Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 9/8 maq. 18-23
  • Kamoo Lefatše la ’ona le Ileng la Lahleha Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Lefatše la ’ona le Ileng la Lahleha Kateng
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kutloano e Ileng ea Lebisa Ntoeng e Mabifi
  • “Lekhalo la ho se Utloisisane”
  • ’Molai ea Bolaeang ka ho Fetisisa
  • Ho Ile ha Etsahala’ng ka Lilekane?
  • “Leeto le Lelelele” le Mophula oa Meokho
  • Bokamoso ba ’Ona ke Bofe?
    Tsoha!—1996
  • Matsoalloa a Amerika—ho Fela ha Mehla
    Tsoha!—1996
  • Maindia a Brazil—Na a Kotsing ea ho Fela?
    Tsoha!—2007
  • A ne a e-tsoa Hokae?
    Tsoha!—1996
Tsoha!—1996
g96 9/8 maq. 18-23

Kamoo Lefatše la ’ona le Ileng la Lahleha Kateng

KA LILEMO tse ngata pale ea United States e ’nile ea akaretsoa ka tlhaloso e reng, “Kamoo Bophirimela bo ileng ba hlōloa.” Lifilimi tsa Hollywood li ne li bontša bajaki ba makhooa ba haola lithōteng le lithabeng tsa Amerika, ba e-na le masole a tšoanang le John Wayne, ma-cowboy le bajaki ba bang ba loantša Maindia a bohale le a mabifi, a sebelisang selepe sa tomahawk. Ha makhooa a ne a batla naha le khauta, ho ne ho nkoa hore ba bang ba baprista ba Bokreste-’mōtoana le baboleli ba boloka meea.

Histori eo e shebahala joang ho ea ka pono ea baahi ba moo ba pele, e leng matsoalloa a batho ba Amerika? Ha Maeurope a fihla, Maindia “a ile a qobelloa ho sebetsana le ho hlaha ha sebatana se meharo ka ho fetisisa seo ba kileng ba tobana le sona tikolohong ea ’ona: bahlaseli ba makhooa ba Europe,” ho bolela buka ea The Native Americans—An Illustrated History.

Kutloano e Ileng ea Lebisa Ntoeng e Mabifi

Qalong, Maeurope a mangata a ileng a fihla pele Amerika Leboea-bochabela a ile a tšoaroa ka mosa ’me a fumana tšebelisano ho matsoalloa a moo. Tlaleho e ’ngoe e re: “Ka ntle ho thuso ea Mapowhatan, bolulo ba Mabrithani bo Jamestown, Virginia, e leng kolone ea pele e tsitsitseng ea Manyesemane Lefatšeng le Lecha, bo ka be bo sa khona ho mamella lilemo tsa bona tsa pele tse tšabehang tsa mariha a 1607-08. Ka ho tšoanang, kolone ea Manyesemane e Plymouth, Massachusetts, mohlomong e ka be e sa atleha haese ka thuso ea Mawampanoag.” Matsoalloa a mang a ile a bontša bajaki kamoo ho nontšoang mobu le ho lema lijalo kateng. ’Me phutuho ea Lewis le Clark ea 1804-06 e ne e tla atleha joang—ho fumana khokahano e sebetsang ea lipalangoang pakeng tsa Tikoloho ea Louisiana le se neng se bitsoa Naha ea Oregon—ka ntle ho thuso le ho kenella ha Sacagawea, mosali oa Moshoshone? E ne e le eena ‘letšoao la bona la khotso’ ha ba ne ba talimane sefahla-mahlo le Maindia.

Leha ho le joalo, ka lebaka la tsela eo Maeurope a sebelisang naha ka eona le mehloli ea lijo e fokolang, ho fallela ka bongata Amerika Leboea ho ile ha baka khohlano pakeng tsa bahlaseli le matsoalloa a moo. Rahistori oa Canada Ian K. Steele o hlalosa hore lekholong la bo17 la lilemo, ho ne ho e-na le Manarragansett a 30000 Massachusetts. Morena oa ’ona Miantonomo, “ha a hlokomela kotsi, . . . o ile a batla ho atolosetsa selekane sa hae ho moloko oa Mamohawk bakeng sa ho etsa mokhatlo o akaretsang oa khanyetso oa Maindia a Amerika.” O tlalehoa a ile a bua tjena ho Mamontauk ka 1642: “Re [tlameha] ho ba le bonngoe joaloka ’ona [Manyesemane], ho seng joalo kaofela ha rōna re tla fela haufinyane, hobane lea tseba hore bo-ntat’a rōna ba ne ba e-na le likhama tse ngata le matlalo, lithōta tsa rōna li ne li tletse likhama, hammoho le meru ea rōna, ebile ho tletse le [likalakunu] ’me matangoana a rōna a tletse litlhapi le linonyana. Empa Manyesemane ana a keneng naheng ea rōna, a hela joang ka lisekele tsa ’ona tse telele, ’me a rema lifate ka lilepe; likhomo tsa ’ona le lipere li ja joang, ’me likolobe tsa ’ona li senya liphoofotsoana tsa rōna tsa lebōpong la leoatle, ’me kaofela ha rōna re tla shoa ke tlala.”—Warpaths—Invasions of North America.

Boiteko ba Miantonomo ba ho theha mokhatlo o kopaneng oa Matsoalloa a Amerika bo ile ba hlōleha. Ntoeng ea meloko ka 1643, o ile a tšoaroa ke Morena Uncas oa moloko oa Mamohegan, ea ileng a nehelana ka eena ho Manyesemane e le lerabele. Ka molao Manyesemane a ne a ke ke a ahlola Miantonomo le ho mo bolaea. A ile a fumana tharollo e bonolo. Steele o tsoela pele: “Ba sa khone ho bolaea [Miantonomo], ea neng a le kantle ho libaka tse laoloang ke kolone leha e le efe, bakomishinara ba ile ba laela Uncas hore a mo bolaee, a e-na le lipaki tsa Manyesemane ho tiisa hore hoo ho phethiloe.”

Sena hase bontše feela likhohlano tse sa khaotseng tse neng li le teng pakeng tsa bo-ralikolone ba hlaselang le baahi bao e leng matsoalloa a moo empa hape se bontša bora ba lipolaeano le bohlaba-phio har’a meloko, tse neng li se li ntse li le teng esita le pele makhooa a ka fihla Amerika Leboea. Mabrithani, lintoeng tsa ’ona khahlanong le Fora bakeng sa ho fumana puso ea bokolone Amerika Leboea, a ne a e-na le meloko e ka lehlakoreng la ’ona, ha e meng e ne e tšehetsa Fora. Ho sa tsotellehe hore na ke lehlakore lefe le ileng la hlōloa, meloko eohle e neng e ameha moo e ile ea lahleheloa haholo.

“Lekhalo la ho se Utloisisane”

Ena ke pono e ’ngoe ea ho hlasela ha Maeurope: “Seo baeta-pele ba lichaba tsa Maindia ba neng ba sa se utloisise, hangata ho fihlela metsotso e se e jele babeli, e ne e le tsela eo Maeurope a neng a talima Maindia ka eona. E ne e se makhooa kapa Bakreste. A ne a sa thapa—a le hlaha ebile a sa fella—monahanong oa ba bangata, a ne a le kotsi ’me a se na maikutlo a botho e le thepa ea ho rekisoa limmarakeng tsa bokhoba.” Boikutlo bona ba ho iphahamisa bo ile ba hlahisa liphello tse senyang melokong eo.

Maikutlo a Maeurope a ne a sa utloisisoe ke Matsoalloa a Amerika. Joalokaha moeletsi oa Monavajo Philmer Bluehouse a boletse haufinyane tjena puisanong le Tsoha!, ho ne ho e-na le “lekhalo la ho se utloisisane.” Matsoalloa a moo a ne a sa talime tsoelo-pelo ea ’ona e le tlaasana, empa ho e-na le hoo, a ne a e talima e fapane, e le e nang le litekanyetso tsa bohlokoa tse fapaneng ka ho feletseng. Ka mohlala, ho rekisa naha e ne e le ntho e sa tsejoeng ka ho feletseng ho Maindia. Na u ne u ka ba le moea, sefefo, metsi, ua ba ua li rekisa? Joale hobane’ng ka naha? E ne e le teng hore e sebelisoe ke bohle. Ka lebaka leo, Maindia a ne a sa teratele naha.

Ha ho fihla Mabrithani, Masepanishe le Mafora, ho ile ha etsahala se ’nileng sa hlalosoa e le “tlokotsi e khōlō ea ho kopana ha litso tse peli tse sa tšoaneng.” Baahi bao e neng e le matsoalloa a moo e ne e le batho bao ka makholo a lilemo ba neng ba ithutile ho phela ka naha le ka tlhaho le ba neng ba tseba ho phela ntle le ho ferekanya botsitso ba tikoloho. Leha ho le joalo, kapele-pele makhooa a ile a talima baahi bao e leng matsoalloa a moo e le libōpuoa tse tlaasana, tse bobatana—habonolo feela a lebala boqaba ba ’ona ka ho hatella matsoalloa a moo! Ka 1831, rahistori oa Lefora Alexis de Tocqueville o ile a akaretsa maikutlo ao makhooa a nang le ’ona ka Maindia tjena: “Molimo ha aa a etsetsa hore a tsoele pele; ho hlokahala hore a shoe.”

’Molai ea Bolaeang ka ho Fetisisa

Ha bajaki ba bacha ba ntse ba fallela bophirimela ka bongata ho haola le Amerika Leboea, pefo e ’nile ea tsoala pefo. Kahoo hore na e ne e le Maindia kapa bahlaseli ba Maeurope ba ileng ba hlasela pele, liketso tse sehlōhō li ile tsa etsoa ke mahlakore ao ka bobeli. Maindia a ne a tšajoa ka lebaka la botumo ba ’ona ba ho khaola lihlooho, e leng mokhoa oo ba bang ba lumelang hore a ithutile oona ho Maeurope a neng a fana ka limpho tse ngata hore a fumane lihlooho. Leha ho le joalo, Maindia a ne a loana ntoa eo a neng a ke ke a e hlōla khahlanong le lehlakore le neng le a phahametse—ka bongata le ka libetsa. Maemong a mangata meloko eo e ile ea qetella e tlamehile ho baleha naheng ea baholo-holo ba eona kapa ho shoa. Hangata ho ne ho etsahala lintho tseo ka bobeli—e ne e baleha naheng ea eona ebe joale ea bolaoa kapa ea shoa ka lebaka la maloetse le tlala.

Leha ho le joalo, ho shoela ntoeng e ne e se tšobotsi e bolaeang ka ho fetisisa ho meloko ea matsoalloa a moo. Ian K. Steele oa ngola: “Sebetsa se matla ka ho fetisisa tlhaselong ea Amerika Leboea e ne e se sethunya, pere, Bibele, kapa ‘tsoelo-pele’ ea Maeurope. E ne e le lefu la seoa.” Mabapi le phello ea maloetse a Lefatše la Khale linaheng tsa Amerika Leboea le Amerika Boroa, Patrica Nelson Limerick, eo e leng moprofesa oa histori, o ile a ngola: “Ha a fetisetsoa Lefatšeng le Lecha, maloetse ’ona ana [ao Maeurope a neng a qetile lilemo tse makholo a hlahisa thibelo ea ’ona]—’mōkana, maselese, ntaramane, malaria, feberu e tšehla, typhus, lefuba, ’me ka holim’a tsohle le sekholopane—ha aa ka a thibeloa ho hang. Sekhahla sa ho shoa ha batho metseng se ne se phahame ho fihla karolong ea 80 kapa 90 lekholong.”

Russell Freedman o hlalosa seoa sa sekholopane se ileng sa hlasela ka 1837. “Mamandan e bile a pele a ileng a hlaseloa, ’me a lateloa ka potlako e tšosang ke Mahidatsa, Maassiniboin, Maarikara, Masioux le Mablackfoot.” Mamandan a ile a batla a felisoa ka ho feletseng. Ho tloha sechabeng sa a ka bang 1600 ka 1834, a ile a fokotseha ho fihla ho 130 ka 1837.

Ho Ile ha Etsahala’ng ka Lilekane?

Ho tla fihlela kajeno, ba hōlileng melokong eo ba khona ho lokolisa matsatsi a lilekane tseo ’muso oa United States o ileng oa li saenela le bo-ntat’a bona moholo lekholong la bo19 la lilemo. Empa ha e le hantle lilekane tseo li ile tsa fana ka eng? Hangata e ne e e-ba phapanyetsano e sa rateheng bakeng sa naha e ntle, ka libaka tse khethetsoeng bolulo tse matsoatlareng le ho thusoa ke ’muso ka litlhoko tsa ho phela.

Mohlala oa kamoo meloko ea matsoalloa a moo e neng e tšoaroa ka nyeliso kateng ke boemo ba lichaba tsa Mairoquoi (ho tloha bochabela ho ea bophirimela, Mamohawk, Maoneida, Maonondaga, Macayuga le Maseneca) ka mor’a hore Mabrithani a hlōloe ke bo-ralikolone ba Maamerika ntoeng ea ho batla boipuso, e ileng ea fela ka 1783. Mairoquoi a ne a tšehelitse Mabrithani, ’me ho ea ka se boleloang ke Alvin Josephy e monyenyane, puseletso eohle ea ’ona e bile ho lahloa kherehloa le mahlapa. Mabrithani, “a hlokomolohile [Mairoquoi], a ne a nehelane ka bobusi ba naha ea ’ona ho United States.” O phaella ka hore esita le Mairoquoi a neng a thusitse bo-ralikolone khahlanong le Mabrithani “a ile a hatelloa ke bo-ralik’hamphani ba meharo ba rekisang naha le bahoebi ba nahanang hore ba tla ithuisa molemo le ’muso oa Amerika ka booona.”

Ha ho ne ho bitsitsoe seboka sa selekane ka 1784, James Duane, eo pele e neng e le moemeli oa Komiti ea Continental Congress Litabeng tsa Maindia, o ile a khothalletsa baemeli ba ’muso “ho fokolisa ho itšepa leha e le hofe ho neng ho setse har’a Mairoquoi ka hore ka boomo ba a tšoare joaloka ba boemong bo tlaasana.”

Litlhahiso tsa hae tsa boikhohomoso li ile tsa sebelisoa. Mairoquoi a mang a ile a nkoa ka mahahapa e le batšoaruoa, ’me “lipuisano” li ne li tsamaisoa ba supiloe ka lithunya. Le hoja a ne a italima a sa hlōloa ntoeng, Mairoquoi a ile a tlameha ho tela naha eohle ea ’ona e ka bophirimela ho New York le Pennsylvania le ho amohela ho khetheloa bolulo libakeng tse fokolitsoeng New York State.

Maqiti a tšoanang a ile a sebelisoa khahlanong le meloko e mengata ea matsoalloa a moo. Hape Josephy o bolela hore baemeli ba Maamerika ba ne ba sebelisa “tjotjo, litšoso, joala le mekhoa e bolotsana ea baemeli bao e seng ba molao ho leka ho iphamolela naha ho Madelaware, Mawyandot, Maottawa, Machippewa [kapa Maojibwa], Mashawnee le lichaba tse ling tsa Ohio.” Hase ho makatsang ha kapele-pele Maindia a ile a hloka tšepo ho makhooa le litšepisong tsa ’ona tsa lefeela!

“Leeto le Lelelele” le Mophula oa Meokho

Ha Ntoa ea Lehae ea Amerika (1861-65) e ne e qhōma, e ile ea etsa hore masole a tlohe naheng ea Manavajo ka Boroa-bophirimela. Manavajo a ile a sebelisa monyetla oa tieho ena ho hlasela bolulo ba Maamerika le Mamexico Phuleng ea Rio Grande e naheng ea New Mexico. ’Muso o ile oa romela Mokolonele Kit Carson le New Mexico Volunteers ea hae ho ea hatella Manavajo le ho a suthisetsa sebakeng se khethetsoeng bolulo naheng ea letsoatlara e bitsoang Bosque Redondo. Carson o ile a phehella leano la ho senya lijo tsa sera le litlhoko tse ling tsa bophelo bakeng sa ho bolaisa Manavajo tlala le ho a lelekela kantle ho naha e ntle haholo ea Canyon de Chelly, e ka leboea-bochabela ho Arizona. O ile a ba a senya le lifate tsa liperekisi tse fetang 5000.

Carson o ile a bokella batho ba ka bang 8000 hammoho ’me a ba qobella ho nka “Leeto le Lelelele” la lik’hilomithara tse ka bang 500 ho ea likampong tsa batlamuoa tsa Bosque Redondo tse Fort Sumner, New Mexico. Tlaleho e re: “Ho ne ho bata habohloko, ’me ba bangata ho batlamuoa ba neng ba apere hasesaane, ba sa fepehang hantle ba ile ba shoella tseleng.” Maemo a ne a tšabeha sebakeng se khethetsoeng bolulo. Manavajo a ile a tlameha ho cheka mekoti fatše a leka ho fumana setšabelo. Ka 1868, ka mor’a ho hlokomela phoso ea oona e feteletseng, ’muso o ile oa neha Manavajo naha ea lehae ea baholo-holo ba ’ona e boholo ba lihekthere tse limilione tse 1,4 Arizona le New Mexico. A ile a khutlela teng, empa a ile a tlameha ho feta liphellong tse bohloko hakaakang!

Lipakeng tsa 1820 le 1845, batho ba mashome a likete ba Machoctaw, Macherokee, Machickasaw, Macreek le Maseminole ba ile ba ntšoa linaheng tsa bona ka Boroa-bochabela ’me ba qobelloa ho macha ba leba karolong e ka bophirimela, ka ’nģane ho Nōka ea Mississippi, ho seo hona joale e leng Oklahoma, ba bang ba tsamaea bolelele ba lik’hilomithara tse makholo. Maemong a bohloko a mariha, ba bangata ba ile ba shoa. Ho tsamaea ho neng ho qobelloa ho ea ka bophirimela ho ile ha tuma hampe ka hore ke Mophula oa Meokho.

Ho hloka toka ho ileng ha etsoa khahlanong le Matsoalloa a Amerika ho tiisoa ka ho eketsehileng ke mantsoe a molaoli oa mabotho oa Amerika, George Crook, ea neng a ile a tsoma Masioux le Macheyenne karolong e ka leboea. O boletse: “Hase kamehla ho keng ho utluoe lehlakore la Maindia tabeng ena. . . . Joale hamorao ha ho hlaha phetohelo ea [Maindia], tlhokomelo ea sechaba e lebisoa ho Maindia, ke litlōlo tsa ’ona tsa molao le liketso tse sehlōhō feela tse nyatsuoang, ha ka lehlakoreng le leng batho bao ho hloka toka ha bona ho a khannetseng mokhoeng ona, ba phonyoha kotlo . . . Ha ho na motho ea tsebang ’nete ena ho feta Moindia, ka hona o na le boikemelo ka ho nahana hore ha ho na toka ’musong o ahlolang eena feela, empa o lumella lekhooa ho mo tlatlapa kamoo le ratang kateng.”—Bury My Heart at Wounded Knee.

Kajeno Matsoalloa a Amerika a phela joang ka mor’a lilemo tse lekholo tsa ho busoa ke Maeurope? Na a kotsing ea ho fela ka lebaka la ho kopanngoa ha litso hammoho? Ke tšepo efe eo a nang le eona bakeng sa nako e tlang? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena le tse ling.

[Lebokose le leqepheng la 21]

Bophelo Bo Thata Ho Basali

Le hoja banna e ne e le litsomi le bahlabani melokong e mengata, basali ba ne ba e-na le mesebetsi e sa feleng, e akarelletsang ho hōlisa bana, ho lema le ho kotula lijo-thollo, le ho li sila bakeng sa ho etsa phofo. Colin Taylor oa hlalosa: “Karolo e khōlō e neng e phethoa ke basali ba Lithōteng . . . e ne e le ea ho hlokomela lehae, ho beleha bana le ho pheha lijo. Lichabeng tseo e neng e le tsa temo ea litholoana le meroho, ba ne ba boetse ba hlokomela masimo, . . . ha melokong e ka bophirimela eo e neng e le ea bo-hloma-u-hlomole e tsomang linare, ba ne ba thusa ka ho hlaba liphoofolo, ba tlisa nama liahelong ’me ka mor’a moo ba pheha nama le ho etsa matlalo a tla sebelisoa nakong e tlang.”—The Plains Indians.

Mabapi le batho ba Maapache, mohloli o mong o re: “Mosebetsi oa bohoai e ne e le oa basali ’me ho ne ho se letho le khesehang kapa le eisehang ka oona. Banna ba ne ba thusa, empa basali ba ne ba nka bohoai ka ho teba ho feta banna. . . . Kamehla basali ba ne ba tseba ho boloka lineano tse amanang le temo. . . . Basali ba bangata ba ne ba rapela ha ba ntse ba tšella masimo.”—The Native Americans—An Illustrated History.

Basali ba ne ba boetse ba etsa matlo a nakoana a bitsoang li-tepee, ao ka tloaelo a neng a tšoarella ka lilemo tse ka bang peli. Ba ne ba a haha ebile ba a heletsa ha moloko oa bona o tlameha ho falla. Ntle ho pelaelo, basali ba ne ba phela bophelo bo thata. Empa ho ne ho ntse ho le joalo le ka banna ba bona bao e neng e le basireletsi ba moloko. Basali ba ne ba hlomphuoa ’me ba e-na le litokelo tse ngata. Melokong e meng, e kang Mahopi, esita le kajeno thepa e ntse e hlokomeloa ke basali.

[Lebokose le leqepheng la 22]

Phoofolo E Ileng Ea Fetola Mokhoa Oa ’ona Oa Bophelo

Maeurope a ile a tlisa phoofolo e le ’ngoe Amerika Leboea e ileng ea fetola mokhoa oa bophelo oa meloko e mengata—pere. Lekholong la bo17 la lilemo, Masepanishe e bile ’ona a pele a ho tlisa pere k’hontinenteng eo. Matsoalloa a Amerika e ile ea e-ba bapalami ba lipere ba bohlale, ba palamang lipere boloto, joalokaha Maeurope a hlaselang a ile a hlokomela kapele-pele. A palame lipere, matsoalloa a moo a ne a khona ho tsoma nare habonolo haholoanyane. ’Me meloko ea bo-hloma-u-hlomole e ne e khona ho hlasela meloko e ahisaneng le eona e neng e e-na le metse e tsitsitseng ’me kahoo e khona ho hapa lintho, basali le makhoba.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 19]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Libaka tsa meloko e meng Amerika Leboea tsa lekholong la bo17 la lilemo

Kutenai

Spokan

Nez Perce

Shoshone

Klamath

Northern Paiute

Miwok

Yokuts

Serrano

Mohave

Papago

Blackfoot

Flathead

Crow

Cheyenne

Ute

Arapaho

Jicarilla

Hopi

Navajo

Apache

Mescalero

Comanche

Lipan

Plains Cree

Assiniboin

Hidatsa

Mandan

Arikara

Yanktonai

Teton

Sioux

Yankton

Pawnee

Oto

Kansa

Kiowa

Osage

Quapaw

Caddo

Wichita

Atakapa

Tonkawa

Santee

Iowa

Missouri

Illinois

Chickasaw

Alabama

Choctaw

Creek

Timucua

Ojibwa

Sauk

Fox

Kickapoo

Miami

Shawnee

Cherokee

Catawba

Powhatan

Tuscarora

Delaware

Erie

Susquehanna

Potawatomi

Iroquois

Huron

Ottawa

Algonquian

Sokoki

Massachuset

Wampanoag

Narragansett

Mohegan

Montauk

Abnaki

Malecite

Micmac

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Indian: Artwork based on photograph by Edward S. Curtis; North America: Mountain High Maps® Copyright © 1995 Digital Wisdom, Inc.

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Lintho tse ohliloeng le mabenyane a entsoeng ka bokhabane a Manavajo

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Canyon de Chelly, moo “Leeto le Lelelele” le qalileng teng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela