Lefatše le se Nang Ntoa le Haufi
AK’U talime hape boprofeta ba Bibele bo ho Esaia bo reng: “Ba tla khoba lisabole tsa bona ho li etsa mehoma, ’me marumo a bona ba a etse lisekele: sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba sabole, leha e le hore ka sebele li sa tla hlola li ithuta ntoa le ka mohla.” Hlokomela litemana tse potolohileng taba hore ba fetolang lisabole tsa bona mehoma ke “batho ba bangata” ba tsamaeang litseleng tsa Molimo. (Esaia 2:2-4, King James Version) Sena se bolela hore batho bana ba rapela Jehova Molimo le ho utloa melao ea hae. Ke bo-mang?
E tlameha hore ebe ke batho ba lichaba tse ngata ba sa lahlang feela libetsa tsa ntoa empa ba sebelelitse ho fothola ka metso likelellong le lipelong tsa bona boikutlo le tšekamelo tse bakang liqabang le lintoa. (Baroma 12:2) Ho e-na le ho bolaea moahisani oa bona, baa mo rata. (Matheu 22:36-39) Na u kile ua utloa ka batho ba joalo?
Mohlomong u utloile hore Lipaki tsa Jehova li thabela kutloano ea bara ba motho ba machaba le hore li hana ho nka lihlomo ho bolaea batho ba bang. Nahana ka sena: Haeba motho e mong le e mong lefatšeng a ne a e-na le pono e joalo, na polanete ee e ne e ke ke ea e-ba sebaka sa khotso le tšireletseho?
Bonneteng, hase e mong le e mong ea nang le pono e joalo. Ho joalokaha Morena Solomone a ile a ngola lilemong tse ka bang 3000 tse fetileng: “’Me ka bona liketso tsohle tsa khatello tse etsoang mona lefatšeng: Ka bona meokho ea ba hatelloang, feela bona ba se na motšelisi; bahatelli ba bona ba e-na le matla.”—Moeklesia 4:1, BPN.
Pitso ho Barati ba Khotso
Na lefatše le se nang ntoa le tla ke le be teng? E. Na le tla tla ka boiteko ba batho? Che. Na le tla tla ka ho sokollela batho ba bangata bolumeling ba ’nete? Che. Buka ea Bibele ea Lipesaleme ea arabela: “Tloong, le bohe liketso tsa Jehova . . . O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Pesaleme ea 46:8, 9.
Jehova Molimo o tla etsa seo joang? Buka ea Liproverbia ea arabela: “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe [ba hlokomolohang melao ea Molimo] ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”—Liproverbia 2:21, 22.
Lebaka la sehlooho leo Molimo a e-song ho nke khato ka lona ke lena: O neha batho monyetla oa ho ithuta ka litsela tsa hae e le hore ba ka tsamaea ho tsona. Moapostola Petrose o ngotse: “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Ka lebaka leo, batho ba Molimo ka ho hlokang boithati ba thusa ba bang ho ithuta ka Jehova. Joalokaha Esaia a bolela, baa hoeletsa, ba re: ‘Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, . . . a tle a re rute mekhoa ea hae, re tsamaee litseleng tsa hae.’—Esaia 2:3.
‘Mehla ea Bofelo’
Lengolo la Esaia le boletse hape esale pele hore ho rutoa ha batho ka litsela tsa khotso ho ne ho tla etsahala “mehleng ea bofelo.” (Esaia 2:2) Hona joale re phela nakong eo. Ho makatsang, lintoa tsa lekholong lena la lilemo li bontša hore re phela nakong eo.
Ha barutuoa ba Jesu ba ne ba mo botsa ka se neng se tla tšoaea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, o ile a bolela esale pele ka “litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, le mafu a seoa le likhaello tsa lijo sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Luka 21:11; Matheu 24:3) O boetse a re: “‘Ha le utloa ka lintoa le ho hloka taolo, le se ke la tšoha. Etsoe lintho tsena li lokela ho ba teng pele, empa bofelo ha bo be teng kapele-pele.’ Joale a tsoela pele ho re ho bona: ‘Sechaba se tla tsohela sechaba matla, le ’muso o tla tsohela ’muso matla.’”—Luka 21:9, 10.
Le hoja ho bile le lintoa ka lilemo tse likete-kete, lekholo lena feela la lilemo le bone lintoa tse peli tsa lefatše ’me, ho latela likhakanyo tse ling, ho bile le lintoa tse ling tse nyenyane tse makholo. ’Nete ea hore batho ba limilione tse mashome ba bolailoe lintoeng lekholong lena la lilemo ke e nyarosang. Ho latela makasine ea World Watch, nakong ea lilemo tse 2000 pele ho lekholo la bo20 la lilemo, ka karolelano, ho nkile lilemo tse 50 hore batho ba milione ba shoe ntoeng. Lekholong lena la lilemo, ka karolelano ho nkile selemo se le seng hore ho shoe batho ba milione ntoeng.
Lefatše le se Nang Ntoa
Lintoa tse tšabehang tsa lekholong la rōna la lilemo, hammoho le liketsahalo tse ling tse boletsoeng esale pele ka Bibeleng, li bontša hore re lintšing tsa lefatše le lecha leo Molimo a tla le etsa. Ho hloka taolo ha lefatše la khale ho tla felisoa ’me ho nkeloe sebaka ke “lefatše le lecha” moo khotso le ho loka li tla rena teng. (2 Petrose 3:13) Lentsoe la Molimo le re: “Hobane ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:9, 11.
Lefatšeng lohle kajeno, batho ba limilione tse hlokang palo ba laba-labela lefatše le se nang ntoa. Ho bontša hore kannete Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho bōpa lefatše le joalo, khale moprofeta oa Molimo o ile a ngola: “Pono ena e sa emetse nako ea eona, e haufi e phethahala, ’me e ke ke ea thetsa. Leha e ka lieha, uena u e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ea lieha.”—Habakuke 2:3, BPN.
Ka lebaka leo, ka bohlale beha tšepo ea hao ho Molimo ’me u thabele ho phethahala ha tšepiso ea hae: “Molimo ka boeena o tla ba le bona [batho ba hae]. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9, 10]
Seo Bibele e se Tšepisang ka Lefatše Leo le Lecha:
Ha Ho Tlōlo Ea Molao, Pefo Kapa Bokhopo
“[Molimo] o felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Pesaleme ea 46:9.
“Ba bolotsana ba tla felisoa . . . Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo.”—Pesaleme ea 37:9, 10.
Moloko Oohle oa Batho o Khotsong
“Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa . . . Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.”—Esaia 9:6, 7.
Lefatše Lohle Ke Paradeise
Jesu o ile a re: “U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:43.
“Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.
Kutloano ea Bara ba Motho Lefatšeng ka Bophara
“Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.
Tsoho Ea Baratuoa Ba Shoeleng
“Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae [Jesu] ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29.
Ho Kula, Botsofali Kapa Lefu Ha Li Sa Le Eo
“O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.