ho ngola mangolo

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Litšoantšo tsa ka tse takiloeng li ile tsa isoa lipontšong tsa litšoantšo tse takiloeng tse entsoeng ka molomo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela