Bareki Hlokomelang!—Lintho Tsa Maiketsetso li ka Baka Tahlehelo ea Bophelo
BAHLASELUOA ba sa koetlisoang, ba sa belaeleng letho ba ka thetsoa. Oache e bonahalang e le ea theko e phahameng eo u e fuoang ke morekisi oa seterateng ka theko e tlaase ho feta e tloaelehileng—na ke ea sebele kapa ea bolotsana? Na u tla e reka? Jase e boea ea letlalo e theko e boima eo u e fuoang ka fensetere ea koloi seterateng se mateanong a litsela—morekisi o u bolella hore ke ea theko e boima haholo. Na ho ipiletsa ha eona le theko ea eona e tlaase haholo e tla laola kahlolo ea hao e molemo? Reng ea daemane e monoaneng oa mosali ea qetang ho hlaloa—eo joale a se nang leha e le sente ebile a se na moo a lulang teng, a emetse terene seteisheneng sa New York se ka tlas’a lefatše—u ka e fumana ka chelete e tlaase haholo. Na u ne u tla nahana ho tlohela nyehlisetso e joalo? Kaha lipotso tsena li botsoa sehloohong sena se buang ka ho etsa lintho tsa maiketsetso le ka lebaka la maemo a hlalosoang, mohlomong u ka ’na ua araba ka ho re “LE HANYENYANE!”
Empa ha re ke re fetole libaka le maemo ’me re bone hore na likarabo tsa hao e tla ba life. Ho thoe’ng ka mokotlana oa letsoho oa feshene o rekisoang ka theko e tlaase-tlaase lebenkeleng le lumeletsoeng ka molao? Ho thoe’ng ka mofuta oa joala ba whiskey o rekisoang lebenkeleng la joala le k’honeng ea seterata? Ka sebele ha ho na bothata mona. Hape, nahana ka filimi ea mofuta oa boemo bo phahameng e fantisoang lebenkeleng la lithethefatsi le lintho tse ling kapa lebenkeleng la lik’hamera. Lekhetlong lena u fuoa oache ea theko e boima e jang liranta tse likete, e seng ke morekisi oa seterateng, empa u e fuoa lebenkeleng le nang le botumo bo botle. Theko ea eona e theotsoe haholo feela. Haeba u ne u thahasella ho reka oache e theko e boima joalo, na u ne u tla e reka? Joale ho na le mefuta e tsebahalang haholo ea lieta ka litheko tse utloahalang lebenkeleng le leng leo u rometsoeng ho lona ke metsoalle. Na u kholisehile hore hase tsa boleng bo tlaase tse mpang li tšoana le tsa sebele?
Karolong ea mesebetsi e entsoeng ka bokhabane, lipontšong tsa litšoantšo tsa feshene, ho na le fantisi ea lintho tsa theko e boima tse ngata bakeng sa babokelli ba mesebetsi e entsoeng ka bokhabane. Setsebi se seng sa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane se ile sa lemosa: “U hlokomele. Litsebi tse nang le phihlelo ea lilemo tse ngata lia thetsoa. Le bahoebi ka ho tšoanang. Le bahlokomeli ba limusiamo ka ho tšoanang.” Na u rutehile hoo u ka bapisang lintho tseo e leng mosebetsi oa bonono le lintho tseo e ka ’nang eaba hase tsa sebele? Hlokomela! Lintho tsena tsohle tse bontšitsoeng litšoantšong mona e ka ’na eaba ke tsa maiketsetso. ’Me hangata li joalo. Hopola, haeba ntho e itseng e sa fumanehe habonolo ’me e le ea bohlokoahali, motho e mong kae-kae o tla leka ho etsa e tšoanang le eona eo e seng ea sebele.
Ho etsa lintho tsa maiketsetso ke khoebo e etsang liranta tse limilione tse likete tse 725 lefatšeng ka bophara ’me makasine ea Forbes e ile ea ngola hore “e hōla kapele ho feta liindasteri tse ngata tseo e li etsetsang bomene-mene.” Litšepe tsa makoloi tseo e seng tsa sebele li ile tsa etsa hore baetsi ba makoloi le barekisi ba ’ona ba Amerika ba senyeheloe ke lidolara tse limilione tse likete tse 12 (liranta tse limilione tse likete tse 43) ka selemo ka lebaka la ho lahleheloa ke phaello ea selemo le selemo lefatšeng ka bophara. Makasine eo e ile ea re: “Indasteri ea makoloi ea United States e bolela hore e ne e tla hira batho ba bang ba 210 000 haeba e ne e ka khona ho thibela khoebo ea barekisi ba litšepe tsa makoloi tseo e seng tsa sebele.” Ho tlalehoa hore hoo e ka bang halofo ea lifektheri tse etsang lintho tseo e seng tsa sebele e kantle ho United States—hoo e batlang e le hohle.
Lintho Tsa Maiketsetso Tse ka Bolaeang
Mefuta e meng ea lihlahisoa tsa maiketsetso ha e na kotsi ea letho. Linate, liboutu le likurufu tse rekiloeng linaheng tse ling li etsa karolo ea 87 lekholong ea ’maraka oa United States o etsang lidolara tse limilione tse likete tse 6 (liranta tse limilione tse likete tse 22). Leha ho le joalo, bopaki bo teng ho fihlela joale, bo bontša hore karolo ea 62 lekholong ea lintho tsena tsohle tse tlamellang li fuoe mabitso a mefuta esele ka sepheo sa ho thetsa kapa litempe tse sa lokelang boemo ba tsona. Tlaleho ea 1990 ea General Accounting Office (GAO) bonyane e ile ea fumana hore ‘liteishene tsa ho fehla motlakase tsa nyutlelie tse 72 tsa Amerika li ne li kentse lintho tse tlamellang tsa boleng bo tlaase, tse ling li ne li tlameletsoe likarolong tse lokelang ho tima mochine haeba ho hlaha kotsi ea nyutlelie. GAO e bolela hore bothata bo ntse bo mpefala. . . . Ha ho tsejoe boholo ba bothata bona, tšenyehelo ho batho ba lefang lekhetho kapa likotsi tse ka hlahang li bakoa ke ho sebelisa lihlahisoa tsena [tsa boleng bo tlaase],’ Forbes e tlalehile joalo.
Ho ’nile ha etsoa liboutu tsa setala tseo e seng tsa sebele, tseo matla a tsona a sa lokelang merero eo li e sebelisetsoang, ’me tsa kenngoa United States ka sekhukhu ke bo-rakonteraka ba sa tšepahaleng. Ho ea ka American Way, “li ka sokela tšireletso ea mehaho ea liofisi, liteishene tsa ho fehla motlakase, marokho le thepa ea sesole.”
Mariki ao e seng a sebele a ile a behoa molato ka lebaka la ho soahlamana ha bese Canada lilemo tse ’maloa tse fetileng ho ileng ha fella ka ho bolaea batho ba 15. Ho tlalehoa hore litšepe tseo e seng tsa sebele li ’nile tsa fumanoa libakeng tseo ho ke keng ha nahanoa hore li ka fumanoa ho tsona tse kang liroala-nkhoana tsa sesole le rokete ea United States. ’Matlisisi ea tummeng oa lintho tsa maiketsetso o ile a re: “Moreki ea tloaelehileng feela ha a tšoenyehe ka letho ha u ntse u bua ka Cartier eo e seng ea sebele kapa oache ea Rolex, empa ha bophelo ba hao le polokeho ea hao li e-ba kotsing, seo se fetola boemo.”
Lethathamo la lintho tsa maiketsetso tse ka hlahisang kotsi le akareletsa, mechine e bolokang pelo e otla hantle e rekisetsoang lipetlele tsa United States tse 266; lipilisi tsa ho thibela kemolo tseo e seng tsa ’nete tse ileng tsa kena ’marakeng oa Amerika ka 1984; le meriana e bolaeang limela tsa fungi, eo karolo ea eona e ka sehloohong e leng choko, e ileng ea senya kotulo ea kofi Kenya ka 1979. Ho na le meriana e atileng hohle e ka behang bophelo kotsing ho batho ba e noang. Ho shoa ho bakoang ke meriana eo e seng ea sebele lefatšeng ka bophara e ka ’na ea e-ba ho makatsang.
Ho na le kameho e ntseng e eketseha ka lisebelisoa tsa motlakase tsa lapeng tse nyenyane tseo e seng tsa sebele. American Way e ile ea tlaleha: “Tse ling tsa lihlahisoa tsena li na le mabitso a khoebo ao e seng a ’nete kapa litumello tseo e seng tsa ’nete tse kang tse akarelletsoang lethathamong la lintho tsa Underwriters Laboratory.” Moenjiniere e mong oa tšireletso o ile a re: “Empa ha lia etsoa hore li fihlele maemo a tšireletso a tšoanang, kahoo li tla phatloha, li bake mollo ntlong ’me li etse hore lintho tsohle tse kentsoeng ka tlung li se sireletsehe.”
United States le Europe, lihlopha tsa ba lifofane li tšohile ka ho tšoanang. Ka mohlala, Jeremane, basebetsi ba lifofaneng ba fumane enjine le litšepe tsa mariki tseo e seng tsa sebele phuputsong ea bona. Basebeletsi ba lipalangoang ba ile ba bolela hore: ‘Ho ntse ho etsoa lipatlisiso Europe, Canada le United Kingdom, moo litšepe tse sa amoheleheng (linate tse tlamellang mohatla oa sefofane) li ileng tsa amahanngoa le ho soahlamana ho bolaeang ha seroala-nkhoana haufinyane tjena.’ Flight Safety Digest e ile ea tlaleha: “Bahlanka ba ’muso ba tšoere litšepe tse ngata tseo e seng tsa sebele tsa enjine ea sefofane sa jete, litšepe tsa mariki, liboutu tsa boleng bo tlaase le lintho tse tlamellang, polokelo ea mafura le likarolo tse fofisang sefofane tse nang le phoso, lisebelisoa tse sa amoheleheng sefofaneng le likarolo tsa k’homputha ea sefofane tseo e leng tsa bohlokoa haholo tšireletsong ea sefofane.”
Ka 1989 sefofane se neng se le tseleng e eang Jeremane se e-tsoa Norway ka tšohanyetso se ile sa tsubellela tlaase ka lebelo le holimo ka ho fetisisa se ne se le bophahamong ba limithara tse 6600. Karolo e mohatleng oa sefofane e ile ea khaoha likoto, ho ileng ha etsa hore sefofane seo se tsubellele tlaase ka matla hoo mapheo a sona ka bobeli a ileng a soahlamana. Lisoule tsohle tse 55 tse neng li palame sefofane li ile tsa shoa. Ka mor’a patlisiso ea lilemo tse tharo, litsebi tsa lifofane tsa Norway li ile tsa sibolla hore ho soahlamana hoo ho ne ho bakiloe ke liboutu tse nang le phoso, tse bitsoang li-locking pin, tse neng li tlameletse karolo ea mohatla sefofaneng. Tlhahlobo ea matla a ho phahama ha sefofane e ile ea bontša hore liboutu tseo li ne li entsoe ka tšepe e nang le matla a fokolang haholo hore e ka lula e tiile nakong ea ho bilika ho matla ha sefofane se fofa. Li-locking pin tseo tse nang le phoso e ne e se lintho tsa sebele—e leng lentsoe le tloaetsoeng feela ke litsebi tsa tšireletso lifofaneng libakeng tsohle, hobane ho etsa lintho tseo e seng tsa sebele ke bothata bo ntseng bo hōla bo behang kotsing bophelo ba basebetsi ba lifofaneng le ba baeti.
Ha ba thelevishene ea sechaba ba ne ba buisana ka lipotso le mohlahlobi-kakaretso oa Lefapha la Lipalangoang la United States, o ile a re: “Lifofane tsohle li na le litšepe tseo e seng tsa sebele. Kaofela ha tsona li na le tsona. Kaofela ha tsona li na le bothata.” O ile a phaella ka hore ba indasteri ea lifofane baa lumela “hore mohlomong ba na le thepa e ke keng ea sebelisoa ea boleng bo hakanyetsoang ho lidolara tse limilione tse likete tse peli kapa tse tharo [liranta tse limilione tse likete li 7 ho ea ho tse 11].”
Puisanong eona eo ea lipotso, moeletsi oa tsa tšireletso lifofaneng, ea ’nileng a eletsa FBI mabapi le litšebetso tsa sekhukhu tse amanang le litšepe tseo e seng tsa sebele, o ile a lemosa hore litšepe tseo e seng tsa sebele li emela kotsi ea ’nete. O ile a re: “Ka lebaka leo, ke nahana hore ka sebele re ka lebella ho bona koluoa e khōlō ea sefofane neng-neng nakong e tlang e haufi.”
Letsatsi la kahlolo le haufi haholo bakeng sa bao meharo ea bona e ba lumellang hore ba behelle lithahasello tsa bona tsa boithati ka pele ho bophelo ba ba bang. Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le bolela ka ho hlakileng hore batho ba meharo ba ke ke ba rua ’Muso oa Molimo.—1 Bakorinthe 6:9-10.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Liaparo, mabenyane, litšoantšo tse takiloeng, meriana, litšepe tsa lifofane—ntho leha e le efe ea bohlo-koa ke eo batho ba etsang lintho tseo e seng tsa sebele ba ithuisang molemo ka eona
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Litšepe tsa enjine tseo e seng tsa sebele, liboutu tse nang le phoso, lisebelisoa tsa lifofane, likaroloana tsa k’homputha le litšepe tse ling tseo e seng tsa sebele li bakile ho soahlamana ho bakileng tahlehelo ea bophelo