Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 1/8 maq. 3-4
  • “Ho Bolaea Lintho Tsa Tlhaho”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Bolaea Lintho Tsa Tlhaho”
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Silafatsa Lefatše
  • “Re Itlhaba ka Mahlomola ka Borōna”
  • Molimo o Tšepisa Hore Lefatše le Tla Lula le le Teng
    Tsoha!—2023
  • Seo re Tl’o Ithuta Sona
    Tsoha!—2023
  • Polanete ea Rōna e Senyehang Habonolo—Ho Tla Etsahala’ng Nakong e Tlang?
    Tsoha!—1996
  • Na Meru e na le Bokamoso?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 1/8 maq. 3-4

“Ho Bolaea Lintho Tsa Tlhaho”

KA MONGOLLI OA TSOHA! IRELAND

MEHARO e sokela lehae la hao. E fokolisa monyetla oa hore lefatše le fane ka lijo le bolulo tseo kaofela re li hlokang bakeng sa hore re tsoele pele re phela. Ntle ho pelaelo u se u hlokometse kamoo meharo e senyang lefatše kateng, empa likhopotso tse seng kae ke tsena.

Ho Silafatsa Lefatše

Morao koana ka 1962, Rachel Carson, bukeng ea hae e reng Silent Spring, o ile a lemosa ka ho silafatsoa ha lefatše ke meriana e bolaeang libōkō le ke lithōle tse chefo tse qhaloang. The Naked Savage e re: “Moloko oa batho o ile oa senya tikoloho ea oona le ho silafatsa lehae la oona, e le temoso ea ho fela ha moloko oa batho.” Batho ba ntse ba silafatsa lefatše ka meharo. World Hunger: Twelve Myths e re: “Li batla phaello e ngata ka ho fetisisa ka nako e khutšoanyane, lihoai tse khōlō li ikemiselitse ho sohloka mobu, metsi le ho sebelisa lik’hemik’hale kantle le ho nahana ka tšenyo ea mobu, ho qeta mehloli ea metsi le tšilafatso ea tikoloho.”

Ho e-na le ho sireletsa meru ea bohlokoa ea lefatše e lulang e le metala—eo e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa ho bolokeheng ha lefatše—batho ba e senya ka potlako ho feta leha e le neng pele. Bangoli ba Far From Paradise—The Story of Man’s Impact on the Environment (1986), ba re: “Meru e phelang hantle e linaheng tse chesang tse mongobo, e tla be e batla e felile lilemong tse mashome a mahlano haeba boemo bo teng hona joale ba tšebeliso e mpe bo tsoela pele bo sa fetohe.”

Batšoasi ba litlhapi ba sa tšepahaleng ba sebelisa dynamite le lik’hemik’hale tse ling tse chefo bakeng sa ho tšoasa litlhapi tse haufi le mafika a k’horale—a ’nileng a hlalosoa e le “bophelo ba leoatleng bo nang le litšobotsi tse tšoanang le tsa meru e lulang e le metala ea linaha tse chesang tse mongobo” ka lebaka la mefuta e mengata ea bophelo eo a li sireletsang. Mekhoa ena e sehlōhō ea ho tšoasa litlhapi hammoho le ea ho silafatsa ka lik’hemik’hale ka ho se nahanele e “sentse ka ho tebileng” k’horale e ngata e phelang.—The Toronto Star.

“Re Itlhaba ka Mahlomola ka Borōna”

Mohlomphehi Shridath Ramphal, eo e neng e le mopresidente oa IUCN-The World Conservation Union ho tloha ka 1991 ho ea ho 1993, o hlalosa mofuta ona oa tšebeliso e mpe ea matlotlo a lefatše e le “ho bolaea lintho tsa tlhaho.” Empa ho mpefetse hakae? Ha a qotsa mohlala, Ramphal oa ngola: “Linōka tse ngata tsa India ha e le hantle ke liqanthana tsa metsi a litšila tse jereng likhoere-khoere tse sa hloekisoang ho tsoa libakeng tsa litoropo le tsa mahae ho ea leoatleng.” Qeto ea hae ke efe? “Re itlhaba ka mahlomola ka borōna.”

Meharo e ’nile ea susumetsa pale ea moloko oa batho ka makholo-kholo a lilemo, empa tšokelo ea ho pholoha ha lefatše lena kajeno e eketsehile. Hobane’ng? Hobane bokhoni ba batho ba ho senya hona joale bo eketsehile haholo. Far From Paradise e re: “Ke feela lilemong tse mashome a mahlano tse fetileng, re ileng ra ba le mokhoa oa ho sebelisa lik’hemik’hale le mechine ka katleho bakeng sa ho timetsa mefuta e meng ea bophelo lefatšeng la rōna. . . . Homo sapiens [ka Selatine, motho ea bohlale], kamoo ka boikhohomoso motho a ipitsang kateng, o na le hoo e batlang e le matla a feletseng ’me o khaolitse ho sebelisa boitšoaro leha e le bofe.” Morao tjena, mokhatlo oa tikoloho oa Greenpeace e entse qoso e matla, e reng: “Motho oa Kajeno o entse [lefatše la] Paradeise thotobolo ea lithōle . . . ’me joale o eme joaloka ngoana ea hlaha . . . lintšing . . . tsa ho senya setšabelo sena sa bophelo.”

Empa meharo e etsa ho fetang ho sokela litebello tsa nako e telele tsa lefatše. E sokela thabo le tšireletseho ea hao le lelapa la hao hona joale. Ke joang see se etsahalang? Hlahloba sehlooho se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela