Ho Hleka-hlekoa ke ba Batona kapa ba Batšehali—Kamoo U ka Itšireletsang Kateng
MOHLOPHISI oa makasine, Gretchen Morgenson o re: “Ha ho na mosali eo letsatsi le letsatsi a tlamehang ho mamella likhothaletso tsa likamano tsa botona le botšehali, leha e le hore ke ntho e utloahalang hore basali ba lebelle tikoloho ea mosebetsi e hloekileng e se nang boitšoaro bo hlobaetsang.” Ka mokhoa o babatsehang, boiteko ba bahiri le makhotla a molao ba ho etsa hore sebaka sa mosebetsi e be se sireletsehileng haholoanyane bo hlahisitse liphello tse itseng tse molemo. Ka mohlala, kotsi ea ho qosa e susumelitse bahiri le bahiruoa lefatšeng lohle ho leka ho ntlafatsa tikoloho ea mosebetsi. Lik’hamphani tse ngata li qapile mekhoa ea tsona ea ho sebetsana le tlheka-tlheko e etsahalang mosebetsing. Ho tšoaroa liboka le liphutheho ho rupela bahiruoa ka boitšoaro bo loketseng mosebetsing.
Ka ho hlakileng, ke ntho e utloahalang ho tseba le ho latela leano la k’hamphani le melao ea sebaka ka seng. (Baroma 13:1; Tite 2:9) Bakreste ba boetse ba fumane ho le molemo ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Ho latela melao ena e tataisang e bululetsoeng ha u sebetsana le basebetsi-’moho le uena ho ka etsa ho hoholo ho u thusa ho qoba ho ba mohlaseluoa oa ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali—kapa ho ba moetsi oa hona.
Boitšoaro bo Loketseng Bakeng sa Banna
Nahana ka taba ea kamoo banna ba lokelang ho tšoara basali. Litsebi tse ngata li hlokomelisa khahlanong le ho ama batho ba bong bo fapaneng. Li lemosa hore ho phaphatha motho mahetleng ka botsoalle habonolo feela ho ka hlalosoa hampe. Frank Harty, eo e leng ’muelli oa molao oa basebetsi oa hlokomela: “Baahloli ba talima ho ama e le ntho e tebileng.” Tlhahiso ea hae ke efe? “Haeba ho ama ho feta ho lumelisa ka letsoho, u se ke ua ho etsa.” Ke ’nete hore Bibele ka boeona ha e etse molao o akaretsang tabeng ena.a Empa ka lebaka la boemo bo teng hona joale ba molao le ba boitšoaro, ho loketse ho ba hlokolosi—haholo-holo ho ba nang le tloaelo eo e seng ea ka boomo ea ho ama batho ba bang ha ba ntse ba qoqa.
Bonneteng, hase kamehla ho leng bonolo ho latela keletso e joalo. Ka mohlala, Glen o tsoa mokhoeng oa bophelo oa batho ba Spain. O re: “Moo ke tsoang teng, batho ba na le tloaelo ea ho kopa batho ho feta mona United States. Lelapeng la ka hangata re lumelisa metsoalle ka ho e aka, empa mona re ile ra hlokomelisoa ho se potlakele ho etsa joalo.” Leha ho le joalo, melao-motheo ea Bibele e ipaka e thusa tabeng ena. Moapostola Pauluse o ile a bolella mohlankana Timothea: “U tšoare banna ba bacha joaloka barab’eno, basali ba hōlileng joaloka bo-’mè, le basali ba bacha joaloka baralib’eno, ka tlhoeko e feletseng.” (1 Timothea 5:1, 2, New International Version) Na seo se ne se ke ke sa thibela ho ama ho hlephisang boitšoaro, ho ekang kapa ho sa amoheleheng?
Molao-motheo o tšoanang o ka sebelisoa mabapi le ho bua. Ka ho loketseng, Bibele e re: “Bohlola le ho se hloeke tsa mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa a li se ke tsa boleloa har’a lōna, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang; leha e le boitšoaro bo hlabisang lihlong kapa puo ea booatla kapa mesoaso e nyonyehang, lintho tse sa tšoanelang.” (Baefese 5:3, 4) Kathy Chinoy, ’muelli oa molao oa ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali o etsa tlhahiso ea hore pele u bua u ke u nahane potso e le ’ngoe: “Na u ne u ka rata hore ’m’ao, morali’eno, kapa morali’ao a pepesetsoe puong e joalo?” Puo e litšila, ea boitšoaro bo bobe e tlotlolla ea e buang le ea e utloang.
Ho Thibela ho Hleka-hlekoa
Motho a ka leka ho qoba ho ba mohlaseluoa oa ho hleka-hlekoa joang? Keletso eo Jesu a e fileng barutuoa ba hae ha a ne a ba romela kabelong ea bona ea pele ea ho bolela, mohlomong e ka sebelisoa boemong bona: “Bonang! Ke le romela le le joaloka linku har’a liphiri; ka hona ipakeng le le seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo le le ba hlokang molato joaloka maeba.” (Matheu 10:16) Ka tsela leha e le efe, Mokreste a ka fumana thuso. Bibele ea re tiisetsa: “Ha bohlale bo kena pelong ea hao . . . , matla a ho nahana ka booona a tla u lebela, temoho ka boeona e tla u sireletsa.” (Liproverbia 2:10, 11, NW) Ka hona, ha re shebe melao-motheo e meng ea Bibele e ka u thusang hore u itšireletse.
1. Hlokomela kamoo u itšoarang kateng ho basebetsi-’moho le uena. Sena ha se bolele ho hloka botsoalle kapa ho tlala bora, hobane Bibele e re khothalletsa ho ‘phehella khotso le batho bohle.’ (Baheberu 12:14; Baroma 12:18) Empa kaha Bibele e lemosa Bakreste ho ‘tsoela pele ba tsamaea ka bohlale mabapi le ba ka ntle,’ ke ntho e utloahalang ho boloka boitšoaro bo hlokolosi, haholo-holo ha ho sebetsanoa le ba bong bo fapaneng. (Bakolose 4:5) Buka ea Talking Back to Sexual Pressure, e ngotsoeng ke Elizabeth Powell, e khothalletsa basebetsi “ho ithuta moeli o nepahetseng pakeng tsa boikutlo ba ho thaba bo loketseng karolo ea bona le mofuta oa botsoalle bo ka fanang ka maikutlo a ho bulehela mehato e lebisang likamanong tsa botona le botšehali.”
2. Apara ka mokhoa o hlomphehang. Seo u se aparang se fetisetsa molaetsa ho ba bang. Khale koana mehleng ea Bibele, ho apara mefuta e itseng ea liaparo ho ne ho tšoaea motho e le ea itšoereng hampe kapa ea boitšoaro bo hlephileng. (Liproverbia 7:10) Hangata hoa tšoana le kajeno; liaparo tse tlenyang, tse phatsimang haholo, kapa tse bonaletsang li ka hohela tlhokomelo ea mofuta o fosahetseng. Ke ’nete hore ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba e-na le tokelo ea ho apara ntho leha e le efe eo ba lakatsang ho e apara. Empa joalokaha sengoli Elizabeth Powell a bolela, “haeba u ne u sebetsa har’a batho ba lumelang hore ho utsoa chelete ho nepahetse, ke ne ke tla u bolella hore u se ke ua leketlisa mokotlana oa hao oa chelete thekeng. . . . U tlameha ho hlokomela bofokoli ba . . . mekhoa ea sechaba ’me u leke ho itšireletsa hore e se ke ea u hlasela.” Ka hona keletso ea Bibele e nakong. E eletsa basali ho “ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.” (1 Timothea 2:9) Apara ka mokhoa o hlomphehang, ’me ho ka etsahala hore u se ke ua ba ea hlaseloang ka puo e litšila kapa liketso.
3. Hlokomela litloaelano tsa hao! Bibele e re bolella ka moroetsana ea bitsoang Dina ea ileng a hlaseloa ka likamano tsa botona le botšehali. Ka ho totobetseng o ile a hapa tlhokomelo ea mohlaseli oa hae hobane kamehla “[o ne a tloaetse, NW] ho chakela baroetsana ba naha eo” ea Kanana—basetsana ba neng ba tsejoa ka boitšoaro bo hlephileng! (Genese 34:1, 2) Ka ho tšoanang kajeno, haeba kamehla u li qamota le—kapa u mamela—basebetsi-’moho le uena ba tsejoang ka ho bua litaba tsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, ba bang ba ka ’na ba etsa qeto ea hore u tla amohela mehato e lebisang likamanong tsa botona le botšehali.
Sena ha se bolele hore u tlameha ho nyatsa basebetsi-’moho le uena. Empa haeba moqoqo o fetoha o tsoileng lekoteng, ke hobane’ng u sa itsamaele feela? Ho thahasellisang, ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba fumane hore ho ba le botumo bo botle ba litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro ho sebeletsa ho ba sireletsa tlheka-tlhekong.—1 Petrose 2:12.
4. Qoba maemo a ka u pepesetsang kotsing. Bibele e bolela kamoo mohlankana ea bitsoang Amnone a ileng a etsa morero oa bolotsana oa hore a be mong le moroetsana ea bitsoang Tamare e le hore a ka sebelisa monyetla oa ho mo hleka-hleka ka likamano tsa botona le botšehali. (2 Samuele 13:1-14) Kajeno batho ba hleka-hlekang ba ka ’na ba itšoara ka mokhoa o tšoanang, mohlomong ba mema motho ea tlaasana mosebetsing hore a noe lino tse tahang le bona kapa hore a sale mosebetsing ka mor’a lihora tsa mosebetsi ntle ho lebaka le utloahalang. Hlokomela limemo tse joalo! Bibele e re: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa.”—Liproverbia 22:3.
Haeba U Hleka-hlekoa
Ka ho hlakileng, banna ba bang ba tla nka mehato e sa lokelang esita leha mosali a itšoere hantle. U lokela ho arabela joang mehatong e joalo haeba u hlaseloa? Ba bang ba elelitse ka hore u sebetsane le taba eo u sa teneha ho hang! Mosali e mong o re: ‘Ho qoqa ka litaba tsa botona le botšehali ofising ke letsoai la bophelo!’ Leha ho le joalo, ho e-na le ho talima tlhokomelo e joalo e sa lokelang e le ntho e qabolang kapa e ka thoholetsoang, Bakreste ba ’nete baa e nena. Ba ‘nyonya se khopo’ ’me baa hlokomela hore hangata morero oa mehato e joalo ke ho hohella motho boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali. (Baroma 12:9; bapisa le 2 Timothea 3:6.) Bonyane, boitšoaro bo litšila ke nyeliso boitlhomphong ba bona ba Bokreste. (Bapisa le 1 Bathesalonika 4:7, 8.) U ka sebetsana le maemo a joalo joang?
1. Ema u tiile ka sebete! Bibele e re bolella kamoo monna ea tšabang Molimo ea bitsoang Josefa a ileng a arabela kateng kōpong ea boitšoaro bo bobe: ‘Ka mor’a litaba tsena, mosali oa mong a Josefa a isa mahlo ho eena, a re: Robala le ’na!’ Na Josefa ka bonolo feela o ile a iphapanyetsa likōpo tsa hae, a tšepile hore bothata boo bo tla iphetela ka bobona? Ha ho joalo! Bibele e bolela hore ka sebete o ile a hana mehato eo ea hae, a re: “Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?”—Genese 39:7-9.
Liketso tsa Josefa li ile tsa beha mohlala o motle bakeng sa banna hammoho le basali. Ho iphapanyetsa—kapa ho leng hobe le ho feta, ho tšosoa ke—puo e buellang boitšoaro bo bobe kapa boitšoaro bo mabifi hase hangata ho etsang hore e fele; ho e-na le hoo, tšabo kapa lihlong li ka ’na tsa etsa hore e eketsehe! Moeletsi oa thibelo ea peto, Martha Langelan o hlokomelisa hore hangata babeti ba sebelisa ho hleka-hleka e le “tsela ea ho lekanyetsa monyetla oa hore na mosali o tla itoanela ha a hlaseloa; haeba a sa etse letho ebile a le lihlong ha a hleka-hlekoa, ba nka hore a ke ke a etsa letho ebile o tla tšoha ha a hlaseloa.” Ka hona ke habohlokoa hore u eme u tiile ka sebete pontšong ea pele ea ho hleka-hlekoa. Ho ea ka sengoli se seng, “ho re che kapele-pele le ka ho hlaka hangata ho lekane ho etsa hore motho ea hleka-hlekang a khaotse boitšoaro bo khopisang.”
2. Etsa hore che ea hao e be che! Jesu o ile a bolela seo Thutong ea hae ea Thabeng. (Matheu 5:37) Polelo ea hae e loketse bakeng sa maemo ana, kaha hangata batho ba hleka-hlekang ba phehella haholo. Joale ho hlokahala hore u tiee hakae? Seo se itšetlehile ka maemo le karabelo ea motho ea hleka-hlekang. Sebelisa tekanyo leha e le efe ea ho tiea e hlokahalang ho etsa hore a utloisise boemo ba hao. Maemong a mang, polelo e bonolo, e tobileng ka molumo oa lentsoe o khutsitseng e tla lekana. Mo talime mahlong. Litsebi li buella se latelang: (a) Hlalosa maikutlo a hao. (“Ho hang ha ke rate ha u . . .”) (b) Bolela boitšoaro bo khopisang ka ho toba. (“. . . ha u sebelisa puo e litšila, e nyonyehang . . .”) (c) Hlakisa seo u batlang hore motho a se etse. (“Ke batla hore u khaotse ho mpuisa ka tsela eo!”)
Langelan oa lemosa: “Leha ho le joalo, maemong leha e le afe, ho thulana le phihlelo e joalo ha hoa lokela ho fetoha ketso e mabifi. Ho ba mabifi ka ho tšoanang (ho sebelisa mahlapa, litšokelo le puo e litšila, ho otla ka setebele, ho tšoela motho ea hleka-hlekang ka mathe) li sitisa katleho e lebeletsoeng. Ho sebelisa pefo ea mantsoe ho kotsi, ’me ha ho hlokahale ho sebelisa pefo ea sebele ntle leha ho e-na le tlhaselo ea sebele e hlokang ho itšireletsa.” Keletso e joalo e sebetsang e tumellanong le mantsoe a Bibele ho Baroma 12:17: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe ho mang kapa mang.”
Ho thoe’ng haeba motho ea hleka-hlekang a tsoela pele a sa khaotse ho sa tsotellehe boiteko ba hao bo matla ba ho ho thibela? Lik’hamphani tse ling li qalile mekhoa ea ho sebetsana le ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali. Hangata tšoso feela ea ho qala ho sebetsa tletlebo ka mokhoa oa k’hamphani e tla etsa hore motho ea hleka-hlekang a u tlohele. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha se ke ha e-ba joalo. Ka bomalimabe, kamehla hase mosebetsi o bonolo ho fumana mookameli ea nang le kutloelo-bohloko ebang ke ho basali kapa banna. Glen, ea bolelang hore o ile a hleka-hlekoa ke mohiruoa e motšehali, o ile a leka ho tletleba. Oa hopola: “Ha ke bolella mookameli ka hona, ha kea ka ka fumana thuso ho hang. Ha e le hantle, o ile a nahana hore ke ntho e tšehisang. Ke ile ka tlameha hore ke hlokomele mosali eo ’me ke etse boiteko bo khethehileng ba ho mo qoba.”
Ba bang ba ile ba leka ho sebetsa taba ka molao. Empa likahlolo tse khōlō tseo u balang ka tsona liphatlalatsong tsa litaba ho hang hase tse tloaelehileng. Ho phaella moo, buka ea Talking Back to Sexual Pressure ea hlokomelisa: “Ho lokisa taba ea ho hleka-hlekoa ka molao ho hloka matla a maholo a maikutlo le nako; ho fella ka khatello ’meleng hammoho le kelellong.” Ka lebaka le letle Bibele ea lemosa: “U se ke ua phaka ua ea nyeoeng.” (Liproverbia 25:8) Ka mor’a ho bala litšenyehelo tsa maikutlo le tsa moea tsa ho lokisa taba ka molao, ba bang ba ile ba khetha ho batla mosebetsi o mong.
Bofelo ba ho Hleka-hlekoa
Ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali hase ntho e ncha. Ke ntho e fumanehang hohle joaloka pelo ea motho e sa phethahalang, e rerang bolotsana le e meharo. Ha ho mohla likomisi le linyeoe tsa makhotla li tla felisa ho hleka-hlekoa sechabeng. Ho felisa ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali ho hloka ho fetoha ha pelo ka ho feletseng ho batho.
Kajeno, Lentsoe la Molimo le moea oa hae li hlahisa phetoho e joalo ho batho lefatšeng lohle. Ho joalokaha eka liphiri le litau li ithuta ho itšoara joaloka likonyana le manamane, feela joalokaha ho boletsoe esale pele ke moprofeta Esaia. (Esaia 11:6-9) Ka ho ithuta Bibele le batho, selemo le selemo Lipaki tsa Jehova li thusa ba likete tse ngata bao pele e neng e le ‘liphiri’ ho etsa liphetoho tse tebileng le tse tšoarellang bothong ba bona. Batho bana ba utloa taelo ea Mangolo ea ho ‘lahla botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro’ ’me ba bo nkela sebaka ka “botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.”—Baefese 4:22-24.
Ka letsatsi le leng lefatše le tla tlala banna le basali ba khomarelang litekanyetso tsa Bibele. Batho ba tšabang Molimo ba letetse ka thahasello e khōlō letsatsi leo la ha ho tla be ho felisitsoe mefuta eohle ea tšoaro e mpe. Ho fihlela nakong eo, ba sebetsana ka katleho ka hohle kamoo ho ka khonehang le maemo a sebele a boitšoaro bo litšila.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Temoso ea Pauluse ho 1 Bakorinthe 7:1 ea ho ‘se ame mosali’ ka ho totobetseng e bua ka likamano tsa botona le botšehali, e seng ho ama ho tloaelehileng. (Bapisa le Liproverbia 6:29.) Litemaneng tse potolohileng taba, Pauluse o khothalletsa bosoha ’me o lemosa khahlanong le ho kopanela boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali.—Bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa March 15, 1973.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
“Na u ne u ka rata hore ’m’ao, morali’eno, kapa morali’ao a pepesetsoe puong e joalo?”
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Boitšoaro bo hlokolosi le moaparo o hlomphehang li ka etsa ho hoholo ho sireletsa motho tlheka-tlhekong
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bakreste ba ’nete kajeno ba ithuta ho tšoarana ka tsela e nang le tlhompho