Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 3/8 maq. 28-29
  • Tharollo ke Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tharollo ke Efe?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tharollo
  • Kokoana-hloko—E Bolaeang e Hlasela Zaire
    Tsoha!—1996
  • Ho Iphetetsa ha Likokoana-hloko
    Tsoha!—1996
  • Lebaka Leo AIDS e Bolaeang ka Lona Hakana
    Tsoha!—1988
  • Mafu a Seoa Lekholong la Bo20 la Lilemo
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 3/8 maq. 28-29

Tharollo ke Efe?

“HO NA le tumelo e ntseng e hōla ea hore boiketlo ba moloko oa batho, ’me mohlomong le ho pholoha ha rōna re le mofuta oa batho, ho tla itšetleha bokhoning ba rōna ba ho lemoha mafu a ntseng a hlaha. . . . Re ne re tla ba hokae kajeno haeba HIV e ne e ka fetoha ntho e bakang mafu e tsamaisoang ke moea? ’Me re na le kholiseho efe ea hore tšoaetso e tšoanang le eo e ke ke ea fetisoa joalo nakong e tlang?” ho boletse joalo D. A. Henderson, ea ileng a phetha karolo e ka sehloohong phelisong ea sekholopane—ho sehlopha sa litsebi tsa saense Geneva, Switzerland, ka 1993.

Mafu a ntseng a hlahella a ka lemohuoa joang? Tsamaiso e lemosang kapele ka mafu a seoa linaheng tse chesang tse mongobo ke khokahanyo ea lefatše lohle ea lilaboratori tse 35 tse tlalehelang World Health Organization (WHO). Leha ho le joalo, patlisiso ea lilaboratori tsena e ile ea bontša hore tse ka tlaase ho halofo tsa tsona li ne li hlomeletsoe bakeng sa ho hlokomela lefu la ho ruruha ha boko Japane, li-hantavirus le feberu ea Phuleng ea Rift—e leng mafu a bolaeang kaofela ha ’ona. Ke karolo ea 56 lekholong feela e neng e ka lemoha feberu e tšehla, kokoana-hloko e bakoang ke monoang e bakang ho hlatsa, lefu la sebete le ho tsoela mali ka hare. Bonyane batho ba 28 ba ile ba shoa ka 1992 Kenya ka lebaka la feberu e tšehla pele lingaka li sibolla sesosa. Ka likhoeli tse tšeletseng li ne li nahana hore li ntse li loantša malaria.

Bofokoli bo bong ba mananeo a lipatlisiso ke hore a sitoa ho hlokomela ho hlahella ha mafu a iponahatsang butle-butle a bakoang ke likokoana-hloko. Ka mohlala, HIV e ka khona ho ipata ka har’a motho, ea fetela ho ba bang ’me ea iponahatsa e le AIDS ho fihlela lilemong tse leshome hamorao. Seoa se teng hona joale sa AIDS se hlahetse hoo e ka bang hong lik’honthinenteng tse tharo ’me kapele-pele sa hlasela lichaba tse fapaneng tse 20. Ka ho hlakileng, ho ne ho se temoso e tlileng pele ka sona!

Ho sa tsotellehe mathata, litsebi tse ngata tsa saense li ntse li na le tšepo ka nako e tlang, li bua ka mokhoa o nang le tšepo ka litšibollo tse khōlō le katleho tseo ka sebele li tlang ho tla lilemong tse larileng ka pele. International Herald Tribune ea tlaleha: “Litsebi tse ngata tsa saense li bolela hore tšepo e molemo ka ho fetisisa bakeng sa katleho ea ’nete, ke tšebeliso ea saense ea lintho tse phelang, ho laola boitsebiso bo amanang le lefutso liseleng tse phelang. Litsebi tsa saense tse sebetsanang le saense ea lintho tse phelang li na le tšepo ea ho qapa lisele tse hlahisang ntho e bolaeang likokoana-hloko, ke hore, mofuta o mocha oa meriana e thibelang likokoana-hloko e tlisang phetoho liphatseng tsa lefutso.”

Leha ho le joalo, ho na le litšobotsi tse sa rateheng ka sena. Thuto ea ho fetola liphatsa tsa lefutso e entse hore ho khonehe ho kenya liphatsa tsa lefutso ka har’a kokoana-hloko e se nang kotsi e le hore kokoana-hloko eo e ka fetisetsa liphatsa tsa lefutso bathong. Theknoloji ena e ka sebelisoa ka tsela e molemo, ha e le hantle mohlomong e ka etsa hore ho khonehe ho hlahisa se bitsoang meriana e thibelang likokoana-hloko e fetotsoeng ka liphatsa tsa lefutso. Empa theknoloji ena e ka boetse ea sebelisetsoa merero e mebe.

Ka mohlala, mohlomong liphatsa tsa lefutso tse tsoang ho Ebola li ne li ka kenngoa kokoana-hlokong, e kang ea ntaramane kapa maselese e se ka morero kapa ka boomo. Joale kokoana-hloko eo e bolaeang e ne e ka ’na ea atisoa ka ho khohlela kapa ho thimola. Dr. Karl Johnson, ea qetileng nako ea bophelo ba hae a etsa lipatlisiso ka likokoana-hloko tse kang Machupo le Ebola, o ile a bolela hore haufinyane ho ka ’na ha tla nako eo ka eona “lehlanya leha e le lefe le nang le lidolara tse likete tse seng kae tse ka khonang ho lefella thepa le thuto ea baeloji ea kolecheng hore li be taolong ea lona le ne le ka hlahisa likokoana-hloko tse tla etsa hore kokoana-hloko ea Ebola e be e batlang e se na kotsi ha ho bapisoa.” Litsebi tse ling tsa baeloji le tsona li rialo.

Tharollo

Ho rarolla mathata a lefu le tšoaetsanoang hase feela taba ea ho hlahisa lithethefatsi tse ncha. E ama ho rarolla mathata a amanang le bofutsana, ntoa, baphaphathehi, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, baahi ba fetang tekano metseng e meholo, mekhoa e litšila ea bophelo, tšilafalo le ho senngoa ha tikoloho. Ak’u bue ’nete. Na u nahana hore ke ntho e ka etsahalang hore batho ba rarolle mathata aa a rarahaneng?

Lentsoe la Molimo lea lemosa: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!” Joale re lokela ho tšepa mang? Lengolo leo le tsoela pele: “Ho [thabile, NW] eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae!” Ke Jehova feela, ’Mōpi oa moloko oa batho, ea ka rarollang mathata a tobaneng le moloko oa batho.—Pesaleme ea 146:3-6.

Lentsoe la Jehova le bululetsoeng, Bibele, ha le tlaleha boprofeta bo boholo ba Jesu bo amanang le “pontšo . . . ea qetello ea tsamaiso ea lintho,” le ile la bolela ka mahlomola a phekolo ea meriana a hlaselang moloko oa rōna. Jesu o ile a re: “Ho tla ba le . . . mafu a seoa . . . sebakeng se seng ka mor’a se seng.”—Matheu 24:3-8; Luka 21:10, 11.

Leha ho le joalo, Bibele e boetse e supa nakong e tlang lefatšeng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo ha ‘ho se moahi ea tla re: “Kea kula.”’ (Esaia 33:24, NW; Matheu 6:9, 10) Ba tšepang Jehova ba na le lebaka le matla la ho lumela hore moloko oa batho o mamelang haufinyane o tla fumana tokoloho ea ka ho sa feleng e seng feela mafung a bolaeang a hlaselang batho empa hape le mathateng a tlatsetsang hore ho be le mafu. Bakreste ba ’nete ba ananela boiteko ba mokhatlo oa bongaka ntoeng e thata khahlanong le likokoana-hloko tse bolaeang. Leha ho le joalo, baa tseba hore tharollo ea ka ho sa feleng bakeng sa mafu le lefu e itšetlehile ho Molimo, “ea folisang maloetse a hao kaofela.”—Pesaleme ea 103:1-3; Tšenolo 21:1-5; 22:1, 2.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Bibele e tšepisitse nako eo ka eona ho seng motho ea tla re, “Kea kula”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela