Pono ea Bibele
Lebaka Leo ka Lona ho Khaola e Leng Tokisetso e Lerato
HO KHAOLA—khopolo eo ka boeona e tsosa maikutlo a sa tšoaneng har’a batho ba bangata ba bolumeli.a Batho ba bangata ba lumela hore malumeli a hloka taeo ea mofuta o itseng. Empa ba bangata ba talima ho khaola e le mokhoa o siiloeng ke nako oa khale—mokhoa o se nang kutloelo-bohloko oa taeo o ba hopotsang ka ho tsongoa ha baloi le makhotla a otlang bakhelohi.
Ho ekelletsang bothateng bona ke tšusumetso e atileng ea lefatše leo e seng la bolumeli. Kahoo, malumeli a mangata a Bokreste-’mōtoana a amohetse pono ea ho mamella sebe haholoanyane. Kahoo, hase ho makatsang ha moruti e mong oa Episkopale a ile a re: “Ho khaola ke karolo ea neano ea rōna, empa ha ke nahane hore ho kile ha etsoa lekholong lena la lilemo.”
Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ka ’na ba makala ho hlokomela hore har’a Lipaki tsa Jehova, ho behelloa ka thōko bolumeling (ho bolelang ntho e le ’ngoe le ho khaola) ho nkoa ka ho teba. Ke ’nete hore hase bohato bo nkuoang habonolo, empa ke tokisetso e lerato. Joang?
Ho Phahamisa Lebitso la Molimo
Jehova ke Molimo ea halalelang. Ha a lumelle sebe sa ka boomo ho batho ba ipolelang hore baa mo rapela. Moapostola Petrose o ile a ngolla Bakreste: “Le be ba halalelang boitšoarong bohle ba lōna, hobane ho ngoliloe: ‘Le lokela ho halalela, hobane kea halalela.’” (1 Petrose 1:15, 16) Kahoo ho khaola baetsalibe ba sa bakeng ho phahamisa lebitso la Molimo le halalelang; ho bontša lerato bakeng sa lebitso leo.—Bapisa le Baheberu 6:10.
Na see se bolela hore haeba Mokreste a hlōloa ke bofokoli kapa a khoptjoa ’me a oela sebeng se tebileng, ka tloaelo feela oa lelekoa phuthehong? Le hanyenyane! Jehova hase mohatelli ea se nang kutloelo-bohloko. O mohau ebile oa utloisisa. Oa hopola hore ha rea phethahala. (Pesaleme ea 103:14) Jehova oa hlokomela hore “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Molimo o lokiselitse thuso ea moea ka har’a phutheho e le hore haeba Mokreste a nka “mohato o mong o fosahetseng” kapa esita le ho etsa sebe se tebileng, a ‘khutlisetsoe tseleng’ ka lerato ka moea o bonolo. (Bagalata 6:1) Ka ho amohela taeo e tsoang Lentsoeng la Molimo le ho bontša ho soaba ho tlohang pelong le pako ea sebele, motho ea khelohileng tseleng ea ho loka a ka ‘fola’ moeeng.—Jakobo 5:13-16.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba Mokreste ea kolobelitsoeng a etsa phoso e tebileng ’me boiteko bohle ba ho mo tsosolosa bo sa atlehe? Ka mantsoe a mang, ho thoe’ng haeba ka manganga a hana ho lokisa tsela ea hae ea boetsalibe?
Ho Boloka Phutheho e Sireletsehile
Bibele e laela Bakreste: “Le khaotse ho itsoakanya hammoho le mang kapa mang ea bitsoang mor’abo rōna eo e leng sehlola kapa motho ea meharo kapa morapeli oa litšoantšo kapa ea litlhapa kapa letahoa kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo.”—1 Bakorinthe 5:11.
Na molao oo oa Bibele ke o sehlōhō le o tlotlollang? Ak’u nahane sena: Ha senokoane se thatafetseng pelo se romeloa teronkong ka lebaka la ho tlōla molao, na seo se talingoa e le sehlōhō kapa ho hloka kutloelo-bohloko? Che, hobane sechaba se na le tokelo ea ho boloka khotso le tšireletseho tsa motse. Ka lebaka leo, senokoane se khaoloa sechabeng se utloang molao nakong ea ha se le teronkong.
Ka ho tšoanang, phutheho ea Bokreste e na le tokelo ea ho leleka bafosi ba sa bakeng har’a eona. Hobane’ng? Hobane phutheho e tlameha ho ba sebaka se sireletsehileng se se nang libatana tsa boitšoaro bo bobe le ba bang ba tloaetseng ho etsa sebe ka boomo.
A hlokomela hore “moetsalibe a le mong a ka senya molemo o moholo,” moapostola Pauluse o ile a laela balumeli-’moho: “Tlosang motho eo ea khopo har’a lōna.” (Moeklesia 9:18, NW; 1 Bakorinthe 5:13) Ketso ena e thibela moetsalibe ho jala bobolu ka phuthehong, ’me e sireletsa lebitso le letle la phutheho.—Bapisa le 1 Timothea 3:15.
Tšireletso ho Batho ka Bomong
Ho khaola ho boetse ho sireletsa litho ka bomong tsa phutheho. A re etse mohlala: Nahana u tsosoa borokong ke molumo o lerata oa hutara ea koloi kapa alamo. Ho thata ho hlokomoloha molumo oo o hlabang; ka sebele, oa u nyarosa! Ka ho tšoanang, ha motho e mong a lelekoa phuthehong, ho tšeptjoa hore ketso ena e hapa tlhokomelo ea setho se seng le se seng sa mohlape. E ferekanya maikutlo a oona. E ke ke ea hlokomolohuoa. See e ka ba tšireletso joang?
Paki e ’ngoe e re: “Ha ke ne ke utloa ka lekhetlo la pele Holong ea ’Muso hore motho ea itseng o ne a khaotsoe, karabelo ea ka ea ho qala e bile ho nyaroha. Eaba joale hoa nkokobetsa. Ho ile ha nketsa hore ke hlokomele hore le ’na ka ho tšoanang nka oa.” Joalokaha mantsoe a eona a bontša, ho khaola ho ka susumelletsa ba bang ho hlahloba boitšoaro ba bona.—1 Bakorinthe 10:12.
Ka ho ipotsa lipotso tse kang ‘Na ho na le libaka leha e le life bophelong ba ka tseo nka hlaselehang moeeng habonolo ho tsona?’ re ka thuseha ho hlahloba boemo ba rōna le Molimo. Ka tsela ena re ka tsoela pele ho ‘sebeletsa poloko ea rōna ka tšabo le thothomelo.’—Bafilippi 2:12.
Ho Khutlela ho Molimo
Mokreste e mong ea ileng a lelekoa ka nakoana o ile a re: “Le hoja ho ne ho le thata hakaalo, taeo eo e ne e hlokahala, ’me e batleha haholo, ’me e ile ea ipaka e pholosa bophelo.” Sena se totobatsa tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa ea ho khaola. Ho ka susumelletsa baetsalibe bao pele ba neng ba sa baka ho nka mehato ea ho khutlela ho Molimo.
Moapostola Pauluse o ile a re: “Eo Jehova a mo ratang oa mo laea.” (Baheberu 12:6) ’Me le hoja e le ’nete hore “ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo; empa leha ho le joalo ka mor’a moo ho ba koetlisitsoeng ke eona e beha litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.”—Baheberu 12:11.
Seo ke se ileng sa etsahala ho Richard. Ka mor’a ho khaoloa ka lilemo tse ka bang peli, o ile a baka, a lokisa boitšoaro ba hae bo hlomphollang Molimo, ’me o ile a amoheloa hape ka phuthehong ea Bokreste. Ha a hetla morao, o bolela tjena mabapi le phihlelo eo: “Kea hlokomela hore ke ne ke tlameha ho khaoloa le hore ka ho feletseng ke ne ke tšoaneloa ke seo ke ileng ka se fumana. Ka sebele ho ne ho hlokahala ’me ho nthusitse ho bona kamoo tsela ea ka e neng e tebile kateng le tlhokahalo ea ho batla tšoarelo ho Jehova.”
Ho ka ’na ha se be bonolo ho mamella taeo. Ho e amohela ho hloka boikokobetso, empa ba ithutang ka eona ba kotula litholoana tse ngata.
Ka hona, ho khaola ke tokisetso e lerato hobane ho phahamisa lebitso le halalelang la Molimo ’me ho sireletsa phutheho tšusumetsong e senyang ea sebe. Hape, ho bontša lerato ho mofosi ka ho mo khothalletsa hore a bake le ho ‘sokoloha e le hore libe tsa hae li hlakoloe, e le hore linako tse khathollang li ka tla ho tsoa ho Jehova ka boeena.’—Liketso 3:19.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho khaola ke bohato ba taeo bo fellang ka ho behelloa ka thōko ho beng setho sa bolumeli.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]
The New Testament: A Pictorial Archive from Nineteenth-Century Sources, by Don Rice/Dover Publications, Inc.