Bokahohle bo Susumetsang Tšabo
Bo Makatsa Haholo, Ebile bo Botle Haholo
NAKONG ena ea selemo, bosiu leholimo le hohela ka khanya e kang ea mahakoe a bohlokoa. Orion e matla e lopalletse holimo-limo, ’me e bonahala hantle mantsiboea ka January ho tloha Anchorage, Alaska, ho ea Cape Town, Afrika Boroa. Na haufinyane tjee u kile ua talimisisa matlotlo a leholimo a fumanehang lihlopheng tsa linaleli tse tsebahalang haholo, tse joaloka Orion? Hase khale haholo ha litsebi tsa linaleli li ne li nyarela bokahohle li sebelisa Hubble Space Telescope e sa tsoa lokisoa.
Linaleling tse tharo tse fumanehang sebakeng sa Orion ho leketlile sabole ea hae. Naleli e lerootho e bohareng ba sabole ha e le hantle hase naleli empa ke Orion Nebula e tsebahalang haholo, ntho e ntle ka mokhoa o makatsang esita leha e bonoa ka ferekekere e nyenyane. Leha ho le joalo, khanya ea eona ea leholimo hase lebaka le etsang hore e thahasellise ho litsebi tsa linaleli.
Jean-Pierre Caillault oa tlaleha makasineng ea Astronomy: “Litsebi tsa linaleli li hlahloba Orion Nebula le linaleli tsa eona tse nyenyane tse ngata hobane ke eona tikoloho e khōlō ka ho fetisisa le e mafolo-folo ka ho fetisisa eo linaleli li hlahelang ho eona karolong ea rōna ea Sehlopha sa Linaleli.” Nebula e bonahala e le sebaka seo linaleli li hlahelang ho sona! Ha ferekekere ea Hubble e ne e nka setšoantšo sa Orion Nebula, e hlahisa boitsebiso bo neng bo e-s’o bonoe pele ho moo, litsebi tsa linaleli li ile tsa bona e seng linaleli le khase e khanyang feela empa le seo Caillault a se hlalosang e le “lintho tse nyenyane tse lerootho. Tseo e leng matheba a khanya e ’mala oa lamune. Li tšoana le mafoforetsane a lijo a oetseng ka phoso holim’a foto.” Leha ho le joalo, bo-rasaense ba lumela hore ho e-na le ho ba liphoso tse bakoang ke phaposi e lefifi ea ho etsa lifoto, lintho tsena tse nyenyane tse lerootho ke “lidiskete tse qalang lipolanete, e leng qaleho ea setsi sa pele sa potoloho ea lipolanete ha se talingoa ho tloha sebakeng sa bolelele ba lebelo la khanya ka lilemo tse 1500.” Na ka sebele, linaleli—hammoho le litsi tsohle tsa potoloho ea lipolanete—li hlaha nakong ee ho Orion Nebula? Litsebi tse ngata tsa linaleli li lumela joalo.
Ho Tloha Sebakeng Seo Linaleli li Hlahelang ho Sona ho ea Mabitleng a Tsona
Ha Orion a ntse a namalatsa ho ea pele, a tšoere seqha letsohong, o bonahala a tobana le sehlopha sa linaleli sa Taurus, e leng poho. Ferekekere e nyenyane e tla senola khanya e lerootho e itjalileng, haufi le ntlhana ea lenaka la poho le ka boroa. E bitsoa Crab Nebula, ’me ka ferekekereng e khōlō, e bonahala e le ho phatloha ho ntseng ho tsoela pele, joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la 25. Haeba Orion Nebula ke sebaka seo linaleli tseo e leng hona li hlahang li fumanehang ho sona, joale Crab Nebula e haufi le eona e ka ’na ea e-ba setša sa mabitla sa naleli e shoeleng ka lebaka la pefo e ke keng ea nahanoa.
E ka ’na eaba tlokotsi eo e khōlō ea leholimo e ile ea tlalehoa ke litsebi tsa linaleli tsa Machaena tse ileng tsa hlalosa “Naleli ea Moeti” Taurus e ileng ea hlaha ka tšohanyetso ka la 4 July, 1054, ’me ea khantša ka phatsimo e khōlō hoo e ileng ea bonoa motšehare ka matsatsi a 23. Setsebi sa linaleli Robert Burnham sea hlokomelisa: “Ka libeke tse ’maloa, naleli eo e ne e phatsima ka khanya e batlang e lekana le ea letsatsi ka makhetlo a limilione tse 400.” Litsebi tsa linaleli li bitsa ho itšenya ho hlollang joalo ha naleli ka hore ke ho phatloha ho hoholo ha naleli. Esita le hona joale, lilemo tse ka bang sekete ka mor’a hore ho hlokomeloe, likotoana tsa libomo tsa ho phatloha hoo li ntse li matha sepaka-pakeng ka lebelo le hakanyetsoang ho lik’hilomithara tse limilione tse 80 ka letsatsi.
Ho ea ka makasine ea Astronomy, Hubble Space Telescope e ’nile ea sebelisoa le sebakeng sena, e nyarela ka hare-hare ho nebula ’me ea fumana “boitsebiso ka hare ho Crab boo ho seng mohla litsebi tsa linaleli li kileng tsa bo lebella.” Setsebi sa linaleli Paul Scowen se bolela hore litšibollo tsena li “tla etsa hore litsebi tsa linaleli li ingoaee lihlooho lilemong tse ngata tse tlang.”
Litsebi tsa linaleli, tse kang Robert Kirshner oa Harvard, li lumela hore ho utloisisa mesaletsa ea ho phatloha ho hoholo ha linaleli tse kang Crab Nebula ke habohlokoa hobane li ka sebelisetsoa ho lekanya bolelele ba ho ea lihlopheng tse ling tsa linaleli, e leng ntho eo hona joale ho ntseng ho etsoa lipatlisiso tse matla ka eona. Joalokaha re bone, haufinyane tjena ho se lumellane mabapi le bolelele ba ho tloha lihlopheng tsa linaleli ho ea ho tse ling ho tsositse phehisano e matla mabapi le khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla ha pōpo ea bokahohle.
Ka ’nģane ho Taurus, ho na le khanya e seng matla sehlopheng sa linaleli sa Andromeda, empa e ntse e bonahala Karolong e ka Leboea ea Lefatše leholimong le ka bophirimela ka khoeli ea January. Khanya eo ke sehlopha sa linaleli sa Andromeda, e leng ntho e hōle ka ho fetisisa e ka bonoang ka leihlo la motho. Limakatso tsa Orion le Taurus li batla li le haufinyane le rōna—li sebakeng seo khanya e ka mathang ka lilemo tse likete tse seng kae ho fihla ho tsona e tsoa Lefatšeng. Leha ho le joalo, re talima ho pholletsa le linaleli tse entseng marang-rang a maholo tseo ho hakanyetsoang hore bolelele bo teng pakeng tsa lihlopha tsa tsona e ka ba boo khanya e ka mathang ho bona ka lilemo tse limilione tse peli ho akareletsa le sehlopha sa rōna sa linaleli, sa Molala, empa esita le tse khōlō ho feta moo—tse ling li bolelele boo khanya e ka mathang ho tsona ka lilemo tse 180 000 ho tloha ntlheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Ha u sheba khanya e seng matla ea Andromeda, mahlo a hao a khantšetsoa ke khanya e ka ’nang eaba e na le lilemo tse fetang limilione tse peli!
Lilemong tsa morao tjena Margaret Geller le ba bang ba ile ba qala mananeo a ho batla ho finyella se itseng ka ho etsa ’mapa oa lihlopha tsohle tsa linaleli tse re potolohileng o nang le mahlakore a mararo, ’me liphello li tsositse lipelaelo tse tebileng ka khopolo ea ho phatloha ho hoholo ha matla. Ho e-na le ho bona lihlopha tsa linaleli tse hasaneng ka mokhoa o tloaelehileng ka litsela tsohle, baetsi ba limmapa ba ile ba sibolla “moetso o rarahaneng oa lihlopha tsa linaleli” o le sebōpehong se atolohelang ho akareletsa bolelele boo khanya e ka mathang ho bona ka lilemo tse limilione. Ho ea ka tlaleho ea morao-rao koranteng e hlomphehang ea Science, “hore na moetso oo o rarahaneng o ile oa lohuoa o e-tsoa nthong e batlang e tšoana ea bokahohle bo neng bo sa tsoa hlaha ke e ’ngoe ea lipotso tsa bohlokoa ka ho fetisisa filosofing ea khopolo-taba ea bokahohle.”
Re qalile mantsiboea ana ka hore re shebe leholimo bosiu ka January ’me kapele-pele re ile ra sibolla e seng feela botle bo hlollang empa le lipotso le liphiri tse mabapi le sebōpeho le tšimoloho ea bokahohle. Bo simolohile joang? Bo ile ba fihla joang boemong ba ho rarahana boo bo leng bona hona joale? Ho tla etsahala eng ka limakatso tsa leholimo tse re potolohileng? Na ho na le motho ea ka bolelang? Ha re boneng.
[Lebokose le leqepheng la 24]
LI TSEBA JOANG HORE NA SE HŌLE HAKAE?
Ha litsebi tsa linaleli li re bolella hore sehlopha sa linaleli sa Andromeda se bohōle boo khanya ea letsatsi e ka mathang ka lilemo tse limilione tse peli ho fihla ho sona, ka sebele li re bolella khakanyetso e thehiloeng monahanong oa morao-rao feela. Ha ho motho ea qapileng mokhoa oa ho lekanya bolelele bo makatsang hakaalo ka ho toba. Bolelele ba ho fihla linaleling tse haufinyane, tseo ho ka nkang khanya lilemo tse 200 kapa tse batlang li fihla moo, bo ka lekanngoa ka ho toba ho sebelisoa stellar parallax, e leng ho amang lipalo tse bonolo tsa trigonometry. Empa sena se sebetsa feela ho linaleli tse leng haufi le lefatše hoo li bonahalang eka li ntse li tsamaea hanyenyane ha lefatše le ntse le potoloha letsatsi. Linaleli tse ngata, le lihlopha tsohle tsa linaleli, li batla li le hōlenyana. Ke ntlheng eo moo ho qalehang likhakanyetso feela. Esita le linaleli tse batlang li le haufi le rōna, tse kang Betelgeuse e khōlōhali e khubelu le e tummeng e ho Orion, ke lintho tse entsoeng ka likhakanyetso feela, tseo ho hakanyetsoang hore khanya e ka akaretsa bolelele ba tsona ho tloha lilemong tse 300 ho isa ho tse ka holimo ho 1000. Ka hona, ha hoa lokela ho re makatsa ho fumana ho se lumellane har’a litsebi tsa linaleli mabapi le bolelele bo lipakeng tsa lihlopha tsa linaleli, e leng bo boholo ho feta moo ka makhetlo a limilione.
[Lebokose le leqepheng la 24]
LINALELI TSE PHATLOHILENG, MEHLOLI EA MAHLASELI LE LINALELI TSE OELENG
Bohareng ba Crab Nebula ho na le lintho tse sa tloaelehang ka ho fetisisa bokahohleng bo tsejoang. Ho ea ka bo-rasaense, setōpo se senyenyane sa naleli e shoeleng, se teteaneng ka tsela e ke keng ea lumeloa, se potoloha lebitleng la sona ka makhetlo a 30 ka motsotsoana, ’me se romela mahlaseli a ileng a hlokomeloa lefatšeng ka lekhetlo la pele ka 1968. Se bitsoa mohloli oa mahlaseli, se hlalosoa e le mosaletsa oa naleli e phatlohileng e potolohang, ’me se teteane hoo lielektrone le liprothone tse ka har’a liathomo tsa naleli ea pele li ileng tsa penyana hammoho ho hlahisa li-neutron. Bo-rasaense ba bolela hore e kile ea e-ba karolo e bohareng e khōlōhali ea naleli e khōlō joaloka Betelgeuse kapa Rigel e ho Orion. Ha naleli eo e ne e phatloha ’me likarolo tsa eona tse kantle li qhōmela sepaka-pakeng, ho ile ha sala karolo e bohareng feela e honyetseng, e leng molora o chesang o mosoeu, e le khale mollo oa eona oa nyutlelie o timme.
Nahana u nka naleli e kopolang Letsatsi la rōna habeli ka boholo ’me u e penya hore e lekane le bolo eo bophara ba eona e leng lik’hilomithara tse 15 ho ea ho tse 20! Nahana u nka polanete ea Lefatše ’me u e penya ho fihlela bophara ba eona e le limithara tse 120. Ntho e boholo ba li-cubic senthimithara tse 16 e ne e tla ba le boima bo fetang lithane tse limilione tse likete tse 16.
Esita le tlhaloso ena ha e bonahale e feletse mabapi le lintho tse teteaneng. Haeba re ne re ka honyetsa lefatše ho fihlela le lekana le lepei ka boholo, qetellong khoheli ea lefatše e ne e tla ba matla hoo esita le khanya e neng e ke ke ea khona ho phunyeletsa ho lona. Ntlheng ena lefatše la rōna le lenyenyane le ne le tla bonahala eka le nyamela ka har’a se bitsoang naleli e oeleng. Le hoja litsebi tse ngata tsa linaleli li lumela hore li teng, ho ntse ho e-s’o pakoe hore linaleli tse oeleng li teng, ’me ho bonahala li se li sa hlahe hangata joalokaha ho ne ho nahanoa lilemong tse seng kae tse fetileng.
[Lebokose le leqepheng la 26]
NA MEBALA EO KE EA SEBELE?
Batho ba hlahlobang leholimo ka ferekekere e nyenyane hangata ba ikutloa ba khathetse matla ha ka lekhetlo la pele ba fumana sehlopha sa linaleli se tummeng kapa nebula. Mebala e metle eo ba e boneng lifotong e kae? Setsebi sa linaleli le sengoli sa saense Timothy Ferris oa hlokomelisa: “Mebala ea lihlopha tsa linaleli e ke ke ea bonoa ka ho toba ke leihlo la motho, esita le ka liferekekere tse khōlō ka ho fetisisa tse leng teng, hobane khanya ea tsona e lerootho haholo bakeng sa ho susumetsa likarolo tse amohelang mebala tsa mothapo oa pono.” Sena se baketse batho ba bang ho etsa qeto ea hore mebala e metle e bonoang lifotong tsa litsebi tsa linaleli ke boiqapelo bo thetsang, bo mpang bo ekelitsoe ka tsela e itseng ha ho etsoa lifoto. Leha ho le joalo, seo hase ’nete. Ferris oa ngola: “Mebala eo ka boeona ke ea sebele, ’me lifoto tseo li emela boiteko bo molemo ka ho fetisisa ba litsebi tsa linaleli ba ho li hlahisa hape ka tsela e nepahetseng.”
Bukeng ea hae ea Galaxies, Ferris o hlalosa hore lifoto tsa lintho tse lerootho tse hōle, tse kang lihlopha tsa linaleli kapa nebula ka boeona, “ke lifoto tse nkuoeng ho itšetlehiloe ka nako e itseng tse fumanoeng ka hore ho shebisoe ferekekere sehlopheng sa linaleli le ho pepesa poleiti ea lifoto ka lihora tse ngata ha khanya ea naleli e ntse e fetela kapele karolong e amehang ea lifoto. Nakong ena mochine o matla o potoloha joaloka lefatše ’me o boloka ferekekere e korotsoe sehlopheng sa linaleli, ha setsebi sa linaleli, kapa maemong a mang mochine o itseng o itšebetsang oa ho fana ka tataiso, o etsa litokiso tse nyenyane haholo.”
[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
1 Sehlopha sa linaleli sa Orion, pono e tloaelehileng leholimong ka January lefatšeng lohle
2 Orion Nebula, setšoantšo se hlollang sa “naleli” e lerootho
3 Ka hare-hare ho Orion Nebula—na ke sebaka seo linaleli li hlahelang ho sona?
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
#2: Astro Photo - Oakview, CA
#3: C. R. O‘Dell/Rice University/NASA photo
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Sehlopha sa linaleli sa Andromeda, ntho e hōle ka ho fetisisa e ka bonoang ka leihlo la motho. Lebelo leo se potolohang ka lona le bonahala le tlōla molao oa Newton oa matla a hulelang lintho fatše ’me le phahamisa pelaelo ka ntho e lefifi e ke keng ea bonoa ka liferekekere
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Astro Photo - Oakview, CA
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Crab Nebula e ho Taurus—na ke sebaka seo linaleling li shoellang ho sona?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bill and Sally Fletcher
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ka holimo: Sehlopha sa linaleli sa Cartwheel. Se- hlopha se senyenyane sa linaleli se ile sa thulana le sona, sa phunyeletsa ka har’a sona ’me sa siea mophula o entseng selika-likoe se seputsoa sa linaleli tse limilione tse likete tse sa tsoa ba teng ho potoloha le sehlopha sa linaleli sa Cartwheel
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Kirk Borne (ST Scl), and NASA
Ka tlaase: Nebula ea Leihlo la Katse. Liphello tsa linaleli tse peli tse ntseng li potolohana li hlalosa libōpeho tse rarahaneng habonolo ka ho fetisisa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
J. P. Harrington and K. J. Borkowski (University of Maryland), and NASA