Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 11/8 maq. 14-15
  • Ke Tataiso ea Mang eo U ka e Tšepang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Tataiso ea Mang eo U ka e Tšepang?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letsoho la Molimo le Tataisa Batho ba Hae
  • Itšoarelle ka Tieo Letsohong la Molimo!
  • “Emang le Tiile ’me le Bone Poloko ea Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • ‘Jah ke Poloko ea Ka’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Etsahala Mohlolo Leoatleng le Lefubelu
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Molimo o Lopolla Baiseraele
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 11/8 maq. 14-15

Pono ea Bibele

Ke Tataiso ea Mang eo U ka e Tšepang?

“KE NAKO ea hore re tsamaee!” ntate o bolella mor’a hae ea lilemo li hlano. Ntate o nanabetsa letsoho, ’me ntle le ho tsila-tsila mora o tlisa letsoho ho fuparela menoana ea ntate oa hae ka letsoho la hae le lenyenyane. Hore na leeto le ka lebisa kae, ngoana o tšepile tataiso ea motsoali oa hae ’me o mo latela ka kholiseho. Ho le joang kapa joang, ngoana o lula a itšoarelelitse ka tieo.

Kaha re phela matsatsing ana a sa tsitsang moruong, lipolotiking le bophelong ba botho, na u ne u ke ke ua thabela letsoho le tataisang le tsoang mohloling oo u ka o tšepang ka ho feletseng? Leha ho le joalo, re phela nakong eo batho ba sa tšepahaleng ba nkang monyetla ka ba haelloang ke phihlelo. Kahoo, ho na le lebaka le letle la ho ba hlokolosi ka hore na ke mang eo re mo tšepang. Mohlomong u kile ua soetseha habohloko nakong e fetileng ha e mong eo u neng u mo tšepile bakeng sa tataiso a u phoqa.

Leha ho le joalo, Bibele e re khothalletsa ho beha tšepo ea rōna ho Molimo. Moprofeta Esaia o ile a tlaleha: “Hobane ke ’na Jehova, Molimo oa hao, ea u tšoereng ka letsoho la hao le letona, ea reng ho uena: Se tšabe, ke ’na ke u thusang.” (Esaia 41:13) ’Me moapostola Petrose o ile a eletsa: “Le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng; ha le ntse le lahlela matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.”—1 Petrose 5:6, 7.

Ho ntse ho le joalo, u ka ’na ua botsa, ‘Ke na le lebaka lefe la ho beha tšepo ea ka ho Molimo bakeng sa tataiso?’ Mabaka a latelang a utloahalang a fumaneha tlalehong ea Baiseraele ba boholo-holo.

Letsoho la Molimo le Tataisa Batho ba Hae

Letoto la liketsahalo tse ileng tsa fihla tlhōrōng bosiung ba la 14 Nisane, 1513 B.C.E., le ile la senya boikemisetso ba mohatelli Faro ea neng a fana ka mosebetsi o boima le ba Baegepeta, hoo ba ileng ba lokolla batho ba Molimo, Baiseraele, bokhobeng. (Exoda 1:11-13; 12:29-32) Ka la 15 Nisane, sechaba se thabileng sa Iseraele se ile sa kena leetong la sona se lebile lefeelleng tseleng e lebang Naheng e Tšepisitsoeng. Tsela e neng e otlolohile ka ho fetisisa e ne e le ka leboea ho Memfise, e thatika ka lebōpo la leoatle la Mediterranean, e le haufi le naha eo ho eona ho neng ho ahile Bafilista ba neng ba tšajoa, ’me e kena Naheng e Tšepisitsoeng. Leha ho le joalo, Molimo o ne a nahanne ka tsela e ’ngoe.—Exoda 13:17, 18; Numere 33:1-6.

Molimo o ile a fana ka tataiso e bonahalang ho sechaba sa Iseraele ea boholo-holo, e leng ponahalo ea topallo ea leru motšehare le topallo ea mollo bosiu. (Exoda 13:21, 22) Hammoho le lipontšo tsena tsa matla a phahametseng tlhaho, Jehova o ile a sebelisa monna ea tšepahalang Moshe e le moemeli oa hae lefatšeng. (Exoda 4:28-31) Ka lebaka leo, ho ne ho e-na le bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore letsoho la Molimo le ne le tataisa Baiseraele.

Sebakeng sa bobeli seo ba ileng ba hloma litente ho sona, Etha/me, “moeling oa lefeella,” Jehova o ile a laela Moshe hore a khutlele morao ’me a hlome litente lebōpong la Leoatle le Lefubelu, Pihahirothe. (Exoda 13:20) Sena se ileng sa bonahala eka ke mohato o sa hlaloseheng se ile sa susumelletsa Faro ho etsa qeto ea hore Baiseraele ba “lahlehile har’a naha.” Ka sebete, Faro o ile a fetola maikutlo a hae. Joale a se a ikemiselitse ho boela a etsa Baiseraele makhoba, o ile a bokella lebotho la hae la ntoa ’me ba kena tseleng ho ba lelekisa.—Exoda 14:1-9.

Ka ho tsamaisa sechaba ka tsela e fapaneng, eo ka ho hlakileng e neng e kena thoteng e theohelang Leoatleng le Lefubelu, ho ile ha bonahala eka Moshe o ne a behile Baiseraele boemong ba hore ba qabelloe ke lithaba ka mahlakoreng a mabeli a sebaka seo ho hlonngoeng litente ho sona sa Pihahirothe, le ke Leoatle le Lefubelu le lebotho la Faro la ntoa le neng le atamela. Ho ile ha bonahala eka Baiseraele ba fetohile ba ka hlaselehang habonolo bakeng sa ho hatelloa kapa ho felisoa.

See se ile sa ba ama joang? Na ba ne ba tla bontša ho tšepa tataiso ea Jehova? Kamoo ho neng ho bonahala kateng, boemo e ne e le bo hlokisang tšepo. Ka lebaka leo, ba bang ba ile ba tlala tšabo. Ha ba bang ba ile ba qala ho korotlela Moshe. Ba bang ba ne ba bile ba se ba ikemiselitse ho inehela le ho khutlela bokhobeng Egepeta!—Exoda 14:10-12.

Itšoarelle ka Tieo Letsohong la Molimo!

Boemong bona Baiseraele ba ne ba tlameha ho bontša ho tšepa ea Matla ’Ohle joaloka ngoana. Sechaba kaofela se sa tsebe, Jehova o ne a e-na le lebaka le letle la ho laela Moshe hore a tšele Leoatle le Lefubelu, Pihahirothe. Ka ho etsa hore Baiseraele ba kene Naheng e Tšepisitsoeng ka ho pota naha ea Bafilista ka boroa, Jehova o ile a bontša temohisiso e lerato. Ka mor’a lilemo tse 215 ba le Egepeta, ho ne ho se pelaelo hore Baiseraele ba ne ba se boemong ba ho loana le sechaba se neng se e-na le bahale ba bahlabani. Ka lebaka leo, Jehova o ile a khetha tsela e neng e tla qoba ntoa e joalo.a—Exoda 13:17, 18.

Ho lopolloa ha sechaba le ho hlōloa ha Faro le lebotho la hae Leoatleng le Lefubelu ho fana ka bopaki bo babatsehang ba matla a pholosang a Molimo. Ho feta moo, Baiseraele bao, le hoja ba ne ba sa utloisise lebaka leo Molimo a ba tataisang ka tsela e itseng ka lona, ba sa kang ba lahla letsoho la Molimo, ba ile ba leboha hakaakang! Ba ile ba itšoarella ka tieo ’me ba bona mohlolo oa ha Leoatle le Lefubelu le arohana haesita le ha lira tsa bona li felisoa. Ho tšepa ha bona tataiso ea Jehova ho ile ha putsoa.—Exoda 14:19-31.

A re boele re nahaneng ka mohlala oa ngoana ea itšoareletseng letsohong la motsoali. Ha ngoana a tsieleha, o itšoara joang? Ho e-na le ho nyahlatsa kapa ho khoehlisa, ngoana o fuparela le ho feta menoana ea motsoali oa hae ka letsoho la hae le lenyenyane. Ka ho etsa joalo, o bontša tšepo ea hae e sa thekeseleng ea hore motsoali o tla fana ka tataiso le matla tse sa hlōleheng nakong ea litsietsi.

Ka ho tšoanang, ha re thulana le khatello bophelong ba rōna, re lokela ho itšoarelletsa ka tieo, re tšepele ka ho eketsehileng tataisong ea Molimo! Lentsoe la hae, Bibele, e ka ba leseli la rōna le re tataisang. (Pesaleme ea 119:105) Hape, hopola hore tšepo e tsamaea hammoho le mamello. Ka lebaka leo, re lokela ho fa Jehova nako ea ho rarolla mathata, esita le haeba ka nako e itseng re ka ’na ra sitoa ho utloisisa ka ho feletseng hore na ke hobane’ng ha a re tataisa ka tsela e itseng. E, re ka tšepela tataisong ea Molimo.—Exoda 15:2, 6; Deuteronoma 13:4; Esaia 41:13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka Pihahirothe, bona Insight on the Scriptures, Moqolo 2, leqepheng la 638-9, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela