Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 11/8 maq. 29-31
  • Ke Hobane’ng ha Bohle ba Kena Lenyalong Empa ’Na ke Sala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Bohle ba Kena Lenyalong Empa ’Na ke Sala?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lenyalo—Tšōmo Khahlanong le ’Nete
  • Na U se U Loketse ho Kena Lenyalong?
  • Tokisetso e Loketseng
  • Keletso e Bohlale Mabapi le Bosoha le Lenyalo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Hlokahala Eng Hore Lenyalo le Atlehe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lenyalo—Mpho e Tsoang ho Molimo ea Lerato
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Bibele e Ruta’ng ka Lenyalo le Bosoha?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 11/8 maq. 29-31

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha Bohle ba Kena Lenyalong Empa ’Na ke Sala?

“Ekare nka be ke nyetsoe. Joale ke ne ke tla thaba.”—Cheryl.a

KE TLHAHO ho batla ho kena lenyalong. Molimo o ile a etsa hore monna le mosali ba be le khoheli ea tlhaho ho ba batona le ba batšehali. ’Me o ile a theha lenyalo hore e be kopano ea ka ho sa feleng pakeng tsa monna le mosali.—Genese 1:27, 28; 2:21-24.

Joale, ka ho utloahalang u ka ’na ua ikutloa u nyahame ka tsela e itseng kapa esita le hona ho qheleloa ka thōko haeba ha u e-s’o kene lenyalong—haholo-holo haeba lithaka tsa hao tse ngata li se li kene lenyalong. Metsoalle e nang le boikemisetso bo botle e ka eketsa khatello. Tina o re: “Ke lesoha le nang le lilemo tse 24, ’me hona joale ha ho motho eo ke laetsanang le eena. Ho bonahala eka e mong le e mong o amehile ka hore ha kea nyaloa hoo ke seng ke bile ke utloa bohloko habonolo ha ho buuoa ka hona. Ba etsa hore ke ikutloe eka ke lefetoa kapa joalokaha eka ho na le ho hong ho phoso ka ’na.”

Bosoha bo ka bonahala eka ke lerako ho batho ba bang, mokoallo o ke keng oa tlōloa, o ba arohanyang le thabo. Selemo se seng le se seng se fetang se ka fana ka boikutlo bo kang ba hore litene li ntse li hahelloa lerakong leo. Mocha a ka qala ho ikutloa eka ke ea sa khahleheng kapa ea sa batloeng. Moroetsana e mong oa Italy ea bitsoang Rosanna o re: “Hangata ke ikutloa ke le mong ’me ke se na thuso; ho bonahala eka ha ke na lehlohonolo la ho nyaloa.” Bahlankana le bona ba ka ba le maikutlo a tšoanang. Ka mohlala, Frank o ile a ba le boikutlo ba hore metsoalle eohle ea hae e thahasellisa haholoanyane le ho ba e tsoetseng pele ka mor’a hore e nyale. O ile a ipotsa hore na ebe le eena lenyalo le ka mo etsetsa ho tšoanang.

Na le uena u iphumana u nahana ka tsela e tšoanang? Haeba u lesoha, na ka linako tse ling u ke u ipotse hore na ebe ho na le ho hong ho phoso ka uena kapa haeba mohlomong u tla ba boemong boo bo sa thabiseng ba bophelo ba bosoha ka ho sa feleng?

Lenyalo—Tšōmo Khahlanong le ’Nete

Pele ho tsohle, a re hlahlobeng tumelo e atileng ea hore ke ho itlelang habonono feela hore lenyalo le bule monyako o isang thabong. Ke ’nete hore lenyalo le ka khona ’me hangata ehlile le tlatsetsa thabong ea motho. Leha ho le joalo, ho ba lenyalong ka bohona feela ha ho etse hore motho a thabe. Esita le manyalo a molemohali a tlisa “matšoenyeho nameng” ka tekanyo e itseng. (1 Ba-Korinthe 7:28) Thabo ea lenyalo e fumaneha feela ka boitelo bo etsoang ho sa khaotsoe le ho sebetsa ka thata. Ka ho thahasellisang, motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, Jesu Kreste, e ne e le lesoha. Na ho na le motho ea ka reng o ne a sa thaba? Le hanyenyane! Thabo ea hae e ne e tsoa ho etseng thato ea Jehova.—Johanne 4:34.

Tšōmo e ’ngoe ke ea hore lenyalo ke pheko e tiisitsoeng ea bolutu. Ha ho joalo! Monna e mong oa Mokreste ea nyetseng o ile a tletleba: “Ha ho mohla mosali oa ka a kileng a mphetlela sefuba sa hae kapa hona ho ba le puisano e nang le morero le ’na, le ka mohla!” Ka ho tšoanang le basali ba bang ba Bakreste ba ile ba tletleba ka hore banna ba bona ba hlōleha ho buisana le bona kapa ba bonahala ba e-na le thahasello e ngata mesebetsing ea bona kapa metsoalleng ho feta eo ba nang le eona ho bona. Ka masoabi, ke ho tloaelehileng haholo ho ba le bolutu empa motho a le lenyalong.

Joale ho na le ba nkang lenyalo e le ho balehela mathata a lelapa. Mosali e mong e mocha ea nyetsoeng o re: “Ke nahana hore batsoali ba ka ba ne ba loketse ho mpha monyetla oa ho hōla. Empa ha baa ka ba ntumella ho ba le mohlankana kapa ho intša le metsoalle . . . Haeba batsoali ba ka ba ne ba ile ba mpha monyetla, ke nahana hore nka be ke sa nyaloa ke le lilemo li 16. Empa ke ne ke batla ho ba bontša hore ke hōlile.”

U ka ’na ua ikutloa eka bophelo bo na le lithibelo haholo lapeng. Empa lenyalo le tlisa boikarabelo bo ka lekanyetsang tokoloho ea hao ea botho haholo. Nahana ka se amehang ka ho sebetsa, ho lefa mekitlane, ho lokisa lelapa le ho lokisa koloi, ho pheha, ho hloekisa, ho hlatsoa liaparo, mohlomong esita le ho hōlisa bana! (Liproverbia 31:10-31; Ba-Efese 6:4; 1 Timothea 5:8) Bacha ba bangata ba hatelleha kelellong habohloko ha ba talimane le boikarabelo bona ba batho ba hōlileng.

Ba bang ba boetse ba lumela hore lenyalo ke senotlolo sa ho fumana botumo. Empa ha ho tiiso ea hore ba bang ba tla lakatsa ho ba le uena—kapa molekane oa hao—hobane feela u le lenyalong. Batho ba tla u rata haeba u le mosa, u fana ka bolokolohi ’me u hloka boithati, ho sa tsotellehe hore na u lenyalong kapa u lesoha. (Liproverbia 11:25) ’Me le haeba ho ba banyalani ho nolo-nolofatsa ho tšoanelehela ho ba le metsoalle e lenyalong, monna le mosali ba lokela ho hopola hore ke “nama e le ’ngoe.” (Genese 2:24) Seo ba lokelang ho ameha haholo ka sona ke ho phelisana hammoho ka kutloano—e seng le metsoalle ea bona.

Na U se U Loketse ho Kena Lenyalong?

Ho hlakile hore esita le haeba u bona hore lintlha tsena lia utloahala, ka linako tse ling u ntse u ka ikutloa u nyahame. Maele a boholo-holo a re: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo.” (Liproverbia 13:12) Ka mohlala, Tony e monyenyane o ile a iphumana a le haufi le ho ba boemong ba tsieleho hobane e ne e le lesoha. O ile a qala ho ikutloa a le boemong ba ho nyala motho leha e le mang. Ngoanana e mong e monyenyane ea bitsoang Sandra ka ho tšoanang o ile a nyahama nako le nako ha a tseba ka litaba tsa lerato tse ncha; o ne a ipotsa hore na eena nako ea hae e ne e tla fihla neng.

Pele u ka itumella ho hohlomela ka sekoting sa ho nyahama, ipotse, ‘Na ka sebele ke se ke loketse lenyalo?’ Ntle ho tika-tiko, haeba u mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, karabo e ka ’na ea e-ba che e sa thekeseleng! United States, manyalo a mangata a bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 a hlōleha mahareng a lilemo tse hlano.b Ha e le hantle, bacha ba bang e ka ’na ea e-ba ba hōlileng ka ho ikhethang ho feta lilemo tsa bona ’me ba khona ho etsa hore manyalo a bona a atlehe. Empa hoo ha ho bolele hore le uena u lokela ho kena lenyalong. Na ka botšepehi u itlhahlobile ho bona hore na u se u loketse ho nka boikarabelo ba lenyalo?

Boitlhahlobo bo tšepahalang bo ka ’na ba ipaka ho senola ho hoholo. Ka mohlala, u ea hōlileng ka ho feletseng le ea nang le boikarabelo hakae? Na u khona ho boloka chelete, kapa u e sebelisa hang ha u e fumana? Na u lefa mekitlane ea hao ka nako? Na u ea tsebang ho tsitsa mosebetsing kapa ho tsamaiseng lelapa? Na u phelisana le ba bang hammoho ka kutloano, joaloka basebetsi-’moho le uena le batsoali, kapa u hohlana le bona joalo-joalo? Haeba ho joalo, u ka ’na ua fumana ho le thata haholo ho phela hammoho ka kutloano le molekane oa hao oa lenyalo.

Haeba u ntse u le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, u ka ’na ua hlokomela hore u hloka lilemo tse seng kae e le hore u ka fihlela khōlo e feletseng le botsitso tse hlokahalang hore u be monna ea molemo kapa mosali ea molemo. Ho elelloa ’nete ena ho ka ’na ha u thusa hore u lokise bocha litebello tsa hao ’me u talime lenyalo e le ntho e ka etsahalang nakong e tlang. Hona ho ka ’na ha u thusa hore u be ‘ea tiileng pelong’ haholoanyane mabapi le boemo ba hao ba bosoha, bonyane hajoale.—1 Ba-Korinthe 7:37.

Tokisetso e Loketseng

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u lumela hore u se u fetile “palesa ea bocha” ’me u ikutloa hore u se u loketse ho kena lenyalong? E ka ba ho nyahamisang haeba bao e ka ’nang ea e-ba balekane ba hao ba lenyalo ba fokola ka palo kapa haeba u phoqoa kamehla ha u leka ho bontša thahasello ho motho ea itseng. Empa na see se bolela hore u ea sa batloeng? Le hanyenyane. Morena Salomone ho hang ha aa ka a atleha ha a fereha moroetsana eo a neng a mo rata—’me e ne e le e mong oa banna ba ruileng le ea bohlale ka ho fetisisa ea kileng a phela! Bothata e ne e le bofe? Pelo ea moroetsana e ne e se na maikutlo a lerato ho eena. (Sefela sa Lifela 2:7) Ka ho tšoanang, e ka ’na eaba ha u e-s’o kopane le motho eo ka sebele u tšoanelanang le eena.

Na u ikutloa hore u litšobotsi li mpe hoo u ke keng ua khahla motho e mong? Ke ’nete hore botle bo na le melemo ea bona, empa hase sona seo e hlileng e leng sa bohlokoa. Ha u nahana ka banyalani bao u ba tsebang, na hase ’nete hore har’a bona ho na le batho ba bophahamo ka ho fapana, libōpeho esita le maemo a fapaneng kaofela a chebahalo e khahlang? Ntle ho moo, motho eo ka sebele a tšabang Molimo o tla ameha haholo-holo ka seo u leng sona ‘mothong ea ka sephiring, e leng oa pelo.’—1 Petrose 3:4.

Ho hlakile hore ho hang ha u-ua lokela ho hlokomoloha ponahalo ea hao ea ’mele; ke ho utloahalang hore u leke ho shebahala u le motle ka hohle-hohle. Ho akhela feela ha u apara le ho itlhopha ka tsela e sa tsotelleng ho ka fana ka maikutlo a fosahetseng ka uena.c Hape, ho se tsebe ho buisana hantle le batho kapa bofokoli bothong ba hao li ka ’na tsa etsa hore ba bang ba se u thahaselle le pele ba ka u tseba. Motsoalle ea hōlileng ka ho feletseng kapa motsoali a ka u bolella haeba u hloka ho etsa liphetoho tse seng kae likarolong tsena. ’Nete e ka ’na ea u hlaba, empa ho e amohela mohlomong ho ka u thusa hore u etse liphetoho ’me kahoo u be ea ipiletsang haholoanyane ho ba bang.—Liproverbia 27:6.

Leha ho le joalo, qetellong, bohlokoa ba hao kapa molemo oa hao joaloka motho ha lia itšetleha tabeng ea hore na u lenyalong kapa che. Hoo e hlileng e leng habohlokoa ke hore na Molimo o u talima joang, ’me o “talima pelo.” (1 Samuele 16:7) Ka hona, tlhokomelo ea hao e lokela ho lebisoa tabeng ea ho amoheloa ke Jehova e seng ho kena lenyalong. Leka ho se lumelle maikutlo a ho kena lenyalong e be ’ona a laolang monahano le moqoqo oa hao. Hlokomela litloaelano tsa hao ka hloko, ’mino oo o u khethang le boithabiso.

Ke ’nete hore takatso ea ho kena lenyalong e ka ’na ea se ke ea fela, empa se ke ua tšoha. Sebelisa mamello. (Moeklesia 7:8) Ho e-na le ho talima bosoha ba hao e le thohako, sebelisa melemo eohle ea tokoloho e fanoang ke bosoha le menyetla eo bo e hlahisang ea ho sebeletsa Molimo ntle ho tšitiso. (1 Ba-Korinthe 7:33-35, 38) Lenyalo le ka ’na la u tlela nakong e tšoanetseng—mohlomong kapele le ho feta kamoo u nahanneng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a A mang a mabitso a fetotsoe.

b Bakeng sa litlhahiso tse tobileng malebana le lintlha tsena, bona khaolo ea 10 le ea 11 bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

c Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Re Nyalane Kapele—Na Re Tla Atleha?” tokollong ea rōna ea May 8, 1995.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ho bonolo ho ikutloa u le ea qheletsoeng ka thōko ha lithaka tsa hao li kena lenyalong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela