Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 10/8 leq. 31
  • Motse o Holim’a Litšiea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motse o Holim’a Litšiea
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E ne e le Sebaka sa Tširelo ’me e se e le Sebaka se Hohelang Bahahlauli
  • Seketsoana sa Masokoana—“Sepalangoang se Loketseng” sa Canada
    Tsoha!—2010
  • Moo Nōka e Khutlelang Morao
    Tsoha!—2008
  • Matlotlo a Fumanoang Letšeng le Leholo ka ho Fetisisa Amerika Bohareng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Baikal Letša le Leholo ka ho Fetisisa Lefatšeng
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 10/8 leq. 31

Motse o Holim’a Litšiea

Ka mongolli oa Tsoha! Benin

MOTSAMAISI e mong oa bahahlauli Afrika Bophirimela o bolela hore: “Ganvié ke se seng sa libaka tse hohelang bahahlauli haholo Benin.” E mong o re: “Maafrika ka booona a hlolloa ke Ganvié; u ka bona bahahlauli ba Maafrika ba bangata joaloka ba tsoang bophirimela.”

Ganvié ka sebele ea ikhetha. Ke motse o nang le baahi ba 15 000 o hahiloeng holim’a litšiea metsing a Letša la Nokoué, ka leboea ho Cotonou, Benin. Ganvié, ha ho libaesekele, likoloi, litselana tsa maoto tse ka thōko ho seterata le mebila. Haeba baahi ba batla ho ea sekolong, ’marakeng, tleliniking, lelapeng la moahisani, leha e le kae kapa kae, ba palama seketsoana se hopiloeng sa sefate sa iroko.

Malapa a mangata a na le liketsoana tse ngata—se seng ke sa Ntate, se seng ke sa ’Mè, ’me ka linako tse ling se seng ke sa bana. Bana ba ithuta ho soka liketsoana ba sa le banyenyane. Ha a le lilemo li hlano, ngoana o se a ka tsamaisa seketsoana a le mong. Ka mor’a nakoana o se a itšepa hoo a ka emang ka har’a seketsoana ’me a akhela letlooa le lenyenyane la ho tšoasa litlhapi. Bana ba bang ba thabela ho etsa mponeng ho baeti ka ho etsa hlanaphethō ka har’a liketsoana tsa bona.

’Marakeng oa Ganvié o lutseng holim’a metsi, barekisi, bongata ke basali, ba lula ka har’a liketsoana tsa bona le thepa ea bona e entsoeng qubu ka pel’a bona—linōko, litholoana, litlhapi, meriana, patsi, joala, esita le liea-le-moea. Ba itširelelitse letsatsing le chesang ka likatiba tsa joang tse nang le lepeno le leholo, ba rekisetsa ba bang ba tlileng ka liketsoana tsa bona ho tla reka. Ka linako tse ling barekisi ke bananyana. U se ke ua ea le khongoana holimo ke lilemo tsa bona! Ba ithuta ba sa le banyenyane bohlale ba khoebo ba puisano e masene.

Ha basali ba reka le ho rekisa ’marakeng, banna ba amehile ka ho tšoasa litlhapi, ha e le hantle ho rua litlhapi. Mokhoa oa bona oa ho tšoasa litlhapi o akarelletsa ho kenya makala a makholo-kholo tlaase ka har’a letangoana le lukehileng, ho etsa moru o teteaneng. Boieane ba litlhapi bo iphepa ka makala ana a bolang. Ka mor’a matsatsinyana banna ba khutla le matlooa a bona ho tla tšoasa litlhapi.

E ne e le Sebaka sa Tširelo ’me e se e le Sebaka se Hohelang Bahahlauli

Hase hore Matoffinu a Ganvié haesale e le “Batho ba Metsi,” joalokaha ba se ba tsebahala joalo kajeno. Mathoasong a lekholo la bo18 la lilemo, a ile a balehela letšeng leo le mekhoabong ho phema tlhoriso ea ’muso oa boahisani oa Afrika. Litsebi li bolela hore lebitso Ganvié le bontša histori ena, kaha puong ea Setoffinu, lentsoe gan le ka ’na la fetoleloa e le “re phonyohile” ’me lentsoe vie le bolela “motse.” Kahoo, lebitso la motse-moholo ona oa metse e lutseng holim’a letša le ka ’na la fetoleloa habobebe feela e le “motse oa batho ba ileng ba fumana khotso qetellong.”

Ho batla setšabelo libakeng tse mokhoabo pel’a Letša la Nokoué e bile leqheka le sebetsang, kaha litumelo tsa bolumeli tsa ’muso o khahlanong le bona li ne li sa lumelle lesole leha e le lefe ho ipeha kotsing ea ho kena metsing kapa ho ba libakeng tse ka ’nang tsa tleloa ke moroallo. Kahoo letša le ile la fana ka mokhoa oa ho iphelisa ’me hape ea e-ba qhobosheane lireng. Ke ntho e makatsang hore motse ona oo hona joale o tummeng, o nang le bahahlauli ba bangata ba o etelang ka liketsoana, e kile ea e-ba sebaka sa tširelo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela