Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 4/8 maq. 19-21
  • Na ke Lokela ho Kena Thiming ea Lipapali?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Kena Thiming ea Lipapali?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlōla ho sa Tsotellehe Liphello?
  • Ho Sekisetsa Boitšoarong
  • Na ke ho Koetlisa ’Mele Kapa ke ho Lematsa ’Mele?
  • Mabaka a Mang a ka Nahaneloang
  • Ho Etsa Qeto e Bohlale
  • Na ke Lokela ho Kena Sehlopheng sa Libapali Sekolong?
    Tsoha!—1991
  • Lipapali Tsa Lithimi—na li Ntoketse?
    Tsoha!—1996
  • Mathata a Lipapali Kajeno
    Tsoha!—1991
  • Ho Boloka Lipapali Sebakeng se Loketseng
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 4/8 maq. 19-21

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho Kena Thiming ea Lipapali?

SEHLOOHO se seng makasineng ea Seventeen se ile sa botsa: “Ke eng se khethehileng hakaalo ka ho ba thiming?” Sehlooho sena se ile sa araba ka ho re: “Le sebetsa hammoho ho finyella pakane e le ’ngoe, kahoo le ba metsoalle ea sebele. Hape le ithuta ho sebelisana le batho ba bang, joaloka ho rarolla mathata le le sehlopha, ho tenyetseha le ho nahanela, hammoho le ho inehela.”

Kahoo, ho bapala lipapali tse hlophisitsoeng ho bonahala ho e-na le melemo, e seng feela ea ho ithabisa le ho ikoetlisa.a Ba bang ba bile ba bolela hore ho bapala lipapali tsa lithimi ho thusa motho ho haha botho ba hae. Ke kahoo sehlopha se seng sa bacha sa lithimi sa baseball se nang le lepetjo le reng, “Botho, Sebete, Botšepehi.”

Bothata ke hore, hase kamehla lipapali tse hlophisitsoeng li phethahatsang likhopolo tse joalo tse babatsehang. Buka Kidsports e re: “Maemong a mang bacha ba susumelletsehang habonolo ba ithuta ho rohakana, ho qhekella, ho loana, ho tšosa le ho utloisa ba bang bohloko.”

Ho Hlōla ho sa Tsotellehe Liphello?

Sehlooho se seng ho Seventeen se ile sa lumela: “Ho na le lehlakore le leng le lebe la lipapali, moo batho ba behang bohlokoa bo boholo ho hlōleng.” Sena se khahlanong ka ho toba le mantsoe a Bibele: “A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlhōlisano, ba honohelanang.” (Bagalata 5:26) Le hoja tekanyo e nyenyane ea tlhōlisano ea botsoalle e ka etsa hore papali e be e thahasellisang le e thabisang haholoanyane, moea o feteletseng oa tlhōlisano o ka baka bora—’me oa tlosa thabo papaling.

Jon, eo e kileng ea e-ba sebapali sa football sekolong se phahameng, oa hopola: “Re ne re e-na le mokoetlisi e mong ea neng a hlile a cheseha ka ho feteletseng; kamehla o ne a re tlatsetsa lerata le ho re omanya . . . Ke ne ke tšaba ho ea boikoetlisong. . . . Ke ne ke ikutloa eka ke kampong ea mahloriso.” Le hoja e se bakoetlisi bohle ba hlekefetsang, ba bangata ba hatisa ho hlōla ka ho fetisisa. Mongoli e mong o ile a etsa qeto ena: “Baatlelete ba bangata . . . ba fihla boemong boo thabo ea ho hlōlisana e pipetsoang ke mojaro o sa mamelleheng oa ho atleha.” Phello e ka ba efe?

Science News e ile ea tlaleha patlisiso e bontšitseng hore har’a libapali tsa koleche tsa football le basketball, “karolo ea 12 lekholong e ile ea tlaleha mathata bonyane libakeng tse peli ho tse hlano: khatello e amanang le kelello, khatello ea ’mele, bothata ba ho qoba lithethefatsi kapa tahi, ho hlekefetsa kelello le ’mele le tšebetso e mpe lithutong tsa sekolo.” Buka On the Mark e tlaleha tjena ka mohopolo o tšoanang: “Hoo e ka bang e mong le e mong ea amanang le lipapali tse hlophisitsoeng oa lumela hore ho na le bothata bo boholo ba tšebeliso e mpe ea lithethefatsi maemong ’ohle a lipapali.”

Ho Sekisetsa Boitšoarong

Khatello ea ho hlōla e ka boetse ea etsa hore sebapali se secha se sekisetse litekanyetso tse ntle tsa ho hloka leeme le botšepehi. Buka Your Child in Sports ea hlokomela: “Lipapaling tsa mehla ea kajeno, ho hlōla hase feela ntho e ntle; ke hona feela ho amohelehang. Ho hlōloa hase feela hore ho hobe, ha ho amohelehe.”

’Nete e ’ngoe e bohloko ke ena: Hangata bakoetlisi ba beha libapali ka tlas’a khatello e khōlō hore li lematse ba bapalang khahlanong le bona. Sehlooho se seng ho Psychology Today se ile sa re: “Hore o be hloahloa lipapaling, o lokela hore o be khopo. Kapa ke seo baatlelete, bakoetlisi le batšehetsi ba lipapali ba se lumelang.” Sebapali se seng sa football se lefuoang se itlhalosa ka ho tloaelehileng e le se “buang ka bonolo, se nahanelang le se nang le botsoalle.” Empa lebaleng la lipapali, se fetoha se nang le litšobotsi tse peli. Ha se hlalosa botho ba sona lebaleng la lipapali se re: “Ka nako eo ke lonya ebile ke khopo. . . . Ke ea sehlōhō ka tsela e feteletseng. Ho hang ha ke na tlhompho ho motho eo ke eang ho mo otla.” Hangata bakoetlisi ba khothaletsa boikutlo bo joalo.

Bibele e khothatsa Bakreste: “Le ikapese maikutlo a bonolo a qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakolose 3:12) Na u ka hlaolela litšoaneleho tse joalo haeba u fumana lipuo tsa khothatso tse u khothaletsang ho utloisa bohloko, ho silakanya le ho holofatsa ba bapalang khahlanong le uena? Robert ea lilemo li 16 oa lumela: “Ke bapetse lipapaling tse hlophisitsoeng. Ha u tsotelle hore na u utloisa mang bohloko hafeela uena u hlōla.” Joale kaha e se e le Mokreste ea kolobelitsoeng, pono ea hae e fetohile. Oa bolela: “Nke ke ka hlola ke khutlela moo.”

Na ke ho Koetlisa ’Mele Kapa ke ho Lematsa ’Mele?

Hape ho sa lokelang ho hlokomolohuoa ke likotsi tsa ’mele. Ke ’nete hore lipapali li na le likotsi esita leha li bapaloa le metsoalle bakeng sa ho ithabisa feela. Empa likotsi li eketseha haholo ha bacha ba koetlisetsoa ho leka ho bapala ka botsebi boo e batlang e le ba libapali tse lefuoang.

Buka Your Child in Sports ea hlokomela: “Libapali tse lefuoang li ka lemala. Empa ke litsebi, li koenne hantle ’meleng, ke batho ba baholo ba ipehang kotsing ka ho rata ’me ba lefuoa hantle bakeng sa ho etsa joalo. Ho feta moo, ka ho tloaelehileng ba fumana koetliso ea mofuta o molemohali, ea litsebi tse hloahloa, lisebelisoa tse molemohali le tlhokomelo ea bongaka e hlokolosi haholo le ea boleng bo phahameng. . . . Bana ba sekolo ha ba na melemo e joalo.” Bakreste ba bolelloa hore ba ‘hlahise ’mele ea bona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo.’ (Baroma 12:1) Na ha ua lokela ho nahana ka hloko ka ho beha ’mele ua hao likotsing tse sa hlokahaleng le tse sa utloahaleng?

Mabaka a Mang a ka Nahaneloang

Esita leha likotsi tsa bophelo li bonahala li le nyenyane, lipapali tse hlophisitsoeng li ntse li nka nako e ngata. Linako tsa ho ikoetlisa li ka ’na tsa se ke tsa nka nako ea hao ea boithabiso feela empa hape li ka nka nako e ngata eo u lokelang ho e behela ka thōko bakeng sa ho ithuta le ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae. Science News e tlalehile hore baatlelete ba koleche ba ne ba e-na le tšekamelo ea ho ba le “limaraka tse batlang li le tlaase” ho tsa liithuti tse ling tse kenetseng mesebetsi e etsoang ka mor’a nako ea sekolo. Habohlokoa haholo, u ka fumana hore ho bapala thiming ho etsa hore ho be thata ho hahamalla seo Bibele e se bitsang “lintho tsa bohlokoa haholoanyane”—lithahasello tsa moea. (Bafilippi 1:10) Ipotse, ‘Na ho kena thiming ho tla ntlhoka hore ke fose liboka tsa Bokreste, kapa na ho tla lekanyetsa nako ea ka ea ho kopanela mosebetsing oa boboleli?’

Hape, seka-seka ka hloko liphello tse ka hlahang ke ho qeta lihora tse telele le bacha le batho ba baholo ba se nang pono e tšoanang le ea hao ka boitšoaro, puo e hloekileng kapa tlhōlisano. Etsoe Bibele e bolela hore “litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.” (1 Bakorinthe 15:33) Ka mohlala, nahana ka sehlooho se hlahileng leqepheng la lihlooho tse khethehileng la The New York Times: “Kamore eo ho apareloang ho eona . . . ke sebaka seo banna ba buang ka ’mele ea basali ba hlalosa litho tsa botona le botšehali puo-phara, moo ba ithorisa ka ho ‘atleha ho kopanela likamano tsa botona le botšehali’ hape ba soasoe ka ho otla basali.” U ne u tla atleha joang moeeng haeba u khetha ho ba tikolohong e joalo?—Bapisa le Jakobo 3:18.

Ho Etsa Qeto e Bohlale

Na u ne u ntse u nahana ka ho kena thiming ea lipapali? Joale, mohlomong se boletsoeng ka holimo se tla u thusa ho lekanyetsa liphello tsa ho etsa joalo. Nahanela matsoalo a ba bang ha u etsa qeto. (1 Bakorinthe 10:24, 29, 32) Ke ’nete hore ha ho molao o thata-thata o ka etsoang, kaha maemo ha a tšoane lefatšeng lohle. Libakeng tse ling liithuti li ka ’na tsa tlameha ho kopanela lipapaling. Empa haeba u belaela, buisana le batsoali ba hao kapa Mokreste ea hōlileng tsebong.

Bacha ba bangata ba Bakreste ba entse qeto e thata ea ho se bapale lipapaling tsa lithimi. Sena hase bonolo haeba u le sehlahlo ebile u thabela lipapali haholo! Khatello e tsoang ho matichere, bakoetlisi le batsoali e ka eketsa ho ferekana. Jimmy e mocha oa lumela: “Ke fumana ho le thata ho ’na hore ke se ke ka bapala. Ntate oa ka ea sa lumelang e ne e le moatlelete ea hloahloa mehleng ea hae ha a le sekolong se phahameng. Ka linako tse ling ke thatafalloa haholo hore ke se ke ka kena thiming.” Leha ho le joalo, tšehetso ea batsoali ba lumelang le Bakreste ba hōlileng tsebong ka phuthehong e ka u thusa haholo ho khomarela qeto ea hao e tiileng. Jimmy o re: “Ke leboha ’Mè haholo. Ka linako tse ling ke ba tlas’a khatello e khōlō ea ho bapala lipapali. Empa o teng kamehla ho nkhopotsa pakane ea ka ea sebele bophelong.”

Lipapali tsa lithimi li ka ’na tsa ruta libapali tšebelisano-’moho le ho rarolla mathata. Empa ho na le menyetla e mengata ea ho ithuta lintho tse joalo ka ho sebetsa har’a phutheho ea Bakreste. (Bapisa le Baefese 4:16.) Lipapali tsa lithimi li ka boetse tsa thabisa, empa ha ho hlokahale hore u be thiming ho li thabela. Lipapali tse ling li ka thabeloa le metsoalle ea Bakreste ka mor’a ntlo kapa serapeng sa boikhathollo se haufinyane. Ho intša ha lelapa ho ka fana ka menyetla e eketsehileng ea papali e molemo. Greg ea lilemo li 16 o re: “Ke ho molemo haholo ho bapala le ba bang ba phutheho ea heno. Re bapalla ho ithabisa feela, ’me u na le metsoalle ea hao!”

Ke ’nete hore papali e bapalloang ka mor’a ntlo mohlomong e ke ke ea hlasimolla ho tšoana le ho ba thiming e hlōlang. Leha ho le joalo, le ka mohla u se lebale hore tlas’a maemo a molemohali, “koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane [feela]; empa boinehelo ba bomolimo bo molemo bakeng sa lintho tsohle.” (1 Timothea 4:8) Hlaolela boinehelo ba bomolimo, ’me ka ’nete u tla ba mohlōli mahlong a Molimo!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Bacha Baa Botsa . . . Lipapali Tsa Lithimi—Na li Ntoketse?” e hlahang tokollong ea rōna ea March 8, 1996.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]

“Re ne re e-na le mokoetlisi e mong ea neng a hlile a cheseha ka ho feteletseng; kamehla o ne a re tlatsetsa lerata le ho re omanya . . . Ke ne ke tšaba ho ea boikoetlisong”

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ka makhetlo a mangata, bakoetlisi ba hatisa ho hlōla—esita le haeba ho bolela ho ntša ba bang kotsi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela