Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha Bacha ba Bang ba Ithabisa ka Hohle-hohle?
Jason ea lilemo li 15 o ile a belaela: “Re mpa feela re batla ho ithabisa, empa ho thata haholo.”
E MPA feela e le ha tlhaho ho batla ho ithabisa—haholo-haholo ha u le mocha! Ho bacha ba bangata, ho ithabisa ke habohlokoa joaloka ho ja le ho robala. Ka lebaka la ho susumetsoa ke lithaka tsa bona le mecha ea litaba, ka thahasello bacha ba phehella mefuta e mengata e sa tšoaneng ea boithabiso. Ho latela patlisiso e ’ngoe, ho etela metsoalle, ho shebella TV, ho ea libaesekopong, ho ea liphathing le ho tantša e ne e le tsona tse ka holimo-limo lethathamong la lintho tse etsoang ke bacha mantsiboea ho phomotsa kelello. Ho bala, ho bapala le ho mamela ’mino le tsona li ne li tloaelehile.
Kaha ho na le lintho tse ngata hakana tse etsoang bakeng sa ho ithabisa, batho ba baholo ba ka ’na ba thatafalloa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha bacha ba bang, ba kang Jason, ba nahana hore ha ba ithabise ka ho lekaneng. Empa seo ke sona hantle seo bacha ba bang ba Bakreste ba ’nileng ba se tseka! Casey e monyenyane, e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a re: “U bona metsoalle ea hao kaofela sekolong e e-ba le liphathi ebile e etsa lintho tse itseng, ’me u ikutloa u haelloa tabeng ea ho ithabisa.” Empa na ka sebele boemo bo bobe hakaalo?
Na Bibele e hanela ho ba le nako e monate? Le hanyenyane. Bibele e re Jehova ke “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11) Ka lebaka leo ha hoa lokela ho u makatsa hore ebe Morena Solomone o ile a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona, . . . nako e teng ea ho lla, e teng nako le ea ho tšeha; nako e teng ea ho bokolla, e teng nako le ea ho hobela.” (Moeklesia 3:1, 4) Lentsoe la Seheberu sa pele bakeng sa “ho tšeha” mona, le mantsoe a amanang le lona le ka boela la bolela “ho keteka,” “ho bapala,” “ho ithabisa,” ‘ho qabola’ le ‘ho ba le nako e monate.’—2 Samuele 6:21, NW; Jobo 41:5; Baahloli 16:25, NW; Exoda 32:6, NW; Genese 26:8, NW.
Morao koana linakong tsa Bibele, batho ba Molimo ba ne ba thabela mesebetsi e molemo e sa tšoaneng, e kang ho letsa liletsa tsa ’mino, ho bina, ho tantša, ho qoqa esita le ho bapala. Hape ba ne ba e-ba le liketsahalo tse khethehileng tseo ba neng ba li keteka le ho ba le ’moka e thabisang. (Jeremia 7:34; 16:9; 25:30; Luka 15:25) Ha e le hantle Jesu Kreste ka boeena o ile a ba teng moketeng oa lenyalo!—Johanne 2:1-10.
Ka lebaka leo ho ithabisa ho molemo ha hoa thibeloa har’a bacha ba Bakreste kajeno. Ka sebele, Bibele e re: “Mohlankana, thabela bocha ba hao, ’me pelo ea hao e ke e u nyakalatse matsatsing a bocha ba hao, u tsamaee ka lithato tsa pelo ea hao le ka chalimo ea mahlo a hao.” Leha ho le joalo, Solomone o eketsa mantsoe ana ka temoso ena: “Leha ho le joalo, u ’no u tsebe hoba Molimo o tla u ahlola ka tseo tsohle.” (Moeklesia 11:9) E, ua ikarabella ka pel’a Molimo bakeng sa khetho eo u e etsang. Ka lebaka leo, u tlameha ho ‘lula u lebetse ka tieo hore kamoo u tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale’ mabapi le boithabiso. (Baefese 5:15, 16) Hobane’ng? Bacha ba bangata ba etsa khetho eo ho hang e seng bohlale tabeng ena.
Ha ho Ithabisa ho Tsoa Taolong
Nahana ka se ileng sa etsahala morao koana mehleng ea Bibele. Baiseraele ba bang ba ile ba lahleheloa ke boikutlo bohle ba ho leka-lekana mabapi le boithabiso, ba ne ba etsa meketjana e tsoileng taolong e nkang bosiu bohle! Moprofeta Esaia o itse: “Ho malimabe ba tsohelang ho mathela joaleng, ba sa bo tloheleng ho isa ka phirima, ho fihlela ba tahoa. Harepa le lesiba, moropa le phala le veine, ke tsona mekete ea bona.” Hase hore e ne e le ntho e fosahetseng ho ba hammoho le ho thabela lijo, ’mino le ho tantša. Empa Esaia o re mabapi le batho bana ba etsang meketjana e lerata: “Ha ba ele mosebetsi oa Jehova hloko.”—Esaia 5:11, 12.
Bacha ba bangata kajeno ba etsa se tšoanang—ha ba nahane ka Molimo ha ba batla boithabiso. Ba bang ka tello ba hanyetsa litekanyetso tsa bomolimo, ba kopanela likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo, ba senya thepa ka boomo, ba sebelisa lithethefatsi hampe, ba bile ba kenella boitšoarong bo bong bo bontšang ho se tsotelle liphello bakeng sa “ho ithabisa.” Leha ho le joalo, maemong a mang bacha ha ba hlile ha ba leke ho ba khopo. Empa ba hlōleha ho etsa lintho ka tekano le ho qoba ho fetella. (Liproverbia 23:20; 1 Timothea 3:11) Ka hona ha ba kopana hammoho ho ba le nako e monate, lintho li sekamela ho tsoeng taolong.—Bapisa le 1 Bakorinthe 10:6-8.
Haufinyane, Tsoha! e ile ea botsa bacha ba bang, “Ho etsahala’ng liphathing tsa lefatše kajeno?” Ngoanana e mong e mocha o ile a araba: “Ho sebelisa lithethefatsi, ho noa. Ke tsona lintho tse etsahalang.” Andrew e monyenyane o ile a re mabapi le bashemane ba bang ba eang liphathing sekolong seo a se kenang: “Sohle seo ba atisang ho se etsa ke ho ithorisa ka hore na ba ile ba noa hakae.” Jason o bile a ea bohōleng ba ho re: “Phathing ea lefatše, hoo e ka bang kamehla ho na le se sebe se etsahalang.” Kaha Bibele e nyatsa “meketjana e lerata,” kapa “liphathi tse tsoileng taolong,” bacha ba tšabang Molimo ba qoba ’moka ea botsoalle e bontšang mekhoa e joalo.—Bagalata 5:21; Byington.
Likotsi li ka ’na tsa nanarela mefuteng ea boithabiso e bonahalang e se kotsi. Ka mohlala, bongata ba libaesekopo tsa kajeno tse tummeng bo bontša batho ba tsotseng, litšoantšo tsa batho ba kopanelang likamanong tsa botona le botšehali le pefo e nyonyehang. Lipina tse tummeng hangata li na le mantsoe a bootsoa. Ka tloaelo likonsareteng tsa rock ke moo ho sebelisoang lithethefatsi hampe, moo ho nang le pherekano le pefo.a
Ha Batsoali ba Hana
Se ka sehloohong ke sefe tabeng ee? Haeba u Mokreste, ke feela hore u ke ke ua etsa lintho tsohle tseo lithaka tsa hao li thabelang ho li etsa. Etsoe, Jesu o ile a re balateli ba hae e ne e sa tl’o ba “karolo ea lefatše,” ’me seo se bolela ho ba ea fapaneng le batho ba bang. (Johanne 15:19) Haeba batsoali ba hao ba tšaba Molimo, ba seli ho hlokomela taba ena. Ka hona ka linako tse ling, ka lebaka la takatso ea ho u sireletsa, batsoali ba hao ba ka ’na ba u hanela kapa ba u thibela ka tieo ho etsa lintho tse itseng—tseo bacha ba bang ba lumelloang ho li etsa. Hase kamehla ho leng bonolo ho amohela sena. Mocha e mong o ile a phehella: “Batho ba batla ho ithabisa! Batsoali ba rōna ba ne ba ithabisa ha ba sa le bacha, empa ka linako tse ling ho bonahala eka ba batla ho re sitisa.”
Ho latela keletso ea batsoali ba hao litabeng tse joalo ho ka ’na ha se be bonolo, esita leha u hlile u na le pono e tšoanang le ea bona. Mocha e mong ea shahlileng eo re tla mo bitsa Jared oa hopola: “Ke ne ke batla ho bapala basketball thiming ea sekolo. Batho ba bangata ba ne ba ntšusumelletsa ho bapala, ’me sena se ne se ntšoenya ka tsela e itseng. Empa joale ke ile ka buisana le batsoali ba ka.” Batsoali ba Jared ba ile ba bontša likotsi tsa “litloaelano tse mpe” ’me ba mo hopotsa kamoo lipapali li neng li tla mo jella nako kateng. (1 Bakorinthe 15:33) Ka masoabi Jared o re: “Ho ne ho lekane.” O ile a mamela keletso ea batsoali ba hae, empa o ne a ntse a sa ikutloe hantle hobane a sa ka a bapala bolo.
‘Kea Haelloa!’
Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, ka ho tšoanang u ka ’na ua nyahama nako le nako ha u utloa bao u kenang sekolo le bona ba ithorisa ka linako tse monate tseo ba bileng le tsona. U ka ’na ua botsa: ‘Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba khona ho ithabisa ka hohle-hohle?’ E, u ka hlōla boikutlo ba hore ua haelloa joang?
Ho ka ’na ha u thusa haeba u bala Pesaleme ea 73 le ho thuisa ka phihlelo ea mongoli oa Bibele ea bitsoang Asafe. Temaneng ea 2 le ea 3, o ipolela ka tsela ena: “Ha e le ’na, leoto la ka le batlile le khopjoa, mehato ea ka e batlile e thella; hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefoli.” E, ha Asafe a ne a phela bophelo bo nang le lithibelo, ba bang ba ne ba ithorisa ka hore ba ne ba ka etsa sohle seo ba neng ba se batla—kamoo ho bonahalang kateng ho se na liphello tse mpe. Ho ne ho bonahala hore ba ruile ’me kamehla ba ne ba fumana ho eketsehileng. (Temana ea 12) Kahoo Asafe o ile a nyahama hoo a ileng a hooa: “Na ha ho na thuso, he, hore ebe ke ipolokile ke hloekile ke sa ka ka etsa sebe?”—Pesaleme ea 73:13, Today’s English Version.
Ka lehlohonolo, Asafe o ile a hlokomela bothoto ba hae pele a phosumela. O ile a etela ‘sehalalelo sa Molimo,’ ’me tikolohong eo e molemo, o ile a nahana litaba ka ho teba. Kapele Asafe o ne a entse qeto e babatsehang mabapi le barati ba menyaka ba sa tšabeng Molimo: “U ba beile nģalong tse thellang, ua ba liha, ’me ba senyehile.”—Pesaleme ea 73:17, 18.
Ho ka boleloa se tšoanang ka lithaka tsa hao tse ngata tse ratang menyaka. Li ka ’na tsa nahana hore li ba le nako e monate hona joale. Empa monyaka oa sebe ke oa nakoana feela! (Baheberu 11:25) Kaha ha ba latele litekanyetso tsa Bibele, ba eme “nģalong tse thellang” ’me ba kotsing e sa khaotseng ea ho latsoa ho soahlamana ho tšosang—ka tšohanyetso le ka ntle ho temoso. Lentsoe la Molimo le re: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, sena ka ho tšoanang o tla se kotula.” (Bagalata 6:7) Ka sebele u kile ua utloa ka bacha ba lekanang le uena ba seng ba shoele ba sa le banyenyane, ba bang le mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ba imang ho sa hlokahale, kapa ba kenang teronkong ka lebaka la ho ipepesetsa kotsi ha ba “ithabisa.” Joale, na ho suthela thōko le lintho tse joalo ha ho u tsoele molemo?—Esaia 48:17.
Solomone o fana ka keletso e molemo ha a re: “Pelo ea hao e se ke ea honohela ba babe, u mpe u hlole u tšaba Jehova ka mehla, hobane efela moputso o teng, ’me tšepo ea hao e ke ke ea etsoa lefeela.” (Liproverbia 23:17, 18) E, ha ho nako e “monate” e bohlokoa hoo ka lebaka la eona motho a ka lahleheloang ke tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng.
Ho sa le joalo, u ka khotsofatsa takatso ea hao ea tlhaho joang ea ho ba le nako e monate e le kannete hang ka mor’a nako e itseng? Na ho na le litsela tse sireletsehileng le tse molemo tsa ho etsa seo? Ho thoe’ng haeba chelete le lintho tse ling tse hlokahalang li fokola? Tsoha! e ile ea kōpa litlhahiso le maikutlo ho bacha ho pota lefatše. Tsena li tla tšohloa sehloohong se tla latela letotong lena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Na ke Lokela ho ea Likonsareteng Tsa Rock?” tokollong ea rōna ea January 8, 1996.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Na u lokela ho ikutloa u khetholotsoe hobane u ke ke ua kopanela ho seo lefatše le se bitsang ho ithabisa?