Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 2/8 maq. 16-18
  • Itebele Khahlanong le ho Tsoafa ho Bala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Itebele Khahlanong le ho Tsoafa ho Bala
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melemo ea ho Bala
  • Pono e Leka-lekaneng
  • Kamoo Batsoali ba ka Thusang
  • Bibele—Thuso e Babatsehang
  • Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore le Tloaetse Bana ho Bala?​—Karolo ea Pele: Theknoloji Kapa Libuka?
    Se ka Thusang Lelapa
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Bala Bibele—Ho Molemo Ebile ho Monate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 2/8 maq. 16-18

Itebele Khahlanong le ho Tsoafa ho Bala

MOFUTA o mocha oa bothata o jele setsi lefatšeng la rōna. Ke ho tsoafa ho bala. O hlalosoa e le “tšobotsi kapa boemo ba ho tseba ho bala empa [motho] a sa ho thahaselle.” (Merriam-Webster’s Collegiate Dictionary, Tenth Edition) E, ho bala—hoo ka nako e ’ngoe e kileng ea e-ba monyaka—hona joale ho khesoa joaloka mosebetsi o sa thabiseng. Ngoanana e mong ea lilemo li 12 o ile a tletleba: “U lokela ho ikitlaetsa ka matla hore u bale, ’me hoo hase ntho e thabisang.”

Batho ba bangata ba baholo le bona ba tsoafa ho bala. Ka mohlala, United States e ithorisa ka karolo ea 97 lekholong ea batho ba tsebang ho bala; leha ho le joalo, hoo e ka bang halofo ea batho ba baholo ba Amerika ke ka seoelo e balang libuka kapa limakasine! Ka ho hlakileng, ho khona ho bala hase kamehla ho tsamaisanang le takatso ea ho bala. Sena ke ’nete esita le bathong ba rutehileng. Serutehi se seng se fumaneng likhau Univesithing ea Harvard se re: “Ha ke fihla hae ke khathetse ka mor’a letsatsi la mosebetsi o boima, ke bulela TV ho e-na le ho nka buka. Ho bonolo haholo.”

Ho etsahetse’ng ka ho bala? Mashomeng a morao tjena a lilemo ho rata ho bala ho ile ha sekisetsoa ka lebaka la mecha ea khaso e hapang tlhokomelo. Makasineng ea Fortune, Stratford P. Sherman o ile a ngola: “Kaha joale re na le MTV ea rōna—le VCR ea rōna le Nintendo le Walkman—tebello ea ho hoatallela libuka ha e sa bonahala e le bonolo joaloka linakong tsa ha bophelo bo ne bo se maphatha-phathe.” Mohlomong ntho e jang nako e ngata ka ho fetisisa ea ho bala ke thelevishene. Ka sebele, motho feela ea tloaelehileng oa Amerika, ha a le lilemo tse 65 o tla be a qetile lilemo tse robong tsa bophelo ba hae a shebeletse TV!

Kaha hangata meputso ea ho bala e atisa ho teloa ka lebaka la thelevishene, ho tla ba molemo ho nahanisisa ka e latelang.

Melemo ea ho Bala

Ho bala ho susumetsa monahano. Thelevishene ke eona e u nahanelang. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hlakisoa: liphetoho tsa sefahleho ha motho a bua, ho phahama le ho teba ha lentsoe hammoho le botle ba tlhaho.

Leha ho le joalo, tabeng ea ho bala ke uena u khethang libapali, u hlophisang sethala le ho tsamaisa ketsahalo. Moshemane e mong ea lilemo li 10 o re: “U na le bolokolohi bo bongata haholo. U ka etsa hore sebapali se seng le se seng se shebahale hantle feela kamoo u batlang kateng. U khona ho laola lintho haholoanyane ha u bala buka ho feta ha u bona ntho e itseng ho TV.” Joalokaha Dr. Bruno Bettelheim a hlokometse, “thelevishene e hapa monahano empa ha e o lokolle. Buka e molemo hang-hang e susumetsa kelello le ho e fa bolokolohi.”

Ho bala ho hōlisa tsebo ea ho bua. Reginald Damerall oa Univesithi ea Massachusetts o hlokometse: “Ha ho ngoana kapa motho e moholo ea ruang molemo ka ho shebella thelevishene ka ho tlōtseng. Tsebo e hlokahalang ea ho shebella thelevishene e bonolo hoo re e-song ho utloe ka bothata ba ho shebella thelevishene.”

Ka ho fapaneng, ho bala ho hloka tsebo ea ho bua ’me hoa e hōlisa; ho hokahane le ho bua le ho ngola ka tsela e ke keng ea aroloa. Tichere e ’ngoe ea Senyesemane sekolong se phahameng e re: “Ha ho pelaelo hore katleho ea hao joaloka seithuti e itšetlehile haholo ka pokello ea hao ea mantsoe, ka bobeli ho seo u ka se utloisisang ha u ntse u bala le kamoo u behang mabaka ha u ntse u ngola, ’me ha ho tsela eo u ka hahang pokello e molemo ea mantsoe ha e se ka ho bala—ho hang ha ho tsela e ’ngoe.”

Ho bala ho hōlisa mamello. Litšoantšo tse fetang sekete li ka ’na tsa bonahala kapele-pele sekrineng sa TV ka hora e le ’ngoe feela, li fa moshebelli nako e fokolang hore a nahanisise ka seo a se bonang. Dr. Matthew Dumont o re: “Mokhoa ona ka sebele o etsa hore motho a se ke a ba le mohopolo o tsepameng tabeng.” Ha ho makatse hore liphuputso tse ling li amahanya ho shebella TV ka ho tlōtseng le ho etsa liqeto ka lehlapha-hlapha le ho hloka botsitso—ho bana le batho ba baholo.

Ho bala ho hloka mamello. Setsebi sa puisano Neil Postman sea ngola: “Lipolelo, lirapa le maqephe li phutholoha butle-butle, ka ho latellana, le ka tsela ea tlhaho.” Ka lebelo la hae, ’mali o lokela ho hlalosa, ho lekanyetsa le ho nahana ka se leng leqepheng. Ho bala ke tsela e rarahaneng ea ho fetolela molaetsa puong, e batlang—le e hōlisang—mamello.

Pono e Leka-lekaneng

Ho sa tsotellehe melemo ea ho bala, ho tlameha ho lumeloe hore thelevishene le eona e na le melemo. E ka feta ho bala tabeng ea ho fetisa mefuta e itseng ea boitsebiso.a Nehelano e babatsehang ea TV e ka ba ea tsosa thahasello ea ho bala. The Encyclopedia Americana e re: “Ho tlalehoa hore mananeo a TV a etsang litšoantšiso ka libuka tsa bana hammoho le saense a susumetsa bana ho batla libuka tsa lihlooho tseo le tse tšoanang le tsona.”

Pono e leka-lekaneng ke ea bohlokoa. Likhatiso tse ngotsoeng le thelevishene ke mekhoa e ’meli e fapaneng ea khaso. Mokhoa ka mong o na le matla a motheo le bofokoli. Mokhoa ka mong o ka sebelisoa hantle—kapa oa sebelisoa hampe. E, ho bala ka ho feteletseng ho isa ntlheng ea hore motho a itšehle thajana ho ka ba kotsi joalokaha ho shebella TV ka ho feteletseng ho le kotsi.—Liproverbia 18:1; Moeklesia 12:12.

Leha ho le joalo, hangata ho bala ho tlōlisoa mahlo holimo ka lebaka la ho shebella se bonoang. Moqolotsi e mong oa litaba oa Mojapane oa tletleba: “Re ntse re sutha tloaelong ea ho ba babali ho ea ho ea ho ba bashebelli.” Sena se hlokomelehile ka ho khethehileng har’a bacha. Ka lebaka leo, ba bangata ba bona ba hōla ba tsoafa ho bala ’me hamorao ba latsoa liphello tse bohloko. Ka hona, ke joang batsoali ba ka thusang bana ba bona hore ba hōlise takatso ea ho bala?

Kamoo Batsoali ba ka Thusang

Beha mohlala. Sehlooho sa Newsweek se reng, “Kamoo ho ka Hōlisoang Babali ba Molemo” se fana ka keletso ena e tobileng: “Haeba u le motho ea senyang nako e ngata haholo u shebelletse TV, mohlomong ngoan’a hao le eena o tla ba joalo. Ka lehlakoreng le leng, haeba bana ba hao ba u bona u hlile u kentse hlooho bukeng e molemo, ba tla hlokomela hore ha u bolelise melemo ea ho bala feela, ua ho etsa ka bouena.” Se molemo le ho feta, batsoali ba bang ba balla bana ba bona ka lentsoe le phahameng. Ka ho etsa joalo, ba haha tlamahano e mofuthu—e leng ntho eo ka masoabi e haellang malapeng a mangata kajeno.

Qalisa laebrari. Dr. Theodore Isaac Rubin o etsa tlhahiso ena: “Lula u e-na le libuka—libuka tse ngata haholo. Ke hopola ke li bala hobane li ne li fumaneha le hobane e mong le e mong o ne a li bala le eena.” Bana ba tla bala haeba libuka li fumaneha habonolo. Tšusumetso ea ho bala e tla ba matla haholoanyane haeba libuka e le karolo ea laebrari ea bona ea botho.

Etsa hore ho bala e be ho thabisang. Ho ’nile ha boleloa hore haeba ngoana a rata ho bala, boholo ba ntoa ea ho ithuta bo hlōtsoe. Kahoo etsa hore ho bala e be phihlelo e thabisang bakeng sa ngoana oa hao. Joang? Ntlha ea pele, beha meeli ea nako ea ho shebella thelevishene; kamehla e tla nkela ho bala sebaka. Ntlha ea bobeli, haha tikoloho e khothalletsang ho bala; nako ea ho khutsa le libaka tse khutsitseng, joaloka laebrari ea botho e nang le khanya e lekaneng hantle, li khothalletsa ho bala. Ntlha ea boraro, u se ke ua qobella ho bala. Etsa hore lintho tse baloang le menyetla ea ho bala li fumanehe, empa lumella ngoana ka boeena ho hōlisa takatso.

Batsoali ba bang ba qala ho balla bana ba bona lilemong tsa bonyenyane. Sena se ka ba molemo. Litsebi tse ling li bolela hore ha ngoana a le lilemo tse tharo o utloisisa boholo ba puo eo a tla e sebelisa moqoqong o tloaelehileng oa motho e moholo—esita le hoja a ntse a ke ke a bitsa mantsoe ka mokhoa o phollatsi. Buka ea The First Three Years of Life e re: “Bana ba qala ho ithuta ho utloisisa puo kapele le ka potlako ho feta kamoo ba ithutang ho e sebelisa ha ba bua.” Bibele e re ka Timothea: “Ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang.” (2 Timothea 3:15, NW) Lentsoe lesea (infant) le ka batlisisa ho fihlela lentsoeng la Selatine infans, leo ha e le hantle le bolelang “ea sa bueng.” E, Timothea o ile a utloa mantsoe a lengolo nako e telele pele a ka a bua.

Bibele—Thuso e Babatsehang

Buka ea The Bible in Its Literary Milieu e re: “Bibele ke pokello ea libuka tse molemo ka ho fetisisa.” Ka sebele, libuka tse 66 tsa eona li entsoe ka sebōpeho sa lithothokiso, lipina le litlaleho tsa histori tseo ho tsona ba banyenyane le ba baholo ba ka ithutang. (Ba-Roma 15:4) Ho feta moo, Bibele e ‘bululetsoe ke Molimo, ’me e molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho etsa hore lintho li otlolohe, bakeng sa ho laea ka ho loka.’—2 Timothea 3:16, NW.

E, boitsebiso ba bohlokoa ka ho fetisisa bo baloang bo fumanehang ke Lentsoe la Molimo, Bibele. Ka lebaka le utloahalang morena e mong le e mong oa Iseraele o ne a lokela ho ba le kopi ea botho ea Mangolo ’me “a e bale ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae.” (Deuteronoma 17:18, 19) ’Me Joshua o ile a laeloa ho bala mangolo “ka ho hoeshetsa”—e leng ho bolelang hore a ipalle oona ka lentsoe le tlaase—“motšehare le bosiu.”—Joshua 1:8, NW.

Ho ke ke ha latoloa hore likarolo tse ling tsa Bibele ho thata ho li bala. Li ka ’na tsa hloka hore motho a tsepamise mohopolo. Hopola, Petrose o ile a ngola: “’Me, joaloka masea a sa tsoa tsoaloa, le hlaolele taba-tabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe.” (1 Petrose 2:2, mongolo tšekalletseng ke oa rōna.) Ka ho itloaetsa sena, tšekamelo ‘lebeseng’ la Lentsoe la Molimo e ka fetoha ea tlhaho joaloka taba-tabelo ea lesea ea tlhaho bakeng sa lebese la ’m’a lona. Kananelo bakeng sa ho bala Bibele e ka hlaoleloa.b E tšoaneloa ke boiteko bohle. Mopesaleme o ile a ngola: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Na kaofela ha re hloke tataiso e joalo linakong tsa rōna tse likhathatso?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka ho hlokomela sena, lilemong tsa morao tjena Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa eketsa likhatiso tsa oona ka lik’hasete tsa video tsa lihlooho tse fapa-fapaneng tsa Bibele.

b Bakeng sa ho thusa bana ho ba le taba-tabelo ea tsebo ea Bibele, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa etsa lithuso tsa ho ithuta Bibele tse nolofalitsoeng, tse kang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele le Ho Mamela Mosuoe e Moholo. Libuka tsena ka bobeli li boetse li fumaneha ka lik’hasete (ka Senyesemane).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela